Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 5/1 leq. 30
  • Matla a Fetolang a Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Fetolang a Lentsoe la Molimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • ’Nete ea Bibele e “Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Khaolitse ho ba Lekhoba la Joala
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 5/1 leq. 30

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Matla a Fetolang a Lentsoe la Molimo

O ILE a lumela hore e kile ea e-ba “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Timothea 1:13) Empa o ile a fetoha! Moapostola Pauluse o ile a etsa phetoho e khōlō hoo hamorao a neng a ka phatlalatsa: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.”—1 Bakorinthe 11:1.

Kajeno, ba makholo a likete ba barapeli ba ’nete lefatšeng lohle ba etsa liphetoho tse tšoanang. Ke’ng se ba nolofaletsang ho etsa joalo? Ba amohela tsebo ea Lentsoe la Molimo ’me ba e sebelisa bophelong ba bona. Phihlelo e latelang e totobatsa matla a fetolang a Lentsoe la Molimo.

Banyalani ba bang ba seng ba hōlile ba ne ba lula ba le bang ka thōko ho motse o mong, Slovenia. Monna, Jože, o ne a ka ba lilemo li 60 ’me a na le bothata bo tebileng ba bokhoba ba tahi. Ho ntse ho le joalo, o ne a hlokomela mosali oa hae ea kulang, Ljudmila. Ka letsatsi le leng Jože o ile a atameloa ke baboleli ba babeli ba ’Muso. O ile a memela Lipaki tsena ka tlung ha hae, moo li ileng tsa kopana le mosali oa hae. Hoba a utloe molaetsa oa ’Muso, meokho ea thabo ea keleketla marameng a Ljudmila. Jože le eena o ile a thabela seo a se utloileng ’me o ile a botsa lipotso tse ngata. Ka mor’a ho nehelana ka lingoliloeng tse seng kae tsa Bibele ho banyalani bao, Lipaki li ile tsa tloha.

Khoeli hamorao Lipaki li ile tsa khona ho khutlela, ’me li ile tsa hlokomela buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e le holim’a tafole. Ha a botsoa hore na o e fumane hokae, Jože o ile a re: “Ke ile ka bona phatlalatso ea eona leqepheng le ka morao ho e ’ngoe ea limakasine tseo le ileng la ntšiela tsona. Kahoo ke ile ka ngolla ofisi ea lōna Zagreb ’me ka kōpa buka eo.” Ka lebaka la thahasello ea hae, o ile a memeloa ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste se neng se atamela se neng se tlil’o tšoareloa Holong ea ’Muso. Lipaki li ile tsa thaba hakaakang ha li ’mona!

Hang thuto ea Bibele e ile ea qalisoa, ’me ea tsoela pele hantle. Ka mohlala, ha Jože a ne a bontšoa ka Bibeleng hore “u se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng . . . u se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa,” hang-hang o ile a bokella litšoantšo tsohle tsa bolumeli tse neng li le ka tlung, ho kopanyelletsa le tsa lipampiri, ’me a li lahla.—Exoda 20:4, 5.

Lenyora la moea bakeng sa ’nete ho Jože le ne le khotsofalitsoe. Leha ho le joalo, ka bomalimabe o ne a ntse a e-na le lenyora le leng. Ka lilemo tse ka bang 18, o ne a ’nile a noa lilithara tse supileng tsa veine letsatsi ka leng. Ka lebaka la bothata ba hae ba ho noa, o ne a sa tsotelle ponahalo ea hae ea botho. Empa ka mor’a ho ithuta pono ea Molimo ka tšebeliso e mpe ea tahi, o ile a ikemisetsa ho etsa liphetoho.

O ile a ikemisetsa ho hlōla bothata ba hae ba ho noa butle-butle, a boloka tlaleho ea kamoo a noang kateng letsatsi le letsatsi. Ka mor’a nakoana o ile a lokoloha bokhobeng ba veine. Ha a ntse a ithuta Bibele, o ile a boela a ithuta hore Bakreste ba ’nete ba tlameha ho hloeka ’meleng. Kahoo, o ile a fa Lipaki chelete ’me a re: “Tsamaeang le nthekele lintho leha e le life tse hlokahalang e le hore ke shebahale hantle ha ke le libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong ea tšimo!” Lipaki li ile tsa khutla le liphahlo tsa kahare, likausi, lieta, lihempe, lisutu, lithae le mokotlana oa libuka.

Ka mor’a ho ithuta Bibele nako ea selemo, Jože le Ljudmila ba ile ba tšoaneleha bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba ntlo le ntlo le Lipaki. Likhoeli tse tharo hamorao ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka kolobetso ea metsing kopanong ea setereke ea Lipaki tsa Jehova. Ho sa tsotellehe botsofali le ho kula, Jože o ile a kopanela kamehla boboleling ba litaba tse molemo ’me hamorao, o ile a sebeletsa ka botšepehi e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong ho fihlela lefung la hae ka May 1995. Litholoana tsa sebele tse bonahalitsoeng bophelong ba monna enoa ea ikokobelitseng le mosali oa hae li fana ka bopaki ba matla a Lentsoe la Molimo a fetolang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela