Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/15 maq. 10-14
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšepehi bo sa Sekisetseng ke Ntho e ’Ngoe e Khethehileng
  • Jehova, ea Ikhethang ka Botšepehi bo sa Sekisetseng
  • Jesu Kreste, Mora ea Tšepahalang ka ho sa Sekisetseng
  • Batho ba sa Phethahalang ba Neng ba Tšepahala ka ho sa Sekisetseng
  • Ba Tšepahalang ka ho sa Sekisetseng Mehleng ea Kajeno
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
    Atamela ho Jehova
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Botšepehi—Ka Theko Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/15 maq. 10-14

Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!

“Ke mang eo ka sebele a se nang ho u tšaba, Jehova, le ho tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng?”—TŠENOLO 15:4.

1. J. F. Rutherford o ile a fana ka bopaki bofe mabapi le botšepehi bo sa sekisetseng ba C. T. Russell, eo e bileng mopresidente pele ho eena?

JOSEPH F. RUTHERFORD, ea ileng a hlahlama C. T. Russell ka 1917 e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a qalisa puo ea hae tšebeletsong ea lepato la Russell ka ho re: “Charles Taze Russell o ne a tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Molimo, a tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Kreste Jesu, a tšepahala ka ho sa sekisetseng lithahasellong tsa ’muso oa Mesia. O ne a tšepahala ka ho feletseng—e, a tšepahala ka ho sa sekisetseng esita le ho isa lefung.” Ruri, eo e bile tlōtlo e ntle e neng e ka lebisoa ho mohlanka ea tšepahalang oa Jehova Molimo. Ha ho tlōtlo e fetang ena eo re neng re ka e lebisa ho motho leha e le ofe ho feta ho bolela hore o thulane ka katleho le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng, hore o ne a tšepahala ka ho sa sekisetseng—a tšepahala ka ho feletseng.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha botšepehi bo sa sekisetseng e le phephetso? (b) Ke bo-mang hape bao e leng malala-a-laotsoe khahlanong le Bakreste ba ’nete boitekong ba bona ba botšepehi bo sa sekisetseng?

2 Botšepehi bo sa sekisetseng ke ntho e thata. Hobane’ng? Hobane botšepehi bo sa sekisetseng bo hanana le ho ithahasella. Ba ka sehloohong ho ba sekisetsang botšepehi ba bona ho Molimo ke baruti ba Bokreste-’mōtoana. Joale, hape, ha ho mohla ho sekisetsa botšepehi kamanong ea lenyalo ho kileng ha pharalla hakana joaloka kajeno. Bofebe bo atile. Botšepehi bo boetse bo sekisetsoa ka ho sabaletseng lefatšeng la khoebo. Mabapi le sena, rea bolelloa: “Baokameli ba bangata le litsebi . . . ba lumela hore ke maoatla le lithoto feela ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng lik’hamphaning tsa bona kajeno.” Batho ba “tšepahalang ka ho feteletseng” baa nyelisoa. Mopresidente e mong oa feme ea litšebeletso tsa boeletsi mabapi le botsamaisi le batsamaisi ba lik’hamphani o ile a re: “Botšepehi ba hao bo sa sekisetseng bo lokela ho qala ho uena bo be bo felle ho uena.” Ho bua ka botšepehi bo sa sekisetseng ho motho ka boeena ke ho senya moelelo oa polelo ena. Ho re hopotsa ka se boletsoeng ho Mikea 7:2 (NW): “Motho ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng o timetse lefatšeng.”

3 Ka tekanyo e khōloanyane, Satane le bademona ba hae ke malala-a-laotsoe khahlanong le rōna, ba ikemiselitse ho etsa hore re sekisetse botšepehi ba rōna ho Molimo. Ke ka lebaka leo Bakreste ba bolelloang tjena ho Baefese 6:12: “Hobane re na le ntoa, eseng khahlanong le mali le nama, empa khahlanong le mebuso, khahlanong le ba nang le matla a ho laela, khahlanong le babusi ba lefatše ba lefifi lena, khahlanong le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” E, ho hlokahala hore re ele hloko temoso ena: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.

4. Ke litšekamelo life tse etsang hore botšepehi bo sa sekisetseng bo be thata hakaale?

4 Ntho e ’ngoe e etsang hore botšepehi bo sa sekisetseng e be ntho e thata ke litšekamelo tsa boithati tseo re li futsitseng ho batsoali ba rōna, joalokaha ho boletsoe ho Genese 8:21: “Mehopolo ea motho e . . . mebe”—ebile ke ea boithati—ho tloha “bocheng ba hae” ho ea pele. Kaofela ha rōna re na le bothata boo moapostola Pauluse a ileng a bolela hore o ne a e-na le bona: “Molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa.”—Baroma 7:19.

Botšepehi bo sa Sekisetseng ke Ntho e ’Ngoe e Khethehileng

5, 6. Ho ka thoe’ng ka hore na botšepehi bo sa sekisetseng ke eng, ’me bo ’nile ba hlalosoa joang?

5 “Botšepehi bo sa sekisetseng” ke polelo e khethehileng haholo. Kahoo Insight on the Scriptures e re: “Ho bonahala ho se mantsoe a Senyesemane a nang le moelelo o tšoanang hantle le oa mantsoe a Seheberu le a Segerike, empa kaha ‘botšepehi bo sa sekisetseng,’ bo akarelletsa mohopolo oa boinehelo le botšepehi, ha bo sebelisoa kamanong le Molimo le tšebeletso ea hae, bo hlahisa moelelo o batlang o nepahetse.”a Mabapi le “botšepehi bo sa sekisetseng” Molula-Qhooa o kile oa re: “Botšepehi, boikarabelo, lerato, tlameho, boinehelo. Mantsoe aa a tšoana ka eng? Ke litšobotsi tse sa tšoaneng tsa botšepehi bo sa sekisetseng.” E, ho na le litšoaneleho tse ngata tseo ha e le hantle e leng litšobotsi tse sa tšoaneng tsa botšepehi bo sa sekisetseng. Ruri hoa hlokomeleha hore botšepehi bo sa sekisetseng le ho loka li hokahanngoa hangata hakae ka Mangolong.

6 Se thusang hape ke litlhaloso tse latelang: ‘Botšepehi bo sa sekisetseng e ka ’na ea e-ba pontšo ea botšepehi ba ’nete bo sa khaotseng le boinehelo, ho sireletseha khahlanong le ho qea-qea kapa moleko.’ ‘Botšepehi bo sa sekisetseng bo akarelletsa mohopolo oa ho tšepahalla kano eo motho a e entseng kapa boinehelo bo sa khaotseng tokisetsong e itseng kapa melao-motheong ea boitšoaro eo motho a ikutloang a tlamehile ho e boloka; polelo ena ha e bolele feela ho khomarela ntho e itseng empa hape e bolela ho hana ho hoheloa le ho susumeletsoa ho tlohela ho khomarela hoo.’ Kahoo, batho ba tsoelang pele ba tšepahala ba sa thibeloe ke liteko, khanyetso le mahloriso ba lokela ho bitsoa ba “tšepahalang ka ho sa sekisetseng.”

7. Ho ka khetholloa botšepehi bo sa sekisetseng ho botšepehi feela joang?

7 Leha ho le joalo, tabeng ena, ho ka ’na ha e-ba molemo hore re bontše phapang e ka bontšoang pakeng tsa botšepehi bo sa sekisetseng le botšepehi feela. United States e ka bophirimela, ho na le seliba sa metsi a chesang se betsetsang metsi holimo hoo e ka bang ka hora e ’ngoe le e ’ngoe. Se ho etsa ka tsela e tsitsitseng hoo se ileng sa bitsoa Motšepehi oa Khale. Bibele e bua ka lintho tse sa pheleng tse kang khoeli e le tse tšepahalang, hobane ho ka itšetlehoa ka eona. Pesaleme ea 89:37 e bua ka khoeli e le ‘paki e maholimong e tšepahalang.’ Ho boleloa hore lipolelo tsa Molimo lia tšepahala. Tšenolo 21:5 e re: “Ea lutseng teroneng o re: ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Hape, o re: ‘Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’” Mehlala ena kaofela ea tšepahala, ho ka itšetlehoa ka eona, empa ho ke ke ha etsahala hore e be le litšoaneleho tsa boitšoaro, tse kang botšepehi bo sa sekisetseng.

Jehova, ea Ikhethang ka Botšepehi bo sa Sekisetseng

8. Ke bopaki bofe ba Mangolo bo tsebahatsang mohlala o motle ka ho fetisisa oa botšepehi bo sa sekisetseng?

8 Ntle ho pelaelo, Jehova Molimo ke mohlala o motle ka ho fetisisa oa botšepehi bo sa sekisetseng. Jehova o ’nile a tšepahala ka ho sa sekisetseng ho moloko oa batho, a ba a fana ka Mora oa hae e le hore batho ba ka fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Ho Jeremia 3:12, rea bala: “Khutla, Iseraele mokoenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka u sosobanyetsa sefahleho, hobane ’na ke [tšepahala ka ho sa sekisetseng, NW].” Se tsoelang pele ho paka botšepehi ba Jehova bo sa sekisetseng ke mantsoe a tlalehiloeng ho Tšenolo 16:5: “Uena, Ea teng le ea neng a le teng, Ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng, u lokile.” Hape, ho Pesaleme ea 145:17, rea bolelloa: “Jehova o lokile litseleng tsa hae tsohle, o [tšepahala ka ho sa sekisetseng, NW] liketsong tsa hae tsohle.” Ha e le hantle, Jehova o ikhetha ka botšepehi bo sa sekisetseng hoo Tšenolo 15:4 e reng: “Ke mang eo ka sebele a se nang ho u tšaba, Jehova, le ho tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng?” Jehova Molimo o tšepahala ka ho sa sekisetseng ka tekanyo e phahameng ka ho fetisisa.

9, 10. Jehova o ile a etsa tlaleho efe ea botšepehi bo sa sekisetseng litšebelisanong tsa hae le sechaba sa Iseraele?

9 Histori ea sechaba sa Iseraele ka ho khetheha e na le bopaki bo bongata ba botšepehi ba Jehova bo sa sekisetseng ho batho ba hae. Mehleng ea Baahloli, Baiseraele ba ile ba furalla borapeli ba ’nete khafetsa, empa Jehova o ile a ba qenehela khafetsa ’me a ba boloka. (Baahloli 2:15-22) Ho pholletsa le makholo a mahlano a lilemo ao ka ’ona Baiseraele ba bileng le marena, Jehova o ile a bontša botšepehi ba hae bo sa sekisetseng ho sechaba seo.

10 Botšepehi ba Jehova bo sa sekisetseng bo ile ba etsa hore a mamelle batho ba hae, joalokaha ho bontšitsoe ho 2 Likronike 36:15, 16: ‘Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona, a ’na a romela ho bona ka manģosa a hae, a ’na a a roma e sa le hosasa, hobane a na a utloela sechaba sa hae le bolulo ba hae bohloko. Empa ba ’na ba soma ka manģosa a Molimo, ba nyelisa lipolelo tsa oona, ba tšeha baporofeta ba oona, ho fihlela khalefo ea Jehova e ba e phahamela sechaba sa oona, ho se ho se kamoo ho ka thusoang kateng.’

11. Botšepehi bo sa sekisetseng ba Jehova bo re neha tiisetso kapa matšeliso afe?

11 Kaha botšepehi ba Jehova bo sa sekisetseng bo phahame ka ho fetisisa, moapostola Pauluse o ne a ka ngola, joalokaha ho tlalehiloe ho Baroma 8:38, 39: “Ke kholisehile hore leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe ha li na ho khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” E, Jehova oa re tiisetsa: “‘Ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla.’” (Baheberu 13:5) Ruri, hoa khothatsa ho tseba hore Jehova Molimo kamehla o tšepahala ka ho sa sekisetseng!

Jesu Kreste, Mora ea Tšepahalang ka ho sa Sekisetseng

12, 13. Re na le bopaki bofe mabapi le botšepehi bo sa sekisetseng ba Mora oa Molimo?

12 Jesu Kreste ke eena ea ileng a etsisa Jehova ka ho phethahetseng ’me o ntse a mo etsisa tabeng ea ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng. Ho loketse hore ebe moapostola Petrose o ne a ka qotsa Pesaleme ea 16:10 ’me a e sebelisa ho Jesu Kreste ho Liketso 2:27: “Ha u na ho tlohela soule ea ka Hadese, leha e le hore u tla lumella oa hao ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng hore a bone ho bola.” Hoa tšoaneleha hore ebe Jesu Kreste o bitsoa “ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng.” O tšepahala ka ho sa sekisetseng kahohle-hohle ho Ntate oa hae le ’Musong oa Molimo o tšepisitsoeng. Satane o ile a qala ho leka ho senya botšepehi ba Jesu ka ho sebelisa liteko, lintho tse ipiletsang ho ithahaselleng. Ha a hlōleha ho seo, Diabolose o ile a retelehela mahlorisong, qetellong a etsa hore Jesu a bolaeloe thupeng ea polao. Le ka mohla Jesu ha aa ka a kheloha botšepehing ba hae bo sa sekisetseng ho Ntate oa hae oa leholimo, Jehova Molimo.—Matheu 4:1-11.

13 Jesu Kreste o ’nile a tšepahala ka ho sa sekisetseng ho balateli ba hae ha a phetha tšepiso e tlalehiloeng ho Matheu 28:20: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle, ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Ha a phethahatsa tšepiso eo, ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho fihlela hona joale, o ’nile a etella pele phutheho ea hae ka botšepehi bo sa sekisetseng.

Batho ba sa Phethahalang ba Neng ba Tšepahala ka ho sa Sekisetseng

14. Jobo o ile a beha mohlala ofe oa botšepehi bo sa sekisetseng?

14 Joale, ho thoe’ng ka batho ba sa phethahalang? Na ba ka tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Molimo? Re na le mohlala o hlahelletseng oa Jobo. Satane o ile a etsa hore tseko ena e hlake tabeng ea hae. Na Jobo o ne a tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Jehova Molimo, kapa o ne a mpa a mo sebeletsa ka lebaka la ho ithahasella? Satane o ile a ithorisa ka hore o ne a ka etsa hore Jobo a furalle Jehova ka ho bakela Jobo matšoenyeho. Ha Jobo a se a lahlehetsoe ke maruo a hae ’ohle, bana ba hae kaofela, esita le bophelo bo botle ba ’mele oa hae, mosali oa hae o ile a mo phehella: “Rohaka Molimo, ’me u shoe!” Empa Jobo o ne a tšepahala ka ho sa sekisetseng, hobane o ile a re ho eena: ‘U bua joalo ka leoatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo oa hae.’ (Jobo 2:9, 10) Ha e le hantle, ho batšelisi-’mōtoana, Jobo o ile a re: “Le hoja eena [Molimo] a ka mpolaea, leha ho le joalo ke tla mo tšepa.” (Jobo 13:15, New International Version) Ha ho makatse hore ebe Jehova o ile a amohela Jobo! Ka hona, Jehova o ile a re ho Elifaze oa Themane: “Bohale ba ka bo tuketse uena le metsoalle ea hao e ’meli, hobane ha lea ka la bolela tsa ka hantle, joalo ka ha ho entse Jobo, mohlanka oa ka.”—Jobo 42:7, 10-16; Jakobo 5:11.

15. Re na le bopaki bofe ba Mangolo ba botšepehi bo sa sekisetseng ba bahlanka ba bangata ba Jehova Molimo?

15 Banna le basali bohle ba tumelo ba boletsoeng ho Baheberu khaolo ea 11 ba ka boleloa e le ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng. E ne e se feela hore baa tšepahala empa hape ba ne ba tšepahala ka ho sa sekisetseng ha ba talimane le likhatello. Kahoo, re bala ka ba joalo “bao ka tumelo ba ileng . . . ba thiba melomo ea litau, ba thiba matla a mollo, ba phonyoha bohale ba sabole . . . E, ba bang ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo le lichapo, ka sebele, ho feta moo, ka litlamo le lichankana. Ba ile ba tlepetsoa ka majoe, ba lekoa, ba sakhoa likoto, ba shoa ka ho bolaoa ka mabifi ka sabole, ba phaila ka matlalo a linku, ka matlalo a lipōli, ha ba ntse ba le bohloking, ba le matšoenyehong, ba le tlas’a tšoaro e mpe.”—Baheberu 11:33-37.

16. Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala ofe oa botšepehi bo sa sekisetseng?

16 Mangolo a Segerike a Bakreste le ’ona a fana ka mohlala o tsotehang oa moapostola Pauluse. Ke ka nepo a neng a ka re ho Bakreste ba Thesalonika ka tšebeletso ea hae: “Le lipaki, Molimo le eena ke eona, kamoo re ileng ra ba ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng le ba lokileng le ba ke keng ba tšoauoa phoso ho lōna balumeli.” (1 Bathesalonika 2:10) Re na le bopaki bo eketsehileng ba botšepehi bo sa sekisetseng ba Pauluse mantsoeng a hae a tlalehiloeng ho 2 Bakorinthe 6:4, 5, moo re balang: “Ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ipuella re le basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella ho hongata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata, ka likotlo, ka lichankana, ka ho hloka taolo, ka mesebetsi, ka ho se robale bosiu, ka linako tsa ho ba ntle ho lijo.” Sena sohle se paka hore moapostola Pauluse o ne a itlhompha hobane o ne a tšepahala ka ho sa sekisetseng.

Ba Tšepahalang ka ho sa Sekisetseng Mehleng ea Kajeno

17. Ke mantsoe afe a J. F. Rutherford a ileng a bontša boikemisetso ba hae ba ho tšepahala ka ho sa sekisetseng?

17 Mehleng ea kajeno, re na le mohlala o motle o seng o hlahlobiloe kenyeletsong ea rōna. Hlokomela se boletsoeng ka bukeng ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso,” leqepheng la 146 tlas’a sehloohoana se reng: “Botšepehi [bo sa Sekisetseng] Nakong ea Litlamo.” Ho itsoe: “A bontša ho tšepahala [ka ho sa sekisetseng] mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ha a ntse a le litlamong, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, Joseph F. Rutherford, ka la 25 Tšitoe, 1918, a ngola . . . se latelang: ‘Kaha ke hanne ho sekisetsa le Babilona, empa ka botšepehi ke lekile ho sebeletsa Morena oa ka, ke chankaneng, e leng hoo ke ho lebohang. . . . Nka mpa ka ikhethela kamohelo ea [H]ae le pososelo le ho ba chankaneng ho e-na le ho sekisetsa kapa ho ineela ho Sebata, ho lokoloha le ho amoheloa ka thabo ke lefatše lohle.’”b

18, 19. Re na le mehlala efe e ikhethang ea botšepehi bo sa sekisetseng mehleng ea kajeno?

18 Re na le mehlala e metle haholo ea botšepehi bo sa sekisetseng ba Bakreste ba bang ba bangata ba mameletseng mahloriso. Har’a batho ba joalo ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng ho na le Lipaki tsa Jehova tsa Jeremane tsa nakong ea puso ea Nazi, joalokaha li bontšitsoe videong ea Purple Triangles, e ajoang haholo ka Senyesemane. Hape ba hapang tlhokomelo ke Lipaki tsa Jehova tsa Maafrika tse ngata tse tšepahalang ka ho sa sekisetseng, tse kang tsa Malawi. Naheng eo, molebeli e mong oa teronko o ile a paka botšepehi bo sa sekisetseng ba Lipaki, a re: “Le ka mohla li ke ke tsa sekisetsa. Li mpa feela li eketseha.”

19 Motho a ke ke a bala Li-Yearbook of Jehovah’s Witnesses tsa morao tjena a sa khahloe ke botšepehi bo sa sekisetseng bo bontšoang ke Bakreste ba ’nete, ba kang ba Greece, Mozambique le Poland. Bongata ba bona ba ile ba hlokofatsoa ka tsela e otlang pelo; ba bang ba ile ba bolaoa. Leqepheng la 177 la 1992 Yearbook ho bontšoa litšoantšo tsa banna ba Bakreste ba robong ba Ethiopia ba ileng ba thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng ho fihlela ba bolaoa. Re le Lipaki tsa Jehova, na ha rea thabela ho ba le mehlala e mengata hakaale e re susumeletsang ho thulana le phephetso ee ea botšepehi bo sa sekisetseng?

20. Phello ea hore re tšepahale ka ho sa sekisetseng ke efe?

20 Ka ho hanela liteko le likhatello ka botšepehi bo sa sekisetseng, re haha boitlhompho ba rōna. Ka hona, joale, re batla ho ba ka lehlakoreng la mang tsekong ea botšepehi bo sa sekisetseng? Ka ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng, re ba ka lehlakoreng la Jehova Molimo tsekong ena ’me re paka hore ka ’nete Satane Diabolose ke raleshano ea nyonyehang, e mobe! Ka lebaka leo re amoheloa ke Moetsi oa rōna, Jehova Molimo, ’me re fumana moputso oa bophelo bo sa feleng thabong. (Pesaleme ea 37:29; 144:15b, NW) Ho tla latela tlhahlobo ea se hlokahalang ho thulana le phephetso ea botšepehi bo sa sekisetseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Encyclopedia ea Bibele e meqolo e ’meli e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

U ne U Tla Araba Joang?

◻ Ke hobane’ng ha botšepehi bo sa sekisetseng e le phephetso?

◻ Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore “botšepehi bo sa sekisetseng” ke polelo e khethehileng haholo?

◻ Re na le mehlala efe ea Mangolo ea batho ba sa phethahalang ba neng ba tšepahala ka ho sa sekisetseng?

◻ Re na le mehlala efe e metle ea botšepehi bo sa sekisetseng kajeno?

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Charles Taze Russell

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ruri Jesu e ne e le oa Jehova “ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng”

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Le hoja Jobo a ne a sa phethahala, o ile a ipaka a tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Pauluse o ile a beha mohlala o motle oa botšepehi bo sa sekisetseng ho Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela