Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 6/15 maq. 5-8
  • Ho Fela ha Lehloeo Lefatšeng ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fela ha Lehloeo Lefatšeng ka Bophara
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlōla Lehloeo Kampong ea Mahloriso
  • Nako ea ho Hloea
  • Lefatše le se Nang Lehloeo
  • Na Lehloeo le sa Tla Fela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Hloeane Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Lehloeo le Tla Fela ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
  • Re ka Khona ho Hlola Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 6/15 maq. 5-8

Ho Fela ha Lehloeo Lefatšeng ka Bophara

LILEMO tse ka bang likete tse peli tse fetileng, sehlopha se senyenyane se ne se hlouoe haholo. Tertullian o hlalosa boikutlo bo neng bo tloaelehile Roma mabapi le Bakreste ba pele: “Haeba leholimo le sa nese pula, haeba ho e-na le tšisinyeho ea lefatše, haeba ho e-na le tlala ea sekoboto kapa lefu la seoa, hang-hang feela ho ne ho hoeletsoa ka ho re, ‘Ha ho isoe Bakreste litaung!’”

Ho sa tsotellehe hore ebe ba ne ba hlouoe, Bakreste ba pele ba ile ba hanela teko ea ho iphetetsa bakeng sa ho hloka toka ho joalo. Thutong ea hae ea Thabeng e tsebahalang haholo, Jesu Kreste o ile a re: “Le utloile hoba ho kile ha thoe: Rata oa heno, u hloee eo e leng sera ho uena. Empa ’na, ke re ho lōna: Ratang bao e leng lira ho lōna, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang.”—Mattheu 5:43, 44.

E ne e le neano ea molomo ea Bajode e neng e khomaretse tumelong ea hore ‘ho hloea sera’ e ne e le ntho e nepahetseng. Leha ho le joalo, Jesu o itse re tlameha ho rata sera sa rōna, eseng motsoalle oa rōna feela. Sena se thata empa se ka etsahala. Ho rata sera ha ho bolele ho rata litsela tsohle tsa sona kapa liketso tsa sona. Lentsoe la Segerike le fumanoang tlalehong ea Mattheu le nkiloe ho a·gaʹpe, e hlalosang lerato le sebetsang tumellanong le molao-motheo. Motho ea bonahatsang a·gaʹpe, lerato la molao-motheo, o etsa molemo esita le ho sera se mo hloileng le se mo tšoarang hampe. Hobane’ng? Hobane ke tsela ea ho etsisa Kreste, ebile ke tsela ea ho hlōla lehloeo. Setsebi se seng sa Segerike se ile sa hlokomela: “[A·gaʹpe] e re nolofaletsa ho hlōla tšekamelo ea rōna ea tlhaho ea ho halefa le ho hloea.” Empa na see se tla sebetsa lefatšeng la kajeno le tletseng lehloeo?

Hoa lumeloa hore hase bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba entseng qeto e tiileng ea ho latela mohlala oa Kreste. Masetla-libete a haufinyane tjena Rwanda a ile a etsoa ke lihlopha tsa merabe, tseo boholo ba litho tsa tsona li ipolelang hore ke Bakreste. Pilar Díez Espelosín, moitlami oa Roma e K’hatholike ea sebelitseng Rwanda ka lilemo tse 20, o ile a pheta ketsahalo e ’ngoe e hlokomelehang haholo. Monna e mong o ile a atamela kerekeng ea moitlami eo a tsoka lerumo leo ka ho totobetseng a neng a ntse a le sebelisa. Moitlami o ile a mo botsa: “Ke’ng ntho ena eo u e etsang ea ho tsamaea u bolaea batho? Na ha u nahane ka Kreste?” O ile a bolela hore o nahana ka eena ’me a tsoela pele ho kena ka kerekeng, a khumama fatše, ’me a etsa likoto tsa Rosari ka cheseho. Empa eitse ha a qeta, a pepetlolotseha ho ea tsoela pele ka ho bolaea. Moitlami eo o ile a lumela: “Ho bontša hore ha re rute kosepele ka tsela e loketseng.” Leha ho le joalo, ho hlōleha ho joalo, ha ho bolele hore molaetsa oa Jesu oa haella. Lehloeo le ka hlōloa ke ba sebelisang Bokreste ba ’nete.

Ho Hlōla Lehloeo Kampong ea Mahloriso

Max Liebster ke Mojode ka tsoalo ea ileng a phonyoha Polao e Sehlōhō. Le hoja fane ea hae e bolela “ea ratoang,” o ile a bona lehloeo le fetang le tloaelehileng. O hlalosa seo a ithutileng sona ka lerato le lehloeo Jeremane ea Bonazi.

“Ke ile ka hōlisetsoa pel’a Mannheim, Jeremane, nakong ea lilemo tsa bo-1930. Hitler o ile a bolela hore Bajode bohle e ne e le barui ba etsang phaello e feteletseng linakong tsa tlokotsi ba tlatlapang Majeremane. Empa ’nete ke hore Ntate e ne e le motho ea lokisang lieta oa boemo bo tlaase. Leha ho le joalo, ka lebaka la tšusumetso ea likhopolo tsa Bonazi, baahisani ba ile ba qala ho re hloea. Ha ke ne ke le mocha ea lilemong tse ka tlaase ho 20, motho e mong oa motseng ka sheshe o ile ntlotsa phatleng ka mali a kolobe. Thohako ena e mpe haholo e ne e mpa e le selelekela sa lintho tse neng li tla etsahala nakong e tlang. Ka 1939 Gestapo e ile ea ntšoara ’me ea nkamoha thepa eohle ea ka.

“Ho tloha ka January 1940 ho fihlela ka May 1945, ke ile ka ikitlaetsa ka matla hore ke phonyohe likampong tsa mahloriso tse hlano tse fapaneng: Sachsenhausen, Neuengamme, Auschwitz, Buna, le Buchenwald. Ntate, eo le eena a ileng a romeloa Sachsenhausen, o ile a shoa nakong ea mariha a batang haholo a 1940. ’Na ka bonna ke ile ka nka setopo sa hae ho se isa moo ho chesoang litopo, moo qubu ea litopo tse shoeleng e neng e bokellane e emetse ho chesoa. Ka kakaretso, ba robeli ba lelapa leso ba ile ba shoella likampong.

“Batšoaruoa ba ne ba hloile li-kapo esita le ho feta balebeli ba ma-SS. Li-kapo e ne e le batšoaruoa ba neng ba sebelisana le ma-SS kahoo ba ne ba thabela melemo e itseng. Ba ne ba behiloe hore ba ikarabelle kabong ea lijo, ebile hape ba ne ba shapa batšoaruoa ba bang. Hangata ba ne ba sebetsa ka mokhoa o se nang toka le o hatellang. Ke nahana hore ke ne ke e-na le mabaka a lekaneng a ho hloea ma-SS hammoho le li-kapo, empa nakong ea ha ke le teronkong, ke ile ka ithuta hore lerato le matla ho feta lehloeo.

“Sebete sa batšoaruoa bao e neng e le Lipaki tsa Jehova se ile sa nkholisa hore tumelo ea tsona e ne e thehiloe Mangolong—’me ke ile ka fetoha Paki ka bonna. Ernst Wauer, Paki eo ke ileng ka kopana le eona kampong ea mahloriso ea Neuengamme, o ile a nkhothalletsa hore ke hlaolele boikutlo ba kelello ba Kreste. Bibele e bolela hore ‘enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa ea ahlolang ka ho loka.’ (1 Petrose 2:23) Ke ile ka leka ho etsa se tšoanang, ho tlohela phetetso matsohong a Molimo, eo e leng Moahloli oa bohle.

“Lilemo tseo ke li qetileng likampong li ile tsa nthuta hore hangata batho ba etsa lintho tse khopo ka lebaka la ho hloka tsebo. Esita le balebeli ba ma-SS ba ne ba se babe kaofela ha bona—ho na le e mong ea ileng a boloka bophelo ba ka. Ka nako e ’ngoe nkile ka hlaseloa ke boloetse bo bohloko ba letšollo ’me ke ne ke fokola haholo hore nka tsamaea ho tloha mosebetsing oa ka ho ea kampong. Hoseng ho latelang nka be ke ile ka romeloa liphaposing tsa Auschwitz tsa ho bolaea batšoaruoa ka khase e chefu, empa molebeli oa le-SS, ea neng a tsoa sebakeng se le seng le ’na Jeremane, o ile a kenella ho nthusa. O ile a mphumanela mosebetsi phaposing ea ho jela ea ma-SS, moo ke ileng ka khona ho fumana phomolo e itseng ho fihlela ke fola. Ka letsatsi le leng o ile a mpolella: ‘Max, ke ikutloa eka ke palame terene e mathang ka lebelo le holimo e tsoileng taolong. Haeba ke itahlela kantle, ke tla shoa. Haeba ke lula, ke tla soahlamana!’

“Batho bana ba ne ba hloka lerato joalokaha le ’na ke ne ke le hloka. Ha e le hantle, e bile lerato le kutloelo-bohloko, hammoho le tumelo ea ka ho Molimo, tse ileng tsa ’nolofaletsa ho sebetsana ka katleho le maemo a nyahamisang le tšokelo ea letsatsi le letsatsi ea ho bolaoa. E ne e tla be e se ’nete ho bolela hore ke ile ka phonyoha ke sa tsoa kotsi ea letho, empa maqeba a ka a maikutlo a ne a fokola.”

Mofuthu le mosa tseo Max a ntseng a li bontša lilemo tse 50 hamorao ke bopaki bo hlakileng ba ’nete ea mantsoe a hae. Taba ea Max hase eona feela. O ne a e-na le lebaka le tiileng la ho hlōla lehloeo—o ne a batla ho etsisa Kreste. Ba bang bao bophelo ba bona bo ’nileng ba tataisoa ke Mangolo ba ile ba itšoara ka tsela e tšoanang. Simone, e mong oa Lipaki tsa Jehova Fora, o hlalosa kamoo a ileng a ithuta se hlileng se boleloang ke lerato le se nang boithati.

“’Mè oa ka, Emma, ea ileng a fetoha Paki pejana feela ho ntoa ea bobeli ea lefatše, o ile a nthuta hore hangata batho ba etsa lintho tse mpe ka lebaka la ho hloka tsebo. O ile a hlalosa hore haeba re iphetetsa ka ho ba hloea, ha re Bakreste ba ’nete, kaha Jesu o itse re lokela ho rata lira tsa rōna le ho rapella ba re hlorisang.—Mattheu 5:44.

“Ke sa hopola boemo bo thata bo ileng ba leka kholiseho ena. Nakong eo Manazi a neng a hapile Fora, ’Mè o ile a hlokofatsoa haholo ka lebaka la moahisani e mong foleteng ea rōna. O ile a tlaleha ’Mè ho Gestapo, ’me ka lebaka leo, ’Mè o ile a qeta lilemo tse peli likampong tsa mahloriso tsa Jeremane, moo a ileng a batla a e-shoa. Ka mor’a ntoa, sepolesa sa Fora se ile sa batla hore ’Mè a saene pampiri e neng e qosa mosali enoa ka hore ke motšehetsi oa Jeremane. Empa ’Mè o ile a hana, a bolela hore ‘Molimo ke Moahloli le Moputsi oa botle le bobe.’ Lilemo tse seng kae hamorao, eena moahisani enoa o ile a tšoaroa ke kankere e lebisang lefung. Ho e-na le hore ka boithati a thabele bomalimabe ba mosali eo, ’Mè o ile a qeta lihora tse ngata a etsa hore likhoeli tsa ho qetela tsa bophelo ba mosali eo e be tsa boiketlo ka hohle kamoo ho neng ho ka khoneha. Nke ke ka hlola ke lebala lerato lena le ileng la hlōla lehloeo.”

Mehlala ena e ’meli e bontša matla a lerato la molao-motheo ha le tobane le ho hloka toka. Leha ho le joalo, Bibele ka boeona e bolela hore “nako e teng ea ho rata, e teng nako le ea ho hloea.” (Moeklesia 3:1, 8) Seo se ka etsahala joang?

Nako ea ho Hloea

Molimo ha a nyatse lehloeo lohle. Mabapi le Jesu Kreste, Bibele e re: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo.” (Ba-Heberu 1:9) Leha ho le joalo, ho na le phapang pakeng tsa ho hloea ntho e fosahetseng le ho hloea motho ea etsang ntho e fosahetseng.

Jesu o ile a beha mohlala oa teka-tekano e loketseng pakeng tsa lerato le lehloeo. O ne a hloile boikaketsi, empa o ile a leka ho thusa baikaketsi ho fetola tsela ea bona ea ho nahana. (Mattheu 23:27, 28; Luka 7:36-50) O ne a nyatsa pefo, empa o ile a rapella ba mo bolaeang. (Mattheu 26:52; Luka 23:34) ’Me le hoja lefatše le ne le mo hloile ntle ho lebaka, o ile a etsa bophelo ba hae sehlabelo e le hore a ka fa lefatše bophelo. (Johanne 6:33, 51; 15:18, 25) O ile a re siela mohlala o phethahetseng oa lerato la molao-motheo le lehloeo la bomolimo.

Ho hloka toka ho ka ’na ha re tsosetsa khalefo, joaloka Jesu. (Luka 19:45, 46) Leha ho le joalo, Bakreste ha baa fuoa matla a hore ba iphetetse ka bobona. Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Roma: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe. . . . Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna . . . U se ke ua hlōloa ke bobe, u mpe u hlōle bobe ka botle.” (Ba-Roma 12:17-21) Ha re hana ho koetla lehloeo ka borōna kapa ho iphetetsa ka ntho e fosahetseng, lerato lea hlōla.

Lefatše le se Nang Lehloeo

E le hore lehloeo le ka fela lefatšeng ka bophara, boikutlo bo metseng ka metso ho batho ba limilione bo tlameha ho fetoha. See se ka finyelloa joang? Moprofesa Ervin Staub o buella taba e latelang: “Bao re ba nkang e se ba bohlokoa re ba hlahisa kotsi ’me bao re ba nkang e le ba bohlokoa rea ba thusa. Ha re nka batho bao re ba thusang e le ba bohlokoa ka ho eketsehileng ’me re e-ba le khotsofalo ea motheo ho thuseng, re boetse re ipona re le ba tsotellang le ba thusang haholoanyane. E ’ngoe ea lipakane tsa rōna e tlameha ho ba ho hlahisa sechaba seo har’a sona ho nang le monyetla o atolohileng ka ho fetisisa oa ho etsetsa ba bang lintho.”—The Roots of Evil.

Ka mantsoe a mang, hore lehloeo le fele ho hlokahala ho bōptjoa ha sechaba seo ho sona batho ba ithutang ho rata ka ho thusana, sechaba seo ho sona batho ba lebalang lehloeo lohle le bakoang ke leeme, bochaba, khethollo ea merabe, le bomorabe. Na sechaba se joalo se teng? Nahana ka phihlelo ea monna e mong ea ileng a tobana le lehloeo ka seqo nakong ea Phetoho ea Setso Chaena.

“Ha Phetoho ea Setso e qala, re ile ra rutoa hore ha ho sebaka sa ho sekisetsa ‘ntoeng ea ho arola batho lihlopha.’ Lehloeo e ne e le tšekamelo e jeleng setsi. Ke ile ka fetoha setho sa mokha oa Red Guard ’me ka qala ho batla libakeng tsohle bao e neng e le ‘lira tsa sehlopha’—esita le har’a ba heso. Le hoja ka nako eo ke ne ke sa le lilemong tse ka tlaase ho 20, ke ile ka ba le seabo ho phenyekolleng matlo ao ho ’ona re neng re batla bopaki ba ‘litšekamelo tsa bohanyetsi.’ Ke ile ka boela ka tsamaisa seboka sa sechaba se neng se nyatsa ‘motho ea khahlanong le phetoho.’ Ho hlakile hore ka linako tse ling liqoso tsena li ne li thehiloe lehloeong la botho ho feta likhopolong tsa lipolotiki.

“Ke ile ka bona batho ba bangata—ba bacha le ba baholo, ba batona le ba batšehali—ba shapuoa ka sehlōhō se tšabehang. E mong oa matichere a ka a sekolo—monna ea lokileng—o ile a bontšoa literateng joalokaha eka e ne e le motlōli oa molao. Likhoeli tse peli hamorao tichere e hlomphehang sekolong sa rōna e ile ea fumanoa e shoele Nōkeng ea Suzhou, ’me tichere ea ka ea Senyesemane e ile ea qobelloa hore e iphanyehe. Ke ne ke tšohile ebile ke ferekane. Batho bana e ne e le ba mosa. Ho ba tšoara ka tsela ena ho ne ho fosahetse! Kahoo ke ile ka khaola maqhama ’ohle a ka le mokha oa Red Guard.

“Ha ke nahane hore nako ena ea lehloeo e ileng ea aparela Chaena ka nako e khutšoanyane e ne e le eona feela ea mofuta oo. Lekholong lena la lilemo hangata ho ’nile ha qhoma lehloeo. Leha ho le joalo, ke kholisehile hore lerato le ka hlōla lehloeo. Ke ntho eo ke e boneng ka bonna. Ha ke ne ke qala ho kopanela le Lipaki tsa Jehova, ke ile ka hlolloa ke lerato la sebele leo li neng li le bontša ho batho ba merabe le limelo tse fapaneng. Ke lebeletse nakong eo, joalokaha Bibele e tšepisa, batho bohle ba tla beng ba ithutile ho ratana.”

E, mokhatlo oa machaba oa Lipaki tsa Jehova ke bopaki bo tobileng ba hore lehloeo le ka felisoa. Ho sa tsotellehe semelo sa tsona, Lipaki li leka ka matla ho nkela leeme sebaka ka ho hlomphana le ho felisa mesaletsa leha e le efe ea boikutlo ba ho phahamela merabe e meng, bomorabe, kapa bochaba. Motheo o mong bakeng sa katleho ea tsona ke boikemisetso ba tsona ba ho etsisa Jesu Kreste ka ho bonahatsa lerato le tataisoang ke molao-motheo. Motheo o mong ke oa hore li talimile ’Musong oa Molimo bakeng sa ho felisa ho hloka toka leha e le hofe hoo e ka ’nang eaba ho li utloisa bohloko.

’Muso oa Molimo ke tharollo e tobileng ea ho finyella lefatše le se nang lehloeo, lefatše leo ho lona ho ke keng ha ba leha e le bobe bo ka hlouoang. Puso ena ea leholimo e hlalosoang ka Bibeleng e le “maholimo a macha,” e tla tiisa hore ho ba le lefatše le se nang ho hloka toka. E tla busa holim’a “lefatše le lecha,” kapa mokhatlo o mocha oa batho ba tla beng ba rutiloe ho ratana. (2 Petrose 3:13; Esaia 54:13) Thuto ena e se e ntse e tsoela pele, joalokaha liphihlelo tsa Max, Simone, le ba bang ba bangata li tiisa seo. Ke ho latsoa hanyenyane lenaneo lena la lefatšeng ka bophara le tla felisa lehloeo le lisosa tsa lona.

Ka moprofeta oa hae Esaia, Jehova o hlalosa liphello: “’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Esaia 11:9) Molimo ka boeena o tla be a felisitse lehloeo. Ka sebele e tla ba nako ea ho rata.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Manazi a ile a ngola nomoro ea teronko ka mengolo e cheseletsoang letlalong letsohong le letšehali la Max Liebster

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Haufinyane lehloeo e tla ba ntho ea nako e fetileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela