Poulelo E Batlile e Senya Bophelo ba Ka
POULELO e hlile ea qala ho nkama hampe ha ke nyaloa ke monna oa ka oa bobeli, Mark.a Ka bobeli, re ne re tlameha ho hlokomela bana ba bangata bao ka mong ho rōna re bileng le bona lenyalong la pele le hore re ka sebetsana joang le balekane ba rōna ba pele. Ka linako tse ling boemo e ne e e-ba bo sa mamelleheng. Neng le neng ha ho ne ho e-ba le khohlano ea lelapa, ho ne ho bonahala eka Mark ha a ntšehetse. Ke ile ka qala ho ba le boikutlo ba hore o ntse a rata mosali oa hae oa pele. Ho e-na le ho laola poulelo ea ka, ke ile ka e lumella hore e laole bophelo ba ka. Ke ne ke ikutloa ke tšohile neng le neng ha mosali oa Mark oa pele a le teng.
Ka linako tsohle ke ne ke lisa Mark, esita le ho lisa mahlo a hae ho bona hore na o shebile hokae. Sefahlehong sa hae ke ne ke bona lintho tse neng li le sieo. Ka linako tse ling ke ne ke mo qosa pepenene hore o ntse a ratana le mosali oa hae oa pele. Ka lekhetlo le leng o ne a tsielehile hoo a bileng a tsamaea pele kopano ea Bokreste e fela. Ke ile ka ikutloa ke le molato ho Jehova. Ke ne ke sulafatsa bophelo ba lelapa la ka hobane qetellong le bana ba ile ba ameha. Ke ne ke itlhoile ka lebaka la seo ke neng ke se etsa, empa ho sa tsotellehe hore na ke leka ka thata hakae, ho hang ke ne ke sitoa ho laola poulelo ea ka.
Ho e-na le ho nthusa, Mark o ile a qala ho iphetetsa. Ha ke mo qosa, o ne a ntlatsetsa lerata, “Poulelo, u mpa u qetoa ke poulelo.” O bile a bonahala eka o leka ka boomo ho nketsa hore ke boulele. Mohlomong o ne a nahana hore sena se ne se tla phekola poulelo ea ka, empa se ile sa mpefatsa litaba feela. O ile a qala ho sheba basali ba bang, a bolela kamoo ba shebahalang ba le batle kateng. Sena se ile sa etsa hore ke ikutloe ke le mosesaane ’me ke sa batlehe. Ke ile ka fihla boemong boo boikutlo bo bong—lehloeo—bo ileng ba kubuloha ka liphello tsa bona tse mpe. Boemong bona, ke ne ke ferekane hoo ke neng ke batla hore ke arohane le eena le lelapa la hae.
Ha Bibele e bolela hore “poulelo ke ho bola ha masapo,” ke sona seo e leng sona. (Liproverbia 14:30, NW) Bophelo ba ka bo ile ba qala ho ameha. Ke ile ka ba le liso tsa ka maleng tse ileng tsa fola ka mor’a nako e telele. Ke ile ka tsoela pele ke itšulafalletsa bophelo ka ho belaella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Mark a neng a e etsa. Ke ne ke hlahloba lipokotho tsa hae, ’me haeba nka fumana linomoro tsa thelefono, ke ne ke letsa ho utloa hore na ke mang ea tla araba. Tlaase botebong ba pelo ke ne ke le lihlong ke seo ke se etsang, ke ne ke lla ka pel’a Jehova ka lebaka la lihlong. Empa ke ne ke sitoa ho ithiba. Ke ne ke le sera sa ka se sebe ka ho fetisisa.
Bomoea ba ka bo ile ba ameha hoo ke neng ke se ke sa hlole ke khona ho rapela. Ke ne ke rata Jehova ’me ruri ke batla ho etsa se nepahetseng. Ke ne ke tseba mangolo ’ohle a amang banna le basali, empa ke ne ke sitoa ho a sebelisa. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ne ke se ke sa batle ho phela, ho sa tsotellehe hore ke ne ke e-na le bana ba ratehang hakae.
Baholo phuthehong ea Bokreste ba ne ba nkhothatsa haholo ’me ba leka ka hohle ho nthusa. Empa ha ba bolela hore kea boulela, ke ne ke hana ka lebaka la lihlong, ke sa batle ho lumela hore ke na le bothata bo joalo.
Qetellong, bophelo ba ka bo ile ba fokola hoo ke ileng ka tlameha ho ea sepetlele ho ea buuoa. Ha ke le moo ke ile ka hlokomela hore bophelo bo ke ke ba tsoela pele ka tsela eo bo neng bo le ka eona. ’Na le Mark re ile ra etsa qeto ea ho arohana ka likhoeli tse tharo hore re hlahlobe boemo ba rōna re sa amehe ka ho teba hakana maikutlong. Ka nako ena ho ile ha etsahala ntho e hlollang. Makasineng ea Tsoha! ho ile ha hlaha sehlooho se reng “Thuso Bakeng sa Bana ba Hōlileng ba Makhoba a Tahi.”b
Taba ke hore ’Mè e ne e le lekhoba la tahi. Le hoja ke sa ka ka hlekefetsoa ’meleng, ha ho mohla batsoali ba ka ba kileng ba etsa liketso tse bontšang hore baa ratana kapa hore baa nthata. Ha ke hopole le ka mohla ’Mè a kile a nkopa ka liatla kapa a mpolella hore o-oa nthata. Kahoo ke hōtse ke sa tsebe hantle hore na nka rata joang, kapa, habohlokoa ka ho tšoanang, hore na nka ratoa joang.
Hangata ’Mè o ne a mpolella ka basali bao Ntate a ratanang le bona le hore o ne a sa mo tšepe. Kahoo ke nahana hore ke ile ka hōla ke sa tšepe banna ka kakaretso. Ka lebaka la khōliso ea ka, kamehla ke ne ke ikutloa ke le mosesaane, haholo-holo ho basali ba bang. Ho bala sehlooho seo sa Tsoha! ho ile ha nthusa hore ke utloisise hore na lintho tsena ke tsa bohlokoa hakaakang. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka utloisisa motso oa bothata ba ka ba poulelo.
Ke ile ka bontša Mark, monna oa ka, sehlooho seo sa Tsoha! ’me le eena se ile sa mo thusa hore a nkutloisise hamolemo. Ka mor’a nako e khutšoanyane ’na le eena re ile ra khona ho latela keletso ea Bibele ho banyalani ba nahanang ho arohana. Re ile ra boelana. (1 Ba-Korinthe 7:10, 11) Hona joale lenyalo la rōna le molemo ho feta kamoo le kileng la e-ba kateng. Re etsa lintho tse ngata hammoho, haholo-holo haeba li ama mesebetsi ea Bokreste. Mark o bontša kutloelo-bohloko e eketsehileng. Hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng o mpolella kamoo a nthatang kateng, ’me ruri hona joale kea lumela.
Neng le neng ha ke tseba hore re tla kopana le mosali oa Mark oa pele, ke rapella matla ho Jehova, ke mo kōpa hore a nthuse hore ke itšoare ka tsela ea Bokreste e bontšang khōlo. ’Me hoa sebetsa. Esita le maikutlo a ka a bora ho eena aa fela. Ha ke sa lula mehopolong e fosahetseng kapa ho lumella hore mohopolo oa ka o ntaole.
Ke ntse ke e-ba le maikutlo a poulelo e sa lokelang. Ke feela bophelo bo phethahetseng lefatšeng le lecha la Molimo bo tlang ho e tlosa ka ho felletseng ho ’na. Ho sa le joalo, ke ithutile ho laola poulelo, ho e-na le ho e lumella hore e ntaole. E, poulelo e batlile e senya bophelo ba ka, empa ka thuso ea Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, hona joale ke motho ea thabileng haholoanyane, ’me bophelo ba ka bo khutletse setloaeling. Ke boetse ke na le kamano e matla le Molimo oa ka, Jehova.—Se nehelanoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.