Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 10/1 maq. 5-7
  • Lefatše le se Nang Ntoa—Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Ntoa—Neng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolumeli—Tšitiso e Khōlō
  • Bokamoso ba Bolumeli
  • Botho bo sa Phethahalang ba Motho
  • Jesu Kreste—Morena oa Khotso
  • Khotso le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Khotso, Tšireletseho, le ‘Setšoantšo sa Sebata’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lilemo Tse Tsa Boiteko bo Nyahamisang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Khotso e Tsoang ho Molimo Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 10/1 maq. 5-7

Lefatše le se Nang Ntoa—Neng?

MOLAO-MOTHEO oa Machaba a Kopaneng o kene tšebetsong ka la 24 October, 1945. Ke morero o pharalletseng ka ho fetisisa bakeng sa khotso ea lefatše o kileng oa reroa ke batho. Machaba a Kopaneng ka Linaha tseo e leng litho tsa ’ona tsa pele tse 51, a ile a fetoha mokhatlo o moholo ka ho fetisisa oa machaba historing ea lefatše. Hape, ka lekhetlo la pele, mokhatlo oa machaba o ne o tla ba le sesole hore o tlise khotso le tšireletseho le ho tlisa lefatše le se nang ntoa.

Kajeno Machaba a Kopaneng a matla ho feta leha e le neng pele kaha a na le Linaha tse 185 tseo e leng litho. Joale, ke hobane’ng ha mokhatlo o matla ka ho fetisisa oa machaba historing o hlōlehile hore o phethahatse merero ea ’ona ea bohlokoa ka botlalo?

Bolumeli—Tšitiso e Khōlō

Bothata bo bong bo boholo ke karolo eo bolumeli bo e phethang litabeng tsa lefatše. Ke ’nete hore haesale ho tloha ha Machaba a Kopaneng a thehoa, malumeli a ka sehloohong a lefatše a tšepisitse ho tšehetsa mokhatlo oo. Ha a bua ka selemo sa bo50 sa ’ona, Mopapa John Paul II o ile a bolela hore Machaba a Kopaneng ke “sesebelisoa se molemohali sa ho buella le ho sireletsa khotso.” Baeta-pele ba bolumeli lefatšeng lohle ba na le maikutlo a tšoanang. Empa tšebelisano-’moho ena e entsoeng ka masene pakeng tsa bolumeli le puso e ke ke ea pata ’nete ea hore bolumeli e ’nile ea e-ba tšitiso le ntho e tšoenyang Machaba a Kopaneng.

Ka makholo a lilemo bolumeli bo phethile karolo e khōlō tabeng ea ho buella kapa ho tšehetsa lehloeo la bochaba, lintoa le ho timetsa merabe. Lilemong tsa morao tjena, tlas’a boikaketsi ba cheseho ea bolumeli, baahisani ba ile ba bolaeana. Poleloana e reng “tlhoekiso ea morabe” e ’nile ea sebelisoa haholo mabapi le ntoa linaheng tsa Balkan. Leha ho le joalo, lehloeo le mabifi leo ba bangata ba nang le lona e mong ho e mong moo le thehiloe bolumeling ho e-na le morabeng, kaha boholo ba bona e le ba morabe o le mong. E, bolumeli bo tlameha ho amohela boikarabelo bo bongata bakeng sa tšollo ea mali naheng eo pele e neng e le Yugoslavia, ’me Machaba a Kopaneng a hlōlehile ho e khaotsa.

Ka ho loketseng, moprofesa oa bolumeli kolecheng e ’ngoe haufinyane tjena o boletse hore “lefatšeng la ka mor’a ntoa ea mantsoe le tletseng lintoa tsa bolumeli, e ka ’na eaba ho hlahloba bolumeli le ho timetsoa ha morabe ke tse ling tsa lintho tse potlakileng tseo re tlamehang ho nahana ka tsona pele, ho sa tsotellehe hore ho tla baka mathata afe.” Kajeno ho totobetse hore ho qala ho lemohuoa kamoo bolumeli bo thibelang boiteko ba khotso ea lefatše.

Polelo ea 1981 ea Machaba a Kopaneng e ne e re: “Kaha re amehile ka lipontšo tse ntseng li bonahala libakeng tse ling lefatšeng tsa ho se mamellane le boteng ba khethollo bolumeling kapa tumelong, Re ikemiselitse ho sebelisa mekhoa eohle e hlokahalang ea ho potlakisa ho felisa ho se mamellane ho joalo ka mefuta eohle ea hona le lipontšo tsa hona le ho thibela le ho loantša khethollo e etsoang ka lebaka la bolumeli kapa tumelo.”

Tumellanong le polelo ea ’ona, Machaba a Kopaneng a phatlalalitse hore 1995 ke Selemo sa ho Mamellana. Leha ho le joalo, na ka botšepehi re ka re ho tla hle ho etsahale hore ho finyelloe khotso le tšireletseho lefatšeng le arotsoeg ke bolumeli?

Bokamoso ba Bolumeli

Boprofeta bo leng bukeng ea Bibele ea Tšenolo bo fana ka karabo. Bo bua ka “seotsoa se seholo” sa tšoantšetso se lutseng e le “mofumahali” ’me se ‘busa marena a lefatše.’ Seotsoa sena se phela ka “menono ea ho se hlajoe ke lihlong” ’me se na le likamano le mebuso ea lefatše. Mebuso ena e tšoantšoa le “sebata se ’mala oa sekarelata,” seo seotsoa se se palameng se phuthulohile. (Tšenolo 17:1-5, 18; 18:7, NW) Mosali enoa ea matla le ea itšoereng hampe o tsejoa e le “Babilona e moholo,” ’me o reheletsoe ka Babylona ea boholo-holo, setsi sa borapeli ba litšoantšo. Ka ho loketseng, kajeno seotsoa se emela malumeli ’ohle a lefatše a itšuntseng litabeng tsa mebuso.

Tlaleho e tsoela pele ho bolela hore ha nako e feta, Molimo o tla kenya lipelong tsa litho tsa sesole sa sebata hore li nke bohato. Tsona “li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.” (Tšenolo 17:16)a Kahoo Jehova Molimo ka boeena o tla be a nkile khato ea pele ka ho laola lichaba tse matla ho li isa phutuhong ea ho felisa bolumeli ba bohata. Tsamaiso ea lefatše lohle ea bolumeli, hammoho le litempele tsa eona le litempelana tse majaba-jaba, e tla felisoa ka ho feletseng. Joale bolumeli bo ke ke ba hlola bo thibela hore ho thehoe khotso le tšireletseho. Empa le ka eona nako eo, na ho tla ba le khotso ea ’nete le tšireletseho lefatšeng?

Botho bo sa Phethahalang ba Motho

Na ho na le tiisetso ea hore ho felisoa ha bolumeli ho tla fela ho hleke tsela bakeng sa lefatše le se nang ntoa? Che. Machaba a Kopaneng a tla tsoela pele ho tobana le boemo bo sa lebelloang. Ka lehlakoreng le leng, batho ba batla khotso le tšireletseho. Leha ho le joalo, ka lehlakoreng le leng, tšokelo e khōlō ka ho fetisisa ea khotso le tšireletseho e bakoa ke batho. Lehloeo, boikhohomoso, boiphahamiso, boithati le ho hloka tsebo ke litšobotsi tsa batho tse bakang likhohlano le lintoa.—Jakobo 4:1-4.

Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea rōna batho e ne e tla ba “baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi.”—2 Timothea 3:1-4.

Mongoli-Kakaretso Boutros Boutros-Ghali o ile a lumela hore “lefatše le koluoeng ea kahisano le ea boitšoaro eo, lichabeng tse ngata, e leng khōlō haholo.” Ha ho merero ea ho leka ho kopanya lichaba e ka fokotsang litšobotsi tse kotsi tsa botho bo sa phethahalang ba boetsalibe.—Bapisa le Genese 8:21; Jeremia 17:9.

Jesu Kreste—Morena oa Khotso

Ka ho hlakileng, Machaba a Kopaneng ha a na matla a ho tlisa khotso ea lefatše. Litho tsa ’ona le batšehetsi ba ’ona kaofela ke batho ba sa phethahalang, ho sa tsotellehe lipakane tsa bona tse phahameng. Bibele e bolela hore “tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ho phaella moo, Molimo o-oa lemosa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho.”—Pesaleme ea 146:3.

Bibele e bolela esale pele seo Jehova a tla se phetha ka Mora oa hae, “Morena oa khotso.” Esaia 9:6, 7 e re: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”

Lichaba tsa lefatše li khathalitsoe ke lilemo tse 50 tsa boiteko bo nyahamisang. Haufinyane li tla felisa mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli e kang liotsoa. Joale Jesu Kreste, “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi,” le lebotho la hae la bahlabani ba leholimo ba tla felisa mebuso eohle ea batho ’me ba bolaee bohle ba hanang bobusi ba Molimo. (Tšenolo 19:11-21; bapisa le Daniele 2:44.) Ka sena Jehova Molimo o tla tlisa lefatše le se nang ntoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa thuto e pharalletseng ea boprofeta ba Tšenolo mabapi le Babylona e Moholo, bona likhaolo tsa 33 ho ea ho 37 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ka 1988 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Lebokose le leqepheng la 7]

PONO EA MOKRESTE KA MACHABA A KOPANENG

Boprofeteng ba Bibele, mebuso ea batho hangata e tšoantšoa le libata. (Daniele 7:6, 12, 23; 8:20-22) Kahoo, ka mashome a mangata a lilemo makasine ea Molula-Qhooa e ile ea tsebahatsa libata tse leng ho Tšenolo khaolong ea 13 le 17 hore ke mebuso ea kajeno ea lefatše. Ho akarelletsa le Machaba a Kopaneng, a tšoantšitsoeng ho Tšenolo khaolo ea 17 e le sebata se ’mala oa sekarelata se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome.

Leha ho le joalo, boemo bona ba Mangolo ha bo emele mokhoa leha e le ofe oa ho se hlomphe mebuso kapa liofisiri tsa eona. Ka ho hlakileng Bibele e re: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena, hobane ha ho borena bo sa tsoeng ho Molimo, marena a leng teng a beiloe ke Molimo. Ka baka leo, ea hanang ho borena, o hana molao oa Molimo, ’me ba hanang ba ikhulela tsuo holimo.”—Ba-Roma 13:1, 2.

Ka ho loketseng, Lipaki tsa Jehova, tse sa sisinyeheng tabeng ea ho se nke lehlakore lipolotiking, ha li kena-kenane le mebuso ea batho. Le ka mohla ha li hlohlelletse phetohelo ea puso kapa ho kopanela liketsong tse bontšang ho se mamele ’muso. Ho e-na le hoo, li hlokomela hore puso e itseng e-ea hlokahala bakeng sa ho boloka molao le tlhophiso har’a batho.—Ba-Roma 13:1-7; Tite 3:1.

Lipaki tsa Jehova li nka mokhatlo oa Machaba a Kopaneng joalokaha li nka lihlopha tse ling tsa mebuso ea lefatše. Li lumela hore Machaba a Kopaneng a tsoela pele ho ba teng ka tumello ea Molimo. Tumellanong le Bibele, Lipaki tsa Jehova li fana ka tlhompho e loketseng ho mebuso eohle ’me lia e mamela hafeela ho e mamela ho ke ke ha li hloka hore li siteloe Molimo.—Liketso 5:29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela