Sekolo sa Gileade se Ntša Sehlopha sa Sona sa Bo100
SEKOLO SA BIBELE SA GILEADE SA WATCHTOWER se phethile karolo ea bohlokoa ho phatlalatseng ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara mehleng ea morao tjena. Ho tloha ha Sekolo sa Gileade se qala ho koetlisa baromuoa ka 1943, liithuti tsa sona li ile tsa sebeletsa linaheng tse fetang 200. Ka la 2 March, 1996, sehlopha sa bo100 se ile sa fumana mangolo.
Liithuti li bile sekolong nakong eo lehloa la bophahamo bo fetang limithara tse peli le neng le khethehile Setsing sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York. Ha hoa ka ha makatsa, ha lehloa le ne le khetheha ka letsatsi leo ba fumanang mangolo ka lona. Leha ho le joalo, holo e ne e tletse, ’me bamameli ba tletseng ka holong ba ne ba mametse ba le Patterson, Wallkill le Brooklyn—kakaretso ea batho ba 2 878.
Theodore Jaracz, setho sa Komiti e Rutang ea Sehlopha se Busang, e ne e le molula-setulo. Ka mor’a ho amohela ka mofuthu baeti ba neng ba le teng ba tsoa linaheng tse ngata, o ile a khothalletsa bohle ho ema le ho bina pina ea 52. Holo e ile ea luma ke mantsoe a rorisang Jehova ha ba bina “Lebitso la Ntat’a Rōna,” ho tsoa bukeng ea Binelang Jehova Lithoriso. Pina eo, hammoho le litlhaloso tsa molula-setulo tse mabapi le ho sebelisa thuto bakeng sa ho rorisa Jehova, li ile tsa hleka sebae bakeng sa lenaneo le neng le tla latela.
Keletso ea Mangolo ho Tsoa ho Banna ba Hōlileng
Karolo ea pele ea lenaneo e ne e le ea lipuo tse khutšoanyane tse lebisitsoeng ho ba fumanang mangolo tse neng li nehelanoa ke bahlanka ba ’maloa ba Jehova ba nako e telele. Richard Abrahamson, e mong oa basebetsi ba ntlo-khōlō ea ileng a qala tšebeletso ea hae ea nako e tletseng ka 1940, o ile a phehella sehlopha: “Tsoelang Pele ho ’na le Khutlisetsoa Tseleng.” O ile a ba hopotsa hore ba se ba bile le liphihlelo tse sa tšoaneng tsa ho khutlisetsoa tseleng bophelong ba bona joaloka Bakreste, ho kopanyelletsa le likhoeli tse hlano tsa thupelo ea bona Gileade. Kahoo ke hobane’ng ha ba lokela ho tsoela pele ba khutlisetsoa tseleng?
Sebui se ile sa hlalosa hore polelo e sebelisitsoeng ke moapostola Pauluse ho 2 Bakorinthe 13:11 “e bolela mehato e hatelang pele, ho ikokobeletsa ho lokisoa kapa ho ntlafatsoa ke Jehova ka ho tsoelang pele, ho etsa liphetoho tse hlokahalang, e le hore motho a khahlametse litekanyetso tsa Jehova tse hlokang boiteko bo eketsehileng.” Likabelong tsa bona linaheng lisele, sehlopha se fumanang mangolo se il’o tobana le liphephetso tse ncha tsa tumelo ea bona. Ba il’o tlameha ho ithuta puo e ncha, ho tloaelana le mekhoa le maemo a fapaneng a bophelo, ’me ba tloaele mefuta e sa tšoaneng ea tšimo. Ba boetse ba il’o sebetsana le batho ba botho bo fapaneng le ba bona mahaeng a baromuoa le liphuthehong tsa bona tse ncha. Haeba ba ka ba seli ho sebelisa melao-motheo ea Bibele maemong ana kaofela, ba ithaopela ho khutlisetsoa tseleng, joale, le bona ba tla ‘tsoela pele ho thaba,’ joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola.
John Barr, setho se seng sa tse hlano tsa Sehlopha se Busang tse ileng tsa ba le karolo lenaneong, o ile a nka sehlooho sa hae ho 1 Bakorinthe 4:9. O ile a hopotsa bamameli ba hae hore Bakreste ke sebonoang ho mangeloi le ho batho. O ile a re: “Ho tseba sena, ho eketsa bohlokoa ba tsela ea bophelo ea Mokreste, haholo-holo ha a elelloa hore ka seo a se buang le ka seo a se etsang, a ka ba le liphello tse hlokomelehang ho ba mo shebileng, bao a sa ba boneng le bao a ba bonang. Ke lumela hore sena ke se seng seo e tla ba hantle hore lōna bara le barali babo rōna ba ratehang ba sehlopha sa bo100 sa Gileade le se hopole ha le ea likhutlong tse hōle tsa lefatše.”
Mor’abo rōna Barr o ile a phehella liithuti tse 48 ho hopola hore, ha li ntse li thusa ba kang linku ho ithuta ’nete, “thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.” (Luka 15:10) Ha a bua ka 1 Bakorinthe 11:10, o ile a bontša hore boikutlo ba motho mabapi le litokisetso tsa puso ea Molimo ha bo ame bara le barali babo rōna feela bao re ba bonang empa hape bo ama le mangeloi ao re sa a boneng. Ho molemo hakaakang ho lula re ntse re e-na le mohopolo oo o batsi!
Setho se seng sa Sehlopha se Busang, Gerrit Lösch, eo le eena a ileng a fumana mangolo a Sekolo sa Gileade, o ile a tšohla mangolo a kang Pesaleme ea 125:1, 2; Zakaria 2:4, 5; le Pesaleme ea 71:21 ho bontša hore Jehova “o teela sechaba sa hae hare.” O fana ka tširelo ho sona ka ’nģa tsohle. Na Molimo o tla fana ka tširelo e joalo nakong ea mahlomola a maholo feela? Sebui se ile sa araba: “Che, hobane Jehova e se e ntse e le ‘lerako la mollo,’ tširelo ho batho ba hae. Selemo sa 1919 sa ka mor’a ntoa se ile sa fumana masala a Iseraele oa moea a laba-labela ka cheseho ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng ka bophara e le bopaki ho lichaba tsohle. E ne e le baemeli ba Jerusalema oa tšoantšetso leholimong. Jehova o tiisa hore o tla fana ka tširelo ea bomolimo ho baemeli bana e le sehlopha nakong ea bofelo. Kahoo ke mang ea ka atlehang ho ba thibela? Ha a eo.” Ke ho khothatsang hakaakang ho bona le ho bohle ba sebetsang haufi-ufi le bona ho etseng thato ea Molimo!
Ulysses Glass, setho se nang le lilemo tse ngata lefapheng la thuto sekolong, o ile a khothaletsa sehlopha ho ‘ntšetsa pele khetho ea bona ea sebaka se sireletsehileng ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng ka bophara.’ Sebaka se sireletsehileng ke boemo kapa tšebetso e lumellanang le matla kapa botho ba motho ka ho khetheha. O ile a phatlalatsa: “Lōna baromuoa ba kamoso le fumane sebaka sa lōna se sireletsehileng ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova. Empa, habohlokoa hona joale ke hore sena ke qalo feela ea bophelo ba lōna le le baromuoa.” Ba tlameha ho ikitlaeletsa ho sebelisa matla a bona hantle le ho lokela kabelo e ikhethang eo Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o ba fileng eona.
Puo e qetellang karolong ena ea lenaneo e ile ea nehelanoa ke Wallace Liverance, setho sa lefapha la thuto Gileade se ileng sa sebeletsa lilemo tse 17 Bolivia. O ile a botsa sehlopha sa liithuti: “Na le tla beha Molimo tekong?” Ba lokela ho ho etsa joang? Sechaba sa Iseraele se ile sa beha Molimo tekong ka tsela e fosahetseng. (Deuteronoma 6:16) Sebui se ile sa re: “Ka ho hlakileng ho beha Molimo tekong ka ho belaela kapa ho korotla kapa mohlomong ka ho bontša ho hloka tumelo mabapi le tsela eo a sebetsang litaba ka eona ho fosahetse.” O ile a phehella: “Ha le fihla likabelong tsa lōna tse ncha, hanelang tšekamelo eo.” Joale, tsela e nepahetseng ea ho beha Molimo tekong ke efe? Mor’abo rōna Liverance o ile a hlalosa: “Ke ka ho lumela seo a se buang, ho etsa sohle seo a se buang, ebe joale re tlohella liphello matsohong a hae.” Joalokaha ho bonoa ho Malakia 3:10, Jehova o mema batho ba hae: “Nteke ka hoo.” O ile a tšepisa hore haeba ka botšepehi ba tlisa karolo ea bona ea leshome ntlong ea polokelo tempeleng, o tla ba hlohonolofatsa. Sebui se ile sa botsa: “Ke hobane’ng le sa talime kabelo ea lōna ea boromuoa ka tsela e tšoanang? Jehova o batla hore le atlehe ho eona, kahoo mo beheng tekong. Khomarelang kabelong ea lōna. Etsang liphetoho tseo a batlang hore le li etse. Mamellang. Le bone haeba ha a na ho le hlohonolofatsa.” Eo ke keletso e molemo hakaakang ho bohle ba sebeletsang Jehova!
Ka mor’a pina lenaneo le ile la fetoha ho tloha lipuong ho ea letotong le thabisang la lipuisano ka lipotso.
Litlhaloso Tse Sebetsang ho Tsoa Tšimong
Mark Noumair, setho se secha lefapheng la thuto Gileade, o ile a mema liithuti ho pheta liphihlelo tseo li bileng le tsona tšebeletsong ea tšimo ha li ntse li le sekolong. Tsena li ile tsa totobatsa bohlokoa ba ho bontša boikemisetso tšebeletsong ’me tsa fana ka likhopolo tse sebetsang tseo bamameli ba ka li sebelisang.
Nakong ea bona ea sekolo, liithuti sehlopheng sena sa Gileade ka ho khetheha li ile tsa rua molemo ka hore li ile tsa khona ho kopana le litho tsa Likomiti tsa Makala ho tsoa linaheng tse 42, le tsona li ne li tlile Setsing sa Thuto Patterson bakeng sa koetliso e khethehileng. Ba bangata ho bona ba ne ba ile ba fumana mangolo a Gileade lilemong tsa pejana. Lenaneong, ho ile ha tšoaroa lipuisano ka lipotso le baemeli ba tsoang sehlopheng sa bo3, sa bo5, sa bo51 le sa bo92, hammoho le ba tsoang Keketsong ea Sekolo sa Gileade Jeremane. Litlhaloso tsa bona e bile tse molemo hakaakang!
Ba ile ba bolela kamoo baromuoa ba ikutloang kateng ha ba bona palo ea barorisi ba Jehova likabelong tsa bona e eketseha ho tloha ho ba seng ba kae ho isa ho ba mashome a likete. Ba ile ba bolela ka karolo eo ba bileng le eona ho iseng litaba tse molemo libakeng tse qalikaneng Lithabeng tsa Andes le metsaneng e mehloling ea Nōka ea Amazon. Ba ile ba bua ka ho pakela batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola. Ba ile ba bolela kamoo ba neng ba sōkōla kateng ha ba ithuta puo e ncha le seo bana ba fumanang mangolo ba hlileng ba ka se lebellang mabapi le hore na ke kapele hakae ba ka khonang ho paka le ho nehelana ka lipuo ka puo e kang Sechaena. Ba ile ba ba ba etsa pontšo ka linehelano tsa Sepanishe le Sechaena. Ba ile ba hatella ka matla hore baromuoa ba atleha haholo ha ba sa ithute puo feela empa hape ba ithuta le tsela eo batho ba nahanang ka eona. Ba ile ba bolela kamoo hangata maemo a bophelo a leng thata kateng linaheng tse futsanehileng ’me ba re: “Baromuoa ba lokela ho hlokomela hore hangata boemo bona bo bakoa ke ho hanyapetsoa. Moromuoa o etsa hamolemo haholo haeba a na le boikutlo bo kang ba Jesu—o ne a e-na le kutloelo-bohloko ho batho, ba neng ba le joaloka linku tse se nang molisa.”
Ka mor’a pina lenaneo le ile la tsoela pele ka puo ea A. D. Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang. O ile a ba le tokelo ea ho ba e mong oa barupeli ba pele ba Sekolo sa Gileade ha se ne se buloa ka 1943. E le sehlohlolo se loketseng sa lenaneo, o ile a tšohla sehlooho se reng “Rorisang Jehova Joaloka ’Musi Morena.” Mor’abo rōna Schroeder o ile a tšohla taba e hapang maikutlo ho Pesaleme ea 24 e ileng ea susumetsa bohle ba neng ba le teng ho bona hore na ke tokelo e kaakang ho rorisa Jehova joaloka ’Musi Morena.
Ka mor’a kabo ea mangolo a diploma le pina e qetellang, Karl Klein oa Sehlopha se Busang o ile a phetha ka thapelo e tlohang pelong. Lenaneo e bile le sebetsang le le khathollang moeeng hakaakang!
Matsatsi ka mor’a ho fumana mangolo, litho tse 48 tsa sehlopha sa bo100 li ile tsa qala ho leba likabelong tsa boromuoa linaheng tse 17. Empa ba ne ba sa qale tšebeletso ea bona. Ba se ba ntse ba e-na le tlaleho e ngata ea tšebeletso ea nako e tletseng ea Bokreste. Ha ba kenela Gileade, ba ne ba le lilemo li 33 ka karolelano, ’me ba nehelane ka lilemo tse fetang 12 tšebeletsong ea nako e tletseng. Ba bang ba bona e ’nile ea e-ba litho tsa lelapa la Bethele la Mokhatlo oa Watch Tower oa lefatšeng ka bophara. Ba bang ba ile ba sebeletsa e le balebeli ba tsamaeang. Palo e itseng ea liithuti e kile ea kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso linaheng lisele—Afrika, Europe, Amerika Boroa, lihleke-hlekeng tsa leoatle le har’a lihlopha tse buang puo lisele linaheng tsa habo bona. Empa hona joale ba kopane le baromuoa ba bang ba bangata ba ’nileng ba re ka thabo, ‘Re tla sebeletsa kae kapa kae lefatšeng moo re hlokoang teng.’ Takatso ea bona e tlohang pelong ke ho sebelisa bophelo ba bona ho tlotlisa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Lipalo Tse Amang Sehlopha:
Lenane la linaha tse emetsoeng: 8
Lenane la linaha tseo li abetsoeng ho ea ho tsona: 17
Lenane la liithuti: 48
Karolelano ea lilemo: 33,75
Karolelano ea lilemo ’neteng: 17,31
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 12,06
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa Bo100 se Fumanang Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng o mong le o mong.
(1) Shirley, M.; Grundström, M.; Genardini, D.; Giaimo, J.; Shood, W.; Phair, P.; Buchanan, C.; Robinson, D. (2) Pine, C.; Kraus, B.; Racicot, T.; Hansen, A.; Beets, T.; Berg, J.; Garcia, N.; Fleming, K. (3) Whinery, L.; Whinery, L.; Harps, C.; Giaimo, C.; Berg, T.; Mann, C.; Berrios, V.; Pfeifer, C. (4) Randall, L.; Genardini, S.; Kraus, H.; Fleming, R.; D’Abadie, S.; Shirley, T.; Stevenson, G.; Buchanan, B. (5) Robinson, T.; Garcia, J.; Harps, P.; Racicot, D.; D’Abadie, F.; Phair, M.; Stevenson, G.; Shood, D. (6) Beets, L.; Pfeifer, A.; Berrios, M.; Pine, J.; Mann, L.; Randall, P.; Grundström, J.; Hansen, G.