Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/15 maq. 26-29
  • Bo-Masorete E ne e le Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bo-Masorete E ne e le Bo-mang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Ben Asher
  • Ho Hlokahala Mohopolo o Fetang o Tloaelehileng
  • Ba ne ba Lumela Eng?
  • Ho Fumana Molemo Mosebetsing oa Bona
  • Taba e Ngotsoeng ea Bo-Masorete ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Mohlala oa Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Bibele ea Seheberu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Molaetsa oa Bibele ha oa Fetoha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Thuto ea 5—Taba e Ngotsoeng ka Seheberu ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/15 maq. 26-29

Bo-Masorete E ne e le Bo-mang?

JEHOVA, “Molimo oa ’nete,” o sirelelitse Lentsoe la hae, Bibele. (Pesaleme ea 31:5) Empa kaha Satane, sera sa ’nete, a lekile ho le silafatsa le ho le felisa, Bibele e fihlile joang ho rōna haholo-holo joalokaha e ngotsoe?—Bona Mattheu 13:39.

Karolo ea karabo e ka fumanoa polelong ea Moprofesa Robert Gordis: “Se finyeletsoeng ke bangoli ba Baheberu, ba bitsoang bo-masorete kapa ‘baboloki ba neano,’ ha sea ananeloa ka ho lekaneng. Bangoli bana bao mabitso a bona a sa tsebahatsoang ba ile ba kopitsa Buka e Halalelang ka kelo-hloko le ka tlhokomelo e lerato.” Le hoja bongata ba bakopitsi bana re ntse re sa ba tsebe kajeno, lebitso la lelapa le le leng la Bo-Masorete le tlalehiloe ka ho hlaka—e leng la Ben Asher. Re tseba eng ka bona le Bo-Masorete ba habo bona?

Lelapa la Ben Asher

Karolo ea Bibele eo pele e neng e ngotsoe ka Seheberu, eo hangata e bitsoang Testamente ea Khale, e ile ea kopitsoa ka botšepehi ke bangoli ba Bajode. Ho tloha lekholong la botšelela ho ea ho la leshome la lilemo C.E., bakopitsi bana ba ne ba bitsoa Bo-Masorete. Mosebetsi oa bona o ne o akarelletsa eng?

Ka makholo a lilemo Seheberu se ne se ngoloa ka liluma-’moho feela, liluma-nosi li kenngoa ke ’mali. Leha ho le joalo, mehleng ea Bo-Masorete ho bitsoa ho nepahetseng ha Seheberu ho ne ho lahleha hobane Bajode ba bangata ba ne ba se ba sa bue puo eo ha phollatsi. Lihlopha tsa Bo-Masorete Babylona le Iseraele li ile tsa qapa matšoao a lokelang ho behoa ho potoloha liluma-’moho ho bontša melumo le mokhoa o loketseng oa ho bitsa liluma-nosi. Bonyane mekhoa e meraro e sa tšoaneng e ile ea qaptjoa, empa o ileng oa ipaka o na le tšusumetso e matla e bile oa Bo-Masorete ba Tiberiase, haufi le Leoatle la Galilea, e leng ha habo lelapa la Ben Asher.

Mehloli e thathamisa meloko e mehlano ea Bo-Masorete ho tloha lelapeng lena le khethehileng, ho qala ka Asher, Moholo oa lekholong la borobeli la lilemo C.E. Ba bang e ne e le Nehemiah Ben Asher, Asher Ben Nehemiah, Moses Ben Asher, ’me, qetellong, Aaron Ben Moses Ben Asher ba lekholong la leshome la lilemo C.E.a Banna bana ba ne ba le har’a ba kapele-pele ho ba neng ba ntlafatsa matšoao a ngotsoeng a neng a tla bontša hamolemo seo ba neng ba utloisisa hore ke mokhoa o loketseng oa ho bitsa mantsoe a taba e ngotsoeng ea Bibele ea Seheberu. Bakeng sa ho ntlafatsa matšoao ana, ba ne ba tlameha ho lekanyetsa motheo oa tsamaiso ea sebōpeho-puo sa Seheberu. Le ka mohla ha hoa ka ha ngoloa tsamaiso e hlakileng ea melao ea sebōpeho-puo sa Seheberu. Ka lebaka leo, e mong a ka ’na a bolela hore Bo-Masorete bana ba ne ba le har’a litsebi tsa pele tsa sebōpeho-puo sa Seheberu.

Aaron, Masorete oa ho qetela oa neano ea lelapa la Ben Asher, e bile eena oa pele ea ileng a ngola le ho hlophisa boitsebiso bona. O ile a etsa sena bukeng eo sehlooho sa eona se reng “Sefer Dikdukei ha-Te‘amim,” e leng buka ea pele ea melao ea sebōpeho-puo sa Seheberu. Buka ena e bile motheo bakeng sa libuka tsa litsebi tse ling tsa sebōpeho-puo sa Seheberu tsa makholong a lilemo a latelang. Empa sena se ile sa hlahisoa ke mosebetsi oa bohlokoa haholoanyane oa Bo-Masorete. See e ne e le eng?

Ho Hlokahala Mohopolo o Fetang o Tloaelehileng

Kameho e ka sehloohong ea Bo-Masorete e ne e le ho kopitsoa ho nepahetseng ha lentsoe le leng le le leng, esita le tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe ea taba e ngotsoeng ea Bibele. Ho tiisa hore e nepahetse, Bo-Masorete ba ile ba sebelisa karolo e ka mahlakoreng a leqephe le leng le le leng bakeng sa ho ngola boitsebiso bo neng bo tla bontša phetoho leha e le efe e ka bang teng tabeng e ngotsoeng eo bakopitsi ba nakong e fetileng ba e entseng ka ho se hlokomele kapa ka boomo. Lintlheng tsena tse ngotsoeng ka mahlakoreng a leqephe, Bo-Masorete ba ile ba boela ba bontša libōpeho tsa mantsoe le tatellano ea ’ona tse sa tloaelehang, ba tšoaea hore na li hlaha hangata hakae bukeng e itseng kapa ka Mangolong a Seheberu kaofela. Litlhaloso tsena li ne li ngotsoe ka tsela e khutsufalitsoeng haholo, kaha sebaka se ne se le senyenyane. E le kofuto e ’ngoe ea ho hlahlobisisa mehloling e meng bakeng sa ho nepahala, ba ne ba tšoaea lentsoe le tlhaku tse bohareng tsa libuka tse itseng. Ba ile ba ea bohōleng ba ho bala tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e le hore ba tiisehe hore ba kopitsa ka mokhoa o nepahetseng.

Ka holimo le ka tlaase ho leqephe, Bo-Masorete ba ne ba ngola litlhaloso tse atolositsoeng haholoanyane mabapi le lintlha tse ling tse khutsufalitsoeng mahlakoreng a maqephe.b Li ne li le molemo tabeng ea ho hlahlobisisa mosebetsi oa bona mehloling e meng bakeng sa ho nepahala. Kaha ka nako eo litemana li ne li e-s’o be le linomoro ’me ho ne ho se na libuka tsa tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho a Bibele, Bo-Masorete ba ne ba supa likarolong tse ling tsa Bibele joang e le hore ba ka hlahloba mehloling e meng bakeng sa ho nepahala? Ka holimo le ka tlaase ho leqephe, ba ne ba thathamisa likarolo tsa temana e tšoanang le eo ho ba hopotsa moo lentsoe kapa mantsoe a bontšitsoeng a ileng a fumanoa sebakeng se seng ka Bibeleng. Ka lebaka la bonyenyane ba sebaka, hangata ba ne ba ngola lentsoe le le leng feela la sehlooho ho ba hopotsa temana ka ’ngoe e tšoanang le eo. E le hore lintlha tsena tse mahlakoreng a leqephe li ka ba molemo, bakopitsi bana ba ne ba tlameha hore ba tsebe hoo e ka bang Bibele eohle ea Seheberu ka hlooho.

Mathathamo a neng a le malelele haholo hore a ka ngoloa mahlakoreng a leqephe a ile a kopiletsoa karolong e ’ngoe ea buka e ngotsoeng ka letsoho. Ka mohlala, ntlha ea Bo-Masorete e leng ka lehlakoreng la leqephe mabapa le Genese 18:3 e bontša litlhaku tse tharo tsa Seheberu, קלד. Li lekana le 134 ka Seheberu. Karolong e ’ngoe ea buka e ngotsoeng ka letsoho, ho hlaha lethathamo le bontšang libaka tse 134 moo bakopitsi ba pele ho Bo-Masorete ba neng ba tlositse lebitso Jehova ka boomo tabeng e ngotsoeng ea Seheberu, ba le nkela sebaka ka lentsoe “Morena.”c Le hoja ba ile ba elelloa liphetoho tsena, Bo-Masorete ha ba ka ba ba lokoloha ho fetola taba e ngotsoeng eo ba e nehiloeng. Ho e-na le hoo, ba ile ba bontša liphetoho tsena lintlheng tsa bona tse ka mahlakoreng a leqephe. Empa ke hobane’ng ha Bo-Masorete ba ile ba ba seli hakaalo hore ba se ke ba fetola taba e ngotsoeng ha bakopitsi ba pele ba ne ba e fetotse? Na mofuta oa bona oa tumelo ea Sejode o ne o sa tšoane le oa bao e neng e le bakopitsi pele ho bona?

Ba ne ba Lumela Eng?

Mehleng ena ea khatelo-pele ea Bo-Masorete, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode e ne e ikakhetse ka setotsoana ntoeng ea likhopolo tse metseng ka metso. Ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E., Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode ea bo-rabbi e ne e ntse e eketsa taolo ea eona. Ka ho ngoloa ha Sehlopha sa Lineano tsa Bajode le litlhaloso tsa bo-rabbi, taba e ngotsoeng ea Bibele e ne e tla ka mor’a litlhaloso tsa bo-rabbi tsa molao oa molomo. Ka hona, bohlokoa ba ho bolokoa ho seli ha taba e ngotsoeng ea Bibele bo ka be bo ile ba fela.

Lekholong la borobeli la lilemo, sehlopha se tsebahalang e le Makaraite se ile sa hanyetsa mokhoa ona. E le hore a ka hatisa bohlokoa ba thuto ea botho ea Bibele, a ile a hana hore bo-rabbi ke mohloli oa boitsebiso bo tšehetsang taba le litlhaloso tsa bona le Sehlopha sa Lineano tsa Bajode. A ile a amohela taba e ngotsoeng ea Bibele feela e le mohloli oa ’ona oa boitsebiso bo tšehetsang taba. Sena se ile sa etsa hore ho hlokahale ka ho eketsehileng hore taba eo e ngotsoeng e kopitsoe ka tsela e nepahetseng, ’me liphuputso tsa Bo-Masorete li ile tsa etsoa ka matla a macha.

Ke ho isa bohōleng bofe tumelo ea bo-rabbi kapa ea Karaite e ileng ea susumetsa Bo-Masorete? M. H. Goshen-Gottstein, setsebi sa libuka tsa Bibele tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho, o re: “Bo-Masorete ba ne ba kholisehile . . . hore ba boloka neano ea boholo-holo, ’me ho kena-kenana le eona ka boomo e ne e tla ba tlōlo ea molao e mpe ka ho fetisisa eo ba neng ba ka e etsa.”

Bo-Masorete ba ile ba talima ho kopitsoa ho loketseng ha taba e ngotsoeng ea Bibele e le mosebetsi o halalelang. Le hoja ka bobona e ka ’na eaba ba ne ba susumetsoa haholo ke likhopolo tse itseng tsa bolumeli, ho bonahala hore mosebetsi oa Bo-Masorete ka booona o ne o sa susumetsoe ke likhopolo tse joalo. Lintlha tse tobileng tse mahlakoreng a leqephe li fane ka monyetla o monyenyane oa likhang tsa thuto ea bolumeli. Ba ne ba amehile ka taba e ngotsoeng ea Bibele ka boeona bophelong bohle ba bona; ba ne ba ke ke ba kena-kenana le eona.

Ho Fumana Molemo Mosebetsing oa Bona

Le hoja Iseraele oa tlhaho e ne e se e se sechaba sa Molimo se khethiloeng, bakopitsi bana ba Bajode ba ne ba inehetse ka ho feletseng tabeng ea ho sireletsoa ho nepahetseng ha Lentsoe la Molimo. (Mattheu 21:42-44; 23:37, 38) Se finyeletsoeng ke lelapa la Ben Asher le Bo-Masorete ba bang se akaretsoa hamolemo ke Robert Gordis, ea ileng a ngola: “Basebetsi bao ba ikokobelitseng empa e le ba ke keng ba inehela . . . ba sa itsebahatse ba ile ba etsa mosebetsi oa bona o moholohali oa ho lebela Taba e Ngotsoeng ea Bibele hore e se ke ea lahleha kapa ea fetoloa.” (The Biblical Text in the Making) Ka lebaka leo, ha Bo-raliphetoho ba lekholong la bo16 la lilemo ba kang Luther le Tyndale ba ne ba hanyetsa ba boholong ka kerekeng ’me ba qala ho fetolela Bibele lipuong tse tloaelehileng e le hore e ka baloa ke bohle, ba ne ba e-na le taba e ngotsoeng ea Seheberu e bolokiloeng hantle e le hore ba e sebelise e le motheo oa mosebetsi oa bona.

Mosebetsi oa Bo-Masorete o tsoela pele ho re tsoela molemo kajeno. Taba ea bona e ngotsoeng ka Seheberu ke motheo oa Mangolo a Seheberu a New World Translation of the Holy Scriptures. Phetolelo ena e tsoela pele ho fetoleloa ka lipuo tse ngata ka moea o tšoanang oa boinehelo le kameho bakeng sa ho nepahala tse ileng tsa bontšoa ke Bo-Masorete ba boholo-holo. Re lokela ho bontša moea o tšoanang tabeng ea ho ela hloko Lentsoe la Jehova Molimo.—2 Petrose 1:19.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka Seheberu “ben” e bolela “mora.” Ka hona Ben Asher e bolela “mora oa Asher.”

b Lintlha tsa Bo-Masorete tse leng mahlakoreng a leqephe li bitsoa Masora e Nyenyane. Lintlha tse ka holimo le ka tlaase ho leqephe li bitsoa Masora e Khōlō. Mathathamo a ngotsoeng sebakeng se seng bukeng e ngotsoeng ka letsoho a bitsoa Masora ea ho Qetela.

c Bona Appendix 1B ho New World Translation of the Holy Scriptures With References.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

Mokhoa oa ho Bitsoa ha Mantsoe a Seheberu

PHUPUTSO ea mokhoa o molemohali oa ho ngola matšoao a liluma-nosi le matšoao a molumo e ile ea tsoela pele ka makholo a lilemo har’a Bo-Masorete. Kahoo, ha ho makatse ho fumana ntlafatso e tsoelang pele molokong o mong le o mong oa lelapa la Ben Asher. Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse leng teng li emela mekhoa le litsela tsa Bo-Masorete ba babeli feela ba ho qetela ba lelapa la Ben Asher, Moses le Aaron.d Phuputso e ileng ea etsoa ka morero oa ho bapisa libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho e bontša hore Aaron o ile a qapa melao lintlheng tse itseng tse sa reng letho tsa ho bitsoa ha mantsoe le tsa matšoao e neng e fapane le ea ntate oa hae, Moses.

Ben Naphtali o phetse ka nako e tšoanang le Aaron Ben Asher. Codex ea Cairo ea Moses Ben Asher e na le litlhaloso tse ngata tseo ho thoeng ke tsa Ben Naphtali. Ka hona, Ben Naphtali ka boeena o ile a ithuta tlas’a Moses Ben Asher kapa bobeli ba bona ba ile ba boloka neano e tloaelehileng ea boholo-holo. Litsebi tse ngata li bua ka phapang pakeng tsa mekhoa ea Ben Asher le Ben Naphtali, empa M. H. Goshen-Gottstein oa ngola: “Ho ne ho ka bonahala ho nepahetse ho bua ka mekhoa ena e ’meli e menyenyane ka har’a lelapa la Ben Asher le ho bitsa phapang ea litlhaloso: Ben Asher versus Ben Asher.” Kahoo e ne e tla ba ho sa nepahalang ho bua ka mokhoa o le mong feela oa Ben Asher. Taba ea hore mekhoa ea Aaron Ben Asher e bile eona e ileng ea qetella e amohetsoe e ne e se phello ea bophahamo ba sebōpeho. Taba e ngotsoeng ea Aaron Ben Asher e ile ea ratoa haholo hobane setsebi sa Sehlopha sa Lineano tsa Bajode sa lekholong la bo12 la lilemo Moses Maimonides se ile sa e rorisa.

[Artwork—Hebrew characters]

Karolo ea Exoda 6:2 e nang le matheba a liluma-nosi le matšoao a khethollang le e se nang ’ona

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

d Codex ea Cairo (895 C.E.), e nang le baprofeta ba pele le ba ho qetela feela, e beha mohlala oa mekhoa ea Moses. Codex ea Aleppo (c.930 C.E.) le ea Leningrad (1008 C.E.) li nkoa e le mehlala ea mekhoa ea Aaron Ben Asher.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Tiberiase, setsi sa mosebetsi oa Bo-Masorete ho tloha lekholong la borobeli la lilemo ho ea ho la leshome

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela