Taba e Ngotsoeng ea Bo-Masorete ke Eng?
HO SA tsotellehe hore na u bala Bibele ka puo efe, karolo ea buka eo mohlomong e ile ea fetoleloa ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang ho tloha tabeng e ngotsoeng ea Bo-Masorete, eo Mangolo a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale” a entsoeng ka eona. Ha e le hantle, ho ne ho na le litaba tse ngotsoeng tsa Bo-Masorete tse fetang e le ’ngoe. Ka hona ke efe e ileng ea khethoa, hona hobane’ng? Ha e le hantle, taba e ngotsoeng ea Bo-Masorete ke eng, ’me re tseba joang hore e ka tšeptjoa?
Lentsoe la Jehova
Ho ngoloa ha Bibele ho ile ha qala Thabeng ea Sinai ka 1513 B.C.E. Exoda 24:3, 4 ea re bolella: “Eaba Moshe o ea, a phetela sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le litaelo tsohle tsa hae, ’me sechaba sa araba ka ntsoe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsoeng ke Jehova re tla li etsa. Moshe a ngola mantsoe ’ohle a Jehova.”
Mangolo a Seheberu a ile a ’na a ngoloa ka lilemo tse fetang sekete, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho fihlela hoo e ka bang ka 443 B.C.E. Kaha bangoli ba ne ba bululetsoe ke Molimo, hoa utloahala hore o ne a ka tsamaisa litaba e le hore molaetsa oa hae o ka bolokoa ka botšepehi. (2 Samuele 23:2; Esaia 40:8) Leha ho le joalo, na see se bolela hore Jehova o ne a tla thibela liphoso tsohle tsa botho e le hore ho se be le tlhaku le e ’ngoe e fetoloang ha likopi li ntse li etsoa?
Monyako oa Liphoso o Ile oa Buleha Hanyenyane
Le hoja banna ba hlomphang Lentsoe la Molimo ka ho tebileng ba ile ba le kopitsa ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, liphoso tse itseng tsa botho li ’nile tsa nyenyelepa tsa kena ka libukeng tse ngotsoeng ka letsoho. Bangoli ba Bibele ba ne ba bululetsoe, empa bakopitsi ha baa ka ba etsa mosebetsi oa bona tlas’a pululelo ea Molimo.
Ka mor’a ho khutla botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E., Bajode ba ile ba sebelisa mokhoa o mocha oa ho ngola oa litlhaku tse sekoere oo ba ithutileng oona Babylona. Phetoho ena e khōlō e ile ea baka bothata ba hore ka phoso ho ferekanngoe litlhaku tse itseng tse shebahalang ka tsela e tšoanang. Kaha Seheberu ke puo e entsoeng ka liluma-’moho, ’me molumo oa liluma-nosi o kenyelletsoa ke ’mali ho latela kutloisiso ea hae ea taba e potolohileng, ho fetoha ha seluma-’moho se le seng ho ka ’na ha fetola moelelo oa lentsoe habonolo. Leha ho le joalo, maemong a mangata, liphoso tse joalo li fumanoe tsa ba tsa lokisoa.
Bajode ba bangata haholo ha baa ka ba khutlela Iseraele ka mor’a ho oa ha Babylona. Kahoo, lisynagoge li ile tsa fetoha litsi tsa borapeli tsa lihlopha tsa Bajode ho pholletsa le Bochabela bo Hare le Europe.a Ho ne ho hlokahala hore synagoge ka ’ngoe e be le kopi ea meqolo ea Mangolo. Ha likopi li ntse li eketseha, le monyetla oa hore bakopitsi ba etse liphoso o ile oa eketseha.
Boiteko ba ho Koala Monyako
Ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E., bangoli ba Jerusalema ba ile ba leka ho fumana taba e ngotsoeng ea pele-pele eo ka eona ho ka lokisoang Mangolo a mang ’ohle a Seheberu. Empa ho ne ho se mokhoa o tšepahalang oa ho khetholla taba e ngotsoeng ea pele-pele ho libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li na le liphoso tsa bakopitsi. Ho tloha lekholong la bobeli la lilemo C.E. ho ea pele, taba e ngotsoeng ka liluma-’moho ea Mangolo a Seheberu e bonahala e entsoe hore e lumellane ka ho feletseng le ea pele-pele, le hoja e ne e e-s’o tiisoe ka molao. Litaba tse qotsitsoeng Mangolong a Seheberu tse leng ho Talmud (e hlophisitsoeng pakeng tsa lekholo la bobeli la lilemo le la botšelela C.E.) hangata e bontša hore e tsoa mohloling o fapaneng le seo hamorao se ileng sa tsejoa e le taba e ngotsoeng ea Bo-Masorete.
Lentsoe “neano” ka Seheberu ke ma·soh·rahʹ kapa ma·soʹreth. Lekholong la botšelela la lilemo C.E., ba neng ba sireletsa tloaelo ea ho kopitsa Mangolo a Seheberu ka nepo ba ile ba tsejoa e le Bo-Masorete. Likopi tseo ba li entseng li bitsoa taba e ngotsoeng ea Bo-Masorete. Mosebetsi oa bona le litaba tseo ba ileng ba li ngola li ne li ikhetha ka eng?
Seheberu se ne se theohile tabeng ea ho ba puo e phelang, ea sechaba, ’me Bajode ba bangata ba ne ba se ba sa se tloaela. Kahoo, ho utloisisa taba ea Bibele e ngotsoeng ka liluma-’moho ka bohona ho ne ho le kotsing. Bakeng sa ho e sireletsa, Bo-Masorete ba ile ba qapa mokhoa oa ho ngola ka liluma-nosi tse emeloang ke matheba le metoa, kapa likhutlo. Tsena li ne li ngoloa ka holimo le ka tlaase ho liluma-’moho. Hape Bo-Masorete ba ile ba qapa mokhoa o rarahaneng oa ho sebelisa matšoao a neng a sebeletsa e le matšoao a arolang lipolelo tabeng e ngotsoeng le tataiso bakeng sa ho bitsoa ha mantsoe ho nepahetseng haholoanyane.
Moo Bo-Masorete ba neng ba na le maikutlo a hore taba e ngotsoeng e fetotsoe kapa meloko e fetileng ea bangoli e e kopilitse ka tsela e sa nepahalang, ho e-na le ho fetola taba e ngotsoeng, ba ile ba ngola lintlha ka mahlakoreng a leqephe. Ba ile ba ngola libōpeho tsa mantsoe tse sa tloaelehang le tsela eo a sebelisitsoeng ka eona le hore na a hlaha hangata hakae bukeng ka ’ngoe kapa Mangolong a Seheberu ka kakaretso. Litlhaloso tse eketsehileng bakeng sa ho thusa mokopitsi hore a batlisise mehloling e sa tšoaneng le tsona li ne li ngotsoe. Mokhoa oa “matšoao” a mongolo o khutsufalitsoeng o ile oa qaptjoa e le hore boitsebiso bona bo ka ngoloa ka bokhutšoanyane bo boholo. Ka holimo le ka tlaase ho leqephe, tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho e khutsufalitsoeng e ne e thathamisitse likarolo tsa litemana tse amanang le tseo ho builoeng ka tsona lintlheng tse mahlakoreng a leqephe.
Mokhoa ona o tsebahalang haholo o ile oa ntlafatsoa ke Bo-Masorete ba Tiberiase, pel’a Leoatle la Galilea. Lelapa la Ben Asher le la Ben Naphtali a lekholong la borobong le la leshome la lilemo C.E., mohlomong e le Makaraite, a ile a tuma ka ho khethehileng.b Le hoja ho ne ho e-na le phapang pakeng tsa mekhoa ea ho bitsoa ha mantsoe le lintlha tsa lihlopha tsena tse peli, liluma-’moho tsa taba ea tsona e ngotsoeng li fapana libakeng tse ka tlaase ho leshome Mangolong a Seheberu ka kakaretso.
Lihlopha tse peli tsa Bo-Masorete, sa Ben Asher le Ben Naphtali, li ile tsa tlatsetsa haholo tsebong ea taba e ngotsoeng mehleng ea tsona. Ka mor’a hore Maimonides (setsebi sa Talmud sa lekholong la bo12 la lilemo) a rorise taba e ngotsoeng ea Ben Asher, ba bang ba ile ba e rata ka tsela e khethehileng. E ile ea ratoa hoo ho seng buka e ngotsoeng ka letsoho le e ’ngoe ea Ben Naphtali kajeno. Sohle se setseng ke lethathamo la lintlha tseo ho tsona lihlopha tsena tse peli li fapanang. Se makatsang ke hore tlhaloso ea Maimonides e ne e le mabapi le mokhoa oa ho ngola, o kang ho arola lirapa, eseng mabapi le lintlha tsa bohlokoa haholoanyane tsa ho fetisa molaetsa o nepahetseng.
Na re ka Fumana Taba e Ngotsoeng e “Hloekileng” ea Bo-Masorete?
Ho na le khang e khōlō har’a litsebi tabeng ea hore na ke codex efe e leng teng kajeno e “hloekileng,” ea taba e ngotsoeng ea Ben Asher, joalokaha eka sena se ne se tla re neha taba e ngotsoeng ea “’nete” ea Bo-Masorete. Ha e le hantle, le ka mohla ha ho e-s’o be le taba e ngotsoeng ea bo-Masorete e khethehileng, e “hloekileng” le e utloahalang. Ho e-na le hoo, ho bile le litaba tse ngotsoeng tsa Bo-Masorete tse ngata, e ’ngoe le e ’ngoe e fapane le tse ling hanyenyane. Li-codex tsohle tse leng teng kajeno ke tse kopantseng taba e ngotsoeng ea Ben Asher le ea Ben Naphtali.
Mosebetsi oo mofetoleli ofe kapa ofe oa Mangolo a Seheberu a talimaneng le oona kajeno ke o boima. Haa lokela ho itloaelanya le taba e ngotsoeng ea Seheberu feela empa hape le ho lekanyetsa hantle moo e ka ’nang eaba taba e ngotsoeng e ile ea fetoloa ka lebaka la liphoso tsa bakopitsi kapa ka mabaka a mang. Le hoja litaba tse ngotsoeng tsa Bo-Masorete tse sa tšoaneng li sebeletsa e le motheo, ho hlokahala hore a hlahlobe mehloli e meng e tšepahalang eo ka ho utloahalang e neng e ka emela liphetolelo tsa boholo-holo tsa taba e ngotsoeng ka liluma-’moho le tseo mohlomong e leng tse nepahetseng haholoanyane.
Kenyeletsong ea buka ea hae The Text of the Old Testament, Ernst Würthwein oa hlalosa: “Ha re talimane le polelo e thata re ke ke ra be re se re bokella litaba tse tsoang liphetolelong tse sa tšoaneng ebe re khetha eo ho bonahalang eka e fana ka tharollo e bonolo ka ho fetisisa, ka linako tse ling re khetha taba e ngotsoeng ea Seheberu, ka tse ling re khetha Septuagint, ha ka tse ling hape re khetha Targum ea Searame. Bopaki ba taba e ngotsoeng ka ho tšoanang hase bo ka tšeptjoang. Bo bong le bo bong bo na le sebōpeho sa bona le histori ea bona e ikhethang. Re tlameha ho tloaelana le bona haeba re tla lebella ho qoba litharollo tse sa lekanang kapa tsa bohata.”
Re na le motheo o tiileng oa ho ba le tšepo e feletseng ea hore Jehova o bolokile Lentsoe la hae. Ka boiteko bo kopanetsoeng ba banna ba bangata ba tšepahalang ho theosa le makholo a lilemo, moko-taba, litaba tse ka hare, esita le lintlha tse qaqileng tsa molaetsa oa Bibele li fumaneha habonolo. Liphetoho leha e le life tse nyenyane tlhakung kapa lentsoeng ha lia ka tsa ama matla a rōna a ho utloisisa Mangolo. Joale, potso ea bohlokoa ke ena, Na re tla phela tumellanong le Lentsoe la Molimo, Bibele?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha Bajode ba bangata kantle ho Iseraele ba ne ba se ba sa bale Seheberu ka mokhoa o phollatsi, lihlopha tse joalo tsa Bajode joaloka se Alexandria, Egepeta, kapele li ile tsa bona ho hlokahala hore Bibele e fetoleloe puong ea moo. Ho khahlametsa tlhokahalo ena, phetolelo ea Segerike ea Septuagint e ile ea etsoa lekholong la boraro la lilemo B.C.E. Phetolelo ena hamorao e ne e tla ba mohloli oa bohlokoa oa ho hlahlobisisa taba e ngotsoeng.
b Hoo e ka bang ka selemo sa 760 C.E., sehlopha sa Bajode se tsejoang e le Makaraite se ile sa batla hore ho khomareloe Mangolo ka ho tiea ho hoholoanyane. Ha ba hana bolaoli ba bo-rabbi, “Molao oa Molomo,” le Talmud, ba ne ba na le lebaka le leholoanyane la ho sireletsa taba e ngotsoeng ea Bibele ka ho feletseng. Malapa a itseng sehlopheng sena a ile a fetoha bakopitsi ba litsebi ba taba e ngotsoeng ea Bo-Masorete.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Aleppo Codex e na le taba e ngotsoeng ea Bo-Masorete
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bibelmuseum, Münster