Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/1 maq. 22-26
  • “Lerato ha le Hlōlehe le ka Mohla”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lerato ha le Hlōlehe le ka Mohla”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sehlopha sa Thuto ea Bibele Sea Thehoa
  • Khanyetso ea Baruti
  • Mosebetsi oa Rōna oa Boboleli
  • Lilemo Tsa Ntoa
  • Tekanyetso ea Jehova ka Lenyalo E-ea Hlakisoa
  • Litokelo Tsa Tšebeletso
  • Lerato la ’Nete ha le Hlōlehe le ka Mohla
  • Ke Bile Mora ea Lehlasoa
    Tsoha!—2006
  • Ke Matlafalitsoe ke Khotsofalo ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Holisoa ke Batsoali ba Lipaki ho Ile ha Nthusa Hore ke Atlehe Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/1 maq. 22-26

“Lerato ha le Hlōlehe le ka Mohla”

JOALOKAHA HO BOLETSE SAMUEL D. LADESUYI

Kea hlolloa ha ke hetla morao lilemong tse fetileng ’me ke bona sohle se finyeletsoeng. Jehova o ’nile a etsa lintho tse babatsehang lefatšeng lohle. Motseng oa Ilesha, Nigeria, ba seng bakae ba rōna ba qalileng ho bolela ka 1931 ba fetohile liphutheho tse 36. Ba ka bang 4 000 ba neng ba etsa mosebetsi oa boboleli Nigeria ha sehlopha sa pele sa baithuti ba Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se fihla ka 1947 ba hōtse ho ba ba ka holimo ho 180 000. Matsatsing ao a pele, re ne re sa lebella esita leha e le hona ho nahana hore keketseho e tla ba teng. Ke leboha hakaakang hore ebe ke bile le karolo mosebetsing ona o hlollang! A nke ke le bolelle ka oona.

NTATE o ne a rekisa lithunya le mosili o kenngoang lithunyeng ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong; o ne a e-ba hae ka seoelo. O ne a e-na le basali ba supileng bao ke ba tsebang, empa e ne e se bohle ba lulang le eena. Ntate o ile a kenela ’Mè eo e neng e le mosali oa moholoane oa hae ea hlokahetseng. A fetoha mosali oa hae oa bobeli ’me ’na ke ne ke lula le eena.

Ka letsatsi le leng Ntate o ile a tla hae a tsoa etela mosali oa hae oa pele, ea neng a lula motsaneng o haufi le oa habo rōna. Ha a ntse a le moo, a hlokomela hore ngoan’eso ka motsoali a le mong o kena sekolo. Ngoan’eso ka motsoali a le mong o ne a le lilemo li leshome, re ne re le lithaka. Ka hona Ntate a rera hore le ’na ke kene sekolo. O ile a mpha lipeni tse robong—lipeni tse tharo bakeng sa buka ea ho ithuta le tse tšeletseng bakeng sa letlapa. E ne e le ka 1924.

Sehlopha sa Thuto ea Bibele Sea Thehoa

Ho tloha ke sa le tlaase lilemong, ke ne ke e-na le lerato bakeng sa Lentsoe la Molimo, Bibele. Ke ne ke thabela mananeo a thuto ea Bibele sekolong ’me kamehla ke ke ne ke babatsoa ke matichere a ka a sekolo sa Sontaha. Ka hona ka 1930, ka sebelisa monyetla oa ho ba teng puong e neng e fanoa ke Seithuti sa Bibele se neng se etile, se seng sa tsa pele ho tse ileng tsa etsa mosebetsi oa boboleli motseng oa Ilesha. Ka mor’a puo eo, sa ntšiela kopi ea buka The Harp of God ka Seyoruba.

Ke ne ke ba teng kamehla sekolong sa Sontaha. Joale ka qala ho ea teng ke tšoere The Harp of God ’me ke e sebelisa ho hanyetsa lithuto tse ling tse neng li rutoa moo. Ho ne ho fella ka likhang, ’me khafetsa baeta-pele ba kereke ba ne ba ntemosa khahlanong le ho latela ‘thuto ena e ncha.’

Selemong se latelang, ha ke ntse ke otlolla maoto ho theosa le seterata, ke ile ka bona sehlopha sa batho se mametse monna ea neng a ntse a se behela puo. Sebui e ne e le J. I. Owenpa, Seithuti sa Bibele. O ne a rometsoe moo ke William R. Brown (eo hangata a neng a bitsoa Bible Brown), ea neng a hlokometse mosebetsi oa boboleli ba ’Muso a le Lagos. Ke ile ka utloela hore sehlopha se senyenyane sa thuto ea Bibele se thehiloe motseng oa Ilesha bakeng sa ho ithuta The Harp of God, ka hona ke ile ka kopanela le bona.

E ne e le ’na e monyenyane ka ho fetisisa sehlopheng sena—ke le moshemane oa sekolo ea ka bang lilemo li 16 feela. Ka tloaelo ke ne ke lokela ho hlajoa ke lihlong, esita le ho tšaba, ho atamelana haufi joalo le banna ba lilemong tsa bo-30 le ho feta. Empa ba ne ba thaba haholo hore ebe ke teng har’a bona, ’me ba ne ba nkhothatsa. Ba ne ba le joaloka bo-ntate ho ’na.

Khanyetso ea Baruti

Kapele re ile ra qala ho tobana le khanyetso e matla e tsoang ho baruti. Mak’hatholike, Machache le ba bang bao pele ba neng ba loantšana, joale ba kopana ho re loantša. Ka bolotsana ba ile ba rera ho ikopanya hammoho le marena a sebaka seo ho nka bohato ba ho re nyahamisa. Ba ile ba romela mapolesa ho re amoha libuka tsa rōna, ba bolela hore li kotsi bathong. Leha ho le joalo, ofisiri ea mapolesa ea setereke ea ba lemosa hore ha ba na tokelo ea ho nka libuka tseo, ’me libeke tse peli hamorao libuka tsa khutlisoa.

Ka mor’a sena re ile ra bitsetsoa sebokeng seo ho sona re ileng ra kopana le oba, kapa morena e moholo, hammoho le batho ba bang ba hlaheletseng ba motse. Re ne re ka ba 30 nakong eo. Sepheo e ne e le ho re thibela ho bala libuka “tse kotsi.” Ba botsa haeba re le basele, empa eitse ha ba re shebisisa lifahlehong ba re, “Ke bana ba rōna, le hoja ba bang har’a bona e le basele.” Ba ile ba re bolella hore ha ba batle ha re tsoela pele ho ithuta libuka tsa bolumeli bo tla re ntša kotsi.

Re ile ra khutlela hae re sa bua letho, hobane re ne re entse qeto ea ho se mamele letho la batho bao ba hlaheletseng. Boholo ba rōna re ne re thabela haholo seo re ntseng re ithuta sona ’me re ne re ikemiselitse ho tsoela pele re ithuta. Le hoja ba seng bakae ba ile ba tšosoa ke seo ’me ba ikhula sehlopheng sa rōna, boholo ba rōna re ile ra ntšetsa pele thuto ea rōna mohahong oa bobetli. Re ne re se na mokhanni. Re ne re qala ka thapelo ebe joale re bala lirapa ka bukeng e mong ka mor’a e mong. Ka mor’a nako e ka etsang hora re ne re rapela hape ebe re ea hae. Empa re ne re ntse re shebiloe ka lekunutu, ’me marena le baeta-pele ba bolumeli ba ile ba tsoela pele ho re bitsetsa lekhotleng ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli ’me ba re lemosa khahlanong le ho ithuta lingoliloeng tsa Liithuti tsa Bibele.

Ka nako e tšoanang, re ne re leka ho sebelisa tsebo e fokolang eo re neng re e-na le eona ho thusa batho, ’me ba bangata ba ne ba lumellana le rōna. Batho ka bomong ba qala ho kopanela le rōna. Re ne re thabile haholo empa re ne re ntse re sa tsebe ho hongata ka bolumeli boo re kopanelang le bona.

Mathoasong a 1932 ha fihla moena ea tsoang Lagos ho tla thusa ho re hlophisa, ’me ka April “Bible” Brown le eena a fihla. Ha Moena Brown a hlokomela hore ho na le sehlopha sa batho ba ka bang 30, o ile a botsisisa ka khatelo-pele eo re neng re e etsa ho seo re neng re se bala. Re ile ra mo bolella sohle seo re neng re se tseba. A re bolella hore rea tšoaneleha bakeng sa kolobetso.

Kaha e ne e le nakong ea komello, re ile ra tlameha ho nka leeto la lik’hilomithara tse 14 ho tloha motseng oa Ilesha ho ea nōkeng, ’me rōna ba ka bang 30 ra kolobetsoa. Ho tloha nakong eo ho ea pele ra ikutloa re le ba tšoanelehang joaloka baboleli ba ’Muso ’me ra qala ho ea ka ntlo le ntlo. Re ne re sa lebella ho etsa sena, empa joale re ne re chesehela ho abelana le ba bang seo re se tsebang. Re ne re tlameha ho lokisetsa hantle e le hore re ka fumana tšehetso ea Bibele bakeng sa ho hanyetsa lithuto tsa bohata tseo re neng re thulana le tsona. Kahoo libokeng tsa rōna re ne re tloaetse ho buisana ka lithuto tsena, re thusana ka seo re se tsebang.

Mosebetsi oa Rōna oa Boboleli

Re ile ra koahela motse ka boboleli ba rōna. Batho ba ne ba re soma le ho re hooa, empa re ne re sa tsotelle seo. Thabo ea rōna e ne e le khōlō hobane re ne re e-na le ’nete, le hoja re ne re ntse re tšoanela ho ithuta ho hongata.

Re ne re e-ea ka ntlo le ntlo Sontaha se seng le se seng. Batho ba ne ba botsa lipotso, ’me re ne re leka ho ba araba. Ka Sontaha mantsiboea re ne re nehelana ka puo ea phatlalatsa. Re ne re se na Holo ea ’Muso, ka hona re ne re tšoarela liboka sebakeng se bulehileng. Re ne re ee re phuthe batho hammoho, re fane ka puo, ’me re ba meme ho botsa lipotso. Ka linako tse ling re ne re ee re etse mosebetsi oa boboleli ka likerekeng.

Hape re ne re etela libaka tseo ho tsona batho ba neng ba e-s’o ka ba utloela ka Lipaki tsa Jehova. Hangata, re ne re tsamaea ka libaesekele, empa ka linako tse ling re ne re hira bese. Ha re fihla motsaneng, re ne re letsa hutara haholo. Motsana oohle o ne o re utloa! Batho ba titimolotsehe ho tla bona se etsahalang. Joale ebe re nehelana ka molaetsa oa rōna. Ha re qetile, batho ba ne ba subuhlellana bakeng sa ho fumana likopi tsa lingoliloeng tsa rōna. Re ne re tsamaisa tse ngata haholo.

Re ne re lebelletse ho tla ha ’Muso oa Molimo ka cheseho. Ke hopola ha re amohela 1935 Yearbook, e mong oa baena, ha a bona kemiso e feletseng ea lipuisano tsa litemana tsa selemo seo o ile a botsa: “Na see se bolela hore re sa tlil’o qeta selemo se seng se feletseng hape, pele Armageddone e e-tla?”

Ha a araba mokhanni o ile a botsa: “Moena, na u nahana hore ha Armageddone e ka fihla hosasane, re tla khaotsa ho bala Yearbook?” Ha moena a araba ka che, mokhanni o ile a re: “Joale ke hobane’ng ha u tšoenyehile?” Re ne re chesehela letsatsi la Jehova ’me le kajeno re sa ntse re le chesehela.

Lilemo Tsa Ntoa

Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ho kenngoa ha libuka tsa rōna ka har’a naha ho ile ha thibeloa. Moena e mong motseng oa Ilesha ka ho se tsebe o ile a nehelana ka buka Riches ho lepolesa le leng. Lepolesa la botsa: “Buka ee ke ea mang?” Moena a bolela hore ke ea hae. Lepolesa la mo bolella hore ke buka e thibetsoeng, la mo isa seteisheneng sa mapolesa, ’me la mo koalla.

Ke ile ka ea seteisheneng sa mapolesa ’me ka mor’a ho botsisisa, ka mo ntša ka beile. Joale ka founela Moena Brown, Lagos, ho mo tsebisa ka se etsahetseng. Hape ka botsa haeba ho na le molao leha e le ofe o thibelang ho ajoa ha libuka tsa rōna. Moena Brown a mpolella hore ho thibetsoeng ke feela ho kenngoa ha libuka tsa rōna ka har’a naha, eseng ho ajoa ha tsona. Matsatsi a mararo hamorao, Moena Brown a romela moena e mong ea tsoang Lagos ho tla bona se etsahalang. Moena enoa a etsa qeto ea hore kaofela ha rōna re tsoele mosebetsing oa boboleli ka limakasine le libuka letsatsing le latelang.

Re ile ra hasana hohle. Ka mor’a hoo e ka bang hora, ka amohela litlaleho tse bolelang hore baena ba bangata ba tšoeroe. Kahoo ’na le moena ea etileng ra ea seteisheneng sa mapolesa. Mapolesa a hana ho mamela tlhaloso ea rōna ea hore libuka ha lia thibeloa.

Baena ba 33 ba neng ba tšoeroe ba ile ba romeloa Lekhotleng le Leholo la ’Maseterata, Ife, ’me ka tsamaea le bona. Batho ba motse ba re boneng ha re nkuoa ba hooa ba re, “Ho felile ka batho bana kajeno. Ha ba sa tla tla mona hape.”

Qoso e ile ea tekoa ka pele ho ’maseterata e moholo, oa Monigeria. Libuka tsohle le limakasine tsa behoa pontšeng. A botsa hore na ke mang ea fileng mookameli oa mapolesa matla a ho laela ho tšoaroa ha batho bana. Mookameli oa mapolesa o ile a araba ka hore o latetse litaelo tse tsoang ho ofisiri ea sepolesa ea setereke. ’Maseterata e moholo a bitsetsa mookameli oa mapolesa le baemeli ba rōna ba bane, ho akarelletsa le ’na, kamoreng ea hae ea lekhotla.

A botsa hore na Mong. Brown ke mang. Ra mo bolella hore ke moemeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, Lagos. Eaba o re bolella hore o fumane thelegramo e tsoang ho Mong. Brown mabapi le rōna. A chechisa nyeoe letsatsing leo ’me a lumella hore baena ba lokolloe ka beile. Letsatsing le latelang o ile a fumana baena ba se na molato, a ba lokolla ’me a laela hore mapolesa a khutlise libuka.

Re ile ra khutlela Ilesha, re bina. Batho ba qala ho hooa hape, empa lekhetlong lena ba re, “Ba tlile hape!”

Tekanyetso ea Jehova ka Lenyalo E-ea Hlakisoa

E ne e le ka 1947 ha baithuti ba pele ba bararo ba Gileade ba fihla Nigeria. E mong oa baena bana, Tony Attwood, o ntse a sebeletsa mona Bethele ea Nigeria. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, re ile ra bona liphetoho tse khōlō mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, Nigeria. E ’ngoe ea liphetoho tse khōlō e bile pono ea rōna ka sethepu.

Ke ile ka nyala Olabisi Fashugba ka February 1941 ’me ke ne ke tseba hantle hore ha kea tšoanela ho nyala basali ba eketsehileng. Empa ho fihlela ka 1947 ha baromuoa ba fihla sethepu se ne se atile ka liphuthehong. Baena ba nyetseng sethepu ba ile ba bolelloa hore ba nyetse sethepu ka lebaka la ho hloka tsebo. Ka hona haeba ba e-na le basali ba babeli kapa ba bararo kapa ba bane kapa ba bahlano, ba ka ’na ba tsoela pele ba lula le bona, empa ba se ke ba hlola ba nyala ba eketsehileng. Ke kamoo re neng re tsamaisa litaba kateng ka nako eo.

Batho ba bangata ba ne ba laba-labela ho kopanela le rōna, haholo-holo ba Mokhatlo oa Cherubim le Seraphim, Ilesha. Ba ne ba bolela hore Lipaki tsa Jehova ke bona feela batho ba rutang ’nete. Ba ne ba lumellana le lithuto tsa rōna ’me ba batla ho fetola likereke tsa bona ho ba Liholo tsa ’Muso. Re ne re sebetsa ka thata ho finyella kopano ena. Re ne re bile re e-na le litsi tsa ho koetlisa baholo ba bona.

Joale ha fihla tataiso e ncha mabapi le sethepu. E mong oa baromuoa a nehelana ka puo kopanong ea potoloho ka 1947. A bua ka boitšoaro bo botle le mekhoa e metle. Ka mor’a moo a qotsa 1 Ba-Korinthe 6:9, 10, e bolelang hore ba sa lokang ba ke ke ba rua lefa la ’Muso oa Molimo. Eaba oa eketsa: “’Me le ba nyetseng sethepu ba ke ke ba rua lefa la ’Muso oa Molimo!” Batho har’a bamameli ba hooa: “Khele! ba nyetseng sethepu ba ke ke ba rua lefa la ’Muso oa Molimo!” Khaohano ea e-ba teng. E ne eka ke ntoa. Ba bangata ba sa tsoa qalisa ho kopanela ba khaotsa, ba re: “Tanki Molimo, re ne re e-s’o ee hōle.”

Leha ho le joalo, boholo ba baena bo ile ba qala ho lokisa litsela tsa bona ka ho lokolla basali ba bona. Ba ba fa chelete ’me ba re, ‘Haeba u sa le mocha, tsamaea u iphumanele monna e mong. Ke entse phoso ka ho u nyala. Joale ke tlameha ho ba monna oa mosali a le mong.’

Nakoana hamorao bothata bo bong ba hlaha. Ba bang, ka mor’a ho etsa qeto ea ho tsoela pele ba lula le mosali a le mong le ho lokolla ba bang, ba ile ba fetola maikutlo a bona eaba ba etsa qeto ea hore ba batla ho boelana le e mong oa basali ba lokolotsoeng ’me ba lokolle ba neng ba setse! Ka hona mofere-fere oa qaleha hape.

Tataiso e tsoelang pele ea fihla e e-tsoa ntlo-khōlō e Brooklyn, e thehiloe ho Malakia 2:14, e buang ka “mosali oa bocha ba hao.” Tataiso e bile hore monna o lokela ho tsoela pele a lula le mosali oa pele eo a nyalaneng le eena. Ke tsela eo bothata bona bo ileng ba qetella bo rarollotsoe ka eona.

Litokelo Tsa Tšebeletso

Ka 1947 Mokhatlo o ile oa qala ho matlafatsa liphutheho le ho li hlophisa ka lipotoloho. O ne o batla ho khetha baena ba hōtseng moeeng le ba nang le tsebo ho ba ‘bahlanka ho baena,’ bao hona joale ba bitsoang balebeli ba potoloho. Moena Brown a mpotsa haeba nka amohela ho khetheloa boemo boo. Ka mo bolella hore lebaka leo ke ileng ka kolobetsoa ka lona e ne e le ho etsa thato ea Jehova, ’me ka eketsa: “Ebile ke uena ea nkolobelitseng. Na joale ha monyetla oa ho sebeletsa Jehova ka botlalo haholoanyane o le teng, u nahana hore nka o hana?”

Ka October selemong sona seo, ba supileng ho rōna ba memeloa Lagos ’me ra koetlisoa pele re ka romeloa mosebetsing oa potoloho. Mehleng eo lipotoloho li ne li le khōlō haholo. Naha eohle e ne e arotsoe ka lipotoloho tse supileng feela. Liphutheho li ne li fokola ka palo.

Mosebetsi oa rōna re le bahlanka ho baena o ne o le boima. Re ne re tsamaea lik’hilomithara tse ngata letsatsi le leng le le leng, hangata re feta har’a meru e chesang haholo e mongobo. Beke e ’ngoe le e ’ngoe re ne re tlameha ho tsamaea ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong. Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa hore joale ke sitoa ho tsamaea. Ka linako tse ling ke utloa eka kea shoa! Empa hape ho ne ho e-na le ho hongata ho thabisang, haholo-holo ho bona palo e ntseng e eketseha ea batho ba amohelang ’nete. Ka lilemo tse supileng feela, palo ea bahoeletsi ba naheng ena e ile ea imena ka makhetlo a mane!

Ke bile mosebetsing oa potoloho ho fihlela ka 1955 ha ho kula ho nqobella ho khutlela motseng oa Ilesha, moo ke ileng ka khetheloa ho ba molebeli oa motse. Ho ba ha ka hae ho ile ha ’nolofalletsa hore ke lebise tlhokomelo e eketsehileng tabeng ea ho thusa lelapa la ka moeeng. Kajeno bana ba ka ba tšeletseng kaofela ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Lerato la ’Nete ha le Hlōlehe le ka Mohla

Ha ke hetla morao lilemong tse fetileng, ho na le ho hongata hoo nka ho lebohang. Ho bile le masoabi, ho tšoenyeha le bokuli, empa hape ho bile le lintho tse ngata tse thabisang. Le hoja tsebo le kutloisiso ea rōna e ile ea hōla ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka ithuta ka phihlelo, moelelo oa 1 Ba-Korinthe 13:8 (NW), e reng: “Lerato ha le hlōlehe le ka mohla.” Haeba u rata Jehova ’me u khomarela tšebeletso ea hae ka tieo, o tla u thusa mathateng a hao le ho u hlohonolofatsa ka ho enneng.

Leseli la ’nete le ntse le eketsa ho khanya. Nakong eo re neng re qala, re ne re nahana hore Armageddone e tla tla kapele; ke ka lebaka leo re neng re potlakela ho etsa sohle seo re ka khonang ho se etsa. Empa seo se bile molemong oa rōna. Ke ka lebaka leo ke lumellanang le mantsoe a mopesaleme: “Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Molimo oa ka, ha ke sa ntse ke le teng.”—Pesaleme ea 146:2.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Samuel le Milton Henschel ka 1955

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Samuel le mosali oa hae, Olabisi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela