Talima ho Jehova Bakeng sa Matšeliso
“E se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka le neha hore har’a lōna le be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.”—BAROMA 15:5.
1. Ke hobane’ng ha letsatsi ka leng le tlisa tlhoko e khōloanyane ea matšeliso?
LETSATSI ka leng le fetang le tla le tlhoko e eketsehileng ea matšeliso. Joalokaha mongoli oa Bibele a ile a hlokomela lilemong tse 1 900 tse fetileng, “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Baroma 8:22) Mehleng ea rōna “ho bobola” le ‘bohloko’ li eketsehile ho feta leha e le neng. Ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše, moloko oa batho o ’nile oa e-ba maqakabetsing a mang ka mor’a a mang a tlileng ka sebōpeho sa lintoa, tlōlo ea molao le likoluoa tsa tlhaho tseo hangata li amanang le hore ebe motho o sebelisa lefatše hampe.—Tšenolo 11:18.
2. (a) Ke mang ea molato haholo ka bomalimabe ba hona joale ba moloko oa batho? (b) Ke ’nete efe e re fang motheo oa matšeliso?
2 Ke hobane’ng ha ho bile le litlhokofatso tse kaale mehleng ea rōna? Bibele ha e hlalosa ho liheloa ha Satane ho tloha maholimong ka mor’a ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914, ea arabela: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Bopaki bo hlakileng ba ho phethahala ha boprofeta boo bo bolela hore re batla re fihlile qetellong ea puso ea Satane e khopo. Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore bophelo lefatšeng bo tla tloha bo khutlela boemong ba khotso bo neng bo le teng pele Satane a lebisa batsoali ba rōna ba pele borabeleng!
3. Ke neng ha batho ba ne ba sa hloke matšeliso?
3 Tšimolohong, ’Mōpi oa motho o ile a lokisetsa serapa se setle sa lifate le lipalesa e le lehae la banyalani ba pele. Se ne se le sebakeng se bitsoang Edene, e bolelang “Thabo” kapa “Monyaka.” (Genese 2:8, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ho feta moo, Adama le Eva ba ne ba thabela bophelo bo phethahetseng, ka tebello ea ho se hlole ba e-shoa. Ak’u nahane ka libaka tse ngata tseo ho tsona ba ka beng ba ntlafalitse bokhoni ba bona—ho lokisa lirapa, mesebetsi e etsoang ka bokhabane, ho haha, ho bina. Hape nahana ka mesebetsi eohle ea pōpo eo ba ka beng ba ithutile eona ha ba ntse ba phethahatsa thōmo ea bona ea ho laola lefatše le ho le etsa paradeise. (Genese 1:28) Ka sebele, bophelo ba Adama le Eva bo ne bo tla be bo tletse ka nyakallo le thabo, e seng ka ho bobola kapa bohloko. Ho hlakile hore ba ne ba ke ke ba hloka matšeliso.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ile ba hlōloa ke teko ea ho mamela? (b) Ho tlile joang hore moloko oa batho o hloke matšeliso?
4 Leha ho le joalo, seo Adama le Eva ba neng ba hlile ba se hloka, e ne e le ho hlaolela lerato le tebileng le kananelo bakeng sa Ntate oa bona oa leholimo ea mosa. Lerato le joalo le ka be le ile la ba susumelletsa ho mamela Molimo tlas’a maemo ’ohle. (Bapisa le Johanne 14:31.) Hoa soabisa hore ebe ka bobeli batsoali ba rōna ba pele ba ile ba hlōleha ho mamela ’Musi oa bona ea loketseng, Jehova. Ho e-na le hoo, ba ile ba itumella ho ba tlas’a puso e khopo ea lengeloi le litšila, Satane Diabolose. Ke Satane ea ileng a leka Eva hore a etse sebe ’me a je tholoana e hanetsoeng. Eaba Adama o etsa sebe ha le eena a e-ja tholoana ea sefate eo ka eona Molimo a neng a lemositse ka ho hlaka hore: “Mohla u se jang, u tla shoa.”—Genese 2:17.
5 Ka tsela ena, banyalani ba baetsalibe ba ile ba qala ho shoa. Ha a liha kahlolo ea lefu, Molimo o ile a boela a re ho Adama: “Lefatše le rohakiloe ke hona ka baka la hao, ’me u tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao; le tla u melisetsa litšehlo le meutloa, ’me u tla ja joang ba naha.” (Genese 3:17, 18) Kahoo Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke tebello ea ho fetola lefatše le sa lengoang paradeise. Kaha ba ne ba lelekiloe Edene, ba ile ba tlameha ho sebelisa matla a bona kaofela ho fumaneng lijo tsa bona ka thata lefatšeng le rohakiloeng. Kaha bana ba bona ba ne ba futsitse boetsalibe le lefu, ba ne ba hloka matšeliso haholo.—Baroma 5:12.
Ho Phethahalitsoe Tšepiso e Tšelisang
6. (a) Molimo o ile a etsa tšepiso efe e tšelisang ka mor’a hore moloko oa batho o oele sebeng? (b) Lameke o ile a bua ka boprofeta bofe mabapi le matšeliso?
6 Ha a ahlola mohlohlelletsi oa borabele ba motho, Jehova o ile a ipaka ho ba ‘Molimo ea fanang ka matšeliso.’ (Baroma 15:5) O ile a etsa sena ka ho tšepisa ho romela “peō” eo qetellong e neng e tla lokolla bana ba Adama liphellong tse senyang tsa borabele ba Adama. (Genese 3:15) Ka nako e loketseng, Molimo o ile a boela a fana ka tlhase ea topollo ena. Ka mohlala, o ile a bululela Lameke, moneketsela oa Adama ka mora oa hae Setha, hore a profete ka seo mora oa Lameke a neng a tla se etsa: “Enoa o tla re phomotsa mosebetsing oa rōna le mokhathaleng oa matsoho a rōna ho tsoang lefatšeng le rohakiloeng ke Jehova.” (Genese 5:29) Tumellanong le tšepiso ena, moshemane eo o ile a rehoa lebitso la Noe, leo ho utloisisoang hore le bolela “Phomolo” kapa “Matšeliso.”
7, 8. (a) Ke boemo bofe bo ileng ba etsa hore Jehova a soabe ka hore ebe o bōpile motho, ’me karabelong ea seo o ile A rera ho etsa eng? (b) Noe o ile a phethahatsa moelelo oa lebitso la hae joang?
7 Ho sa le joalo, Satane o ne a ntse a fumana balateli har’a mangeloi a mang a leholimo. A ile a nka ’mele ea batho ’me a nyala bana ba Adama ba basetsana ba botle bo hapang. Manyalo a joalo ao e seng a tlhaho a ile a tsoela pele ho senya mokhatlo oa batho ’me a hlahisa moloko o khopo oa Banefilimi, ‘lifonthoane,’ tse ileng tsa tlatsa lefatše ka pefo. (Genese 6:1, 2, 4, 11; Jude 6) “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng . . . Jehova a [soaba, NW] hobane a entse motho lefatšeng, ’me pelo ea hae ea e-ba ntšo.”—Genese 6:5, 6.
8 Jehova o ile a rera ho timetsa lefatše leo le khopo ka moroallo oa lefatše lohle, empa pele o ile a laela Noe ho haha areka ho boloka bophelo. Kahoo, moloko oa batho le liphoofolo o ile oa pholoha. Noe le lelapa la hae ba ile ba ikutloa ba lokolohile hakaakang ka mor’a Moroallo ha ba e-tsoa arekeng ba kena lefatšeng le hloekisitsoeng! Ho ile ha tšelisa hakaakang ho hlokomela hore thohako e neng e le lefatšeng e ne e tlositsoe, e leng se ileng sa etsa hore mosebetsi oa temo o be bobebe haholoanyane! Ka sebele, boprofeta ba Lameke bo ile ba ipaka ho ba ’nete, ’me Noe o ile a phelela se boleloang ke lebitso la hae. (Genese 8:21) Kaha Noe e ne e le mohlanka oa Molimo ea tšepahalang, o ile a sebelisoa ho tlisetsa moloko oa batho “matšeliso” ka tekanyo e itseng. Leha ho le joalo, tšusumetso e khopo ea Satane le mangeloi a hae a bademona ha ea ka ea fela ha Moroallo o fela, ’me moloko oa batho o tsoela pele ho bobola tlas’a khatello ea sebe, ho kula le lefu.
E Mong e Moholo ho Noe
9. Jesu Kreste o ipakile e le mothusi le motšelisi oa batho ba bakileng joang?
9 Qetellong, bofelong ba lilemo tse ka bang 4 000 tsa histori ea motho, Peō e tšepisitsoeng e ile ea fihla. A susumetsoa ke lerato le leholo bakeng sa moloko oa batho, Jehova Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng ho shoa e le thekollo bakeng sa moloko oa batho ba baetsalibe. (Johanne 3:16) Jesu Kreste o tlisa tokoloho e khōlō ho baetsalibe ba bakileng ba sebelisang tumelo lefung la hae la sehlabelo. Bohle ba nehelang bophelo ba bona ho Jehova ’me e e-ba barutuoa ba Mora oa hae ba kolobelitsoeng ba latsoa khatholoho le matšeliso a tšoarellang. (Matheu 11:28-30; 16:24) Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona, ba fumana thabo e tebileng ha ba sebeletsa Molimo ka letsoalo le hloekileng. Ho tšelisa hakaakang ho bona ho tseba hore haeba ba tsoela pele ho sebelisa tumelo ho Jesu, ba tla putsoa ka bophelo bo sa feleng! (Johanne 3:36; Baheberu 5:9) Haeba ka lebaka la bofokoli ba etsa sebe se tebileng, joale ba na le mothusi kapa motšelisi, e leng Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng. (1 Johanne 2:1, 2) Ka ho ipolela sebe se joalo le ka ho nka mehato ea Mangolo ho qoba ho ba baetsalibe, ba fumana tokoloho, ba tseba hore ‘Molimo oa tšepahala hape o lokile hore a ba tšoarele libe tsa bona.’—1 Johanne 1:9; 3:6; Liproverbia 28:13.
10. Re ithuta eng mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa ha a le lefatšeng?
10 Ha a le lefatšeng, Jesu o ile a boela a tlisa khatholoho ka ho lokolla ba laoloang ke bademona, ka ho folisa mefuta eohle ea ho kula, le ka ho tsosetsa baratuoa ba shoeleng bophelong. Ka sebele, mehlolo e joalo e ne e le ea molemo oa nakoana feela, kaha ba ileng ba hlohonolofatsoa ka tsela eo, ka mor’a moo ba ile ba tsofala ’me ba e-shoa. Leha ho le joalo, ka ho etsa joalo Jesu o ne a lebisa tlhokomelo litlhohonolofatsong tse tšoarellang tsa nakong e tlang tseo a tla li tšollela molokong oohle oa batho. Hona joale e le Morena e moholo oa leholimo, o tla tloha a etsa se fetang feela ho leleka bademona. O tla ba koalla ka mohohlong hammoho le moeta-pele oa bona, Satane, ba be boemong ba ho se sebetse. Joale Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e khanyang e tla qalisa.—Luka 8:30, 31; Tšenolo 20:1, 2, 6.
11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a ipitsa “Morena oa sabatha”?
11 Jesu o itse ke eena “Morena oa sabatha,” ’me bongata ba liphekolo tsa hae bo ile ba etsoa ka letsatsi la Sabatha. (Matheu 12:8-13; Luka 13:14-17; Johanne 5:15, 16; 9:14) Ke hobane’ng ha a ne a etsa joalo? Ha e le hantle, Sabatha e ne e le karolo ea Molao oa Molimo ho Iseraele ’me kahoo e ne e sebeletsa e le “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” (Baheberu 10:1) Libeke tse tšeletseng tsa mosebetsi li re hopotsa ka lilemo tse fetileng tse 6 000 tsa bokhoba ba motho pusong ea Satane e hatellang. Letsatsi la Sabatha qetellong ea beke le hopotsa ka phomolo e tšelisang eo moloko oa batho o tla e latsoa nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Noe e Moholoanyane, Jesu Kreste.—Bapisa le 2 Petrose 3:8.
12. Re ka lebella liphihlelo life tse tšelisang?
12 Ke tokoloho e kaakang eo bafo ba lefatšeng ba puso ea Kreste ba tla e latsoa ha, qetellong, ba iphumana ba lokolohile ka ho feletseng tšusumetsong e khopo ea Satane! Matšeliso a eketsehileng a tla tla ha ba ntse ba latsoa phekolo ea ho kula ha bona ’meleng, maikutlong le kelellong. (Esaia 65:17) Joale, ak’u nahane ka boikutlo ba bona bo matla ba nyakallo ha ba qala ho amohela baratuoa ba tsohang bafung! Ka litsela tsena Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 21:4) Ha melemo ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo e sebelisoa mohato ka mohato, bafo ba ’Muso oa Molimo ba mamelang ba tla finyella phetheho, ba lokolohe ka ho feletseng liphellong tsohle tse mpe tsa sebe sa Adama. (Tšenolo 22:1-5) Joale Satane o tla lokolloa “ka nakoana.” (Tšenolo 20:3, 7) Batho bohle bao ka botšepehi ba tšehetsang bobusi ba Jehova bo loketseng ba tla putsoa ka bophelo bo sa feleng. Ak’u nahane ka thabo e ke keng ea hlalosoa le tokoloho ea hore ba ‘lokolloe ka ho feletseng bokhobeng ba ho bola’! Kahoo moloko oa batho o tla thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.
13. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba ’nete ba hloka matšeliso ao Molimo a fanang ka ’ona?
13 Ho sa le joalo, re tsoela pele ho ba bafo ba ho bobola le bohloko tse tloaelehileng ho bohle ba phelang tsamaisong ea Satane e khopo. Ho eketseha ha ho kula ’meleng le pherekano ea maikutlo ho ama mefuta eohle ea batho, ho akarelletsa le Bakreste ba tšepahalang. (Bafilippi 2:25-27; 1 Bathesalonika 5:14) Ho ekelletsa moo, joaloka Bakreste re atisa ho utloisoa bohloko ke ho songoa le ho hlorisoa hoo Satane a ho bokellang holim’a rōna ka lebaka la ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Kahoo, e le hore re tle re mamelle ho etsa thato ea Molimo ho fihlela qetellong ea lefatše la Satane, re hloka matšeliso, thuso le matla tseo A fanang ka tsona.
Moo Matšeliso a ka Fumanoang
14. (a) Jesu o ile a etsa tšepiso efe bosiung bo etellang pele lefu la hae? (b) Ho hlokahala eng hore re fumane molemo o feletseng matšelisong a moea o halalelang oa Molimo?
14 Bosiung bo etellang lefu la hae pele, Jesu o ile a hlakisetsa baapostola ba hae ba tšepahalang hore o ne a tla tloha a ba siea ’me a khutlele ho Ntate oa hae. Sena se ile sa ba tšoenya le ho etsa hore ba sareloe. (Johanne 13:33, 36; 14:27-31) Jesu ha a hlokomela hore ba hloka matšeliso a tsoelang pele, o ile a tšepisa: “Ke tla kōpa Ntate ’me o tla le fa motšelisi e mong hore a be le lōna ka ho sa feleng.” (Johanne 14:16, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Mona Jesu o ne a bua ka moea o halalelang oa Molimo, o ileng oa tšolleloa holim’a barutuoa ba hae matsatsi a 50 ka mor’a tsoho ea hae.a Har’a lintho tse ling, moea oa Molimo o ile oa ba tšelisa nakong ea liteko tsa bona ’me oa ba matlafaletsa ho tsoela pele ho etsa thato ea Molimo. (Liketso 4:31) Leha ho le joalo, thuso e joalo ha ea lokela ho talingoa e le ntho e itlelang feela. Ho fumana molemo ho eona ka ho feletseng, Mokreste ka mong o tlameha ho tsoela pele ho rapella thuso e tšelisang eo Molimo a fanang ka eona ka moea oa hae o halalelang.—Luka 11:13.
15. Litsela tse ling tseo ka tsona Jehova a re fang matšeliso ke life?
15 Tsela e ’ngoe eo ka eona Molimo a fanang ka matšeliso ke ka Lentsoe la hae, Bibele. Pauluse o ile a ngola: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa taeo ea rōna, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Sena se bontša hore ho hlokahala hore kamehla re ithute lintho tse ngotsoeng ka Bibeleng le ho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ’me re thuise ka tsona. Hape ho hlokahala hore re be teng libokeng tsa Bokreste kamehla, moo ho arolelanoang mehopolo e tšelisang e tsoang Lentsoeng la Molimo. O mong oa merero e ka sehloohong ea lipokano tse joalo ke ho khothatsana.—Baheberu 10:25.
16. Litokisetso tsa Molimo tse tšelisang li re susumelletsa ho etsa eng?
16 Lengolo la Pauluse le eang ho Baroma le tsoela pele ho bontša liphello tse ntle tseo re li latsoang ha re sebelisa litokisetso tsa Molimo tse tšelisang. Pauluse o ile a ngola: “E se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka le neha hore har’a lōna le be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona, e le hore ka tumellano le ka tlotlisa Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka molomo o le mong.” (Baroma 15:5, 6) E, ka ho sebelisa hamolemo ka ho feletseng litokisetso tsa Molimo tse tšelisang, re tla ba joaloka Moeta-pele oa rōna ea sebete, Jesu Kreste. Sena se tla re susumelletsa ho tsoela pele re sebelisa melomo ea rōna ho rorisa Molimo mosebetsing oa rōna oa ho paka, libokeng tsa rōna, meqoqong ea botho le balumeli-’moho le rōna le lithapelong tsa rōna.
Linakong Tsa Teko e Matla
17. Jehova o ile a tšelisa Mora oa hae joang, hona ka phello efe?
17 Jesu o ile a “khathatseha habohloko” ’me a ‘sareloa ka ho tebileng’ bosiung bo etellang pele lefu la hae le utloisang bohloko. (Matheu 26:37, 38) Ka hona o ile a ea thōkoana le barutuoa ba hae ’me a rapella thuso ho Ntate oa hae. “O ile a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.” (Baheberu 5:7) Bibele e tlaleha hore “lengeloi le tsoang leholimong la bonahala ho [Jesu] ’me la mo matlafatsa.” (Luka 22:43) Tsela e sebete le e matla eo Jesu a ileng a talimana le bahanyetsi ba hae ka eona ke bopaki ba hore tsela ea Molimo ea ho tšelisa Mora oa hae e ne e le e sebetsang ka ho fetisisa.—Johanne 18:3-8, 33-38.
18. (a) Ke nako efe bophelong ba moapostola Pauluse eo ka ho khetheha e bileng ea liteko? (b) Re ka tšelisa baholo ba sebetsang ka thata, ba nang le kutloelo-bohloko joang?
18 Moapostola Pauluse le eena o ile a feta linakong tsa liteko tse matla. Ka mohlala, tšebeletso ea hae Efese e ile ea tšoauoa ka “meokho le liteko tse ileng tsa [mo hlahela] ka merero e mebe ea Bajuda.” (Liketso 20:17-20) Qetellong, Pauluse o ile a tloha Efese ka mor’a hore batšehetsi ba molimotsana Artemise ba etse hore motse o ferekanngoe ke mosebetsi oa hae oa ho bolela. (Liketso 19:23-29; 20:1) Ha Pauluse a ne a e-ea ka leboea motseng oa Troase, ntho e ’ngoe e ile ea mo tšoenya haholo. Nako e itseng pele ho pherekano e bileng teng Efese, o ne a ile a amohela tlaleho e tšoenyang. Phutheho ea Korinthe e neng e sa tsoa thehoa e ne e hlasetsoe ke karohano, ’me e ne e mamella bohlola. Ka hona ha a le Efese, Pauluse o ne a ile a ngola lengolo la taeo e matla ka tšepo ea ho lokisa boemo bona. Ho ne ho se bonolo hore a ka etsa sena. Hamorao o ile a senola sena lengolong la bobeli ha a re: “Ho tsoa matšoenyehong a mangata le bohlokong bo boholo ba pelo ke ile ka le ngolla ka meokho e mengata.” (2 Bakorinthe 2:4) Joaloka Pauluse, baholo ba nang le kutloelo-bohloko ha ba fumane ho le bonolo ho fana ka keletso e khalemelang le taeo, lebaka le leng ke la hore ba seli ho elelloa mefokolo ea bona. (Bagalata 6:1) Joale, e se eka re ka tšelisa ba etellang pele har’a rōna ka ho se tsila-tsile ho arabela keletsong e lerato, e thehiloeng Bibeleng.—Baheberu 13:17.
19. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a tloha Troase a ea Macedonia, ’me o ile a qetella a fumane tokoloho joang?
19 Ha a le Efese, Pauluse ha aa ka a ngolla barab’abo ba Korinthe feela empa hape o ile a romela Tite ho ba thusa, a mo laela ho fana ka tlaleho mabapi le karabelo ea bona lengolong. Pauluse o ne a tšepile hore o tla kopana le Tite Troase. Sebakeng seo Pauluse o ile a hlohonolofatsoa ka menyetla e metle ea ho etsa barutuoa. Empa sena se ile sa hlōleha ho felisa matšoenyeho a hae hobane Tite o ne a e-s’o fihle. (2 Bakorinthe 2:12, 13) Ka hona o ile a nka leeto le eang Macedonia, a tšepile ho kopana le Tite moo. Ho tšoenyeha ha Pauluse ho ile ha totisoa ke ho hanyetsoa ho matla ha tšebeletso ea hae. Oa hlalosa: “Ha re fihla Macedonia, nama ea rōna ha ea ka ea fumana phomolo, empa re ile ra tsoela pele ho hlorisoa ka mokhoa o mong le o mong—ho ne ho e-na le lintoa ka ntle, tšabo ka hare. Leha ho le joalo Molimo, ea tšelisang ba behiloeng tlaase, o ile a re tšelisa ka ho ba teng ha Tite.” (2 Bakorinthe 7:5, 6) E ile ea e-ba tokoloho e kaakang ha Tite a qetella a fihlile ho bolella Pauluse ka karabelo e ntle ea Bakorinthe lengolong la hae!
20. (a) Joaloka tabeng ea Pauluse, tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo Jehova a fanang ka matšeliso ka eona ke efe? (b) Ho tla hlahlojoa eng sehloohong se latelang?
20 Phihlelo ea Pauluse ea tšelisa ho bahlanka ba Molimo kajeno, bao boholo ba bona le bona bo talimanang le liteko tse etsang hore ba “behoe tlaase” kapa ba “tepelle maikutlo.” (Phillips) E, ‘Molimo ea fanang ka matšeliso’ o tseba litlhoko tsa rōna ka bomong ’me a ka re sebelisa ho tšelisana, joalokaha Pauluse a ile a fumana matšeliso tlalehong ea Tite ea boikutlo ba ho baka ba Bakorinthe. (2 Bakorinthe 7:11-13) Sehloohong sa rōna se latelang, re tla hlahloba karabelo ea Pauluse e mofuthu ho Bakorinthe le kamoo e ka re thusang kateng hore re be ba atlehang ho arolelana matšeliso a Molimo kajeno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mokhoa o mong o ka sehloohong oo moea oa Molimo o neng o sebetsa ka oona holim’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo e ne e le ho ba tlotsa ho ba bara ba moea ba Molimo ba nketsoeng ka lapeng le barab’abo Jesu. (2 Bakorinthe 1:21, 22) Sena se boloketsoe feela barutuoa ba Kreste ba 144 000. (Tšenolo 14:1, 3) Kajeno Bakreste ba bangata haholo ka mosa ba filoe tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Le hoja ba sa tlotsoa, le bona ba amohela thuso le matšeliso a moea o halalelang oa Molimo.
Na U ka Araba?
◻ Ho tlile joang hore moloko oa batho o hloke matšeliso?
◻ Jesu o ipakile joang hore o moholo ho Noe?
◻ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a ipitsa “Morena oa sabatha”?
◻ Molimo o fana ka matšeliso joang kajeno?
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 10]
Tlaleho ea Tite e mabapi le Bakorinthe e ile ea tšelisa Pauluse haholo
MACEDONIA
Filippi
GREECE
Korinthe
ASIA
Troase
Efese