Molimo, Naha le Uena
“Kereke le Naha li Tjamelana ka Referendamo ea Tlhalo Ireland”
SEHLOOHO sena sa litaba ho The New York Times se hlakisa kamoo kajeno e ka ’nang eaba batho ba tjamelane le phephetso ea ho khetha pakeng tsa seo Naha e se batlang le seo kereke ea bona e se rutang.
Sehlooho seo se ile sa re: “Ka nako e ka tlaase ho khoeli pele ho referendamo ea ho felisoa ha thibelo ea molao oa eona oa motheo mabapi le tlhalo, Ireland e tletseng ka Maroma a K’hatholike e bona ka mahlo khohlano e sa tloaelehang pakeng tsa baeta-pele ba eona ba ’Muso le ba kereke ea eona.” Naha e ile ea buella ho tlosoa ha thibelo ea tlhalo, ha Kereke e K’hatholike eona e lomahantse meno ho loantšeng tlhalo le ho nyala hape. Mak’hatholike a Ireland a ile a tlameha ho khetha pakeng tsa Kereke le Naha. Qetellong, Naha e ile ea hlōla ka ntekeletsane.
Ka tsela e susumetsang maikutlo ka ho tebileng, ka lilemo-lemo batho ba Ireland Leboea ba ’nile ba tobana le khohlano e mabifi ka bobusi ba sechaba. Ba bangata ba bolailoe. Maroma a K’hatholike le Maprostanta a ’nile a e-ba le maikutlo a hanyetsanang tabeng ea hore na ba ikokobeletse Naha efe: ho tsoela pele ka puso ea Brithani Ireland Leboea kapa ’muso o bohareng bakeng sa Ireland eohle.
Ka ho tšoanang, moo e neng e le Yugoslavia, ba nang le matla a ho laela pusong ba ’nile ba batla litho tsa litumelo tse fapaneng, ho kopanyelletsa Mak’hatholike le Maorthodox, hore ba loane ntoeng e neng e tseka naha. Ho baahi feela ba tloaelehileng, ba ne ba lokela ho utloa mang e le eena ea tlang pele? Na ba ne ba lokela ho latela ba neng ba ipolela ba emetse Naha, kapa ba ne ba loketse ho mamela Molimo, ea reng: “U se ke ua bolaea . . . U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata”?—Baroma 13:9.
U ka ’na ua nahana hore boemo ba mofuta ona le ka mohla bo ke ke ba u ama. Empa ho ka etsahala. Ha e le hantle, bo ka ’na ba u ama le hona joale. Bukeng ea hae ea The State in the New Testament, setsebi sa thuto ea bolumeli, Oscar Cullmann o bua ka “qeto e amang lefu le bophelo eo Bakreste ba kajeno ba lokelang ho e etsa kapa eo ba ka ’nang ba laeloa hore ba e etse maemong a tsieleho ha ba sokeloa ke mebuso ea bohatelli.” Leha ho le joalo, o boetse o bua ka “boikarabelo bo nepahetseng le ba bohlokoa ba Mokreste e mong le e mong—esita le Mokreste ea phelang tlas’a maemo ao ho thoeng ke a ‘tloaelehileng,’ a ‘letsatsi le letsatsi’—ho tobana le ho sebetsana le bothata bo tebileng bo mo tjametseng ka lebaka la hobane feela e le Mokreste.”
Kahoo, na Bakreste kajeno ba lokela ho thahasella kamano e teng pakeng tsa bolumeli le Naha? Ka sebele baa lokela. Ho tloha mehleng ea pele, Bakreste ba ’nile ba leka ho hlaolela pono e leka-lekaneng ka ba nang le matla a ho laela. Moeta-pele oa bona, Jesu Kreste, o ile a ahloloa, a nyatsuoa le ho ahloleloa lefu ke Naha ea Roma. Barutuoa ba hae ba ile ba tlameha ho lumellanya boikarabelo ba bona ba Bokreste le mesebetsi ea bona ’Musong oa Roma. Ka hona, ho hlahloba kamano eo ba neng ba e-na le eona le ba nang le matla a ho laela ho tla fana ka tataiso ho Bakreste kajeno.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Tom Haley/Sipa Press