Na Lipelaelo ka Jesu Lia Lokafatsoa?
NA KA sebele Jesu oa Nazaretha o entse mehlolo? Na o ile a tsosoa bafung, joalokaha barutuoa ba hae ba ne ba phatlalatsa? Na hantle-ntle o kile a phela? Mehleng ena ea rōna, ho bonahala ba bangata ba sitoa ho araba lipotso tse joalo ka kholiseho. Hobane’ng? Hobane ba na le lipelaelo ka Jesu, ’me lipelaelo ke maikutlo a ho se kholisehe, a ho se tsebe hore na ntho e itseng ke ’nete kapa hore na e ka etsahala. Empa na maikutlo a ho se kholisehe mabapi le Jesu a ka lokafatsoa? Ha re boneng.
Kamoo Lipelaelo ka Jesu li Ileng Tsa Jaloa
Baruti ba bang ba bolumeli ba Jeremane ba qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo ba hlalositse Jesu e le “motho oa tšōmong oa Kereke ea khale.” Ho belaella ha bona bonnete ba histori ea Jesu ho bakile khang mahareng a liithuti qalong ea lekholo lena la lilemo e bileng ea fihla sechabeng ka eona nako eo ’me le kajeno e ntse e e-na le tšusumetso. Ka mohlala, phuputso ea morao tjena Jeremane e senotse hore karolo ea boraro lekholong ea bao ho buisanoeng le bona ka lipotso e lumela hore Jesu “ha a e-s’o ka a phela le ka mohla” le hore “baapostola ba iqapetse eena.” E, lipeō tsa pelaelo ka Jesu tse ileng tsa jaloa qalong ea lekholo lena la lilemo li fumane mobu o nonneng lipelong tsa batho esita le hona joale.
Ke hobane’ng ha qeto ea hore Jesu o “iqapetsoe” e ke ke ea lokafatsoa habonolo feela tjee? Setsebi sa Bibele Wolfgang Trilling se hlalosa hore: “Khang ea hore na ebe Jesu o kile a phela kapa che, ka mantsoe a mang hore na e ne e le motho oa histori kapa oa tšōmong, e lokisitsoe. Potso e ile ea rarolloa ka mokhoa oa borutehi, bonyane ka tsela eo batho ba likelello li hlaphohileng ba ke keng ba hlola ba bona bothata e le taba e inahaneloang feela.” Leha ho le joalo, ba bang ba ntse ba belaella hore na ebe Jesu o kile a ba teng. Ka lebaka leo, a re ke re batlisise kamoo motho a ka tiisang bonnete ba histori ea Jesu esita le ho tlosa lipelaelo tse ling mabapi le eena.
Bopaki bo Lelekang Lipelaelo
Trilling o bolela hore polao e tlotlollang ea Jesu e le senokoane se eisehang e fana ka “khang e kholisang ka ho fetisisa khahlanong le bahanyetsi ba bonnete ba histori ea Jesu.” Hobane’ng? Hobane polao eo “e ile ea thibela, esita le ho sitisa ho phatlalatsoa ha tumelo e ncha har’a Bajode le bao e seng Bajode.” (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 1:23.) Haeba polao ea Jesu e le Messia e bile thohako e se nang lihlong joalo ho Bajode le ho Balichaba, ho ne ho tla ba thata hore e be e iqapetsoe ke baapostola! Ho feta moo, lefu la Jesu le pakiloe e le ketsahalo ea histori eseng feela ke Likosepele tse ’nè empa hape le ke mongoli oa Moroma Tacitus le ke Talmud ea Sejode.a
Liketsahalo tse ling tsa nakong ea bophelo ba Jesu le tsona li talingoa e le bopaki bo tsoang ka hare ba hore Likosepele li ka lumeloa, hammoho le seo li re bolellang sona ka eena. Ka mohlala, na balateli ba Jesu ba ne ba ka iqapela hore o tsoa Nazaretha, sebaka seo ho bonahalang se ne se sa tuma? Kapa na ke ho ka etsahalang hore ebe ba ile ba iqapela ho ekoa ha hae ke Judase, molekane oa bona ea tšeptjoang? Na ke ho utloahalang ho nahana hore ba ne ba ka iqapela pale ea hore Jesu o ile a tloheloa ke barutuoa ba hae ka tsela e bokoala joalo? Ka sebele ke ho sa utloahaleng hore barutuoa ba ne ba ka bōpa taba e nang le makolopetso a kotsi joalo ’me ebe joale ba e phatlalatsa hohle! Ho ekelletsa moo, bohlale ba ho ruta boo Jesu a neng a bo sebelisa e ne e le bo ikhethang. Ha ho letho ka har’a lingoliloeng tsa Bojode tsa lekholong la pele la lilemo le ka bapisoang le litšoantšo tsa hae. Ke motho ofe ea sa tsejoeng ea neng a ka “iqapela” thuto e tsotehang joalo ka Thuto ea Thabeng? Ho bonahala mabaka ana ’ohle a tiisa ho tšepahala ha Likosepele e le litlaleho tsa bophelo ba Jesu.
Ho boetse ho na le bopaki bo tsoang ka ntle ba bonnete ba histori ea Jesu. Likosepele tse ’nè li hlalosa histori ea hae ka mantsoe a tobileng, a qaqisitsoeng ka mokhoa o nepahetseng. Libaka, tse joalo ka Bethlehema le Galilea; batho ka bomong ba hlaheletseng le lihlopha, ba joaloka Ponse Pilato le Bafarisi; esita le meetlo ea Sejode le lintho tse ling tse ikhethang hase feela tse inahanetsoeng. Li ne li bōpa karolo ea mokhoa oa bophelo lekholong la pele la lilemo, ’me li ile tsa tiisoa ke mehloli eo e seng ea Bibele le ke litšobollo tsa lintho tsa khale tse epolotsoeng.
Ka hona, ho na le bopaki bo kholisang, bo tsoang ka ntle le ka hare, ba hore Jesu ke motho oa histori.
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba na le lipelaelo mabapi le mehlolo ea hae. Ke ’nete hore ho latela patlisiso e qotsitsoeng ka holimo, ke batho ba ’maloa feela ba kenang kereke Jeremane ba lumelang ka tieo hore mehlolo ea Jesu le tsoho ea hae “li hlile li etsahetse.” Na lipelaelo ka mehlolo le tsoho ea Jesu lia lokafatsoa?
Lebaka Leo ba Bang ba Belaellang Mehlolo ea Jesu
Mattheu 9:18-36 e tlaleha hore Jesu o ile a folisa ka mohlolo ba kulang, a tsosa ba shoeleng le ho leleka bademona. Rahistori, moprofesa Hugo Staudinger, o hlalosa hore: “Ke ho ke keng ha lumelleha, ’me ho tsoa historing ke ho ke keng ha etsahala, hore litlaleho tsena tse sa tloaelehang li tsoa mohopolong o hlakileng.” Hobane’ng? Hobane ho bonahala hore Likosepele tsa pele li ngotsoe ka nako eo boholo ba lipaki tse boneng ka mahlo mehlolo ena bo neng bo ntse bo phela! Joalokaha Staudinger a tsoela pele ho bolela, tiiso e eketsehileng e fumanoa ka hore bahanyetsi ba Bajode “le ka mohla ha ba e-s’o ka ba latola hore Jesu o entse mesebetsi eo e sa tloaelehang.” Re tlohela bopaki bo bong bohle ’me re theha kahlolo ea rōna feela holim’a bopaki bo tsoang ka ntle, re fumana hore ka kholiseho re ka lumela mehlolo ea Jesu.—2 Timothea 3:16.
Le hoja “boholo ba Majeremane bo kholisehile hore Jesu o ile a folisa batho ba kulang,” ba bangata ba belaella matla a neng a susumetsa lipholiso tsena. Ka mohlala, moruti ea tsebisahalang oa bolumeli oa Lejeremane o boletse phatlalatsa hore lipholiso tse entsoeng ke Jesu e ne e le phello ea matla a ho laola maikutlo le boitšoaro ka ho tšerehanya kelello a neng a susumetsa batho ba hlokofatsoang ke khatello ea kelello. Na ee ke tlhaloso e utloahalang?
Nahana ka sena. Mareka 3:3-5 e tlaleha hore Jesu o ile a phekola monna ea omeletseng letsoho. Empa na letsoho le omeletseng ke phello ea khatello ea kelello? Che, le hanyenyane. Ka lebaka leo, ho ke ke ha boleloa hore pholiso ena e entsoe ka ho laola maikutlo le boitšoaro ka ho tšerehanya kelello. Kahoo ke eng e nolofallelitseng Jesu ho etsa mehlolo? Moprofesa Staudinger o-oa lumela: “Haeba ho se melao e utloahalang ka ho phethahetseng, ’me haeba motho a sa latole Molimo ka ho feletseng, ka hona ka ho utloahalang motho a ke ke a qhelela thōko monyetla oa hore Molimo, eo matla a hae a fetang a motho, a ka khona ho etsa lintho tse ling tse sa tloaelehang.” E, ka sebele, ka thuso ea ‘matla a Molimo,’ Jesu o fetse a folisa batho ba neng ba kula. Ka hona ha ho na lebaka la ho belaella bonnete ba mehlolo ea hae.—Luka 9:43; Mattheu 12:28.
Joalokaha The American Peoples Encyclopedia e hlalosa, haeba mohlolo o moholo ka ho fetisisa ho eohle—tsoho ea Jesu—o ile oa etsahala, mehlolo e meng eohle e tlalehiloeng Likosepeleng “ho na le monyetla oa hore e etsahetse.” Na ka sebele Jesu o ile a tsoha bafung?
Na Lipelaelo ka Tsoho ea Jesu Lia Lokafatsoa?
Nahana pele ka karolo ea bopaki bo matla bo tiisoang ke maemo bo tšehetsang bonnete ba tsoho ea Jesu—lebitla la hae le se nang letho. ’Nete ea hore lebitla la Jesu le fumanoe le se na letho ha e-ea ka ea hanyetsoa ke batho ba phetseng mehleng ea hae, esita le ke bahanyetsi ba hae. (Mattheu 28:11-15) Leshano le ne le tla pepesoa habonolo! Buka e qotsitsoeng ka holimo ka nepo e fihlela qeto ena: “Ha ho tlhaloso e utloahalang bakeng sa lebitla le se nang letho e kileng ea fanoa ntle le ea polelo ea Bibele, ‘Ha a sa le mona, hobane o tsohile’ (Matt. 28:6).”
Ba bang ba hanyetsa ka hore ke barutuoa ba Jesu feela ba ileng ba phatlalatsa hohle hore ke eena Messia ea tsositsoeng. Ke ’nete ba ho entse. Empa na ho lumeloa ha molaetsa oa bona, ka ho khetheha oa lefu le tsoho ea Jesu, ho ne ho sa tšehetsoa ka ho tiileng ke ’nete ea histori? Ho joalo. Moapostola Pauluse o ne a hlokometse kamano ena ha a ngola: “’Me ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, thuto ea rōna ke lefeela, le tumelo ea lōna ke lefeela. Hape, re ka fihleloa re le lipaki tsa leshano tsa Molimo; hobane ekaba re paketse Molimo ka bopaki ba rōna, ka ho re o tsositse Kreste.”—1 Ba-Korinthe 15:14, 15; bapisa le Johanne 19:35; 21:24; Ba-Heberu 2:3.
Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le batho ba bangata ba tsebahalang le ba neng ba ka fana ka bopaki ba ponahalo ea Jesu ka mor’a lefu la hae. Har’a bona ke baapostola ba 12 le Pauluse, hammoho le lipaki tse ling tse boneng ka mahlo tse 500.b (1 Ba-Korinthe 15:6) Hape, hopola lebaka le ileng la etsa hore Matthiase a tšoanelehe ho ba mohlahlami oa moapostola ea sa tšepahaleng Judase. Liketso 1:21-23 e tlaleha hore Matthiase o ne a ka paka tsoho ea Jesu le liketsahalo tse ling tsa pejana tse amanang le Eena. Haeba bophelo le tsoho ea Jesu e ne e le tšōmo feela e se ’nete, tšoaneleho e joalo bakeng sa ho khethoa ka sebele e ne e ke ke ea hlokahala ka ho feletseng.
Ka lebaka la lipaki tse boneng ka mahlo tse ngata lekholong la pele la lilemo tse ka pakang ka bophelo, mehlolo, lefu le tsoho ea Jesu, Bokreste bo ile ba ata ka mokhoa o potlakileng ’Musong oohle oa Roma, ho sa tsotellehe litšitiso tse boletsoeng ka holimo. Balateli ba hae ba ne ba ikemiselitse ho mamella mathata, tlhoriso esita le lona lefu e le hore ba ka bolela hohle ka tsoho le ’nete ea motheo e hlahisitsoeng ke eona. Ke ’nete efe? Ea hore tsoho e bile teng feela ka lebaka la matla a Molimo. ’Me ke hobane’ng ha Jehova Molimo a ile a tsosa Jesu bafung? Karabo ea potso eo e bontša hore na Jesu oa historing ke mang.
Ka letsatsi la Pentekonta, moapostola Petrose o ile a phatlalatsa ka bolokolohi ho Bajode ba hlolletsoeng ba Jerusalema mantsoe ana: “Molimo o tsositse Jesu eo, ’me rōna kaofela re lipaki tsa taba eo. Eitse hobane a phahamisetsoe letsohong le letona la Molimo, ’me a nke pallo ea Moea o Halalelang ho Ntat’ae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utloang joale. Hobane Davida ha a ka a nyolohela maholimong, empa ke eena ea itseng: Morena o itse ho Morena oa ka: Lula ka letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Ka baka leo, ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe ka ’nete, hobane Jesu eo le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kreste.” (Liketso 2:32-36) E, Jehova Molimo o entse Jesu oa Nazaretha “Morena le Kreste.” Na lipelaelo mabapi le mosebetsi oa hae karolong ee ea morero oa Molimo lia lokafatsoa?
Ke Hobane’ng ha ho Belaelloa Karolo ea Jesu Hona Joale?
Ke joang ho ka lelekoang lipelaelo tsohle mabapi le boitsebahatso ba Jesu le karolo ea hae? Ke ’nete hore ka ho hlakileng e ne e le moprofeta oa ’nete. O boletse esale pele ka lintoa, litlala tsa sekoboto, litšisinyeho tsa lefatše, tlōlo ea molao le ho hloka lerato hoo re ho bonang kajeno. Ho ekelletsa moo, o boletse esale pele: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:3-14) Phethahatso ea boprofeta bona e bontša ’nete ea hore Jesu ke Kreste ea tsositsoeng, ea busang a sa bonahale ‘har’a lira tsa hae,’ le eo haufinyane a tlang ho tlisa lefatše le lecha la Molimo.—Pesaleme ea 110:1, 2; Daniele 2:44; Tšenolo 21:1-5.
Hona joale ho feta leha e le neng pele, moloko oa batho o hloka ka ho potlakileng ’Moloki ea nang le bohlale bo phahametseng ba batho. Ke hobane’ng ha re ka belaella hore Jesu ke eena ea khethiloeng ka nepo ho boloka moloko oa batho? Johanne, eo e neng e le paki e boneng ka mahlo mehlolo e ipiletsang le tsoho ea Jesu, o ile a phatlalatsa: “’Me rōna re bone, hape re bile re lipaki tsa hobane Ntate o romile Mora oa hae, e tle e be ’Moloki oa lefatše.” (1 Johanne 4:14; bapisa le Johanne 4:42.) Hantle feela joalokaha re se na mabaka a utloahalang a ho belaella boteng, mehlolo, lefu le tsoho ea Jesu, ha re na lebaka la ho belaella hore o behiloe ka molao teroneng ke Jehova Molimo e le Morena letsohong la Hae le letona. Ntle ho pelaelo Jesu oa Nazaretha ke Morena oa ’Muso oa Molimo le “’Moloki oa lefatše.”—Mattheu 6:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litšupiso tse tlisang ho se lumellane ka Jesu tse ho Talmud li amohetsoe e le tsa sebele ke litsebi tse ling feela. Ka lehlakoreng le leng, litšupiso tsa Jesu ka Tacitus, Suetonius, Pliny e Monyenyane, le bonyane e le ’ngoe ka Flavius Josephus, ka kakaretso li amohetsoe e le bopaki ba histori ea boteng ba Jesu.
b Ka lekhetlo le leng Jesu ea tsositsoeng o ile a ja tlhapi le barutuoa ba hae, ho pakang hore ponahalo ea hae e ne e se mohopolo feela, joalokaha ba bang ba bolela kajeno.—Luka 24:36-43.