Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/1 maq. 20-24
  • Jehova o Ipakile a E-na le ’Na

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Ipakile a E-na le ’Na
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bula Maliboho Netherlands
  • Litokelo Tse Eketsehileng
  • Tlas’a ’Muso oa Manazi
  • Literonko le Likampo Tsa Mahloriso
  • Mosebetsi oa ka Mor’a Ntoa
  • Ha ho Letho le Molemo ho Feta ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Letela Jehova ka Mamello ho Tloha Bocheng ba ka ho ea Pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/1 maq. 20-24

Jehova o Ipakile a E-na le ’Na

Joalokaha Ho Boletse Max Henning

E ne e le ka 1933, ’me Adolf Hitler o ne a sa tsoa busa Jeremane. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova tsa Berlin tse ka bang 500 ha lia ka tsa thekesela. Bacha ba bangata e ile ea e-ba bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng, ’me ba bang ba bile ba amohela likabelo tsa ho ea linaheng tse ling tsa Europe. ’Na le motsoalle oa ka Werner Flatten re ne re tloaetse ho botsana: “Ke hobane’ng ha re tsila-tsila re itšenyetsa nako? Ke hobane’ng ha re sa e’o bula maliboho?”

MATSATSI a robeli ka mor’a tsoalo ea ka ka 1909, ke ile ka hlokomeloa ke batsoali ba bahōlisi ba lerato. Ka 1918 lelapa leso le ile la sithabela ha morali’eso e monyenyane ka batsoali ba bahōlisi a e-shoa ka tšohanyetso. Kapele ka mor’a moo Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo, li ile tsa etela lapeng, ’me lipelo tsa batsoali ba ka ba bahōlisi li ile tsa amohela ’nete ea Bibele ka taba-tabelo. Ba ile ba ba ba nthuta ho utloisisa lintho tsa moea.

Ke ile ka lebisa tlhokomelo thutong ea lefatše ’me ka tšoaneleha bakeng sa ho ba ea sebetsanang le lipeipi tsa metsi. Empa ntho ea bohlokoa le ho feta, ke ile ka ema ke tiile moeeng. ’Na le Werner re ile ra qala ho bula maliboho ka la 5 May, 1933. Re ne re ee re palame lithuthuthu ha re e-ea motseng o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100 kantle ho Berlin, moo re neng re lula teng le ho bolela ka libeke tse peli. Ebe re khutlela Berlin bakeng sa ho hlokomela lintho tse hlokahalang. Ka mor’a moo re ne re khutlela tšimong ea rōna ka libeke tse ling tse peli.

Re ile ra etsa kōpo ea ho sebeletsa naheng e ’ngoe, ’me ka December 1933 re ile ra fumana kabelo sebakeng seo ka nako eo e neng e le Yugoslavia. Leha ho le joalo, pele re tloha, kabelo ea rōna e ile ea fetoleloa Utrecht, Netherlands. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka kolobetsoa. Mehleng eo ho ne ho sa behoe khatiso e khōlō tabeng ea kolobetso; tšebeletso e ne e le eona ntho ea bohlokoa. Ho itšetleha ka Jehova joale e ile ea e-ba tšobotsi ea kamehla bophelong ba ka. Ke ile ka fumana matšeliso a mangata mantsoeng a mopesaleme oa Bibele: “Bonang, Molimo ke mothusi oa ka, Morena ke e mong oa ba emelang bophelo ba ka.”—Pesaleme ea 54:4.

Ho Bula Maliboho Netherlands

Kapele ka mor’a ho fihla Netherlands, re ile ra abeloa motse oa Rotterdam. Ntate le mora lelapeng leo re neng re lula ho lona le bona e ne e le bo-pula-maliboho. Likhoeling tse seng kae hamorao, ntlo e khōlō e ile ea rekoa hore e be lehae la bo-pula-maliboho Leersum, motse o haufi le Utrecht, ’me ’na le Werner re ile ra fallela teng.

Ha re ntse re lula lehaeng leo la bo-pula-maliboho, re ne re tsamaea ka baesekele ha re e-ea masimong a haufi ’me ha re e-ea masimong a hōle re sebelisa koloi e nkang batho ba supileng. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse lekholo feela Netherlands eohle. Kajeno, lilemo tse 60 hamorao, tšimo eo re neng re e sebetsa re tloha lehaeng leo la bo-pula-maliboho e na le bahoeletsi ba ka holimo ho 4 000 liphuthehong tse ka bang 50!

Re ne re sebetsa ka thata, ho fihlela re etsa lihora tse 14 tšebeletsong ea tšimo letsatsi ka leng, ’me seo se ile sa etsa hore re lule re thabile. Pakane e ka sehloohong e ne e le ho tsamaisa lingoliloeng tse ngata kamoo re ka khonang. Ka tloaelo re ne re siela ba thahasellang libukana tse fetang tse lekholo ka letsatsi. Ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele, ka nako eo e ne e se karolo ea mosebetsi oo re o etsang kamehla.

Ka letsatsi le leng ’na le molekane oa ka re ne re sebetsa motseng oa Vreeswijk. Ha a ntse a pakela monna e mong keiting ea kampo ea sesole, ke ile ka sebelisa nako eo ho bala Bibele ea ka. E ne e takiloe haholo ka bofubelu le boputsoa. Hamorao, ’metli oa mapolanka ea neng a ntse a sebetsa marulelong a haufinyane o ile a lemosa monna ea leng keiting hore mohlomong ke ne ke le mpi-mpi ea mofuta o itseng. Ka lebaka leo, letsatsing lona leo ke ile ka tšoaroa ha ke ntse ke pakela mohoebi e mong, ’me Bibele ea ka e ile ea nkoa ka mahahapa.

Ke ile ka isoa khotla. Moo ke ile ka qosoa ka hore matšoao a Bibeleng ea ka e ne e le boiteko ba ho etsa setšoantšo sa kampo eo ea sesole. Ho ile ha boleloa hore ke molato, ’me moahloli o ile a nkahlolela lilemo tse peli teronkong. Leha ho le joalo, ho ile ha etsoa boipiletso, ’me ke ile ka fumanoa ke se na molato. Ke ile ka thaba haholo hore ebe ke lokolohile, empa ke ne ke thabile le ho feta ha Bibele ea ka le lintlha tsohle tse leng ho eona li khutlisoa!

Lehlabuleng la 1936, ’na le Richard Brauning, e mong oa bo-pula-maliboho ba lulang lehaeng lena, re ile ra qeta lehlabula re bolela ka leboea ho naha. Khoeling ea pele, re ile ra qeta lihora tse 240 tšebeletsong ’me ra tsamaisa lingoliloeng tse ngata. Re ne re lula ka tenteng ’me re hlokomela litlhoko tsa rōna tsohle, re itlhatsoetsa, re iphehela, le tse ling tse joalo.

Hamorao ke ile ka isoa sekepeng se bitsoang Lightbearer, se ileng sa tuma ka leboea ho Netherlands. Bo-pula-maliboho ba bahlano ba ne ba lula sekepeng sena, ’me ha re tloha ho sona re ne re khona ho finyella karolo e khōlō ea tšimo e ka thōko.

Litokelo Tse Eketsehileng

Ka 1938, ke ile ka abeloa ho ba mohlanka oa libaka, e leng kamoo balebeli ba potoloho ba Lipaki tsa Jehova ba neng ba bitsoa kateng ka nako eo. Kahoo ke ile ka tloha ho Lightbearer ’me ka qala ho etela liphutheho le Lipaki tse ka thōko liprofinseng tse tharo tse ka leboea.

Baesekele e ne e le sona feela sepalangoang sa rōna. Hangata ho ne ho re nka letsatsi lohle ho tloha phuthehong kapa sehlopheng se seng sa batho ba thahasellang ho ea ho se latelang. O mong oa metse eo ke neng ke e etela e ne e le Breda, e leng moo ke lulang teng hona joale. Ka nako eo, Breda e ne e se na phutheho ’me e e-na le banyalani ba Lipaki ba babeli feela ba hōlileng.

Ha ke ntse ke sebeletsa barab’abo rōna Limburg, ke ile ka memeloa ho araba lipotso tse ngata tseo mosebetsi oa morafong ea bitsoang Johan Pieper a ileng a li phahamisa. O ile a ema a tiile bakeng sa ’nete ea Bibele ’me ea e-ba ’moleli ea sebete. Lilemo tse ’ne hamorao o ile a kenngoa kampong ea mahloriso, moo a ileng a qeta lilemo tse tharo le halofo. Ka mor’a hore a lokolloe o ile a boela a bolela ka cheseho, ’me kajeno e sa ntse e le moholo ea tšepahalang. Phutheho eo e nyenyane ea Limburg ea Lipaki tse 12 e hōtse ho ba liphutheho tse 17 tse nang le bahoeletsi ba 1 550!

Tlas’a ’Muso oa Manazi

Ka May 1940 Manazi a ile a hlasela Netherlands. Ke ile ka amohela kabelo ea ho ea ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Amsterdam. Re ile ra tlameha ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna ka hloko, e leng se ileng sa etsa hore re ananele maele a Bibele a reng: “Motsoalle oa ’nete . . . ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17, NW) Tlamo ea bonngoe e ratehang e ileng ea tiea nakong ena ea khatello e bile le phello e matla tsoelo-peleng ea ka ea moea, ’me e ile ea ntlhomella bakeng sa matsatsi a boima haholoanyane a neng a e-tla.

Kabelo ea ka e ne e le ho hlokomela ho isoa ha lingoliloeng liphuthehong, e leng seo hangata se neng se etsoa ke batsamaisi ba melaetsa ea lekunutu. Kamehla Gestapo e ne e batla bahlankana ba ka sebetsang joaloka makhoba Jeremane, kahoo re ne re sebelisa baralib’abo rōna ba Bakreste hore e be batsamaisi ba melaetsa ea lekunutu. Ka mor’a nako e itseng Wilhelmina Bakker, ea tsebahalang haholo e le Nonnie, o ile a romeloa ho rōna a e-tsoa The Hague, ’me ke ile ka mo isa moo molebeli oa rōna oa lekala, Arthur Winkler, a neng a ipatile teng. E le hore ke leke ho ikhakanya ka ho feletseng, ke ne ke apara joaloka molemi oa Modache, ka lieta tsa lehong le lintho tse ling tsohle tse aparoang ke balemi bao, ’me ka felehetsa Nonnie ka koloi ea baeti. Hamorao ke ile ka utloa hore o ne a ithiba ka thata hore a se ke a tšeha, kaha o ne a ikutloa hore ke itšenotse le ho feta.

Ka la 21 October, 1941, sebaka sa polokelo ea lingoliloeng le pampiri se Amsterdam se ile sa senoleloa sera. Nakong ea tlhaselo ea Gestapo, Winkler le Nonnie ba ile ba tšoaroa. Ha ba ne ba kenngoa teronkong, ba ile ba utloa mahlahana a mabeli a Gestapo a bua ka kamoo a neng a ntse a lelekisa “mothoana e mong ea moriri o motšo” ea ileng a ba lahlehela literateng tse phetheselang. Ho ne ho totobetse hore a ne a bua ka ’na, ka hona Winkler o ile a khona ho fetisetsa molaetsa ho barab’abo rōna. Hang-hang, ke ile ka isoa The Hague.

Ho sa le joalo Nonnie o ile a lokolloa teronkong, ’me o ile a khutlela The Hague ho ea bula maliboho. Moo ke ile ka kopana le eena hape. Empa ha mohlanka oa phutheho ea Rotterdam a tšoaroa, ke ile ka romeloa ho nka sebaka sa hae. Hamorao mohlanka oa phutheho, Phuthehong ea Gouda o ile a tšoaroa, ’me ke ile ka isoa moo ho nka sebaka sa hae. Qetellong, ka la 29 March, 1943, ke ile ka tšoaroa. Ha ke ne ke ntse ke hlahloba setoko sa lingoliloeng tsa Bibele, Gestapo e ile ea ntlhasela ka tšohanyetso.

Ntle ho lingoliloeng tsa Bibele tse neng li le holim’a tafole, ho ne ho boetse ho e-na le lethathamo la mabitso a barab’abo rōna le baralib’abo rōna ba Bakreste, le hoja a ne a ngotsoe ka mokhoa oa matšoao a nang le moelelo o patehileng. Ke tsielehile, ke ile ka rapela hore Jehova a mphe tsela ea ho sireletsa ba neng ba sa ntse ba lokolohile ho bolela. Ba sa ntlhokomele, ke ile ka khona ho beha letsoho la ka holim’a lethathamo lena la mabitso le ho le sobokella ka har’a seatla sa ka. Eaba ke kōpa tumello ea ho ea ntloaneng, moo ke ileng ka tabola lethathamo lena le ho le isa le metsi a ntloana.

Ha ke le tsietsing e tebileng joalo, ke ile ka ithuta ho fumana matla litšebelisanong tsa Jehova le batho ba hae nakong e fetileng le litšepisong tsa hae tsa topollo. Ena ke tiiso e le ’ngoe e bululetsoeng eo kamehla ke ’nileng ka e hopola: ‘Hola e se be Jehova ea re hauhetseng, mohla batho ba neng ba re phahamela, ba ka be ba re hohlomelitse re ntse re utloa.’—Pesaleme ea 124:2, 3.

Literonko le Likampo Tsa Mahloriso

Ke ile ka isoa teronkong ea Rotterdam, moo ke ileng ka leboha ho ba le Bibele ea ka. Hape ke ne ke nkile buka ea Salvation, likarolo tsa buka ea Children, ke bile ke e-na le nako e ngata ea ho bala lingoliloeng tsena tsohle. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ke ile ka kula haholo ’me ka tlameha ho kena sepetlele. Pele ke tloha teronkong, ke ile ka pata lingoliloeng tsena ka tlas’a materase a ka. Hamorao ke ile ka utloa hore Paki e ’ngoe, e leng Piet Broertjes, e ile ea isoa seleng ea ka ’me ea li fumana. Kahoo lingoliloeng tsena li ne li sebelisoa ho matlafatsa ba bang hape tumelong.

Ha ke fola ke ile ka isoa teronkong The Hague. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Leo C. van der Tas, seithuti sa molao se neng se kene teronkong ka lebaka la ho hana taolo ea masole a Manazi. O ne a e-s’o utloe ka Lipaki tsa Jehova, ’me ke ile ka ba le monyetla oa ho mo pakela. Ka linako tse ling o ne a ee a ntsose har’a bosiu ebe o botsa lipotso. O ne a sitoa ho pata hore Lipaki li mo khahlile, haholo-holo ka mor’a ho ithuta hore re ne re ka lokolloa haeba feela re ne re ka tekena tokomane re latola tumelo ea rōna. Ka mor’a ntoa, Leo e ile ea e-ba ’muelli oa molao ’me a buella Mokhatlo oa Watch Tower linyeoeng tse ngata tse neng li amana le bolokolohi ba borapeli.

Ka la 29 April, 1944, ke ile ka kenngoa tereneng bakeng sa leeto le bohloko la matsatsi a 18 le eang Jeremane. Ka la 18 May ke ile ka koalloa kampong ea mahloriso ea Buchenwald. Ho fihlela re lokolloa ke mabotho a Kopaneng hoo e ka bang selemo hamorao, bophelo bo ne bo le bohloko ka tsela e ke keng ea hlalosoa. Ba likete ba ile ba e-shoa, ba bangata ba e-shoa re ntse re ba shebile. Kaha ke ile ka hana ho sebetsa fekthering e haufinyane e neng e etsa thepa ea ntoa, ke ile ka sebelisoa kotopong e ka tlas’a lefatše ea likhoere-khoere le metsi.

Ka letsatsi le leng fektheri eo e ile ea qhomisoa ka bomo. Ba bangata ba ile ba mathela liahelong tsa sesole ho ea tšabela teng, ha ba bang ba ne ba mathela morung. Libomo tse khelohileng li ile tsa otla liahelo tsa sesole, ’me libomo tsa mollo li ile tsa chesa moru. E ne e le pono e tšosang! Ba bangata ba ile ba cha ba ntse ba phela! Ke ne ke fumane sebaka sa ho ipata se sireletsehileng, ’me ha mollo o kokobela, ke ile ka feta litopo tse se nang palo ha ke khutlela kampong.

Kajeno batho ba bangata ba tseba ka ho tšosa ha Polao e Sehlōhō ea Manazi. Ke leboha Jehova hore o ile a matlafatsa matla a ka a ho nahana, e le hore lintho tse tšosang tseo ke ileng ka thulana le tsona ha lia ka tsa laola mehopolo ea ka ho pholletsa le lilemo. Ha ke nahana ka nako eo ke neng ke le teronkong ka eona, maikutlo a ka sehloohong ke a ho thabela hore ebe ke ile ka boloka botšepehi ho Jehova tlotlisong ea lebitso la hae.—Pesaleme ea 124:6-8.

Mosebetsi oa ka Mor’a Ntoa

Ka mor’a hore ke lokolohe ke be ke khutlele Amsterdam, ke ile ka itlaleha ka ho toba ofising ea lekala bakeng sa ho fuoa kabelo. Ke ne ke laba-labela ho bolelloa se ileng sa etsahala ha ke le sieo. Nonnie o ne a se a ntse a sebetsa moo. Selemong sa ho qetela sa ntoa, o ne a ile a sebeletsa e le motsamaisi oa melaetsa ea lekunutu ea isang lingoliloeng tsa Bibele liphuthehong. Ha aa ka a tšoaroa hape, le hoja a ne a ile a phonyoha ka lesobana la nale hangata.

Ke ile ka bula maliboho ho se hokae Haarlem, empa ka 1946 ke ile ka kōptjoa ho ea lekaleng la Amsterdam ho ea sebetsa Lefapheng la Thōmello. Ho ea qetellong ea 1948, ke ile ka nyalana le Nonnie, ’me re ile ra tloha lekaleng ho ea bula maliboho hammoho. Kabelo ea rōna ea bopula-maliboho e ne e le Assen. Lilemo tse 12 pejana ’na le Richard Brauning re ne re ile ra qeta lehlabula re le moo, re lula tenteng ’me re bolela. Ke ile ka utloa hore Richard o ile a thunngoa le ho shoa ha a le tseleng e eang kampong ea mahloriso.

Ha ho pelaelo hore nako eo ke bileng teronkong ka eona e ne e nkholofalitse. Lilemo tse tšeletseng ka mor’a hore ke lokolloe Buchenwald, ke ne ke sitoa ho theoha betheng ka likhoeli tse ’ne ka lebaka la bokuli. Lilemo hamorao, ka 1957, ke ile ka tšoaroa ke lefuba selemo sohle. ’Mele oa ka o ne o fokola, empa moea oa ka oa ho bula maliboho o ne o ntse o le matla. Ha ke ntse ke kula ke ile ka sebelisa monyetla o mong le o mong oa ho paka. Ke ikutloa hore moea ona oa bopula-maliboho e ne e le lebaka la bohlokoa la ho se lumelle ho kula ha ka hore ho nketse mokuli ea botsoa. ’Na le Nonnie re ikemiselitse ho khomarela tšebeletso ea nako e tletseng hafeela bophelo ba rōna bo ntse bo lumela.

Ka mor’a hore ke hlaphoheloe, re ile ra abeloa motseng oa Breda. Sena se etsahetse lilemong tse 21 ka mor’a ho etela motse ona ka lekhetlo la pele ke le mohlanka oa libaka. Ha re fihla ka 1959, ho ne ho e-na le phutheho e nyenyane ea Lipaki tse 34. Kajeno, lilemo tse 37 hamorao, e se e hōtse ho ba liphutheho tse tšeletseng tse nang le Lipaki tse ka holimo ho 500, tse kopanelang Liholong tsa ’Muso tse tharo! Libokeng tsa rōna sebakeng sena le likopanong, re bona ba bangata ba fumaneng tsebo ea ’nete ea Bibele ka lebaka la boiteko bo itseng ba rōna. Re atisa ho ikutloa joaloka moapostola Johanne ha a ne a ngola: “Ha ke na lebaka le leholoanyane la ho leboha ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4.

Hona joale re hōlile. Ke lilemo li 86, ’me Nonnie o lilemo li 78, empa ha e le hantle ho bula maliboho ke mosebetsi o phelisang hantle. Haesale ke le Breda, ke hlōtse mathata a mangata a bophelo ao ke bileng le ’ona ha ke ne ke kentsoe teronkong. Hape ke thabetse lilemo tse ngata tsa ho beha litholoana tšebeletsong ea Jehova.

Ho hetla morao lilemong tse ngata tsa tšebeletso e behang litholoana ke mohloli oa thabo ho rōna ka bobeli. Seo re se rapellang kamehla ke hore Jehova a re fe moea le matla a ho tsoela pele tšebeletsong ea hae hafeela re ntse re phela. Ka kholiseho re bua mantsoe a mopesaleme: “Bonang, Molimo ke mothusi oa ka, Morena ke e mong oa ba emelang bophelo ba ka.”—Pesaleme ea 54:4.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke eme pel’a tente eo re neng re e sebelisa ha re ne re bula maliboho ka bo-1930

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Sekepe seo re neng re se sebelisa ho ea tšimong e ka thōko

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Puisano eo ke bileng le eona lenaneong la kopano ka 1957

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

’Na le mosali oa ka kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela