Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 124
  • “Linotlolo Tsa ’Muso” Ke’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Linotlolo Tsa ’Muso” Ke’ng?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Mor’a Motho ke Mang?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Hantle-ntle Jesu ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Hantle-ntle Jesu ke Mang?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Petrose oa Bolela ka Pentekonta
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 124
Linotlolo tse tharo

“Linotlolo Tsa ’Muso” Ke’ng?

Karabo ea Bibele

“Linotlolo tsa ’muso” li emela matla a ho bulela batho tsela ea ho “kena ’musong oa Molimo.” (Matheu 16:19; Liketso 14:22)a Jesu o ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso oa maholimo.” Kahoo, Petrose o ile a fuoa matla a ho bolela hore batho bohle ba tšepahalang ba ne ba tla thusoa ke moea o halalelang hore ba rue ’Muso oa Molimo.

Linotlolo tseo li ne li bulela bo-mang?

Petrose o ile a sebelisa matla ao Jehova a mo fileng ’ona ho bulela lihlopha tse tharo tsa batho tsela e le hore li rue ’Muso oa Molimo:

  1. Bajuda le ba sokolohetseng Bojudeng. Nakoana ka mor’a lefu la Jesu, Petrose o ile a khothalletsa Bajuda ho lumela hore Molimo o khethile Jesu hore e be Morena oa ’Muso oa Hae. Petrose o ile a ba bolella hore na ke eng eo ba lokelang ho e etsa e le hore ba pholohe. Kahoo o ile a ba bulela hore ba kene ’Musong oa Molimo ’me ba bangata ba ile ba “amohela lentsoe la hae.”—Liketso 2:38-41.

  2. Basamaria. Hamorao Petrose o ile a romelloa ho Basamaria.b Eaba eena le moapostola Johanne ba sebelisa senotlolo sa ’Muso oa Molimo “’me ba ba rapella hore ba fumane moea o halalelang.” (Liketso 8:14-17) Kaha Basamaria ba ile ba fumana moea o halalelang, le bona ba ne ba ka khona ho kena ’Musong oa Molimo.

  3. Batho bao eseng Bajuda. Lilemo tse tharo le halofo ka mor’a lefu la Jesu, Molimo o ile a senolela Petrose hore batho bao eseng Bajuda ba ne ba e-na le monyetla oa kena ’Musong oa Molimo. Ke kahoo Petrose a ileng a sebelisa senotlolo se seng ka ho bolella batho bao eseng Bajuda molaetsa oa Bibele ’me ka ho etsa joalo a ba bulela monyetla oa hore ba fumane moea o halalelang, e be Bakreste ’me ba be le monyetla oa ho kena ’Musong oa Molimo.​—Liketso 10:30-35, 44, 45.

Ho “kena Musong oa Molimo” ho bolela’ng?

Ba tl’o “kena Musong oa Molimo” ba na le monyetla oa ho busa le Jesu leholimong. Bibele e ile ea bolela esale pele hore ba tl’o “lula literoneng” le ho “busa e le marena holim’a lefatše.”​—Luka 22:29, 30; Tšenolo 5:9, 10.

Maikutlo a fosahetseng ka linotlolo tsa ’Muso

Maikutlo a fosahetseng: Ke Petrose ea tla etsa qeto ea hore na ke bo-mang ba tla kena Musong oa Molimo.

Seo e leng ’nete: Bibele e re ke Jesu Kreste ea tl’o “ahlola ba phelang le bafu,” eseng Petrose. (2 Timothea 4:1, 8; Johanne 5:22) Ha e le hantle, Petrose o ile a re Jesu “ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.”​—Liketso 10:34, 42.

Maikutlo a fosahetseng: Ke Petrose ea nang le tokelo ea hore na linotlolo tsa ’Muso li tla sebelisoa neng.

Seo e leng ’nete: Jesu o ile a re ka linotlolo tsa ’Muso ho Petrose: “Eng kapa eng eo u ka e tlamang lefatšeng e tla ba ntho e tlamiloeng maholimong, ’me eng kapa eng eo u ka e lokollang lefatšeng e tla ba ntho e lokolotsoeng maholimong.” (Matheu 16:19) Le hoja ba bang ba utloisisa eka ho thoe ke Petrose ea tla etsa liqeto leholimong, maetsi a Segerike a bontša hore liqeto tsa Petrose li tla latela tse entsoeng leholimong eseng li li etelle pele.

Likarolo tse ling Bibeleng li bontša Petrose a ne a laoloa ke leholimo ha a ne a sebelisa linotlolo tsa ’Muso. Mohlala, o ile a latela tataiso ea Jehova ha a ne a sebelisa senotlolo sa boraro.​—Liketso 10:19, 20.

a Ka linako tse ling lentsoe “senotlolo” ka Bibeleng le emela matla kapa boikarabelo.—Esaia 22:20-22; Tšenolo 3:7, 8.

b Lehoja Basamaria ba ne ba fapane ka bolumeli le Bajuda, ba ne ba ruta lintho tse ling tse lumellanang le Molao oa Moshe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela