Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 11/15 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Kamoo U ka Tsebang Molimo ka Lebitso
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 11/15 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ho Ba-Filippi 2:9, Pauluse o ile a re ka Jesu: “Ke ka baka leo Molimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” Lebitso lena le lecha ke lefe? ’Me haeba Jesu o ka tlaase ho Jehova, ke joang lebitso la Jesu le leng ka holim’a mabitso a mang ’ohle?

Ba-Filippi 2:8, 9 e-ea baleha: “’Me ha a hlahile a le joalo ka motho, [Jesu] o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung, e, le lefung la [thupa ea tlhokofatso, NW]. Ke ka baka leo Molimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.”

Karolo ena ha e bolele hore kaha ke Jehova feela ea nang le lebitso leo ka ho feletseng le leng ka holimo ho a mang ’ohle, Jesu e tlameha e be motho a le mong le Jehova. Joalokaha taba e potolohileng Ba-Filippi khaolo ea 2 e bontša, Jesu o ile a fumana lebitso la hae le phahamisitsoeng ka mor’a tsoho ea hae. Pele ho moo, o ne a se na lona. Ka lehlakoreng le leng, kamehla Jehova e ’nile ea e-ba eena ea phahameng ka ho fetisisa, ’me boemo ba hae ha ho mohla bo kileng ba fetoha. Taba ea hore Jesu o amohetse lebitso le phahameng ho feta lebitso leo a neng a e-na le lona pele ho tšebeletso ea hae ea lefatšeng e paka hore hase motho a le mong le Jehova. Ha Pauluse a ne a re Jesu o filoe lebitso le kaholimo ho mabitso ’ohle, o ne a bolela hore joale Jesu o na le lebitso le phahametseng a libōpuoa tsohle tsa Molimo.

Lebitso le phahameng la Jesu ke lefe? Esaia 9:6 e re thusa ho araba. Ha e profeta ka ho tla ha Messia, Jesu, temana eo e re: ‘Borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me lebitso la hae e tla ba Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Mona ‘lebitso’ la Jesu le amana le boemo bo phahameng le matla a ho laela, e leng kamoo re utloisisang “lebitso le fetang lebitso leha e le lefe le leng‚” le boletsoeng ho Ba-Filippi 2:9. (NW) Mangole ’ohle a laeloa ho khumamela Jesu ho lumela boemo ba hae bo phahameng ba matla a ho laela boo Jehova a mo fileng bona—boemo ba matla a ho laela bo phahameng ho feta bo filoeng sebōpuoa leha e le sefe se seng. Lentsoe “le leng” phetolelong ena ha lea emela ka ho tobileng temana ea Segerike e le tšehetsang, empa le senoloa ka tsela e sa tobang ke kutloisiso ea temana eo. ‘Lebitso’ la Jesu ha le fete la Hae empa le feta lebitso leha e le lefe le leng la libōpuoa.

Re ba thabileng hakaakang ka ho ikopanya le mangeloi ’ohle a tšepahalang le batho ho khumameng ka mangole e le ho bontša tumelo lebitsong la Jesu! Re etsa sena ka ho ikokobelletsa Jesu boemong bo phahamisitsoeng le bo matla boo a bo filoeng ke Jehova—“e be tlotliso ea Molimo Ntate.”—Ba-Filippi 2:11; Mattheu 28:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela