Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/1 maq. 4-7
  • Nakong eo Leeme le ke Keng la Hlola le E-ba Teng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nakong eo Leeme le ke Keng la Hlola le E-ba Teng!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo ha a Leeme
  • Tšusumetso ea Bibele
  • Ho Qhaqha Mekoallo ea Leeme
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Lona ka Katleho
  • “Ha ho sa Tla Etsoa Hampe”
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na U Tlas’a Khatello ea Leeme?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Fela ha Khethollo
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/1 maq. 4-7

Nakong eo Leeme le ke Keng la Hlola le E-ba Teng!

HO EA ka tlaleho, ka nako e ’ngoe rasaense Albert Einstein o kile a bolela hore lefatšeng lena le aparetsoeng ke masoabi, ho hlōla leeme ho thata haholoanyane ho feta ho arola athomo. Ka ho tšoanang, Edward R. Murrow, moqolotsi oa litaba ea ileng a tuma haholo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ’me eo hamorao e ileng ea e-ba motsamaisi oa Information Agency ea United States, o ile a bolela hore “ha ho na ea ka felisang leeme—le ka lemohuoa feela.”

Na lipolelo tsee li utloahala e le ’nete? Na ho ke ke ha etsahala hore ho felisoe khethollo ’moho le bomorabe? Molimo o ikutloa joang ka leeme?

Molimo ha a Leeme

Bibele e bua khahlanong le leeme. (Liproverbia 24:23; 28:21) E bolela hore “bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, bo ntan’o ba le khotso, kahlolo e molemo, ho itokisetsa ho mamela, ho tlala mohau le litholoana tse molemo, ho se khetholle ka leeme, ho se be le boikaketsi.” (Jakobo 3:17) Bohlale bo joalo bo ile ba hatisoa likelellong tsa baahloli Iseraeleng ea boholo-holo. Ba ile ba laeloa: “U se ke ua ahlola ka leeme. Ha u ahlola u se ke ua sekamela ka ho mofutsana, kapa ua tlōtla ea phahameng.”—Levitike 19:15, BPN.

Boemo bo tiileng ba Bibele khahlanong le leeme bo ile ba totobatsoa ke Jesu Kreste le baapostola ba hae, Petrose le Pauluse. Jesu o ne a sa ee ka leeme ho ba ‘neng ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ (Matheu 9:36) O ile a ruta: “Khaotsang ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.”—Johanne 7:24.

Petrose le Pauluse ba re tiisetsa hore Jehova Molimo ka boeena ha a leeme. Petrose o ile a bolela: “Kannete-nete ke lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Moapostola Pauluse oa re bolella: “Ha ho leeme ho Molimo.”—Baroma 2:11.

Tšusumetso ea Bibele

Bibele e na le matla a ho fetola botho ba ba tataisoang ke eona. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” Ka thuso ea Jehova, motho ea leeme a ka ba a fetola mokhoa oa hae oa ho nahana ’me ea e-ba ea sa eeng ka leeme tšebelisanong ea hae le ba bang.

Ka mohlala, nahana ka taba ea Saule oa Tarsase. Ho latela tlaleho ea Bibele, ka nako e ’ngoe o kile a hanyetsa phutheho ea Bokreste ka mabifi hobane a ne a latetse neano e sa fetoheng ea bolumeli. (Liketso 8:1-3) Ka lebaka la neano ea Sejuda, o ne a kholisehile kahohle-hohle hore Bakreste bohle e ne e le bakoenehi le lira tsa borapeli ba ’nete. Leeme la hae le ile la etsa hore a tšehetse polao ea Bakreste. Bibele e re o ne a “phefumoloha tšokelo le polao e khahlanong le molao khahlanong le barutuoa ba Morena.” (Liketso 9:1) Ha a ntse a etsa joalo, o ne a nahana hore o fana ka tšebeletso e halalelang ho Molimo.—Bapisa le Johanne 16:2.

Leha ho le joalo, Saule oa Tarsase o ile a khona ho lahla leeme la hae le fetelletseng. O bile a fetoha Mokreste ka boeena! Hamorao, e se e le Pauluse, moapostola oa Jesu Kreste, o ile a ngola: “Pele ke ne ke le monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi. Leha ho le joalo, ke ile ka bontšoa mohau, hobane ke ne ke hloka tsebo ’me ke etsa ka ho hloka tumelo.”—1 Timothea 1:13.

Hase Pauluse feela ea ileng a etsa liphetoho tse khōlō joalo mokhoeng oa hae oa ho nahana. Lengolong la hae le eang ho Tite, moevangeli ’moho le eena, Pauluse o ile a hlokomelisa Bakreste “ho se bue ka mokhoa o kotsi ka le ea mong, ho se rate ntoa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle. Etsoe le rōna re kile ra ba ba se nang kelello, ba sa mameleng, re khelosoa, re le makhoba a litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng, re tsoela pele ka bobe le mohono, re nyonyeha, re hloeane.”—Tite 3:2, 3.

Ho Qhaqha Mekoallo ea Leeme

Kajeno, Bakreste ba ’nete ba loanela ho latela keletso eo. Ba batla ho qoba ho ahlola motho ka maikutlo ao ba a fumanang ka ponahalo ea hae ea kantle. Sena se ba thibela ho ‘bua ka mokhoa o kotsi’ ka ba bang. Ba thabela lerato la bara ba motho le kopanyang meeli eohle ea bochaba, moloko le bomorabe ea lefatše lena.

Nahana ka phihlelo ea Henrique, moahi oa Brazil ea lebala le letšo. A le tlas’a khatello ea khethollo ea morabe ka boeena, o ile a hōlisa lehloeo le tebileng ho batho ba basoeu. Oa hlalosa: “Lipaki tse peli tse lebala le khanyang li ile tsa tla ntlong ea ka ho tla bua ka lebitso la Molimo. Qalong ke ne ke sa batle ho mamela kaha ke ne ke sa tšepe batho ba basoeu. Empa ka potlako ke ile ka hlokomela hore molaetsa oa bona o utloahala e le ’nete. Joale, ke ile ka amohela thuto ea Bibele. Potso ea pele eo ke ileng ka e botsa e ne e le, ‘Na kerekeng ea lōna batho ba batšo ba bangata?’ Ba ile ba arabela, ‘E.’ Joale ba ile ba mpontša setšoantšo sa ho qetela bukeng ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele,a e bontšitseng bacha ba merabe e fapaneng. Har’a bona ho ne ho e-na le moshemane ea motšo, ’me sena se ile sa nkhothatsa. Hamorao ke ile ka etela Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, moo ke ileng ka bona batho ba merabe e fapaneng ba tšoarana ka tlhompho. Sena se ne se le bohlokoa haholo ho ’na.”

E le e mong oa Lipaki tsa Jehova hona joale, Henrique o thabela ho ba har’a lerato la bara ba motho la sebele la Bokreste. Oa utloisisa hore tlotla ha e lebe ho motho leha e le ofe. O re: “Kajeno ke leboha Jehova le Jesu bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e entseng molemong oa ka. Ke sebetsa le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba limilione, ba merabe eohle, ’mala le semelo, re kopane ’moho morerong o le mong.”

Ha a sa ntsane a hōla, Dario e ne e le e mong oa ba neng ba le tlas’a khatello ea leeme. Ha a le lilemo li 16, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a hlokomela: “Ke fumane hore ha ho na bophahamo ba morabe har’a Lipaki.” O ile a khahloa ke boemo ba lerato la sebele. Ka ho khetheha o ile a hlokomela hore batho ba merabe e fapaneng ba sebeletsa boemong ba boikarabelo ka hare ho phutheho. Neng le neng ha a e-ba tlas’a mofuta o itseng oa leeme kapa khethollo tse etsoang ke batho ba seng ka phuthehong, Dario o hopola hore Jehova o rata batho ba lichaba tsohle, merabe le lipuo.

Kamoo U ka Sebetsanang le Lona ka Katleho

Kaofela ha rōna re rata ho tšoaroa ka tsela e nang le seriti le ka tlhompho. Ke kahoo ho ba tlas’a khatello ea leeme e leng teko e boima ho e mamella. Phutheho ea Bokreste ha e re sireletse maemong ’ohle ao ho ’ona re pepesehetseng boitšoaro bo leeme ba lefatše lena le khopo. Hafeela Satane Diabolose a busa litaba tsa lefatše, ho ke ke ha e-ba le toka. (1 Johanne 5:19) Tšenolo 12:12 ea re tsebisa: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” Sepheo sa hae hase feela ho baka morusu. O tšoantšoa le phoofolo e jang tse ling. Moapostola Petrose oa re bolella: “Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.

Bibele e boetse ea re bolella: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Thuso e nepahetseng ea ho sebetsana le leeme ka katleho ke ho talima ho Molimo bakeng sa tšireletso, joalokaha Morena Davida a ile a etsa: “Molimo oa ka, u ’namolele liatleng tsa monyefoli, le letsohong la molotsana, le la motubi.” (Pesaleme ea 71:4) Re ka ba ra rapela joaloka mopesaleme: “Oho Molimo, u nkhauhele, hobane batho ba mpefeletsoe, ba ntoantša tsatsi lohle, ba ntuba.”—Pesaleme ea 56:1.

Molimo o tla arabela lithapelo tse joalo joang? Bibele ea araba: “O tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi.” (Pesaleme ea 72:12, 13) Ho thabisa hakaakang ho tseba hore qetellong Jehova o tla imolla bohle ba tlas’a khatello ea ho hloka toka!

“Ha ho sa Tla Etsoa Hampe”

Mebuso ea lefatše lena e ka ’na ea tsoela pele e loantša leeme ka melao le mananeo a eona. E ka ’na ea tsoela pele ho tšepisa ho lekana le ho hloka leeme. Empa e ke ke ea atleha. (Pesaleme ea 146:3) Ke Molimo feela ea ka khonang ho felisa tšoaro eohle e leeme ’me o tla fela a e felise. O tla fetola moloko oa batho hore e be lelapa le le leng le kopaneng. “Bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle” bo tla pholoha timetso ea tsamaiso ena e khopo ’me bo thabele ho phela ka khotso.—Tšenolo 7:9, 10.

Jehova o tla felisa bohloko bohle bo bakiloeng ke leeme la morabe le la maemo a bophelo. Nahana, ha ho na ea tla tšoaroa ka ho hloka toka! “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.” (Mikea 4:4) ’Me Esaia 11:9 e re: “Ha ho sa tla etsoa hampe.”

Haeba u tlas’a khatello ea leeme hona joale, tšepo ena e tsotehang ea bokamoso e tla matlafatsa kamano ea hao le Jehova. E tla u thusa hore u mamelle ho hloka toka ha tsamaiso ena e khopo. Ha u ntse u sebetsana le leeme ka katleho ’me u talimile pele, latela keletso e bohlale ea Bibele: “Betang lipelo, le tiee, lōna kaofela ba itšepelang Jehova!”—Pesaleme ea 31:24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela