Na U Etsisa Molimo oa Rōna ea Seng Leeme?
HO SE be leeme—ho ka fumanoa hokae? Ho na le Ea seng leeme ka ho feletseng, ea se nang lehloeo, ea sa eeng ka tšobotsi le ea sa khetholleng. Ke Jehova Molimo, ’Mōpi oa moloko oa batho. Leha ho le joalo, mabapi le batho, mongoli oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo Charles Lamb o ile a ngola ka ho toba: “Ka puo e bonolo feela, ke tletse lehloeo—le entsoeng ka ho rata le ho se rate.”
Ha ho tluoa tabeng ea ho se be leeme, likamano tsa batho li bontša leeme ka ho soabisang. Makholong a lilemo a mangata a fetileng Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele o ile a hlokomela hore ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Lehloeo la morabe, likhohlano tsa bochaba le lehloeo la malapa li tsoela pele ho ata. Ka lebaka leo, na hoa utloahala ho lumela hore batho ka bobona ba ka fetoha sechaba se seng leeme?
Boiteko bo hlokolosi boa hlokahala ho laola boikutlo ba rōna le ho itokolla lehloeong lefe kapa lefe le metseng ka metso. (Baefese 4:22-24) Re sa hlokomele re ka ’na ra sekamela ho beng le boikutlo bo ileng ba ahoa ke tikoloho eo re phelang ho eona le eo re ithutetseng ho eona le bo neng bo metse ka metso semelong sa malapa abo rōna, sa morabe oa rōna le sa bochaba ba rōna. Litšekamelo tsena tseo ho bonahalang li se na taba li atisa ho mela ka metso le ho hōlisa boikutlo bo isang ho beng leeme. Moahloli oa Scotland le mohlophisi oa litaba Lord Francis Jeffrey o ile a ba a lumela: “Ha ho letho leo ho ka etsahalang hore motho a se ke a le lemoha ka nako e telele haholo, joaloka matla a lehloeo la hae le ho teba ha lona.”
Lenaa ke motho e mong ea lumelang hore boiteko bo hlokolosi boa hlokahala ho loantša tšekamelo ea ho ba leeme. O re ho felisa maikutlo a lehloeo a ka har’a motho, “ho hloka boiteko bo matla hobane khōliso e na le tšusumetso e matla haholo.” Lena o boetse o hlokomela hore likhopotso tse sa khaotseng lia hlokahala.
Tlaleho ea Jehova ea ho se be Leeme
Jehova ke mohlala o phethahetseng oa ea seng leeme. Ho tloha maqepheng a qalang a Bibele, re bala litaba tsa kamoo a ileng a bontša ho se be leeme ha hae litšebelisanong tsa hae le batho. Re ka ithuta ho hongata mehlaleng ena le likhopotsong tsena tse babatsehang.
Jehova o ile a bontša ho se be leeme ha a tsamaisa litaba e le hore moapostola Petrose oa Mojuda a ka bolela litaba tse molemo ho Kornele le Balichaba ba bang ka 36 C.E. Ka nako eo Petrose o ile a re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
Litšebelisanong tsa hae tsohle le lelapa la motho, Jehova o ile a bontša ho se be leeme ha hae a sa khaotse. Kreste Jesu o ile a re ka Ntate oa hae: “O chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) Ha a tsoela pele ho tlotlisa Jehova e le Molimo ea seng leeme, Petrose o ile a paka: “Ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”—2 Petrose 3:9.
Mehleng ea Noe, ha ‘bolotsana ba batho bo ne bo le boholo lefatšeng, le ’mopo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o le mobe feela ka matsatsi ’ohle,’ Jehova o ile a laela timetso ea lefatše leo la moloko oa batho. (Genese 6:5-7, 11, 12) Leha ho le joalo, ka taelo ea Molimo le pontšeng ea batho ba mehleng ea hae, Noe o ile a haha areka. Ha a ntse a haha areka le bara ba hae, Noe e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Ho sa tsotellehe ho tseba tšekamelo e khopo ea lipelo tsa moloko oo, Jehova o ile a ba romela molaetsa o hlakileng a sa bontše leeme. O ile a ipiletsa likelellong le lipelong tsa bona ka ho etsa hore Noe a hahe le ho bolela. Ba ne ba e-na le menyetla eohle ea ho arabela, empa ho e-na le hoo ‘ha baa ka ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.’—Matheu 24:39.
Ke mohlala o motle hakaakang oa ho se be leeme ha Jehova! Matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko, o susumelletsa bahlanka ba Molimo ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka ho se be leeme ho tšoanang. Ho feta moo, ha ba ikhule ho boleleng letsatsi la liphetetso tsa Jehova. Moo ba bonoang ke batho bohle, ba bolela molaetsa oa Jehova ntle ho leeme hore e mong le e mong a o utloe.—Esaia 61:1, 2.
Litšepiso tsa Jehova ho bapatriareka Abrahama, Isaka le Jakobo li ile tsa totobatsa hore ke Molimo ea seng leeme. Lelokong la bona le khethehileng ho ne ho tla tsoa ea khethiloeng Eo ‘lichaba tsohle tsa lefatše li neng li tla itlhohonolofatsa’ ka eena. (Genese 22:18; 26:4; 28:14) Kreste Jesu o ile a ipaka ho ba eo Ea khethiloeng. Ka lefu la Jesu le tsoho ea hae, Jehova o ile a fa moloko oa batho o mamelang tsela ea poloko. E, melemo ea sehlabelo sa thekollo sa Kreste e fumaneha ntle ho leeme.
Mehleng ea Moshe, ho se be leeme ha Jehova ho ile ha iponahatsa ka tsela e thahasellisang ka ho fetisisa mabapi le barali ba Tselofkade. Basali bana ba bahlano ba ne ba talimane le bothata mabapi le lefa la ntate oa bona Naheng e Tšepisitsoeng. Ho ne ho le joalo hobane e ne e le tloaelo Iseraeleng hore lefa la mobu le fetisetsoe ho bara ba motho. Leha ho le joalo, Tselofkade o ile a shoa a se na mora ea ka amohelang lefa lena. Ka lebaka leo, barali ba bahlano ba Tselofkade ba ile ba kōpa Moshe hore ba tšoaroe ka tsela e seng leeme, ba re: “A ke ka baka la’ng ha lebitso la ntat’a rōna le tlosoa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? U re fe lefa har’a banab’abo ntat’a rona.” Jehova o ile a mamela likōpo tsa bona tse tiileng ’me a laela Moshe: “Etlare ha motho a e-shoa a se na mora, le tla nea morali oa hae lefa la hae.”—Numere 27:1-11.
Ke mohlala o lerato hakaakang oa ho se be leeme! Ho tiisa hore lefa la leloko le itseng ha le fetele lelokong le leng, ha barali bana ba nyaloa, ho ne ho hlokahala hore ba nyaloe feela “tlung e ’ngoe ea leloko la bo-ntat’a bona.”—Numere 36:5-12.
Temohisiso e eketsehileng tabeng ea ho se be leeme ha Jehova e bonoa mehleng ea moahloli le moprofeta Samuele. Jehova o ile a mo laela ho tlotsa morena e mocha oa leloko la Juda lelapeng la Jese oa Bethlehema. Empa Jese o ne a e-na le bara ba robeli. Ke mang ea neng a tla tlotsoa ho ba morena? Samuele o ne a khahliloe ke seemo sa Eliabe. Leha ho le joalo, Jehova ha a laoloe ke ponahalo ea ka ntle. O ile a bolella Samuele: “U se ke ua talima tšobotsi ea hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae . . . Hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” Ho ile ha khethoa Davida, mora oa ho fela oa Jese.—1 Samuele 16:1, 6-13.
Ho Ithuta ho se Beng Leeme ha Jehova
Baholo ba Bakreste ba etsa hantle ha ba etsisa Jehova ka ho talima litšoaneleho tsa moea tsa molumeli-’moho le bona. Ho bonolo ho ahlola motho ka litekanyetso tsa rōna, re lumella maikutlo a rōna a botho ho sira kahlolo ea rōna. Moholo e mong o ile a beha taba tjena, “ke leka ho sebetsana le ba bang ka tsela e thabisang Jehova, ke sa itšetleha ka likhopolo tseo ke seng ke ntse ke e-na le tsona.” Ho molemo hakaakang hore bahlanka bohle ba Jehova ba sebelise Lentsoe la hae e le tekanyetso ea bona!
Mehlala ea Bibele e ka holimo e re thusa ho loantša maikutlo a sollang a lehloeo la morabe kapa la bochaba. Ka ho etsisa ho se be leeme ha Jehova, re sireletsa phutheho ea Bokreste lehloeong, khethollong le ho eeng ka tšobotsi.
Moapostola Petrose o ile a hlokomela hore “Molimo ha a leeme.” (Liketso 10:34) Ho ea ka tšobotsi ke sera sa ho se be leeme ’me ho hanana le melao-motheo ea lerato le bonngoe. Jesu o ne a ipiletsa ho mafutsana, ba fokolang le ba tlaasana, ’me o ile a bebofatsa mojaro oa bona. (Matheu 11:28-30) O ile a hlahella ka ho totobetseng a sa tšoane le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda, ba neng ba rena ka thata holim’a batho, ba ba imetsa ka mejaro e boima ea melao. (Luka 11:45, 46) Ho etsa sena le ho rata haholoanyane barui le ba hlaheletseng ka sebele ho ne ho sa lumellane le lithuto tsa Kreste.—Jakobo 2:1-4, 9.
Kajeno, baholo ba Bakreste ba ikokobelletsa bohlooho ba Kreste ’me ba bontša ho se be leeme ho batho bohle ba Jehova ba inehetseng. Ha ba ntse ba ‘lisa mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona,’ ba qoba ho ea ka tšobotsi ka lebaka la boemo ba motho ba lichelete, botho bo sa tšoaneng kapa likamano tsa lelapa. (1 Petrose 5:2) Ka ho etsisa Molimo ea seng leeme le ho ela hloko temoso ea hae khahlanong le liketso tsa ho ea ka tšobotsi, baholo ba Bakreste ba hōlisa moea oa ho se be leeme ka phuthehong.
Phutheho ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova e na le kutloano ea bara ba motho ba machaba. Ke bopaki bo phelang ba hore sechaba se se nang lehloeo, se seng leeme e ka ba ntho ea sebele tlas’a tataiso ea Jesu Kreste. Lipaki li ‘apere botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.’ (Baefese 4:24) E, li ithuta mohlaleng o phethahetseng oa Molimo ea seng leeme, Jehova, ’me li na le tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le lokolohileng leemeng lohle.—2 Petrose 3:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Moapostola Petrose o ile a hlokomela hore Molimo ha a leeme