Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 4/1 maq. 3-4
  • Bolumeli—Na ke Taba e Nenoang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli—Na ke Taba e Nenoang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Sebelisa Bolumeli bo Hloekileng Bakeng sa Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Hlahlobisisa Bolumeli
    Tsoha!—1989
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 4/1 maq. 3-4

Bolumeli—Na ke Taba e Nenoang?

“HO NA le litaba tse peli tseo ho seng mohla ke buang ka tsona: bolumeli le lipolotiki!” Eo ke karabelo e tloaelehileng haholo ha Lipaki tsa Jehova li buisana le ba bang ka Bibele. ’Me pono ena ea utloahala.

Ha batho ba phehisana khang ka lipolotiki, ho ka etsahala hore ba halefe ’me ho latele ho ngangisana. Ba bangata ha ba thetsoe ke litšepiso tsa lefeela ’me ba hlokomela hore hangata bo-ralipolotiki ba batla feela ’muso, botumo le chelete. Ka masoabi, liphapang tsa lipolotiki li fella ka pefo.

U ka ’na ua nahana, ‘Empa na see hase ’nete ka bolumeli? Na tšusumetso ea bolumeli ha ea qholotsa likhohlano tse ngata tsa kajeno?’ Ireland e ka Leboea, Maroma a K’hatholike le Maprostanta a ’nile a hanyetsana ka nako e telele. Balkans, litho tsa Kereke ea Eastern Orthodox, Roma e K’hatholike, le tsa likereke tse ling li tseka naha. Phello ke efe? Liketso tse sehlōhō le lehloeo le tsoelang pele.

Ba talimane le tšokelo ea lefu, ba bangata ba leka ho pata litumelo tsa bona tsa botho le tsa malapa a bona. Afrika, bora ba bolumeli ba makholo a lilemo bo pakeng tsa batho ba Bokreste-’mōtoana le ba khomaretseng bolumeli bo bong bosele le ba merabe bo ile ba susumetsa batsoali hore ba rehe bana ba bona mabitso a mabeli a fanang ka tekanyo e itseng ea tšireletseho, e leng tloaelo e tsoelang pele le kajeno. Kahoo, moshemane e monyenyane a ka itlhahisa e le setho sa kereke kapa a bolela hore o bolumeling bo bong ka ho se sebelise mabitso ana a mabeli ka nako e le ’ngoe. Ha litumelo tsa motho tsa bolumeli li ka etsa hore a lahleheloe ke bophelo ba hae, ha ho makatse hore ebe o ba lesisitheho ho bua ka bolumeli pontšeng.

Ho ba bang, bolumeli ke taba e nenoang esita leha bophelo ba bona bo sa sokeloe. Ba tšaba hore ho buisana ka litumelo tsa bona le motho e mong oa bolumeli bo bong bosele ho tla fella ka khang e se nang thuso. Ba bang hape ba lumela hore bolumeli bo bong le bo bong bo molemo. Hafeela motho a khotsofatsoa ke seo a se lumelang, ba re, ho bua ka liphapang ke mosebetsi o se nang thuso.

Esita le liithuti tse tiileng tsa boleng ba bolumeli ha li lumellane. Sehloohong sa eona se reng “Thuto le Tlhophiso ea Malumeli,” The New Encyclopædia Britannica ea lumela: “Ke ka seoelo . . . ho bileng le tumellano har’a liithuti mabapi le boleng ba [bolumeli] . . . Kahoo, ho theosa le histori ea eona, taba ena e ’nile ea akarelletsa liphehisano.”

Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa bolumeli e le “pontšo ea ho lumela le ho hlompha ha motho matla a mo phahametseng ao ho lumeloang hore ke ’mōpi le ’musisi oa bokahohle.” Sena se ne se tla hloka hore bolumeli bo phethe karolo ea bohlokoa bophelong. Ruri, bolumeli e bile kofuto e sebetsang hohle mabapi le ho bōpa histori ea batho. Oxford Illustrated Encyclopedia of Peoples and Cultures e re: “Ha ho e-s’o be sechaba se sa batleng ho etsa hore bophelo bo laolehe ’me bo be le morero ka mofuta o itseng oa bolumeli.” Ka ho akarelletsa lintho tsa motheo tse kang “taolo” le “morero” bophelong, ka sebele bolumeli bo ne bo tla tšoaneloa ke ho hong ho e-na le khang kapa phehisano. Ho e-na le hoo, ho lokela hore ho buuoe ka bona—e leng hore, bo hlahlobjoe ka botlalo—le e mong osele. Empa le mang, hona ke molemo ofe o ka tlisoang ke ho bo hlahloba ka botlalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela