Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova
Petrose oa Bolela ka Pentekonta
ENE e le hoseng ho pholileng nakong ea selemo selemong sa 33 C.E. Moea o ne o tletse nyakallo! Matšoele-tšoele a Bajuda le basokolohi a ne a phethesela literateng tsa Jerusalema. A ne a e-tsoa libakeng tse kang Elame, Mesopotamia, Kapadosia, Egepeta le Roma. E ne e le ho hlollang hakaakang ho ba bona ba apere sehahabo bona le ho utloa lipuo tsa bona tse fapaneng! Ba bang ba ne ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang likete tse peli e le hore ba be teng ketsahalong ena e ikhethang. E ne e le efe? Pentekonta—mokete oa thabo oa Sejuda o neng o tšoaea ho fela ha kotulo ea harese.—Levitike 23:15-21.
Mosi oa linyehelo o ne o kubella aletareng ea tempele, ’me Balevi ba bina Hallel (Pesaleme ea 113 ho ea ho 118). Pejana ho hora ea 9:00 hoseng, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. Leholimong ho ile ha hlaha “lerata le joalo feela ka la moea o fokang ka sekhahla.” Le ile la tlala ntlo eohle eo barutuoa ba Jesu Kreste ba ka bang 120 ba neng ba bokane ka ho eona. Tlaleho ea Mangolo e re: “Eaba maleme joalokaha eka ke a mollo a bonahala ho bona ’me a ajoa, ’me ka leng la ’ona la lula holim’a e mong le e mong oa bona, eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng, feela joalokaha moea o ne o ba neha ho bua.”—Liketso 2:1-4.
E Mong le e Mong o Utloa Puo ea Hae
Ka mor’a nakoana, barutuoa ba bangata ba ne ba tsoela kantle ho ntlo. Ho makatsang ke hore ba ne ba ka bua ka lipuo tse sa tšoaneng tsa matšoele! Nahana hore na e bile ho makatsang hakaakang ha moeti ea tsoang Persia le letsoalloa la Egepeta ba utloa Bagalilea ba bua ka lipuo tsa bona. Ka ho utloahalang, matšoele a ne a hloletsoe. A ile a botsa: “Ntho ee e bolela’ng?” Ba bang ba ile ba qala ho soma barutuoa, ba re: “Ba khotše veine e monate.”—Liketso 2:12, 13.
Ka mor’a moo moapostola Petrose o ile a ema ’me a bua le matšoele. O ile a hlalosa hore mpho ena ea mohlolo ea maleme e ne e le phethahatso ea tšepiso ea Molimo ka moprofeta Joele: “Ke tla tšollela o mong oa moea oa ka holim’a mofuta o mong le o mong oa nama.” (Liketso 2:14-21; Joele 2:28-32) E, Molimo o ne a sa tsoa tšollela moea oa hae o halalelang holim’a barutuoa ba Jesu. Sena e ne e le bopaki bo hlakileng ba hore Jesu o ne a tsositsoe bafung le hore joale o ne a le leholimong ka letsohong le letona la Molimo. Petrose o ile a re: “Ka hona ntlo eohle ea Iseraele a e tsebe kannete-nete hore Molimo o mo entse ka bobeli Morena le Kreste, Jesu enoa eo le ileng la mo khokhothela thupeng.”—Liketso 2:22-36.
Bamameli ba ile ba arabela joang? Tlaleho e re: “Ha ba utloa sena ba hlabeha ho fihla lipelong, eaba ba re ho Petrose le baapostola ba bang kaofela: ‘Banna, barab’abo rōna, re tla etsa joang?’” Petrose o ile a araba: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a a kolobetsoe.” Ba ka bang 3 000 ba fela ba etsa hona hoo! Ka mor’a moo, ba ile “ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola.”—Liketso 2:37-42.
Ka ho nka ketello-pele ketsahalong ena e ikhethang, Petrose o ile a qala ho sebelisa sa pele ho “linotlolo tsa ’muso oa maholimo” tseo Jesu a neng a tšepisitse ho mo neha tsona. (Matheu 16:19) Linotlolo tsena li ile tsa bulela batho ba lihlopha tse fapaneng litokelo tse khethehileng. Senotlolo sena sa pele se ile sa etsa hore Bajuda ba khone ho fetoha Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Hamorao, senotlolo sa bobeli le sa boraro li ile tsa etsa hore monyetla o tšoanang o fumanoe ke Basamaria le Balichaba ka ho latellana.—Liketso 8:14-17; 10:44-48.
Thuto ho Rōna
Le hoja matšoele ana a Bajuda le basokolohi a ne a jere boikarabelo ba sechaba bakeng sa lefu la Mor’a Molimo, Petrose o ile a bua le ’ona ka tlhompho, a a bitsa “barab’eso.” (Liketso 2:29) Sepheo sa hae e ne e le ho a lebisa pakong, e seng ho a nyatsa. Kahoo, katamelo ea hae e bile e mofuthu. O ile a bolela linnete ’me a tšehetsa lintlha tsa hae ka ho qotsa Mangolo.
Ba bolelang litaba tse molemo kajeno ba etsa hantle ha ba latela mohlala oa Petrose. Ba lokela ho leka ho rala motheo ka seo ba lumellanang ka sona le bamameli ba bona ’me ebe ka masene ba behelana mabaka le bona ka Mangolo. Ha ’nete ea Bibele e fanoa ka tsela e amohelehang, ba pelo li lokileng ba tla arabela.—Liketso 13:48.
Cheseho ea Petrose le sebete sa hae letsatsing la Pentekonta li ile tsa totobala ka ho hlakileng ho fapana leha a ne a latola Jesu libeke tse ka bang supa pejana. Ka lekhetlo leo Petrose o ne a tšositsoe haholo ke tšabo ea batho. (Matheu 26:69-75) Empa Jesu o ne a ile a etsetsa Petrose thapeli. (Luka 22:31, 32) Ntle ho pelaelo, ho bonahala ha Jesu ho Petrose ka mor’a tsoho ho ile ha matlafatsa moapostola eo. (1 Bakorinthe 15:5) Ka lebaka leo, tumelo ea Petrose ha ea ka ea soahlamana. Ka mor’a nakoana, o ile a bolela ka sebete. Kahoo, joale, o ile a bolela e seng feela ka Pentekonta empa bophelong bohle ba hae.
Ho thoe’ng haeba re ile ra etsa phoso e itseng, mohlomong joaloka Petrose? A re bontšeng pako, re rapelle tšoarelo, ’me re nke mehato ea ho fumana thuso ea moea. (Jakobo 5:14-16) Joale re ka hatela pele re kholisehile hore tšebeletso ea rōna e halalelang ea amoheleha ho Ntate oa rōna ea mohau oa leholimo, Jehova.—Exoda 34:6.