Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 28 maq. 280-289
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšepehi ke Eng?
  • Botšepehi ba Jehova Boo ho Seng bo ka Bapisoang le Bona
  • Jehova “a ke ke a Tlohela Batho ba Hae ba Tšepahalang”
  • Lerato la Jehova le Tšepahalang le Bula Tsela ea ho Pholoha
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “U Tla Etsa ka Botšepehi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 28 maq. 280-289
Khoeli e bonahala sepaka-pakeng bosiu.

KHAOLO EA 28

“Ke Uena Feela ea Tšepahalang”

1, 2. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Morena Davida o ne a tseba hore na ho se tšepahalloe ke ntho e joang?

MORENA Davida o ne a tseba bohloko ba ho se tšepahalloe. Ka nako e ’ngoe puso ea hae e tletseng merusu e ile ea hlaseloa ke merero ea bolotsana eaba ba bang sechabeng sa habo ba mo etsetsa ’momori. Ho feta moo, Davida o ile a tsuoa tlase ke ba bang ba batho bao re neng re ka nka hore ke metsoalle ea hae e haufi-ufi. Nahana ka Mikale, mosali oa Davida oa matsoa-thaka. Qalong “o ne a rata Davida,” ntle ho pelaelo a mo tšehetsa mesebetsing ea hae ea borena. Empa ha nako e ntse e ea, “a mo nyefola ka pelong ea hae,” esita le ho nka Davida a le “feela joalokaha monna ea se nang kelello.”—1 Samuele 18:20; 2 Samuele 6:16, 20.

2 E mong hape e ne e le Akitofele, moeletsi oa Davida. Boeletsi ba hae bo ne bo nkeloa holimo joalokaha eka ke lentsoe la Jehova ka ho toba. (2 Samuele 16:23) Empa ka mor’a nako, motsoalle enoa ea tšeptjoang o ile a fetoha lehlaba-phio eaba o kenella ’momoring oa ho hlanohela Davida. Ke mang ea neng a hlohlelletsa ’momori oo? Ke Absalome, mora oa Davida! Ramenyetla enoa ea mano o ile “a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele,” a iketsa ea qothisanang lehlokoa le morena. Bofetoheli ba Absalome bo ile ba ipha matla hoo Morena Davida a ileng a tlameha ho baleha ho pholosa bophelo ba hae.—2 Samuele 15:1-6, 12-17.

3. Davida o ne a kholisehile ka eng?

3 Na ho ne ho se ho se na ea tšepahalang ho Davida? Mahlomoleng ’ohle a hae, Davida o ne a tseba hore ka sebele o teng. E ne e le mang? E ne e le Jehova Molimo. Davida o ile a re ka Jehova: “U tšepahalla motho ea tšepahalang.” (2 Samuele 22:26) Botšepehi ke eng, hona Jehova o beha mohlala o phahameng ka ho fetisisa joang tšobotsing ee?

Botšepehi ke Eng?

4, 5. (a) ‘Botšepehi’ ke eng? (b) Ho tšepahala ha lintho tse sa pheleng ho fapana joang le botšepehi bo bonahatsoang ke motho?

4 ‘Botšepehi’ kamoo bo sebelisitsoeng kateng ka Mangolong a Seheberu ke mosa oo ka lerato o khomarelang ntho o sa e tlohele ho fihlela morero oa oona ka eona o finyeletsoe. Motho ea tšepahalang ke ea lerato.a Ka ho thahasellisang, mopesaleme o bitsa khoeli “paki e tšepahalang” kaha e hlaha bosiu bo bong le bo bong. (Pesaleme ea 89:37, naletsana) Empa khoeli e ke ke ea tšepahala ka kutloisiso eo motho a tšepahalang ka eona. Hobane’ng? Hobane botšepehi ba motho ke ponahatso ea lerato e leng ntho eo lintho tse sa pheleng li sitoang ho e bonahatsa.

Khoeli e bitsoa paki e tšepahalang, empa batho le mangeloi ke bona feela bao ka sebele ba ka bonahatsang botšepehi bo kang ba Jehova

5 Ho ea ka kutloisiso ea Mangolo, ho tšepahala ho akarelletsa ho ba le boikutlo bo mofuthu. Botšepehi bo bontša hore ho na le kamano e itseng pakeng tsa motho ea bontšang tšobotsi ena le eo e bontšoang ho eena. Botšepehi bo joalo ha bo feto-fetohe. Ha bo tšoane le maqhubu a leoatle a akhotsoang ke meea ea lifefo. Ho e-na le hoo, botšepehi kapa lerato le tšepahalang, le na le botsitso le matla a ho hlola litšitiso tse thata ka ho fetisisa.

6. (a) Botšepehi bo haella hakae har’a batho, hona Bibele e bontšitse hoo joang? (b) Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta seo botšepehi bo se akarelletsang ke efe, hona hobane’ng?

6 ’Nete ke hore botšepehi bo joalo boa haella mehleng ena. Metsoalle e haufi e atisa ho “utloisana bohloko.” Re tsoela pele ho utloa ka balekane ba lahlang balekane ba bona kherehloa. (Liproverbia 18:24; Malakia 2:14-16) Liketso tse mano li atile hoo le rona re ka ’nang ra iphumana re pheta mantsoe a moprofeta Mikea a reng: “Ea tšepahalang o felisitsoe lefatšeng.” (Mikea 7:2) Le hoja hangata batho ba hloleha ho bontša botšepehi empa tšobotsi eo ea bohlokoa e khetholla Jehova ka tsela e ikhethang. Ha e le hantle, tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta seo botšepehi bo hlileng bo se akarelletsang ke ho hlahloba kamoo Jehova a bonahatsang tšobotsi ena e hlollang ea lerato la hae kateng.

Botšepehi ba Jehova Boo ho Seng bo ka Bapisoang le Bona

7, 8. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova ke eena feela ea tšepahalang?

7 Bibele e re ka Jehova: “Ke uena feela ea tšepahalang.” (Tšenolo 15:4) Ho ka ba joalo joang? Na batho le mangeloi ha baa ka ba bonahatsa botšepehi bo tsotehang ka linako tse ling? (Jobo 1:1; Tšenolo 4:8) Hona ho thoe’ng ka Jesu Kreste? Na ha se eena ea ka sehloohong ‘ea tšepahallang’ Molimo? (Pesaleme ea 16:10) Joale, ke joang ho ka thoeng ke Jehova feela ea tšepahalang?

8 Ntlha ea pele, hopola hore botšepehi ke tšobotsi ea lerato. Kaha “Molimo ke lerato,” ke eena mothofatso oa tšobotsi ena. Ke mang ea ka bonahatsang botšepehi ka ho feletseng ho feta Jehova? (1 Johanne 4:8) Ke ’nete hore mangeloi le batho ba ka ’na ba bonahatsa litšobotsi tsa Molimo empa ke Jehova feela ea tšepahalang ka ho fetisisa. Kaha ke “Moholo-holo oa Matsatsi,” o bonahalitse botšepehi ka nako e telele ho feta sebopuoa leha e le sefe, se lefatšeng kapa leholimong. (Daniele 7:9) Kahoo, Jehova ke mohlala oa sebele oa botšepehi. O bonahatsa tšobotsi ena ka tsela eo ka eona ho seng sebopuoa leha e le sefe se ka e bonahatsang. Nahana ka mehlala e seng mekae.

9. Lintho tsohle tseo Jehova a li etsang li bontša joang hore oa tšepahala?

9 “Lintho tsohle tseo Jehova a li etsang . . . lia bontša hore oa tšepahala.” (Pesaleme ea 145:17) Ka tsela efe? Pesaleme ea 136 e fana ka karabo. Moo ho thathamisitsoe liketso tse ’maloa tsa Jehova tsa poloko, ho akarelletsa ha a lopolla Baiseraele ka tsela e hlollang ka ho ba tšelisa Leoatle le Lefubelu. Ho hlokomelehang ke hore temana e ’ngoe le e ’ngoe ea pesaleme ena e hatisoa ke poleloana e reng: “Lerato la hae ha le fele le ka mohla.” Pesaleme ena e kenyelelitsoe “Lipotsong Tsa ho Thuisa” tse leqepheng la 289. Ha u ntse u bala litemana tseo, u tla khahloa ke litsela tse ngata tseo Jehova a bontšitseng lerato le tšepahalang ho batho ba hae ka tsona. Ka sebele, Jehova o bontša botšepehi ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ka ho utloa sello sa bona ha ba kopa thuso le ka ho nka khato ka nako e nepahetseng. (Pesaleme ea 34:6) Lerato le tšepahalang la Jehova ho bahlanka ba hae ha le sisinyehe hafeela ba lula ba mo tšepahalla.

10. Jehova o bontša joang hore o tšepahalla litekanyetso tsa hae?

10 Ho feta moo, Jehova o bontša botšepehi ho bahlanka ba hae ka ho khomarela litekanyetso tsa hae. Ho fapana le batho ba sa tsitsang, ba nkehang maikutlo habonolo feela, Jehova ha a feto-fetohe ponong ea hae ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ho theosa le lilemo, pono ea hae ka lintho tse kang tšebelisano le meea, borapeli ba litšoantšo le ho bolaeana ha batho, e lutse e sa fetohe. O ile a re ka moprofeta oa hae Esaia: “Ke tla lula ke tšoana ho fihlela le tsofala.” (Esaia 46:4) Kahoo, re ka kholiseha hore re tla rua molemo ha re latela tataiso e hlakileng ea boitšoaro e fumanoang Lentsoeng la Molimo.—Esaia 48:17-19.

11. Fana ka mehlala ho bontša hore Jehova o boloka litšepiso tsa hae.

11 Jehova o boetse o bontša botšepehi ka ho boloka litšepiso tsa hae. Ha a bolela ntho esale pele, ea etsahala. Kahoo Jehova o itse: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana. Le tla fela le etse eng kapa eng eo ke e ratang ’me joang kapa joang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse.” (Esaia 55:11) Ka ho boloka litšepiso tsa hae, Jehova o bontša botšepehi ho batho ba hae. Ha a ba tšoarise lefika ka ntho eo a sa ikemisetsang ho e etsa. Botumo ba Jehova ntlheng ena bo botle hoo mohlanka oa hae Joshua a neng a ka re: “Ha ho tšepiso e ileng ea hloleha ho phethahala litšepisong tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a li entse ho ntlo ea Iseraele. Li ile tsa phethahala kaofela.” (Joshua 21:45) Ka hona, re ka kholiseha hore le ka mohla re ke ke ra soetseha kahobane Jehova a hloleha ho phethahatsa litšepiso tsa hae.—Esaia 49:23; Baroma 5:5.

12, 13. Lerato la Jehova le tšepahalang ha le fele le ka mohla ka litsela life?

12 Joalokaha ho boletsoe pejana, Bibele e re bolella hore lerato la Jehova le tšepahalang “ha le fele le ka mohla.” (Pesaleme ea 136:1) Joang? Ka kutloisiso ea hore Jehova o tšoarela libe ka ho sa feleng. Joalokaha hoo ho tšohliloe Khaolong ea 26, Jehova ha a ahlolele motho liphoso tsa nako e fetileng tseo a seng a mo tšoaretse tsona. Kaha “bohle ba entse sebe ’me ba hloleha ho bonahatsa khanya ea Molimo,” e mong le e mong oa rona o lokela ho leboha hore ebe lerato la Jehova le tšepahalang ha le fele le ka mohla.—Baroma 3:23.

13 Empa lerato la Jehova le tšepahalang ha le fele le ka mohla ka tsela e ’ngoe hape. Lentsoe la hae le re ea lokileng “o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se behang litholoana ka nako ea tsona, seo makhasi a sona a sa poneng. O tla atleha linthong tsohle tseo a li etsang.” (Pesaleme ea 1:3) Ak’u nahane ka sefate se behang haholo seo makhasi a sona a sa poneng! Kahoo, le rona haeba re hlile re thabela Lentsoe la Molimo, re tla phela nako e telele ka khotso re bile re le ba behang litholoana. Litlhohonolofatso tseo ka botšepehi Jehova a li fang bahlanka ba hae ba tšepahalang ke tsa ka ho sa feleng. Ha e le hantle, lefatšeng le lecha la ho loka leo Jehova a tlang ho le tlisa, batho ba mamelang ba tla bona lerato la Jehova le tšepahalang le le sa feleng le ka mohla.—Tšenolo 21:3, 4.

Jehova “a ke ke a Tlohela Batho ba Hae ba Tšepahalang”

14. Jehova o bontša joang hore o ananela botšepehi ba bahlanka ba hae?

14 Jehova o bontšitse botšepehi ba hae khafetsa. Kaha Jehova ha a feto-fetohe, le ka mohla botšepehi boo a bo bontšang ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ha bo thekesele. Mopesaleme o ile a ngola mantsoe a reng: “Nkile ka ba mocha ’me hona joale ke tsofetse empa ha ke e-s’o bone ea lokileng a lahliloe kapa bana ba hae ba hloka lijo. Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela batho ba hae ba tšepahalang.” (Pesaleme ea 37:25, 28) Ke ’nete hore kaha ke ’Mopi, Jehova o tšoaneloa ke borapeli ba rona. (Tšenolo 4:11) Leha ho le joalo, kaha oa tšepahala, Jehova o ananela liketso tsa rona tse tšepahalang.—Malakia 3:16, 17.

15. Hlalosa kamoo litšebelisano tsa Jehova le Iseraele li totobatsang botšepehi ba hae kateng.

15 Kaha o mohau, nako le nako Jehova o thusa batho ba hae ha ba le mahlomoleng. Mopesaleme o re: “O sireletsa batho ba hae ba mo tšepahallang. O ba pholosa ho ba khopo.” (Pesaleme ea 97:10) Nahana ka litšebelisano tsa hae le sechaba sa Iseraele. Ka mor’a hore ba tšelisoe Leoatle le Lefubelu ka mohlolo, Baiseraele ba ile ba binela Jehova pina ba re: “Ka mohau [kapa “lerato le tšepahalang,” naletsana] oa hao u tsamaisitse sechaba seo u se lopolotseng.” (Exoda 15:13) Ka sebele ho lopolloa ha bona Leoatleng le Lefubelu e ne e le ketso ea lerato la Jehova le tšepahalang. Ka hona Moshe o ile a re ho Baiseraele: “Ha se hobane le le bangata ho feta lichaba tsohle Jehova a ileng a le rata ’me a le khetha kaha le ne le le sechaba se senyenyane har’a lichaba tsohle. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a le ntša ka letsoho le matla e le hore a le lopolle ntlong ea bokhoba, matleng a Faro morena oa Egepeta hobane Jehova a le rata hape a phethile kano ea hae eo a e hlapanyelitseng baholo-holo ba lona.”—Deuteronoma 7:7, 8.

16, 17. (a) Baiseraele ba ile ba bontša ho haelloa ke kananelo joang, empa Jehova o ile a ba bontša qenehelo joang? (b) Baiseraele ba bangata ba ile ba bontša joang hore “ba se ba sa khone ho thusoa,” hona see se re fa mohlala ofe oa temoso?

16 Ke ’nete hore Baiseraele e le sechaba ba ile ba hloleha ho bontša kananelo bakeng sa lerato la Jehova le tšepahalang. Ka mor’a ho lopolloa ha bona ba ile “ba ’na ba . . . siteloa [Jehova] ka ho fetohela Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Pesaleme ea 78:17) Ka lilemo tse makholo, ba ile ba ’na ba mo fetohela nako le nako, ba furalla Jehova ba retelehela ho melimo ea bohata le mekhoeng ea bohetene e neng e ba silafatsa. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a roba selekane sa hae. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a sebelisa moprofeta Jeremia ho ipiletsa ho batho ba hae ka tieo: “Khutla, uena Iseraele oa mokoenehi. Nke ke ka u halefela hobane kea tšepahala.” (Jeremia 3:12) Leha ho le joalo, joalokaha re bone Khaolong ea 25, Baiseraele ba bangata ha baa ka ba susumetseha ho etsa liphetoho. Ha e le hantle, ‘ba ile ba soma baromuoa ba Molimo oa ’nete, ba nyatsa mantsoe a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae.’ Ka phello efe? Qetellong, ‘Jehova o ile a halefela batho ba hae haholo, ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.’—2 Likronike 36:15, 16.

17 Re ithuta’ng ho see? Hore botšepehi ba Jehova ha se ba bofofu ebile ha bo ee le khongoana holimo. Ke ’nete hore Jehova ke Molimo “ea nang le lerato le tšepahalang” ’me o thabela ho bontša mohau ha ho e-na le motheo oa hore a etse joalo. Empa o etsa’ng haeba mofosi a sa ikemisetsa ho fetoha? Boemong boo, Jehova o khomarela litekanyetso tsa hae tse lokileng ’me o fana ka kahlolo e boima. Joalokaha Moshe a ile a bolelloa, ‘ho hang Jehova ha a tlohele ea molato hore a se ke a fuoa kotlo.’—Exoda 34:6, 7.

18, 19. (a) Taba ea hore Jehova o otla batho ba khopo e bontša joang hore oa tšepahala? (b) Jehova o tla bontša botšepehi ba hae joang ho bahlanka ba hae ba hlorisitsoeng ho isa lefung?

18 Taba ea hore Molimo o otla batho ba khopo ke pontšo ea hore oa tšepahala. Hobane’ng re ka cho joalo? Buka ea Tšenolo e hlalosa taba ena. Jehova o fa mangeloi a supileng litaelo tse reng: “Tsamaeang, le qhalle bohale ba Molimo bo ka likotlolong tse supileng lefatšeng.” Ha lengeloi la boraro le qhalla sekotlolo sa lona “linokeng le lilibeng,” li fetoha mali. Joale lengeloi le re ho Jehova: “Uena ea tšepahalang, ea teng le ea neng a le teng, u lokile hobane u fane ka likahlolo tsena. Kaha ba ile ba tšolla mali a bahalaleli le a baprofeta, u entse hore ba noe mali. Kahlolo eo ea ba tšoanela.”—Tšenolo 16:1-6.

19 Hlokomela hore ha lengeloi le ntse le fana ka molaetsa oo oa kahlolo, le bitsa Jehova “ea tšepahalang.” Hobane’ng? Hobane ka ho timetsa ba khopo, Jehova o bontša ho tšepahala ho bahlanka ba hae, bao ba bangata ba bona ba hlorisitsoeng ho isa lefung. Ka botšepehi, Jehova o ba boloka ba phela mohopolong oa hae. O labalabela ho boela a bona bana ba tšepahalang ba shoeleng ’me Bibele e tiisa hore morero oa hae ke ho ba putsa ka tsoho. (Jobo 14:14, 15) Jehova ha a lebale bahlanka ba hae ba tšepahalang hobane feela ba se ba shoele. Ho e-na le hoo, “ho eena baa phela kaofela.” (Luka 20:37, 38) Morero oa Jehova oa ho tsosa ba mohopolong oa hae hore ba tl’o phela hape ke bopaki bo matla ba botšepehi ba hae.

Ka botšepehi Jehova o tla hopola le ho tsosa ba ipakileng ba tšepahala ho isa lefung

Bernard Luimes (ka ho le letšehali) le Wolfgang Kusserow (bohareng) ba ile ba bolaoa ke Manazi

Moses Nyamussua (ka ho le letona) o ile a bolaoa ke mokhopi oa lipolotiki ka ho hlajoa ka lerumo

Lerato la Jehova le Tšepahalang le Bula Tsela ea ho Pholoha

20. “Batho bao a neng a tla ba hauhela” ke bo-mang, hona Jehova o bontša ho tšepahala ho bona joang?

20 Ho theosa le histori, Jehova o bontšitse botšepehi ka tsela e tsotehang ho batho ba tšepahalang. Ha e le hantle, ka lilemo tse likete Jehova o ‘mameletse batho bana ba neng ba tšoanela ho fuoa kotlo ebile ba tšoana le lijana tse lokelang ho senngoa.’ Hobane’ng? “O ile a etsa joalo e le hore a bontše boemo ba hae bo phahameng haholo ho batho bao a neng a tla ba hauhela le ba tla fumana moputso oo a ba lokiselitseng oona.” (Baroma 9:22, 23) “Batho bao a neng a tla ba hauhela” ke batho ba sekametseng ho lokeng ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang hore e be majalefa-’moho le Kreste ’Musong oa hae. (Matheu 19:28) Ka ho bulela batho bana bao a neng a tla ba hauhela tsela ea ho pholoha, Jehova o tšepahetse ho Abrahama, eo a ileng a mo etsetsa tšepiso ena ea selekane: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana oa hao hobane u mametse lentsoe la ka.”—Genese 22:18.

Bara le barali ba bo rona ba tsoang libakeng tse fapaneng ba bile ba sa lekane ka lilemo, ba thabile.

Ka lebaka la botšepehi ba Jehova, bahlanka ba hae bohle ba tšepahalang ba na le tšepo e tiileng ea bokamoso

21. (a) Jehova o bontša botšepehi joang ho “bongata bo boholo” bo nang le tebello ea ho tsoa ‘mahlomoleng a maholo’? (b) Botšepehi ba Jehova bo u susumelletsa ho etsa’ng?

21 Jehova o bontša ho tšepahala ho joalo le ho “bongata bo boholo” bo nang le tebello ea ho tsoa ‘mahlomoleng a maholo’ le ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:9, 10, 14) Le hoja bahlanka ba hae ba sa phethahala, ka botšepehi Jehova o ba fa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. O etsa seo joang? Ka ho sebelisa tefo ea topollo, e leng pontšo e kholo ka ho fetisisa ea botšepehi ba Jehova. (Johanne 3:16; Baroma 5:8) Botšepehi ba Jehova bo hohela bao lipelong tsa bona li batlang ho loka. (Jeremia 31:3) Na ha u ikutloe u atametse ho Jehova haholoanyane ka lebaka la botšepehi bo tebileng boo a bo bontšitseng le boo a sa ntseng a tla bo bontša? Kaha takatso ea rona ke ho atamela ho Molimo, e se eka re ka mo bontša hore re ananela lerato la hae ka ho tiisa boikemisetso ba rona ba ho mo sebeletsa ka botšepehi.

a Ho thahasellisang ke hore lentsoe le fetoletsoeng e le ‘botšepehi’ ho 2 Samuele 22:26, libakeng tse ling le fetoletsoe e le “lerato le tšepahalang.”

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • 1 Samuele 24:1-22 Davida o ile a bonahatsa botšepehi boo Jehova a bo ananelang joang tseleng eo a ileng a tšoara Morena Saule ka eona?

  • Esthere 3:7-9; 4:6–5:1 Esthere o ile a bontša botšepehi ba Molimo joang ho batho ba habo, le hoja a ne a beha bophelo ba hae kotsing?

  • Pesaleme ea 136:1-26 Pesaleme ee e re ruta eng ka lerato la Jehova le tšepahalang?

  • Obadia 1-4, 10-16 Botšepehi ba Jehova ho batho ba hae bo ile ba mo susumelletsa joang ho otla Baedomo ka lebaka la boitšoaro ba bona ba ho se tšepahale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela