Lebaka Leo ka Lona Molimo a Hlohonolofatsang Borapeli ba ’Nete
“Rorisang Jah! Poloko le khanya le matla ke tsa Molimo oa rōna, hobane likahlolo tsa hae ke tsa ’nete ’me li lokile.”—TŠENOLO 19:1, 2.
1. Babylona e Moholo o tla fela joang?
“BABYLONA E MOHOLO” o oele mahlong a Molimo ’me hona joale o talimane le timetso. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore seotsoa sena sa lefatše ka bophara se tla tloha se thulana le pheliso matsohong a linyatsi tsa sona tsa lipolotiki; bofelo ba sona e tla ba ba tšohanyetso le bo potlakileng. Tšenolo ea Jesu ho Johanne e ne e fupere mantsoe ana a boprofeta: “’Me lengeloi le matla la phahamisa lejoe le joaloka lejoe le leholo la leloala ’me la le lihela ka leoatleng, le re: ‘Ka tsela ena ka ho akheloa ka sekhahla Babylona motse o moholo o tla liheloa tlaase, ’me le ka mohla ha a na ho fumanoa hape.’”—Tšenolo 18:2, 21.
2. Bahlanka ba Jehova ba tla itšoara joang ha Babylona e timetsoa?
2 Timetso ea Babylona e Moholo e tla lleloa ke likarolo tse ling tsa lefatše la Satane empa ka sebele bahlanka ba Molimo ba leholimong kapa lefatšeng ba ke ke ba e llela. Mohoo oa bona oa thabo ho Molimo e tla ba o reng: “Rorisang Jah! Poloko le khanya le matla ke tsa Molimo oa rōna, hobane likahlolo tsa hae ke tsa ’nete ’me li lokile. Kaha o phethahalitse kahlolo holim’a seotsoa se seholo se ileng sa bolisa lefatše ka bohlola ba sona, ’me o phetelelitse mali a makhoba a hae letsohong la sona.”—Tšenolo 18:9, 10; 19:1, 2.
Bolumeli ba ’Nete bo Tlameha ho Hlahisa Litholoana Life?
3. Ke lipotso life tse hlokang likarabo?
3 Kaha bolumeli ba bohata bo tla tlosoa ka ho feletseng lefatšeng, ho tla sala borapeli ba mofuta ofe? Kajeno re ka lekanyetsa joang hore na ke sehlopha sefe sa bolumeli se tla pholoha timetso ea ’muso oa lefatše oa Satane oa bolumeli ba bohata? Sehlopha see se lokela ho hlahisa litholoana life tsa ho loka? Bonyane ho na le matšoao a leshome a khethollang borapeli ba ’nete ba Jehova.—Malakia 3:18; Matheu 13:43.
4. Tlhokahalo ea pele ea borapeli ba ’nete ke efe, ’me Jesu o ile a beha mohlala joang tabeng ee?
4 La pele le le ka sehloohong, Bakreste ba ’nete ba tlameha ho buella bobusi boo Jesu a bo shoetseng—bobusi ba Ntate oa hae. Jesu ha aa ka a tela bophelo ba hae bakeng sa lithahasello tsa lipolotiki, morabe, moloko kapa sechaba. O ne a etelletsa ’Muso oa Ntat’ae ka pel’a lipakane tsohle tsa Bajuda tsa lipolotiki kapa tsa phetoho ’musong. O ile a araba Satane ka mantsoe ana ha a ne a batla ho mo fa mebuso ea lefatše: “Tloha, Satane! Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” O ne a tseba ka Mangolo a Seheberu hore Jehova ke ’Musi oa ’nete holim’a lefatše lohle. Ke sehlopha sefe sa bolumeli seo ka ho hlakileng se tšehetsang puso ea Jehova ho e-na le litsamaiso tsa lipolotiki tsa lefatše lee?—Matheu 4:10; Pesaleme ea 83:18.
5. (a) Barapeli ba ’nete ba lokela ho talima lebitso la Molimo joang? (b) Ke’ng se bontšang hore Lipaki tsa Jehova li hlile li hlompha lebitso leo?
5 Tlhokahalo ea bobeli ke hore borapeli ba ’nete bo tlameha ho phahamisa le ho halaletsa lebitso la Molimo. Ea Matla ’Ohle o senoletse batho ba hae ba Iseraele lebitso la hae, Jehova (le fetoletsoeng e le Yahweh liphetolelong tse ling tsa Bibele), ’me le sebelisitsoe ka makhetlo a likete Mangolong a Seheberu. Le pele ho moo, Adama, Eva le ba bang ba ne ba tseba lebitso lena, le hoja e ne e se kamehla ba neng ba le hlompha. (Genese 4:1; 9:26; 22:14; Exoda 6:2) Le hoja bafetoleli ba Bokreste-’mōtoana le ba Bajuda hangata ba ne ba sa kenye lebitso la Molimo Libibeleng tsa bona, Lipaki tsa Jehova li kentse lebitso leo sebakeng sa lona se loketseng li bile li le hlomphile ka ho loketseng ho New World Translation of the Holy Scriptures. Li tlōtla lebitso leo, joalokaha Bakreste ba pele ba ne ba le tlōtla. Jakobo o ile a paka: “Symeone o phetile ka ho phethahetseng kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae. ’Me mantsoe a Baprofeta a lumellana le sena, . . . ‘e le hore ba setseng ba batho ba ka batla Jehova ka tieo, hammoho le batho ba lichaba tsohle, batho ba bitsoang ka lebitso la ka, ho bolela Jehova, ea etsang lintho tsena.’”—Liketso 15:14-17; Amose 9:11, 12.
6. (a) Tlhokahalo ea boraro ea borapeli ba ’nete ke efe? (b) Jesu le Daniele ba ile ba phahamisa puso ea ’Muso joang? (Luka 17:20, 21)
6 Tlhokahalo ea boraro ea borapeli ba ’nete ke hore bo lokela ho phahamisa ’Muso oa Molimo e le oona feela tharollo e loketseng le e sebetsang mathateng a puso a moloko oa batho. Ka ho hlakileng Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho rapella ’Muso oo hore o tle, hore puso ea Molimo e laole lefatše. Daniele o ile a bululeloa hore a profete tjena mabapi le mehla ea qetello: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha; . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [ea lefatše, ea lipolotiki], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Ke bo-mang ba bontšitseng ka tsela eo ba etsang lintho ka eona lekholong lee la bo20 la lilemo hore ba tšehetsa ’Muso oo ka ho feletseng—malumeli a Babylona e Moholo kapa Lipaki tsa Jehova?—Daniele 2:44; Matheu 6:10; 24:14.
7. Barapeli ba ’nete ba talima Bibele joang?
7 Tlhokahalo ea bone bakeng sa hore ba amoheloe ke Molimo ke hore bahlanka ba ’nete ba Molimo ba lokela ho buella Bibele e le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Ka lebaka leo ba ne ba ke ke ba oela lerabeng la thuto ea ho hlahlobisisa Bibele ka morero oa ho fumana liphoso, e lekang ho etsa hore Bibele e fetohe buka feela tjee e ngotsoeng ke batho e nang le liphoso tsohle tseo sena se neng se tla li hlahisa. Lipaki tsa Jehova li lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, feela joalokaha Pauluse a ile a ngolla Timothea: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”a Ka lebaka leo, Lipaki tsa Jehova li nka Bibele e le tataiso ea tsona, buka ea tsona ea litaelo tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, le mohloli oa tsona oa tšepo ea ka moso.—2 Timothea 3:16, 17.
Bolumeli ba Lerato, e Seng Lehloeo
8. Tlhokahalo ea bohlano ea borapeli ba ’nete ke efe?
8 Jesu o ile a khetholla balateli ba hae ba ’nete joang? Karabo ea hae e re tlisa letšoaong la bohlokoa la bohlano le khethollang borapeli ba ’nete. Jesu o itse: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane. Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) Jesu o ile a bontša lerato la hae joang? Ka ho fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Ke hobane’ng ha lerato la sebele e le tšoaneleho e hlokahalang ho Bakreste ba ’nete? Johanne o ile a hlalosa: “Baratuoa, a re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo . . . Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:7, 8.
9. Ke bo-mang ba bontšitseng lerato la ’nete, hona joang?
9 Mehleng ea rōna ke bo-mang ba bonahalitseng lerato la mofuta oo, esita leha ba talimane le lehloeo la morabe, bochaba kapa moloko? Ke bo-mang ba fetileng teko e matla ka ho fetisisa, esita le ho isa lefung, e le hore lerato la bona le ’ne le ate? Na re ka re ke baprista ba K’hatholike le baitlami bao ho ke keng ha latoloa hore ba na le boikarabelo bo itseng bohatong bo neng bo reretsoe ho timetsa morabe o itseng bo ileng ba nkoa Rwanda ka 1994? Na ke Orthodox ea Serbia kapa Mak’hatholike a Croatia a kopanetseng “tlhoekisong ea morabe” le liketsong tse ling tseo e seng tsa Bokreste ntoeng eo ea lehae Balkans? Kapa na ke baruti ba K’hatholike kapa ba Prostanta ba totisitseng leeme le lehloeo Ireland Leboea lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng? Ka sebele Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa qosoa ka ho nka karolo likhohlanong leha e le life tse joalo. Li utloile bohloko literonkong le likampong tsa mahloriso, esita le ho isa lefung, ho e-na le ho hlōleha ho bontša lerato la tsona la Bokreste.—Johanne 15:17.
10. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba lula ba sa jele paate?
10 Tlhokahalo ea botšelela ea borapeli boo Molimo a bo amohelang ke ho se jele paate litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho lula ba sa jele paate lipolotiking? Pauluse, Jakobo le Johanne ba re fa lebaka le utloahalang la boemo boo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” ea foufatsang likelello tsa ba sa lumelang ka litsela tsohle tse khonehang, ho akarelletsa le lipolotiki tse bakang likarohano. Morutuoa Jakobo o ile a bontša hore “botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo,” ’me moapostola Johanne o itse “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Ka lebaka leo, Mokreste oa ’nete a ke ke a sekisetsa boinehelo ba hae ho Molimo ka ho nka karolo lefatšeng la Satane le senyehileng la lipolotiki le puso.—2 Bakorinthe 4:4; Jakobo 4:4; 1 Johanne 5:19.
11. (a) Bakreste ba talima ntoa joang? (b) Ho na le motheo ofe oa Mangolo bakeng sa boemo boo? (2 Bakorinthe 10:3-5)
11 Ha ho talingoa litlhokahalo tse peli tse ka holimo, ea bosupa e hlakile, e leng hore barapeli ba ’nete ba Bakreste ha baa lokela ho nka karolo lintoeng. Kaha bolumeli ba ’nete ke mokhatlo oohle oa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara o thehiloeng leratong, joale ha ho letho le ka arolang kapa la senya ‘mokhatlo ona oohle oa barab’abo rōna lefatšeng.’ Jesu o rutile lerato, e seng lehloeo; khotso, e seng ntoa. (1 Petrose 5:9; Matheu 26:51, 52) Eena enoa “ea khopo,” e leng Satane, ea ileng a susumeletsa Kaine ho bolaea Abele o tsoela pele ho jala lehloeo molokong oa batho le ho qholotsa likhohlano le tšollo ea mali motheong oa likarohano tsa lipolotiki, bolumeli le moloko. Bakreste ba ’nete ‘ha ba sa ithuta ho loana,’ ho sa tsotellehe liphello. Ka puo ea tšoantšetso, ba se ba ‘teile liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a teile lisekele.’ Ba hlahisa litholoana tsa khotso tsa moea oa Molimo.—1 Johanne 3:10-12; Esaia 2:2-4; Bagalata 5:22, 23.
Molimo o Hlohonolofatsa Bohloeki Boitšoarong le Lithutong
12. (a) Tlhokahalo ea borobeli ke efe, empa u ka supa likhaohano life tsa bolumeli? (b) Pauluse o ile a totobatsa tlhokahalo ee ea borobeli joang?
12 Tlhokahalo ea borobeli ea borapeli ba ’nete ke bonngoe ba Bokreste. Leha ho le joalo, malumeli a arolang a Bokreste-’mōtoana ha aa ka a thusa ho e finyella. Lihlopha tsa bolumeli tse ngata tseo ho thoeng ke tse ka sehloohong li arohile ea e-ba lihlopha tsa bokhelohi tse sa tšoaneng, ’me sena se fella ka pherekano. Ka mohlala, nahana ka bolumeli ba Baptiste United States, bo arohileng ho ba Mabaptiste a Leboea (American Baptist Churches in the U.S.A.) le Mabaptiste a Boroa (Southern Baptist Convention), esita le lihlopha tse ling tse ngata tsa Baptiste tse bakiloeng ke likhaohano. (World Christian Encyclopedia, leqepheng la 714) Likhaohano tse ngata li simolohile tabeng ea ho se tšoane ha thuto kapa puso ea kereke (ka mohlala, ea Presbitheri, ea Episcopal, ea Congregational). Likarohano tsena tsa Bokreste-’mōtoana li tšoantšoa le tsa malumeli a kantle ho Bokreste-’mōtoana—ebang ke Bobuddha, Boislam kapa Bohindu. Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste ba pele keletso efe? “Joale kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le ka kopana ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.”—1 Bakorinthe 1:10; 2 Bakorinthe 13:11.
13, 14. (a) Ke’ng se boleloang ka ‘ho halalela’? (b) Borapeli ba ’nete bo bolokiloe bo hloekile joang?
13 Tlhokahalo ea borobong ea bolumeli bo amoheloang ke Molimo ke efe? Molao-motheo oa Bibele o boletsoe ho Levitike 11:45: “Halalelang ke hona, hobane kea halalela.” Moapostola Petrose o ile a pheta tlhokahalo ena ha a ne a ngola: “Tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lōna ka bolōna le fele le be ba halalelang boitšoarong bohle ba lōna.”—1 Petrose 1:15.
14 Ho ameha eng tlhokahalong ena ea ho halalela? Hore barapeli ba Jehova ba lokela ho hloeka moeeng le boitšoarong. (2 Petrose 3:14) Ha ho na sebaka sa baetsalibe ba ka boomo ba sa bakeng, bao ka boitšoaro ba bona ba bontšang ho nyelisa sehlabelo sa thekollo sa Kreste. (Baheberu 6:4-6) Jehova o hloka hore phutheho ea Bokreste e bolokoe e hloekile ebile e halalela. Seo se finyelloa joang? Mokhoa o mong ke oa bohato ba boahloli ba ho khaola ba neng ba tla silafatsa phutheho.—1 Bakorinthe 5:9-13.
15, 16. Bakreste ba bangata ba entse liphetoho life bophelong ba bona?
15 Pele ba tseba ’nete ea Bokreste, ba bangata ba ne ba phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng, ba ho phelela menyaka le ba boikhabi. Empa litaba tse mabapi le Kreste li ile tsa ba fetola, ’me ba tšoaretsoe libe tsa bona. Pauluse o ile a hlalosa sena ka matla ha a ngola: “Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ha ba na ho rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ha ba na ho rua ’muso oa Molimo. ’Me leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke.”—1 Bakorinthe 6:9-11.
16 Ho totobetse hore Jehova o amohela ba bakelang boitšoaro ba bona boo e seng ba mangolo, ba sokoloha, ’me e e-ba balateli ba ’nete ba Kreste le lithuto tsa hae. Ba rata baahelani ba bona joalokaha ba ithata e le kannete ’me ba ho bontša ka litsela tse ngata, tse kang ho tsoela pele tšebeletsong e fanang ka molaetsa oa bophelo ho bohle ba neng ba ka utloa.—2 Timothea 4:5.
“’Nete e Tla le Lokolla”
17. Tlhokahalo ea leshome ea borapeli ba ’nete ke efe? Fana ka mehlala.
17 Ho na le tlhokahalo ea leshome eo Jehova a e hlokang ho ba mo rapelang ka moea le ka ’nete—ke thuto e hloekileng. (Johanne 4:23, 24) Jesu o itse ho balateli ba hae: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) ’Nete ea Bibele e re lokolla lithutong tse sa tlōtleng Molimo, tse kang ea soule e sa shoeng, mollo oa lihele le pelekatori. (Moeklesia 9:5, 6, 10; Ezekiele 18:4, 20) E re lokolla sephiring sa Babylona sa Bokreste-’mōtoana sa “Boraro-bo-bong bo Halalelang ka ho Fetisisa.” (Deuteronoma 4:35; 6:4; 1 Bakorinthe 15:27, 28) Ho ikokobeletsa ’nete ea Bibele ho hlahisa batho ba lerato, ba amehang ka ba bang, ba mosa, ba mohau. Bokreste ba ’nete le ka mohla ha bo e-s’o khothaletse batho ba tletseng boiphetetso, ba se nang mamello ba otlang bakhelohi, ba kang Tomás de Torquemada, kapa bahlohleletsi ba ntoa ba lehloeo, ba kang babuelli ba Lintoa tsa Bolumeli ba bapapa. Empa, Babylona e Moholo o hlahisitse litholoana tsa mofuta ona ho theosa le histori, bonyane ho tloha mehleng ea Nimrode ho fihlela hona joale.—Genese 10:8, 9.
Lebitso le Khethehileng
18. (a) Ke bo-mang ba finyellang litlhokahalo tsee tse leshome tsa borapeli ba ’nete, hona joang? (b) Rōna ka bomong re tlameha ho etsa’ng hore re rue tlhohonolofatso e larileng ka pel’a rōna?
18 Ke bo-mang kajeno ba hlileng ba phethahatsang litlhokahalo tsee tse leshome tsa borapeli ba ’nete? Ke bo-mang ba tsejoang le ba hlokomeloang ke ba bang ka tlaleho ea bona ea botšepehi le khotso? Ho pota lefatše Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka ho se be “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19; 17:14, 16; 18:36) Batho ba Jehova ba fuoe tlōtla ea ho bitsoa ka lebitso la hae le ho ba Lipaki tsa hae, joalokaha Jesu Kreste e ne e le paki e tšepehang ea Ntate oa hae. Re bitsoa ka lebitso leo le halalelang, re falimehetse boikarabelo ba rōna ba ho phelela seo le se emelang. ’Me, joaloka Lipaki tsa hae, ke tebello e khanyang hakaakang e larileng ka pele ho rōna! Ea ho ba karolo ea lelapa la motho le utloang, le kopaneng, le rapelang ’Musi oa Bokahohle paradeiseng e tsosolositsoeng mona lefatšeng. Ho fumana tlhohonolofatso e joalo, a re tsoeleng pele ho ikamahanya ka ho hlaka le borapeli ba ’nete re be re ipitse ka lebitso la Lipaki tsa Jehova ka motlotlo “hobane likahlolo tsa hae ke tsa ’nete ’me li lokile”!—Tšenolo 19:2; Esaia 43:10-12; Ezekiele 3:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liphetolelo tsa Bibele ka botsona ha lia bululeloa ke Molimo. Liphetolelo, ka sebōpeho sa tsona, li ka ’na tsa bonahatsa ho se tšoane ha kutloisiso ea lipuo tsa pele tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Bahlanka ba Jehova ba nka timetso ea Babylona e Moholo joang?
◻ Litlhokahalo tse ka sehloohong tsa borapeli ba ’nete ke life?
◻ ’Nete e u lokolla joang?
◻ Re le Lipaki tsa Jehova re na le tlōtla efe e khethehileng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Lipaki tsa Jehova li bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Bakreste ba ’nete kamehla ba lutse ba sa jele paate lipolotiking le lintoeng tsa lefatše
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Airplane: Courtesy of the Ministry of Defense, London