Linku Tsa Jehova li Hloka Tlhokomelo e Bonolo
“Le tsebe hobane Jehova ke Molimo! . . . Re sechaba sa hae, re mohlape o alosoang ke eena.”—PESALEME EA 100:3.
1. Jehova o tšoara bahlanka ba hae joang?
JEHOVA ke Molisa e Moholo. Haeba re bahlanka ba hae, o re talima re le linku tsa hae ’me o re hlokomela ka bonolo. Ntate oa rōna oa leholimo oa re tšelisa ebile oa re khatholla le ho re tsamaisa “mehlaleng ea ho loka, ka baka la lebitso la hae.” (Pesaleme ea 23:1-4) Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, o re rata hoo a ileng a nehela soule ea hae bakeng sa rōna.—Johanne 10:7-15, NW.
2. Batho ba Molimo ba iphumana ba le boemong bofe?
2 Kaha re ba amohelang tlhokomelo e bonolo, re ka bua le mopesaleme ra re: “Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pel’a sefahleho sa hae ka lipina! Le tsebe hobane Jehova ke Molimo! Ke eena ea re entseng, ’me re ba hae, re sechaba sa hae, re mohlape o alosoang ke eena.” (Pesaleme ea 100:2, 3) E, re thabile ebile re sireletsehile. Ho joalokaha eka re ne re sirelelitsoe libataneng tse khopo ka lesakeng la linku le matla le hahiloeng ka majoe.—Numere 32:16, NW; 1 Samuele 24:3, NW; Sofonia 2:6, NW.
Balisa ba Mohlape ba Ratang
3. Baholo ba Bakreste ba khethiloeng ba tšoara mohlape oa Molimo joang?
3 Ha ho makatse hore ebe joaloka linku tsa Molimo re thabile! Baholo ba khethiloeng ba re etella pele. Ha ba ‘ipehe marena,’ ha ba rene ka thata holim’a rōna, kapa ho leka ho busa tumelo ea rōna. (Numere 16:13; Mattheu 20:25-28, NW; 2 Ba-Korinthe 1:24; Ba-Heberu 13:7) Ho e-na le hoo, ke balisa ba lerato ba sebelisang keletso ea moapostola Petrose: ‘Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna, le o lebele, e seng ka ho qophelloa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata; e seng ka ho busa mehlape ea lōna ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.’ (1 Petrose 5:2, 3) Moapostola Pauluse o ile a bolella baholo-’moho le eena: “Joale, lōna, hlong le itise, le lise le mohlape kaofela, oo Moea o Halalelang o le beileng balebeli ba oona, ho alosa kereke ea Molimo eo o ithuetseng eona ka mali ao e leng a oona ka sebele.” ’Me linku li leboha hakaakang hore ebe banna bana ba khethiloeng ke moea o halalelang ba “tšoara mohlape ka bonolo”!—Liketso 20:28-30, bapisa le NW.
4. Charles T. Russell o ne a tumme ka ho ba le kamano ea mofuta ofe le mohlape?
4 Jesu o ile a fa phutheho “limpho tsa banna,” ba bang e le “baruti,” kapa balisa, ba tšoarang mohlape oa Jehova ka tsela e bonolo. (Ba-Efese 4:8, 11; King James Version) E mong oa bona ke Charles T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower. O ne a bitsoa Moruti Russell ka lebaka la mesebetsi ea hae e lerato le e bontšang qenehelo ha a lisa mohlape tlas’a tataiso ea Molisa e Moholo, Jesu Kreste. Kajeno, baholo ba Bakreste ba khethoa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, ’me ho hlokomeloa hore ho se sebelisoe mantsoe a kang “moruti,” “moholo,” kapa “tichere” e le litlotla. (Mattheu 23:8-12) Empa, baholo ba kajeno ba etsa mosebetsi oa balisa ba linku, kapa oa ho lisa, ba sebeletsa molemong oa linku tsa lekhulo la Jehova.
5. Ke hobane’ng ha ba bacha ’neteng ba lokela ho tseba baholo ba khethiloeng ka phuthehong ea Bokreste?
5 E le balisa, baholo ba phetha karolo ea bohlokoa mabapi le tsoelo-pele ea ba bacha ’neteng. Ka hona, buka e ncha ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng leqepheng la 168 e re: “Tloaelana le baholo ba khethiloeng ka phuthehong. Ba na le phihlelo e ngata ka ho sebelisa tsebo ea Molimo, hobane ba ile ba finyella litšoaneleho tse behiloeng ka Bibeleng bakeng sa balebeli. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9) U se ke ua tsila-tsila ho atamela e mong oa bona haeba u hloka thuso ea moea ho hlōla tloaelo kapa tšobotsi e hohlanang le litlhokahalo tsa Molimo. U tla fumana hore baholo ba latela keletso ea Pauluse: ‘Le bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo, le tšehetse ba fokolang, le be le tiisetso ho bohle.’—1 Ba-Thessalonika 2:7, 8; 5:14.”
Ha ba Bacha ’Neteng ba Batla ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli
6. Ke mohato ofe o nkoang haeba seithuti sa Bibele se batla ho ba mohoeletsi oa ’Muso?
6 Ka mor’a hore seithuti sa Bibele se fumane tsebo ’me se kopanele libokeng ka nako e itseng, se ka ’na sa batla ho ba mohoeletsi oa ’Muso, ’moleli oa evangeli. (Mareka 13:10) Haeba ho joalo, Paki e se khannelang thuto ea Bibele e lokela ho bolella molebeli ea okamelang, ea tla lokisetsa hore e mong oa baholo ea leng Komiting ea Tšebeletso ea Phutheho le moholo e mong ba kopane le seithuti sa Bibele le tichere ea sona. Puisano e tla thehoa bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqepheng a 98 le 99. Haeba baholo bana ba babeli ba bona hore motho enoa e mocha ’neteng o lumela lithuto tsa motheo tsa Bibele ebile o phela tumellanong le melao-motheo ea Molimo, o tla bolelloa hore oa tšoaneleha bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa.a Ha a tlaleha tšebeletso ea hae ka ho nehelana ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo, e tla kenngoa kareteng ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho e ngotsoeng lebitso la hae. Joale motho enoa e mocha ’neteng a ka tlaleha mosebetsi oa hae oa ho paka hammoho le ba bang ba limilione ba ‘bolelang lentsoe la Molimo’ ka thabo. (Liketso 13:5) Ho tla etsoa tsebiso phuthehong hore ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
7, 8. Mohoeletsi ea sa kolobetsoang a ka fuoa thuso e hlokahalang tšebeletsong ka litsela life?
7 Mohoeletsi ea sa kolobetsoang o hloka thuso ea baholo le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong. Ka mohlala, mokhanni oa sehlopha sa Thuto ea Buka ea Phutheho seo a leng ho sona o thahasella ho tsoela pele ha hae moeeng. Mohoeletsi enoa e mocha a ka ’na a fumana ho le thata ho bua ka tsela e atlehang mosebetsing oa ntlo le ntlo. (Liketso 20:20) Ka hona ho ka etsahala hore a amohele thuso, haholo-holo e tsoang ho ea ’nileng a mo khannela thuto ea Bibele ka buka ea Tsebo. Thuso e joalo e sebetsang e loketse, hobane Jesu Kreste o ile a lokisetsa barutuoa ba hae bakeng sa tšebeletso.—Mareka 6:7-13; Luka 10:1-22.
8 E le hore tšebeletso ea rōna e tle e atlehe, ho hlokahala tokisetso e molemo e etsoang esale pele. Ka lebaka leo, bahoeletsi ba babeli ba ka ’na ba qala ka ho kopana hammoho ho lokisetsa linehelano tse bontšitsoeng litokollong tsa khoeli le khoeli tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ha ba qala tšebeletso ea bona ea tšimo, ea nang le phihlelo e ngata ho feta e mong a ka ’na a bua ntlong ea pele kapa matlong a mabeli a qalang. Ka mor’a tumeliso e bontšang botsoalle, bahoeletsi bana ka bobeli ba ka kopanela ho faneng ka bopaki. Ho sebetsa hammoho tšebeletsong ka libeke tse seng kae ho ka ’na ha fella ka maeto a ho boela a atlehileng esita le thuto ea lehae ea Bibele bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Mohoeletsi ea nang le phihlelo e ngata ho feta e mong a ka ’na a khanna thuto ena ka nako e itseng ebe joale o e fetisetsa ho mohoeletsi oa ’Muso e mocha. Bahoeletsi bana ka bobeli ba tla thaba hakaakang haeba seithuti sa Bibele se bontša kananelo bakeng sa tsebo ea Molimo!
9. Ha mohoeletsi a batla ho kolobetsoa, ho etsoa litokisetso life?
9 Ha mohoeletsi enoa ea sa kolobetsoang a ntse a tsoela pele moeeng, a ka ’na a inehela ho Molimo ka thapelo ’me a batla ho kolobetsoa. (Bapisa le Mareka 1:9-11.) O lokela ho etsa hore takatso ea hae ea ho kolobetsoa e tsejoe ke molebeli ea okamelang oa phutheho, ea tla lokisetsa hore baholo ba hlahlobe lipotso tse leqepheng la 175 ho ea ho 218 la Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna le mohoeletsi enoa. Likarolo tse ’nè tseo lipotso li arotsoeng ka tsona li ka ’na tsa akaretsoa ka mekhahlelo e meraro ke baholo ba bararo ba sa tšoaneng ha ho khoneha. Haeba ba lumela hore mohoeletsi ea sa kolobetsoang o na le kutloisiso e lekaneng ea lithuto tsa Bibele ’me o tšoaneleha ka litsela tse ling, ba tla mo bolella hore a ka kolobetsoa. Ka lebaka la ho inehela ha hae le ho kolobetsoa o ‘tšoaeloa’ poloko.—Ezekiele 9:4-6.
Ho Khahlametsa Litlhoko Tse Khethehileng
10. Ka mor’a hore a qete ho ithuta buka ea Tsebo le hore a kolobetsoe, motho a ka eketsa tsebo ea hae ea Mangolo joang?
10 Ka mor’a hore motho a qete ho ithuta Bibele ka buka ea Tsebo ’me a kolobelitsoe, ho ka ’na ha se ke ha hlokahala ho mo khannela thuto e tloaelehileng ka buka ea bobeli, e kang Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete.b Ho hlakile hore motho ea sa tsoa kolobetsoa o tla ithuta ho hongata ha a ntse a lokisetsa liboka tsa Bokreste le ho ba teng ho tsona. Hape o tla fumana tsebo e eketsehileng ha lenyora la hae bakeng sa ’nete le mo susumetsa ho bala le ho ithuta libuka tsa Bokreste boinotšing le ho buisana le balumeli-’moho le eena ka litaba tsa Mangolo. Empa ho thoe’ng haeba ho hlaha litlhoko tse khethehileng?
11. (a) Priscilla le Akila ba ile ba thusa Apollose joang? (b) Mocha ea sa tsoa kolobetsoa ea nahanang ka lenyalo a ka thusoa joang?
11 Esita le Apollose, ea neng a ‘tseba Mangolo haholo’ ’me a ruta ka Jesu ka tsela e nepahetseng, o ile a rua molemo ha Bakreste ba nang le phihlelo Priscilla le Akila ba ne ba ‘mo nkela ha bona, ’me ba mo hlalosetsa tsela ea Molimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele.’ (Liketso 18:24-26; bapisa le Liketso 19:1-7.) Ka lebaka leo, ha re re mocha ea sa tsoa kolobetsoa o nahana ka lefereho le lenyalo. Mokreste ea nang le phihlelo e ngata a ka ’na a mo thusa ho fumana boitsebiso litabeng tsena libukeng tsa Watch Tower. Ka mohlala, boitsebiso bo thusang litabeng tsena bo hlaha bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Karolong ea 7.c Mohoeletsi ea neng a khannela motho enoa e mocha ’neteng thuto ea Bibele a ka ’na a buisana le eena ka boitsebiso bona, le hoja ho ke ke ha ameha thuto e khannoang kamehla.
12. Banyalani ba sa tsoa kolobetsoa ba nang le mathata ba ka thusoa joang?
12 Hlokomela mohlala o mong. Mohlomong banyalani ba sa tsoa kolobetsoa ba na le mathata tabeng ea ho sebelisa melao-motheo ea bomolimo. Ba ka ’na ba kōpa keletso ho moholo, eo ka makhetlo a seng makae mantsiboea a ka ’nang a buisana le bona ka Mangolo le ho lebisa tlhokomelo ea bona boitsebisong bo fumanoang libukeng tsa Watch Tower. Leha ho le joalo, moholo enoa a ke ke a tsosolosa thuto ea Bibele ea kamehla le banyalani bana.
Haeba Motho e Mocha ’Neteng a Etsa Phoso
13. Ke hobane’ng ha baholo ba phutheho ba lokela ho bontša mohau ho motho ea sa tsoa kolobetsoa ea etsang phoso empa a baka?
13 Baholo ba etsisa Molisa e Moholo, Jehova, ea reng: ‘Linku tsa ka li tla lisoa ke ’na, . . . ke tlamelle e leqeba, ke matlafatse e kulang.’ (Ezekiele 34:15, 16; Ba-Efese 5:1) Tumellanong le moea oo, morutuoa Juda o ile a phehella hore mohau o bontšoe Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba e-na le lipelaelo kapa ba oetse sebeng. (Juda 22, 23) Kaha ka nepo re lebella ho hongata haholo ho Bakreste ba nang le phihlelo, ka sebele mohau o lokela ho bontšoa motho ea sa tsoa kolobetsoa—konyana feela tjee—ea etsang phoso empa a baka. (Luka 12:48; 15:1-7) Ka lebaka leo, baholo ba ‘ahlolang bakeng sa Jehova’ ba hlokomela linku tse joalo ka bonolo ba bile ba li khutlisetsa tseleng ka moea o bonolo.—2 Likronike 19:6; Liketso 20:28, 29; Ba-Galata 6:1.d
14. Ke’ng se lokelang ho etsoa ha mohoeletsi ea sa tsoa kolobetsoa a etsa sebe se tebileng, hona a ka thusoa joang?
14 Joale, ha re re mohoeletsi ea sa tsoa kolobetsoa o ne a e-na le bothata ba ho lemalla lino tse tahang pele eaba o khutlela temalong eo ka lekhetlo le le leng kapa a mabeli. Kapa mohlomong o ile a hlōla ho lemalla koae empa a inehela molekong oa ho tsuba ka lekunutu ka lekhetlo le le leng kapa a mabeli. Le hoja moena oa rōna e mocha ’neteng a rapelletse tšoarelo ho Molimo, o lokela ho batla thuso ea baholo e le hore a se ke a tloaela ho etsa sebe seo. (Pesaleme ea 32:1-5; Jakobo 5:14, 15) Ha a bolella e mong oa baholo phoso ea hae, moholo eo o lokela hore a leke ho khutlisetsa motho enoa e mocha ’neteng ka tsela e mosa. (Pesaleme ea 130:3) E ka ’na eaba keletso ea Mangolo e lekane ho mo thusa ho otlolla litsela tsa maoto a hae ka morao ho moo. (Ba-Heberu 12:12, 13) Moholo enoa o tla buisana le molebeli ea okamelang oa phutheho eo ka maemo ana ho lekanyetsa hore na ho ka fanoa ka thuso efe e eketsehileng.
15. Maemong a mang, ho ka ’na ha hlokahala eng ha motho ea sa tsoa kolobetsoa a etsa sebe?
15 Maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala ho eketsehileng. Haeba taba ena e tsebahala hohle, e le kotsi mohlapeng kapa ho ameha mathata a mang a tebileng, sehlopha sa baholo se tla abela baholo ba babeli hore ba hlahlobe taba ena. Haeba baholo bana ba fumana hore taba ena e tebile hoo ho hlokahalang komiti ea boahloli, ba lokela ho e tsebisa sehlopha sa baholo. Joale sehlopha sa baholo se tla khetha komiti ea boahloli ho thusa mofosi. Komiti ea boahloli e lokela ho sebetsana le eena ka tsela e bonolo. Ba lokela ho leka ho mo khutlisetsa tseleng ka Mangolo. Haeba a arabela hamolemo boitekong bo mosa ba komiti ea boahloli, joale ba ka lekanyetsa hore na ho tla ba le molemo leha e le ofe ha a sa sebelisoe likarolong tse itseng sethaleng libokeng tse tšoareloang Holong ea ’Muso kapa haeba a ka lumelloa ho hlalosa libokeng.
16. Baholo ba ka etsa’ng ho thusa mofosi?
16 Haeba mofosi a arabela hamolemo, moholo kapa ba babeli komiting ea boahloli a ka lokisetsa ho etsa maeto a bolisa a reretsoeng ho matlafatsa tumelo ea hae le ho haha kananelo ea hae bakeng sa litekanyetso tse lokileng tsa Molimo. Ka mong oa bona a ka ’na a sebetsa le eena tšebeletsong ea tšimo nako le nako. Ba ka ’na ba e-ba le lipuisano tsa Mangolo le eena ka makhetlo a seng makae, mohlomong ba sebelisa lihlooho tse loketseng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! empa ba sa qalise thuto ea Bibele ea kamehla. Ka lebaka la ho hlokomeloa ka bonolo joalo, mofosi a ka ’na a matlafalla ho hanela mefokolo ea nama nakong e tlang.
17. Ho nkoa mehato efe haeba mofosi ea kolobelitsoeng a sa bake le ho furalla tsela ea hae ea boetsalibe?
17 Ka ho hlakileng, hore ebe motho o sa tsoa kolobetsoa hase lebaka la ho lokafatsa ho etsa sebe ha hae a sa bake. (Ba-Heberu 10:26, 27; Juda 4) Haeba mofosi leha e le ofe ea kolobelitsoeng a sa bake le ho furalla tsela ea hae ea boetsalibe, o tla lelekoa phuthehong. (1 Ba-Korinthe 5:6, 11-13; 2 Ba-Thessalonika 2:11, 12; 2 Johanne 9-11) Ha ho bonahala hore bohato bona boa hlokahala, sehlopha sa baholo se tla khetha komiti ea boahloli. Haeba a lelekoa, ho tla etsoa tsebiso ena e khutšoanyane: “ . . . o khaotsoe.”e
Ba Thuseng ho ‘Fetela ho Tsa Khōlo e Tletseng’
18. Ke hobane’ng ha re ka tiiseha hore Bakreste ba sa tsoa kolobetsoa le ba bang kamehla ba tla ba le ho eketsehileng hoo ba lokelang ho ithuta hona ka Jehova le thato ea hae?
18 Bongata ba bahlanka ba Molimo bo tla sala mohlapeng. Hape, hoa thabisa hore ebe e mong le e mong oa rōna o tla khona ho atamela haufi haholoanyane le Ntate oa rōna oa leholimo hobane kamehla re tla khona ho ithuta ho eketsehileng ka eena le thato ea hae. (Moeklesia 3:11; Jakobo 4:8) Ba likete ba kolobelitsoeng ka Pentekonta ea 33 C.E. ka sebele ho ne ho e-na le ho hongata hoo ba lokelang ho ithuta hona. (Liketso 2:5, 37-41; 4:4) Ho ne ho le joalo le ka Balichaba ba neng ba sa tsebe Mangolo. Ka mohlala, ho bile joalo ka ba ileng ba kolobetsoa ka mor’a puo ea Pauluse, Areopago Athene. (Liketso 17:33, 34) Le kajeno, batho ba sa tsoa kolobetsoa ba lokela ho ithuta ho eketsehileng ’me ba hloka nako le thuso e le hore ba ka matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho ’na ba etsa se nepahetseng mahlong a Molimo.—Ba-Galata 6:9; 2 Ba-Thessalonika 3:13.
19. Ba kolobetsoang ba ka thusoa joang ho ‘fetela ho tsa khōlo e tletseng’?
19 Selemo ka seng ba likete baa kolobetsoa ebile ba hloka thuso e le hore ba ka ‘fetela ho tsa khōlo e tletseng.’ (Ba-Heberu 6:1-3) Ka lipolelo, mohlala le ka thuso e sebetsang tšebeletsong, u ka ’na ua khona ho thusa ba bang ho apara motho e mocha le ho “tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4; Ba-Kolosse 3:9, 10) Haeba u mohoeletsi ea nang le phihlelo, baholo ba ka ’na ba u memela ho thusa molumeli-’moho le uena tšebeletsong ea tšimo kapa ho buisana le eena ka lintlha tse itseng tsa Mangolo ka libeke tse seng kae e le hore u ka matlafatsa tumelo ea hae ho Molimo, kananelo ea hae bakeng sa liboka tsa Bokreste le tse ling tse joalo. Kamano ea balisa le mohlape e joaloka khothatso ea ntate le bonolo ba ’mè. (1 Ba-Thessalonika 2:7, 8, 11) Empa, baholo ba seng bakae le bahlanka ba sebeletsang ba ke ke ba hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang ka phuthehong. Kaofela ha rōna re tšoana le lelapa leo litho tsa lona li thusanang. E mong le e mong oa rōna a ka etsa ntho e itseng ho thusa barapeli-’moho le rōna. Uena ka bouena u ka ’na ua khona ho fana ka khothatso, ua tšelisa ba tepeletseng maikutlo, oa tšehetsa ba fokolang.—1 Ba-Thessalonika 5:14, 15.
20. U ka etsa eng ho jala tsebo ea Molimo le ho hlokomela linku tsa lekhulo la Jehova ka bonolo?
20 Moloko oa batho o hloka tsebo ea Molimo, ’me joaloka Paki ea Jehova, u ka ba le thabo ea ho kopanela ho e haseng. Linku tsa Jehova li hloka tlhokomelo e bonolo, ’me u ka phetha karolo e lerato ho faneng ka eona. E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa tšebeletso ea hao, ’me e se eka a ka u putsa bakeng sa boiteko ba hao bo tiileng ba ho thusa linku tsa lekhulo la hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mothating ona, motho enoa e mocha ’neteng a ka ’na a fumana kopi ea buka ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
c E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
d Tokisetso e joalo bakeng sa bahoeletsi ba sa kolobetsoang e sehloohong se reng “Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo,” se hlahang ho Molula-Qhooa oa November 15, 1988, maqepheng a 15-20.
e Haeba ho entsoe qeto ea ho khaola ’me ho etsoa boipiletso, tsebiso e tla emisoa ka nakoana. Bona maqephe a 147-8 a buka ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Jehova o tšoara linku tsa hae joang?
◻ Ho etsoa’ng ha ba bacha ’neteng ba batla ho etsa mosebetsi oa boboleli?
◻ Balumeli-’moho ba ka thusa ba bacha ’neteng ba nang le litlhoko tse khethehileng joang?
◻ Baholo ba ka thusa bafosi ba bakang joang?
◻ U ka thusa motho ea sa tsoa kolobetsoa joang ho ‘fetela ho tsa khōlo e tletseng’?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Charles T. Russell o ne a tumme ka ho ba molisa oa mohlape ea lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Balisa ba qenehelang ba tšoara mohlape oa Molimo ka bonolo