Na U sa Hopola?
Na u ananetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, ak’u bone haeba u ka araba lipotso tse latelang:
◻ Na mantsoe a Jesu, “Haeba le tšoarela libe tsa batho leha e le bafe, li lula li tšoaretsoe bona,” a bolela hore Bakreste ba ka tšoarela libe? (Johanne 20:23)
Ha ho na motheo oa Mangolo bakeng sa ho etsa qeto ea hore Bakreste ka kakaretso, kapa esita le baholo ba khethiloeng ka liphuthehong, ba na le matla a bomolimo a ho tšoarela libe. Ho bonahala moelelo oa mantsoe a Jesu o bontša hore baapostola ba ile ba fuoa matla a ho tšoarela kapa ho boloka libe ka tšebetso e ikhethang ea moea. (Bona Liketso 5:1-11; 2 Bakorinthe 12:12.)—4/15, leqepheng la 28.
◻ Ke’ng se ikhethang ka phetolelo ea buka ea Lipesaleme ea J. J. Stewart Perowne, e ileng ea qala ho hatisoa ka 1864?
Phetolelong ea hae Perowne o ile a leka ho khomarela “haufi-ufi tšobotsi ea Seheberu, lipolelong tsa maele le sebōpehong sa puo.” Ka ho etsa joalo o ile a tšehetsa tsosoloso ea lebitso la Molimo ka sebōpeho sa “Jehova.”—4/15, leqepheng la 31.
◻ Jesu o ile a fa balateli ba hae tataiso efe mabapi le litšebelisano tsa bona le mebuso ea lefatše?
Jesu o ile a re: “Le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.” (Matheu 22:21) O ile a boela a re: “Haeba e mong ea matleng a ho laela a u qobella tšebeletsong bakeng sa maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) Mona Jesu o ne a bontša molao-motheo oa ho ikokobetsa ka boithatelo litlhokong tse loketseng, ebang ke likamanong tsa batho kapa seo mebuso e se hlokang se tumellanong le molao oa Molimo. (Luka 6:27-31; Johanne 17:14, 15)—5/1, leqepheng la 12.
◻ ‘Ho tsamaea ’neteng’ ho bolela’ng? (Pesaleme ea 86:11)
Sena se akarelletsa ho sebetsa tumellanong le seo Molimo a se hlokang le ho mo sebeletsa ka botšepehi le ka tieo. (Pesaleme ea 25:4, 5; Johanne 4:23, 24)—5/15, leqepheng la 18.
◻ Jehova o ile a finyella eng ka ho roma Jonase Ninive?
Ha e le hantle, mosebetsi oa Jonase oa boboleli Ninive o ile oa bontša phapang lipakeng tsa Baninive ba ileng ba baka le Baiseraele ba neng ba le melala e thata, ba neng ba haelloa ke tumelo le boikokobetso ka mokhoa o utloisang bohloko. (Bapisa le Deuteronoma 9:6, 13; Jonase 3:4-10.)—5/15, leqepheng la 28.
◻ Noha le “mosali” bao ho buuoang ka bona ho Genese 3:15 ke bo-mang?
Noha hase noha e tloaelehileng empa ke ea ileng a e sebelisa, Satane Diabolose. (Tšenolo 12:9) “Mosali” hase Eva empa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo, ’mè oa bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ka moea lefatšeng. (Bagalata 4:26)—6/1, leqepheng la 9.
◻ Ke joang motho a ka tsoang Babylona e Moholo ’me a fumana setšabelo? (Tšenolo 18:4)
O tlameha ho ikarola ka ho feletseng mekhatlong ea bolumeli ba bohata hape le litloaelong le maikutlong tseo bo li ntšetsang pele, ’me joale o lokela ho fumana setšabelo mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa puso ea Molimo. (Baefese 5:7-11)—6/1, leqepheng la 18.
◻ Ke hobane’ng ha ho buuoa ka ntsu khafetsa ka Mangolong?
Bangoli ba Bibele ba ile ba bua ka mokhoa o sa tobang ka litšobotsi tsa ntsu ho tšoantšetsa lintho tse kang bohlale, tšireletso ea bomolimo le ho potlaka.—6/15, leqepheng la 8.
◻ Na bahlanka ba Molimo kajeno ba nang le tšepo ea lefatše ba na le moea oa Molimo ka ho lekana le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea?
Ka ho tiisehileng, karabo ke, e. Moea oa Molimo o fumaneha ka ho lekana ho lihlopha tsena tse peli, ’me tsebo le kutloisiso li fanoa ka ho lekana ho lihlopha tsena tse peli.—6/15, leqepheng la 31.
◻ Ke hobane’ng ha ho le molemo ho rōna kajeno ho hlahloba tšebeletso e halalelang e neng e etsoa ke baprista ba Iseraele tempeleng e neng e le Jerusalema?
Ka ho etsa joalo re ka ananela haholoanyane tokisetso e mohau eo ho eona batho ba baetsalibe kajeno ba ka boelanngoang le Molimo. (Baheberu 10:1-7)—7/1, leqepheng la 8.
◻ Ke joang tempele ea bobeli e neng e hahiloe Jerusalema e ileng ea e-ba le khanya e khōloanyane ho feta e neng e hahiloe ke Solomone?
Tempele ea bobeli e ile ea tšoarella halelele ho feta ea Solomone ka lilemo tse 164. Barapeli ba bangata ba tsoang linaheng tse ling tse ngata ba ile ba tla ka bongata mabaleng a eona. Habohlokoa le ho feta, tempele ena ea bobeli e bile e khethehileng haholo kaha Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a ruta a le mabaleng a eona.—7/1, leqepheng la 12, 13.
◻ Molimo o ile a hlahisa tempele ea hae ea moea neng?
Sena se bile ka 29 C.E. ha Molimo a ne a bontša hore o amohela thapelo ea Jesu ea kolobetso. (Matheu 3:16, 17) Ha Molimo a ne a amohela ho hlahisoa ha ’mele oa Jesu, ka kutloisiso ea moea ho ne ho bolela hore aletare e khōloanyane ho feta e neng e le tempeleng e Jerusalema e ne e sebetsa.—7/1, leqepheng la 14, 15.
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela?
Ho tšoarela ea khopisitseng ea kōpileng tšoarelo hoa hlokahala e le hore re ka boloka bonngoe ba Bokreste. Ho hlonama le ho jara motho ka pelo ho tla re amoha khotso ea kelello. Haeba re sa tšoarele, re ipeha kotsing ea hore ka letsatsi le leng Jehova a se ke a hlola a re tšoarela libe tsa rōna. (Matheu 6:14, 15)—7/15, leqepheng la 18.
◻ Baiseraele ba ne ba ka halalela joang?
Ba ne ba ka halalela feela ka ho ba le kamano e haufi le Jehova, Molimo o halalelang, le ka borapeli ba bona bo hloekileng ho eena. Ba ne ba hloka tsebo e nepahetseng ea “Ea Halalelang ka ho Fetisisa” e le hore ba mo rapele ka khalalelo, ba hloekile nameng le moeeng. (Liproverbia 2:1-6; 9:10, NW)—8/1, leqepheng la 11.