Tempele ea Jehova e Khōlō ea Moea
“Re na le moprista ea phahameng ea joaloka enoa, . . . mohlanka oa sechaba oa sebaka se halalelang le oa tente ea ’nete, eo Jehova a ileng a e hloma, eseng motho.”—BAHEBERU 8:1, 2.
1. Molimo o etselitse moloko oa batho o shoang tokisetso efe e lerato?
JEHOVA MOLIMO, ka lebaka la lerato la hae le leholo ho moloko oa batho, o fane ka sehlabelo bakeng sa ho tlosa libe tsa lefatše. (Johanne 1:29; 3:16) Sena se ile sa hloka hore a tlose bophelo ba Mora oa hae oa letsibolo leholimong a bo fetisetse pōpelong ea moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria. Lengeloi la Jehova le ile la hlalosetsa Maria ka ho hlaka hore ngoana eo a neng a tla mo emola o ne a tla “bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” (Luka 1:34, 35) Josefa, ea neng a tšepisane lenyalo le Maria, o ile a bolelloa ka sebōpeho sa mohlolo sa kemolo ea Jesu ’me a hlokomela hore enoa o ne a tla “pholosa batho ba habo libeng tsa bona.”—Matheu 1:20, 21.
2. Jesu o ile a etsa’ng ha a ne a le lilemo tse ka bang 30, hona hobane’ng?
2 Ha Jesu a ntse a hōla, e tlameha ebe o ne a ile a utloisisa tse ling tsa linnete tsena tse mabapi le tsoalo ea hae ea mohlolo. O tsebile hore ho ne ho e-na le mosebetsi o pholosang bophelo oo Ntate oa hae oa leholimo a neng a batla hore a o etse lefatšeng. Ka hona, Jesu ha e le monna ea hōlileng ka ho feletseng ea lilemo tse ka bang 30, o ile a tla ho moprofeta oa Molimo, Johanne hore a kolobetsoe Nōkeng ea Jordane.—Mareka 1:9; Luka 3:23.
3. (a) Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe aa, “Sehlabelo le nyehelo ha ua ka ua li batla”? (b) Jesu o ile a behela bohle ba batlang ho ba barutuoa ba hae mohlala ofe o hlaheletseng?
3 Jesu o ne a rapela nakong ea ha a kolobetsoa. (Luka 3:21) Ho hlakile hore ho tloha ka nako eo ho ea pele bophelong ba hae, o ile a phethahatsa Pesaleme ea 40:6-8, joalokaha moapostola Pauluse a ile a bontša hamorao: “Sehlabelo le nyehelo ha ua ka ua li batla, empa u ile ua ntokisetsa ’mele.” (Baheberu 10:5) Kahoo Jesu o ile a bontša hore o elelloa hore Molimo ‘ha aa ka a batla’ hore mahlabelo a liphoofolo a tsoele pele a nyeheloa tempeleng ea Jerusalema. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a hlokomela hore Molimo o ne a mo lokiselitse ’mele oa motho o phethahetseng hore a o nyehele e le sehlabelo. Sena se ne se tla etsa hore ho se hlole ho hlokahala mahlabelo a liphoofolo. Ha a bontša takatso ea hae e tebileng ea ho ikokobeletsa thato ea Molimo, Jesu o ile a tsoela pele ho rapela: “Bona! ke tlile (moqolong oa buka ho ngoliloe ka ’na) ho etsa thato ea hao, Uena Molimo.” (Baheberu 10:7) Ke mohlala o motle hakaakang oa sebete le boinehelo bo se nang boithati oo Jesu a ileng a o beha letsatsing leo bakeng sa bohle bao hamorao e neng e tla ba barutuoa ba hae!—Mareka 8:34.
4. Molimo o ile a bontša joang hore o amohetse ho inyehela ha Jesu?
4 Na Molimo o ile a bontša hore o amohela thapelo ea Jesu ea kolobetso? Ak’u re e mong oa baapostola ba khethiloeng ba Jesu a re arabe: “Ka mor’a hore a kolobetsoe Jesu kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing; ’me, bonang! maholimo a buleha, ’me a bona moea oa Molimo o theoha joaloka leeba o tla holim’a hae. Bonang! Hape, ho ne ho e-na le lentsoe le tsoang maholimong le neng le re: ‘Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng.’”—Matheu 3:16, 17; Luka 3:21, 22.
5. Aletare ea tempele ea sebele e ne e tšoantšetsa eng?
5 Ha Molimo a ne a amohela ho hlahisoa ha ’mele oa Jesu e le sehlabelo, ka kutloisiso ea moea ho ne ho bolela hore aletare e khōloanyane ho feta e tempeleng ea Jerusalema e ne e hlahelletse. Aletare ea sebele eo ho eona liphoofolo li neng li hlahisoa bakeng sa sehlabelo e ne e tšoantšetsa aletare eo ea moea, eo ha e le hantle e neng e le “thato” kapa tokisetso ea Molimo bakeng sa ho amohela bophelo ba Jesu ba botho e le sehlabelo. (Baheberu 10:10) Ke kahoo moapostola Pauluse a neng a ka ngolla Bakreste-’moho le eena: “Re na le aletare eo ba etsang tšebeletso e halalelang tenteng [kapa, tempeleng] ba se nang matla a ho jella ho eona.” (Baheberu 13:10) Ka mantsoe a mang, Bakreste ba ’nete ba fumana molemo sehlabelong se phahameng se koahelang libe, seo baprista ba bangata ba Bajuda ba ileng ba se hana.
6. (a) Ke’ng e ileng ea hlahella nakong ea kolobetso ea Jesu? (b) Tlotla Mesia, kapa Kreste, e bolela’ng?
6 Ho tlotsoa ha Jesu ka moea o halalelang ho ile ha bolela hore joale Molimo o ne a entse tokisetso eohle ea hae ea tempele ea moea, ka Jesu a sebeletsa e le Moprista ea Phahameng. (Liketso 10:38; Baheberu 5:5) Morutuoa Luka o ile a bululeloa hore a qoolle selemo sa ketsahalo ena ea bohlokoa e le “selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tiberiuse Sesare.” (Luka 3:1-3) Seo se lumellana le selemo sa 29 C.E.—libeke tse 69 tsa lilemo hantle, kapa lilemo tse 483, ho tloha nakong eo ka eona Morena Artaxerxese a neng a fane ka taelo ea hore marako a Jerusalema a ahoe bocha. (Nehemia 2:1, 5-8) Ho latela boprofeta bona, “motlotsuoa Morena” o ne a tla hlaha ka selemo seo se tšoailoeng. (Daniele 9:25) Ho hlakile hore Bajuda ba bangata ba ne ba hlokometse sena. Luka o tlaleha hore “batho ba [ne] ba lebeletse” ho hlaha ha Mesia, kapa Kreste, litlotla tse tsoang mantsoeng a Seheberu le a Segerike a nang le moelelo o tšoanang oa “motlotsuoa.”—Luka 3:15.
7. (a) Molimo o ile a tlotsa “Sehalalelo sa Lihalalelo” neng, ’me see se ile sa bolela’ng? (b) Ke’ng hape se ileng sa etsahala ho Jesu nakong ea kolobetso ea hae?
7 Nakong ea kolobetso ea Jesu, lehae la Molimo la leholimo le ile la tlotsoa, kapa la khethoa, e le “Sehalalelo sa Lihalalelo” tokisetsong ea tempele e khōlō ea moea. (Daniele 9:24, NW) “Tente ea ’nete [kapa, tempele], eo Jehova a ileng a e hloma, eseng motho” e ne e sebetsa. (Baheberu 8:2) Hape, ka ho kolobetsoa ha hae ka metsi le ka moea o halalelang, motho Jesu Kreste o ile a tsoaloa hape e le Mora oa Molimo oa moea. (Bapisa le Johanne 3:3.) Sena se ile sa bolela hore Molimo ka nako e loketseng o ne a tla khutlisetsa Mora oa hae bophelong ba leholimo, moo a neng a tla sebeletsa letsohong le letona la Ntat’ae e le Morena le Moprista ea Phahameng “ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke ka ho sa feleng.”—Baheberu 6:20; Pesaleme ea 110:1, 4.
Se Halalelang ka ho Fetisisa sa Leholimo
8. Terone ea Molimo leholimong joale e ne e se e e-na le likarolo life tse ncha?
8 Letsatsing leo Jesu a kolobelitsoeng ka lona, terone ea Molimo ea leholimo e ile ea qala ho ba le likarolo tse ncha. Ho hlokomeloa ha sehlabelo se phethahetseng sa motho bakeng sa ho koahela libe tsa lefatše ho ile ha hatisa ho halalela ha Molimo ha ho bapisoa le boetsalibe ba motho. Mohau oa Molimo o ile oa boela oa totobatsoa ka hore joale o ile a bontša boikemisetso ba hae ba ho khotsofatsoa kapa ho etsoa hore a be le poelano. Kahoo terone ea Molimo e leholimong e ne e fetohile e tšoanang le kamore e ka hare-hare ea tempele, moo moprista ea phahameng a neng a kena hang ka selemo ka mali a phoofolo hore ka tsela ea tšoantšetso a koahele sebe.
9. (a) Lesira le lipakeng tsa Se Halalelang le Se Halalelang ka ho Fetisisa le ne le tšoantšetsa’ng? (b) Jesu o ile a fetela ka ’nģane ho lesira la tempele ea Molimo ea moea joang?
9 Lesira le neng le arotse Se Halalelang ho Se Halalelang ka ho Fetisisa le ne le tšoantšetsa ’mele oa Jesu oa nama. (Baheberu 10:19, 20) E ne e le mokoallo o neng o thibela Jesu ho kena botenng ba Ntate oa hae ha e sa ntse e le motho lefatšeng. (1 Bakorinthe 15:50) Nakong ea lefu la Jesu, “lesira la sehalalelo la hahoha likoto tse peli, ho tloha holimo ho ea tlaase.” (Matheu 27:51) Ka tšoantšetso sena se ile sa bontša hore mokoallo o thibelang Jesu ho kena leholimong joale o ne o tlositsoe. Matsatsi a mararo hamorao, Jehova Molimo o ile a etsa mohlolo o hlaheletseng. O ile a tsosa Jesu bafung, e se motho ea shoang oa nama le mali, empa e le sebōpuoa sa moea se khanyang se ‘tsoelang pele se phela ka ho sa feleng.’ (Baheberu 7:24) Matsatsi a 40 hamorao, Jesu o ile a nyolohela leholimong ’me a kena ka “Sehalalelong sa Lihalalelo” sa sebele “ho hlaha ka pel’a Molimo ka boeena bakeng sa rōna.”—Baheberu 9:24.
10. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore Jesu a hlahise molemo oa sehlabelo sa hae ho Ntate oa hae oa leholimo? (b) Ho tlotsoa ka moea o halalelang ho ne ho bolela’ng bakeng sa barutuoa ba Kreste?
10 Na Molimo o ile a amohela molemo oa mali a Jesu a tšolotsoeng e le a koahelang libe tsa lefatše? Ka sebele ho joalo. Bopaki ba sena bo ile ba tla hantle matsatsing a 50 ka mor’a tsoho ea Jesu, ka letsatsi la mokete oa Pentekonta. Moea oa Molimo o halalelang o ile oa tšolleloa holim’a barutuoa ba Jesu ba 120 ba neng ba bokane hammoho Jerusalema. (Liketso 2:1, 4, 33) Joaloka Moprista oa bona ea Phahameng, Jesu Kreste, joale ba ne ba tlotselitsoe ho sebeletsa e le “boprista bo halalelang, ho nyehela mahlabelo a moea” tlas’a tokisetso ea Molimo ea tempele e khōlō ea moea. (1 Petrose 2:5) Ho feta moo, bana ba tlotsitsoeng ba ne ba bōpa sechaba se secha, “sechaba se halalelang” sa Molimo sa Iseraele ea moea. Ka lebaka leo, boprofeta bohle ba lintho tse molemo mabapi le Iseraele, tse kang tšepiso ea “selekane se secha” e tlalehiloeng ho Jeremia 31:31, bo ne bo tla sebetsa phuthehong ea Bakreste ba tlotsitsoeng, “Iseraele ea Molimo” ea sebele.—1 Petrose 2:9; Bagalata 6:16.
Likarolo Tse Ling Tsa Tempele ea Molimo ea Moea
11, 12. (a) Lebala la boprista le ne le tšoantšetsa’ng tabeng ea Jesu, hona ke eng tabeng ea balateli ba hae ba tlotsitsoeng? (b) Sekotlolo sa metsi se ne se tšoantšetsa’ng, ’me se sebelisoa joang?
11 Le hoja Se Halalelang ka ho Fetisisa se ne se tšoantšetsa ‘leholimo ka bolona,’ moo Molimo a lutseng teroneng, likarolo tse ling tsohle tsa tempele ea Molimo ea moea li amana le lintho tse lefatšeng. (Baheberu 9:24) Tempeleng ea Jerusalema, ho ne ho e-na le lebala le ka hare la boprista le neng le e-na le aletare ea mahlabelo le sekotlolo se seholo sa metsi ao baprista ba neng ba a sebelisa ho itlhoekisa pele ba etsa tšebeletso e halalelang. Lintho tsee li tšoantšetsa’ng tokisetsong ea tempele ea Molimo ea moea?
12 Tabeng ea Jesu Kreste, lebala le ka hare la boprista le ne le tšoantšetsa boemo ba hae ba ho hloka sebe e le Mora oa Molimo oa motho ea phethahetseng. Ka ho sebelisa tumelo sehlabelong sa Jesu, balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba boleloa ba lokile. Kahoo, ke ka nepo Molimo a ka sebelisanang le bona joalokaha eka ha ba na sebe. (Baroma 5:1; 8:1, 33) Kahoo, lebala lena le boetse le tšoantšetsa boemo ba ho loka boo batho ba tlotloang ka bona boo litho ka bomong tsa boprista bo halalelang li bo thabelang ka pel’a Molimo. Ka nako e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ntse ba sa phethahala ’me ba ntse ba ka etsa sebe. Sekotlolo sa metsi se ka lebaleng se tšoantšetsa Lentsoe la Molimo, leo Moprista ea Phahameng a le sebelisang ho hloekisa boprista bo halalelang mohato ka mohato. Ka ho ikokobeletsa tšebetso ena ea ho hloekisa, ba finyeletse ponahalo e nang le seriti e tlotlang Molimo le ho hulela ba kantle borapeling ba hae bo hloekileng.—Baefese 5:25, 26; bapisa le Malakia 3:1-3.
Se Halalelang
13, 14. (a) Se Halalelang tempeleng se tšoantšetsa’ng tabeng ea Jesu le balateli ba hae ba tlotsitsoeng? (b) Seluloana sa lebone sa khauta se tšoantšetsa’ng?
13 Kamore ea pele ea tempele e tšoantšetsa boemo bo phahametseng ba lebala. Tabeng ea motho ea phethahetseng Jesu Kreste, e tšoantšetsa ho tsoaloa ha hae hape e le Mora oa Molimo oa moea ea reretsoeng ho khutlela bophelong ba hae ba leholimo. Ka mor’a hore balateli bana ba tlotsitsoeng ba boleloe ba lokile, motheong oa tumelo ea bona maling a Kreste a tšolotsoeng, le bona ba latsoa tšebetso ena e khethehileng ea moea oa Molimo. (Baroma 8:14-17) Ka “metsi [ke hore, kolobetso ea bona] le moea,” ba ‘tsoetsoe hape’ e le bara ba Molimo ba moea. Ba le boemong boo, ba na le tšepo ea ho tsosetsoa bophelong ba leholimo e le bara ba Molimo ba moea, hafeela ba lula ba tšepahala ho fihlela lefung.—Johanne 3:5, 7; Tšenolo 2:10.
14 Baprista ba neng ba sebeletsa ka ho Se Halalelang tempeleng ea lefatšeng ba ne ba sa bonoe ke barapeli ba kantle. Ka ho tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba boemong ba moea boo barapeli ba bangata ba Molimo, bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng, ba seng ho bona kapa ba sa bo utloisiseng ka ho feletseng. Seluloana sa lebone sa khauta sa tabernakele se tšoantšetsa boemo ba Bakreste ba tlotsitsoeng ba ho ba le kutloisiso ea lintho tsa moea. Ho sebetsa ha moea o halalelang oa Molimo, joaloka oli e ka maboneng, ho hlakisa se ka Bibeleng. Kutloisiso eo Bakreste ba e fumanang ka lebaka la sena, ha ba e boloke ho bona. Ho e-na le hoo, ba mamela Jesu, ea ileng a re: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.”—Matheu 5:14, 16.
15. Bohobe bo tafoleng ea mahobe a tlhahiso bo tšoantšetsa’ng?
15 E le hore ba lule boemong bona ba ho utloisisa lintho tsa moea, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlameha hore kamehla ba iphepe ka se tšoantšetsoang ke bohobe bo tafoleng ea mahobe a tlhahiso. Mohloli oa bona o ka sehloohong oa lijo tsa moea ke Lentsoe la Molimo, leo ba lekang ka matla ho le bala le ho thuisa ka lona letsatsi le letsatsi. Jesu le eena o ile a tšepisa ho ba fa “lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng” ka “lekhoba [la hae] le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) “Lekhoba” lena ke sehlopha sohle sa Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ka nako leha e le efe. Kreste o sebelisitse sehlopha sena se tlotsitsoeng ho hatisa boitsebiso bo mabapi le phethahatso ea boprofeta ba Bibele le ho fana ka tataiso e nakong mabapi le tšebeliso ea melao-motheo ea Bibele bophelong ba kajeno ba letsatsi le letsatsi. Ka hona, Bakreste ba tlotsitsoeng ka kananelo ba iphepa ka lijo tsohle tse joalo tsa moea. Empa ho ōtleha ha bophelo ba bona ba moea ho itšetlehile ka ho fetang ho kenya tsebo ea Molimo likelellong le lipelong tsa bona. Jesu o itse: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Ka ho tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba khotsofatsoa ke hore letsatsi le letsatsi ka mafolo-folo ba etse thato ea Molimo e senotsoeng.
16. Tšebeletso aletareng ea libano e tšoantšetsa’ng?
16 Hoseng le mantsiboea, moprista o ne a nyehela libano ho Molimo aletareng ea libano e ka ho Se Halalelang. Ka nako e tšoanang, barapeli bao e seng baprista ba ne ba tla rapela Molimo ha ba ntse ba eme mabaleng a kantle a tempele ea hae. (Luka 1:8-10) Bibele ea hlalosa: “Libano li bolela lithapelo tsa bahalaleli.” (Tšenolo 5:8) Mopesaleme Davida o ile a ngola: “Thapelo ea ka a e ke e nyolohele joalo ka libano tse nkhang hamonate pel’a hao.” (Pesaleme ea 141:2) Bakreste ba tlotsitsoeng ba boetse ba nka tokelo ea bona ea ho atamela Jehova ka thapelo ka Jesu Kreste e le ea bohlokoa. Lithapelo tse etsoang ka tieo tse tlohang pelong li tšoana le libano tse nkhang hamonate. Bakreste ba tlotsitsoeng ba boetse ba rorisa Molimo ka litsela tse ling, ba sebelisa melomo ea bona ho ruta ba bang. Mamello ea bona ha ba talimane le mathata le botšepehi ba bona ha ba lekoa li khahlisa Molimo ka ho khethehileng.—1 Petrose 2:20, 21.
17. Ho ne ho ameha’ng phethahatsong ea setšoantšo sa boprofeta se fanoang ke ho kena ha moprista ea phahameng ka lekhetlo la pele ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa Letsatsing la ho Koahela Libe?
17 Ka Letsatsi la ho Koahela Libe, moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a tlameha ho kena ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa ebe o chesa libano pitseng ea ho chesetsa libano ea khauta e tšetseng mashala a tukang. Sena se ne se tlameha ho etsoa pele a tlisa mali a linyehelo tsa sebe. Phethahatsong ea setšoantšo sena sa boprofeta, motho Jesu o ile a boloka botšepehi bo feletseng ho Jehova Molimo pele a nyehela bophelo ba hae e le sehlabelo se le seng se tšoarellang sa libe tsa rōna. Kahoo o ile a bontša hore motho ea phethahetseng o ne a ka boloka botšepehi ho Molimo ho sa tsotellehe hore na Satane o mo tlisetsa likhatello tse kae. (Liproverbia 27:11) Ha a ne a lekoa, Jesu o ile a rapela “ka mehoo e matla le meokho, ’me o ile a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.” (Baheberu 5:7) Ka tsela ena o ile a tlotlisa Jehova e le ’Musi oa bokahohleng ea lokileng le ea loketseng. Molimo o ile a putsa Jesu ka ho mo tsosa bafung, a mo tsosetsa bophelong ba leholimo ba ho se shoe. Boemong bona bo phahameng, Jesu o lebisa tlhokomelo lebakeng la bobeli la ho tla ha hae lefatšeng, e leng, ho boelanya batho ba baetsalibe ba bakileng le Molimo.—Baheberu 4:14-16.
Khanya e Khōloanyane ea Tempele ea Molimo ea Moea
18. Jehova o tlisitse khanya e hlaheletseng joang tempeleng ea hae ea moea?
18 Jehova o boletse esale pele: “Khanya ea morao ea ntlo ena e tla feta ea ea pele.” (Haggai 2:9) Ka ho tsosa Jesu hore e be Morena ea sa shoeng le Moprista ea Phahameng, Jehova o tlisitse khanya e hlaheletseng tempeleng ea hae ea moea. Hona joale Jesu o boemong ba ho tlisa “poloko e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.” (Baheberu 5:9) Ba pele ba ileng ba mo mamela ka tsela eo e bile barutuoa ba 120 ba ileng ba amohela moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. Buka ea Tšenolo e boletse esale pele hore bara bana ba moea ba Iseraele ba ne ba tla qetella ba le 144 000. (Tšenolo 7:4) Ka mor’a ho shoa, bongata ba bona ba ile ba tlameha ho robala ba le boemong ba ho se ikutloe lebitleng le tloaelehileng la batho, ba emetse nako ea ho ba teng ha Jesu matleng a borena. Tatellano ea liketsahalo tsa boprofeta ho ea ka nako ea tsona e ho Daniele 4:10-17, 20-27 e supa 1914 e le nako ea hore Jesu a qale ho busa har’a lira tsa hae. (Pesaleme ea 110:2) Mashome a lilemo esale pele, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba letela selemo seo ka cheseho. Ntoa ea pele ea lefatše le bomalimabe bo tsamaeang le eona molokong oa batho li ile tsa fana ka bopaki ba hore Jesu o ile a fela a behoa teroneng e le Morena ka 1914. (Matheu 24:3, 7, 8) Kapele ka mor’a moo, ha nako ea hore “kahlolo e qale ka ntlo ea Molimo” e se e fihlile, Jesu o ne a tla phethahatsa tšepiso ho barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ba neng ba robetse lefung: “Ke boetse kea tla ’me ka sebele ke tla le amohela lapeng ho ’na.”—1 Petrose 4:17; Johanne 14:3.
19. Masala a ba 144 000 a tla khona ho kena joang ka ho Se Halalelang ka ho Fetisisa sa leholimo?
19 Hase litho tsohle tse 144 000 tsa boprista bo halalelang tse seng li fumane tiiso ea ho qetela le ho bokelleloa lehaeng la tsona la leholimo. Masala a tsona a ntse a phela lefatšeng boemong ba moea bo tšoantšetsoang ke Se Halalelang, a arotsoe ho boteng ba Molimo bo halalelang ke “lesira” kapa mokoallo oa ’mele ea bona ea nama. Ha bana ba e-shoa ba tšepahetse, ba tsosoa hang-hang e le libōpuoa tsa moea tse sa shoeng hore ba kopane le karolo ea ba 144 000 ba seng ba ntse ba le leholimong.—1 Bakorinthe 15:51-53.
20. Masala a boprista bo halalelang a etsa mosebetsi ofe oa bohlokoa hona joale, ’me e le ka liphello life?
20 Kaha ho e-na le baprista ba bangata hakana ba sebeletsang hammoho le Moprista ea Phahameng e moholo leholimong, tempele ea Molimo ea moea e na le khanya e eketsehileng. Ho sa le joalo, masala a boprista bo halalelang a etsa mosebetsi oa bohlokoa lefatšeng. Ka boboleli ba ’ona, Molimo o “sisinya . . . lichaba tsohle” ka lipolelo tsa kahlolo ea hae, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Haggai 2:7. Ka nako e tšoanang, barapeli ba limilione ba hlalositsoeng e le “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” ba tla ka bongata mabaleng a lefatšeng a tempele ea Jehova. Baa ba kena joang tokisetsong ea Molimo ea borapeli, ’me ke khanya efe ea kamoso eo re ka e lebellang tempeleng ea hae e khōlō ea moea? Lipotso tsena li tla hlahlojoa sehloohong se latelang.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Jesu o ile a beha mohlala ofe o hlaheletseng ka 29 C.E.?
◻ Ke tokisetso efe e ileng ea qala ho sebetsa ka 29 C.E.?
◻ Se Halalelang le Se Halalelang ka ho Fetisisa li tšoantšetsa’ng?
◻ Tempele e khōlō ea moea e tlotlisitsoe joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ha Jesu a ne a tlotsoa ka moea o halalelang ka 29 C.E., tempele ea Molimo e khōlō ea moea e ile ea qala ho sebetsa