Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/15 leq. 7
  • Motho ea Mohono

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho ea Mohono
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phehella Khotso ka Hore U se ke oa ba Mona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Mokhoa o ka Senyang Likelello Tsa Rōna—Mohono
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Poulelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na U Ipapisa le ba Bang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/15 leq. 7

Motho ea Mohono

PUO ea Seheberu e na le motso o le mong feela oa lentsoe “poulelo.” Ha le lebisitsoe ho batho ba baetsalibe, Seheberu se ka le fetolela e le “mohono” kapa “tlhōlisano.” (Genese 26:14, NW; Moeklesia 4:4, NW) Leha ho le joalo, puo ea Segerike, e na le mantsoe a ’maloa bakeng sa “poulelo.” Lentsoe zeʹlos, joaloka le tšoanang le lona la Seheberu, le ka bolela poulelo e lokelang le e sa lokelang. Lentsoe le leng la Segerike, phthoʹnos, le na le moelelo o mobe feela. Ka linako tsohle le fetoleloa e le “mohono” ho New World Translation.

Lentsoe phthoʹnos le ne le sebelisoa joang Segerikeng sa boholo-holo? The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho fapana le motho ea meharo, motho ea tšoenngoang ke phthonos hase hore o batla thepa eo a khopisoang ke ha e mong a e-na le eona; o mpa feela a sa batle hore eo e mong a be le eona. O fapana le motho ea nang le moea oa tlhōlisano ka hore sepheo sa hae, ho fapana le sa motho ea nang le moea oa tlhōlisano, hase ho hapa empa ke ho thibela ba bang ho hapa.”

Motho ea mohono hangata ha a hlokomele hore boikutlo ba hae ke sesosa se seholo sa mathata a hae. Eona dikshinari ena e-ea hlalosa: “E ’ngoe ea litšobotsi tse ikhethang tsa phthonos, ke ho se itemohe. Motho ea nang le phthonos, haeba ho thoe a bolele mabaka a boitšoaro ba hae, kamehla o tla ipolella le ho bolella ba bang hore bao a ba loantšang ba loketsoe ke seo le hore ke ho hloka toka ha boemo ho mo etsang hore a nyatse-nyatse. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a ka bua ka motsoalle ka tsela eo a etsang ka eona, o tla bolela hore ho nyatsa-nyatsa ha hae ho molemong o moholo ka ho fetisisa oa motsoalle oa hae.”

Bangoli ba Kosepele Mattheu le Mareka ba sebelisa lentsoe la Segerike phthoʹnos ho hlalosa sepheo sa ba ikarabellang ka polao ea Jesu. (Mattheu 27:18; Mareka 15:10) E, ba ne ba susumetsoa ke mohono. Bona boikutlo boo bo kotsi bo entse hore bakoenehi ba hloee bao e neng e le baena ba bona ka lehloeo le mabifi. (1 Timothea 6:3-5) Ha ho makatse ha batho ba mohono ba thibeloa ho kena ’Musong oa Molimo! Jehova Molimo o laetse hore bohle ba tsoelang pele ho ‘tlala mohono’ ba “tšoanetse ho shoa.”—Ba-Roma 1:29, 32; Ba-Galata 5:21.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

U se ke ua lumella mohono ho senya bophelo ba hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela