Etsisang Jehova, Molimo oa Rōna ea se Nang Leeme
“Molimo ha a na leeme.”—BAROMA 2:11.
1, 2. (a) Morero oa Jehova e ne e le ofe ka Bakanana ka kakaretso? (b) Jehova o ile a etsa eng, ’me see se hlahisa lipotso life?
BAISERAELE ba ne ba hlomme liahelo Lithoteng Tsa Moabe ka 1473 B.C.E., ’me ba mametse ka hloko ha Moshe a bua le bona. Ba ne ba tla tobana le bothata ha ba qeta ho tšela Nōka ea Jordane. Moshe o ile a bolela hore morero oa Jehova e ne e le hore ba hlōle marena a supileng a matla a Bakanana a Naheng e Tšepisitsoeng. Mantsoe a Moshe e ile ea e-ba a khothatsang hakaakang ha a re: “Ka sebele Jehova Molimo oa hao o tla u tlohellela tsona, ’me u tla li hlōla”! Baiseraele ba ne ba sa lokela ho etsa selekane le lichaba tsena, ’me li ne li sa lokela ho bontšoa mohau.—Deuteronoma 1:1; 7:1, 2.
2 Ho sa tsotellehe sena, Jehova o ile a pholosa lelapa le leng le neng le le motseng oa pele oo Baiseraele ba ileng ba o hlasela. Hape Molimo o ile a sireletsa le batho ba tsoang metseng e meng e mene. Ka lebaka lefe? Liketsahalo tsee tse hlollang tse mabapi le ho pholoha ha Bakanana baa li re ruta eng ka Jehova? Hona re ka mo etsisa joang?
Seo ba Ileng ba se Etsa ha ba Utloa ka Botumo ba Jehova
3, 4. Batho ba Kanana ba ile ba ikutloa joang ha ba utloa litlaleho tsa tlhōlo ea Baiseraele?
3 Ha Baiseraele ba ntse ba le lefeelleng ka lilemo tse 40 pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a sireletsa sechaba sa hae ’me a se loanela. Ka boroa ho Naha e Tšepisitsoeng, Baiseraele ba ile ba tobana le morena oa Mokanana oa Arade. Jehova o ile a thusa Baiseraele ’me ba ile ba mo hlōla hammoho le sechaba sa hae Horma. (Numere 21:1-3) Hamorao, Baiseraele ba ile ba potoloha ba naha ea Edomo, ’me ba leba nģ’a leboea ho ea ka leboea-bochabela ho Leoatle le Shoeleng. Baamore ba ne ba se ba ahile sebakeng sena seo pele ho neng ho ahile Bamoabe ho sona. Morena Sihone oa Moamore o ile a hana ha Baiseraele ba feta naheng ea hae. Ntoa e ile ea kupa Jahaze, eo ho bonahalang eka e ne e le ka leboea ho Phula ea Molapo o Phoroselang ea Arnone, moo Sihone a ileng a bolaeloa teng. (Numere 21:23, 24; Deuteronoma 2:30-33) Ho kenella hare leboea, Oge o ne a busa Baamore ba bang Bashane. Le hoja Oge e ne e le senatla, e ne e se letho ha a bapisoa le Jehova. Oge o ile a bolaeloa Edrei. (Numere 21:33-35; Deuteronoma 3:1-3, 11) Ha batho ba lulang Kanana ba utloa litlaleho tsena tsa tlhōlo hammoho le litlaleho tsa ho Falla ha Baiseraele Egepeta, sena se ile sa ba ama ka botebo.a
4 Ha Baiseraele ba kena Kanana ka lekhetlo la pele ka mor’a ho tšela Jordane, ba ile ba hloma liahelo Gilgale. (Joshua 4:9-19) Motse oa Jeriko o lika-likelitsoeng ka marako o ne o se hōle le moo. Seo Rahaba oa Mokanana a ileng a se utloa ka liketso tsa Jehova se ile sa mo susumelletsa hore a bontše tumelo. Ka lebaka leo, ha Jehova a timetsa Jeriko, o ile a mo pholosa hammoho le ba ntlo ea hae.—Joshua 2:1-13; 6:17, 18; Jakobo 2:25.
5. Ke eng se ileng sa susumelletsa Bagibeone hore ba etse lintho ka bohlale?
5 Ka mor’a moo, Baiseraele ba ile ba tloha tlaase haufi le nōka ’me ba nyolohela maralleng a bohareng sebakeng seo. Ka taelo ea Jehova, Joshua o ile a lalla baahi ba motse oa Ai. (Joshua, khaolo ea 8) Ha marena a mangata a Kanana a utloa ka thipitlo e ileng ea latela, seo se ile sa a susumelletsa ho phuthehela ntoeng. (Joshua 9:1, 2) Baahi ba motse oa Baheve o haufi oa Gibeone ba ile ba etsa se fapaneng. Joshua 9:4 e re: “Bona, esita le ka ho rata ha bona, ba etsa ka masene.” Joaloka Rahaba, le bona ba ne ba utloile kamoo Jehova a ileng a lopolla sechaba sa hae kateng ha se Falla Egepeta le kamoo Sihone le Oge ba ileng ba hlōloa kateng. (Joshua 9:6-10) Bagibeone ba ile ba bona hore ho ne ho se na thuso ho itoanela. Kahoo, molemong oa motse oa Gibeone le metse e meng e meraro e haufi—e leng Kefira, Beerothe le Kiriathe-jearime—ba ile ba romella Joshua a le Gilgale moifo oa banna ba ikhakantseng joalokaha eka ba tsoa naheng e hōle. Leqheka la bona le ile la sebetsa. Joshua o ile a etsa selekane le bona se ileng sa ba sireletsa. Matsatsi a mararo hamorao, Joshua le Baiseraele ba ile ba fumana hore ba qhekeletsoe. Leha ho le joalo, ba ne ba hlapantse ka Jehova hore ba tla boloka selekane seo, ke ka lebaka leo ba ileng ba se tšepahalla. (Joshua 9:16-19) Na Jehova o ile a amohela see?
6. Jehova o ile a nka khato efe ka lebaka la selekane seo Joshua a neng a se entse le Bagibeone?
6 Bagibeone ba ile ba lumelloa hore e be ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa Baiseraele, esita le “bakeng sa aletare ea Jehova” tabernakeleng. (Joshua 9:21-27) Ntle ho moo, ha marena a mahlano a Baamore le mabotho a ’ona a sokela Bagibeone, Jehova o ile a kenella ka tsela ea mohlolo. Majoe a sefako a ile a bolaea lira tse ngata ho feta tse ileng tsa bolaoa ke mabotho a Joshua. Jehova o bile a araba kōpo ea Joshua e tiileng ea hore letsatsi le khoeli li se ke tsa sisinyeha e le hore ba ripitle lira tsa bona ka ho feletseng. Joshua o ile a re: “Ha hoa ka ha e-ba le letsatsi le tšoanang le leo, ebang ke pele ho lona kapa ka mor’a lona, ka hore Jehova o ile a mamela lentsoe la motho, etsoe Jehova o ne a loanela Baiseraele.”—Joshua 10:1-14.
7. Ke ’nete efe eo le Petrose a ileng a e lumela e ileng ea totobala ho se ileng sa etsahalla Bakanana ba itseng?
7 Rahaba oa Mokanana le lelapa labo, haesita le Bagibeone, ba ne ba tšaba Jehova ’me ba ile ba bontša seo ka liketso. Se ba etsahaletseng se bontša ka ho hlaka ’nete eo moapostola oa Mokreste Petrose a ileng a e bua hamorao, ha a re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
Kamoo A Ileng a Sebelisana le Abrahama le Baiseraele Kateng
8, 9. Litšebelisano tsa Jehova le Abrahama le sechaba sa Iseraele li bontša joang hore ha a leeme?
8 Morutuoa Jakobo o ile a totobatsa mosa oa Molimo o sa tšoanelang ha A ne a sebelisana le Abrahama le litloholo ba hae. Tumelo ea Abrahama, eseng morabe oa hae, ke eona e ileng ea etsa hore e be “motsoalle oa Jehova.” (Jakobo 2:23) Tumelo ea Abrahama le lerato la hae ho Jehova li ile tsa tlisetsa litloholo tsa hae litlhohonolofatso. (2 Likronike 20:7) Jehova o ile a tšepisa Abrahama sena: “Ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.” Empa hlokomela tšepiso e temaneng e latelang e reng: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.”—Genese 22:17, 18; Baroma 4:1-8.
9 Litšebelisanong tsa hae le Baiseraele, ho fapana le ho bontša leeme, Jehova o ile a bontša hore na ke eng seo a ka se etsetsang ba mo mamelang. Litšebelisano tse joalo ke mohlala oa kamoo Jehova a bontšang lerato le tšepahalang ho bahlanka ba hae ba tšepahalang. Le hoja Baiseraele e ne e le “thepa ea [Jehova] e khethehileng,” sena se ne se sa bolele hore lichaba tse ling li ne li ke ke tsa fumana mosa oa Molimo. (Exoda 19:5; Deuteronoma 7:6-8) Ke ’nete hore Jehova o ile a rekolla Baiseraele bokhobeng Egepeta; ka lebaka leo a re: “Ke tsebile lōna feela har’a malapa ’ohle a lefatše.” Empa ka moprofeta Amose le ba bang, Jehova o ile a boela a tšepisa batho ba “lichaba tsohle” ntho e babatsehang.—Amose 3:2; 9:11, 12; Esaia 2:2-4.
Jesu, Mosuoe ea se Nang Leeme
10. Jesu o ile a etsisa Ntate oa hae ka ho hloka leeme joang?
10 Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu, eo e leng setšoantšo se nepahetseng hantle sa Ntate oa hae, o ile a etsisa ho hloka leeme ha Jehova. (Baheberu 1:3) Ka nako eo, seo a neng a amehile ka sona haholo-holo e ne e le ho fumana “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” Empa ha aa ka a tsilatsila ho pakela mosali oa Mosamaria selibeng. (Matheu 15:24; Johanne 4:7-30) Hape o ile a etsa mohlolo ha a kōptjoa ke molaoli oa lebotho, eo ho bonahalang hore e ne e se Mojuda. (Luka 7:1-10) O ile a etsa sena ho phaella liketsong tseo ka tsona a neng a se a bontšitse hore o rata sechaba sa Molimo. Le barutuoa ba Jesu ba ile ba fana ka bopaki libakeng tsohle. Ho ile ha hlaka hore ho amohela tlhohonolofatso ea Jehova ho ne ho sa itšetleha ka hore na motho ke oa sechaba sefe empa ho ne ho itšetlehile ka boikutlo ba motho. Batho ba ikokobelitseng, ba tšepahalang ba neng ba lapetse ’nete ba ile ba amohela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ho fapana le bona, batho ba ikhohomosang le ba ikakasang ba ile ba nyelisa Jesu le molaetsa oa hae. Jesu o ile a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane ka hloko u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana. E, Ntate, hobane ho etsa joalo e bile tsela eo u e amohelang.” (Luka 10:21) Ha re sebelisana le ba bang ka lerato le ka tumelo, re ke ke ra ba leeme, kaha rea tseba hore ena ke eona tsela eo Jehova a e amohelang.
11. Ho ile ha bontšoa ho hloka leeme joang phuthehong ea pele ea Bokreste?
11 Phuthehong ea pele ea Bokreste, Bajuda le bao e seng Bajuda ba ne ba lekana. Pauluse o ile a hlalosa, a re: “Khanya le tlhompho le khotso bakeng sa e mong le e mong ea etsang se molemo, bakeng sa Mojuda pele le bakeng sa Mogerike. Etsoe Molimo ha a na leeme.”b (Baroma 2:10, 11) Hore na ba rua molemo kapa che moseng oa Jehova o sa tšoanelang ho ne ho sa itšetleha ka morabe oa bona, empa ho ne ho itšetlehile ka seo ba neng ba tla se etsa ha ba ithuta ka Jehova le ka se tla finyelloa ke thekollo ea Mora oa hae, Jesu. (Johanne 3:16, 36) Pauluse o ile a ngola, a re: “Mojuda hase eo e leng eena ka ntle, leha e le hore lebollo ke se ka ntle nameng. Empa Mojuda ke eo e leng eena ka hare, ’me lebollo la hae ke la pelo ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.” Joale, a bapala ka mantsoe a amanang le lentsoe “Mojuda” (le bolelang “oa Juda,” e leng ea rokoang kapa ea rorisoang), Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Thoriso ea eo ha e tsoe ho batho, empa e tsoa ho Molimo.” (Baroma 2:28, 29) Jehova o rorisa bohle a sa bontše leeme. Na le rōna re etsa se tšoanang?
12. Tšenolo 7:9 e fana ka tšepiso efe, ho bo-mang?
12 Hamorao, ponong moapostola Johanne o ile a bona Bakreste ba tšepahalang ba batlotsuoa ba tšoantšoa e le sechaba sa moea sa ba 144 000, “ba tiisitsoeng molokong o mong le o mong oa bara ba Iseraele.” Ka mor’a sena, Johanne o ile a bona “bongata bo boholo . . . bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu; ’me ho ne ho e-na le makala a palema matsohong a bona.” (Tšenolo 7:4, 9) Kahoo, ha ho morabe kapa puo e beheletsoeng ka thōko phuthehong ea kajeno ea Bokreste. Batho ba limelo tsohle ba lebeletse ho pholoha “matšoenyehong a maholo” a tlang le ho noa “lilibeng tsa metsi a bophelo” lefatšeng le lecha.—Tšenolo 7:14-17.
Liphello Tse Ntle
13-15. (a) Ke joang re ka hlōlang ho se tšoane ha morabe le setso? (b) Bolela mehlala ea melemo e tlisoang ke ho bontša botsoalle.
13 Jehova o re tseba hantle, feela joalokaha ntate ea molemo a tseba bana ba hae hantle. Ka ho tšoanang, ha re khona ho utloisisa ba bang ka ho bontša thahasello setsong sa bona le mokhoeng oo ba hōtseng ka oona, ho se tšoane ha ho re letho. Lintho tse bakang lekhalo pakeng tsa merabe e sa tšoaneng lia nyamela, ’me maqhama a botsoalle le lerato aa tiea. Bonngoe boa matlafala. (1 Bakorinthe 9:19-23) Sena se bontšoa hantle ke mosebetsi oa baromuoa ba sebeletsang linaheng lisele. Ba thahasella batho ba lulang linaheng tseo, ’me ka lebaka leo, kapele baromuoa ba khona ho momahana le litho tsa liphutheho tsa moo.—Bafilipi 2:4.
14 Liphello tse ntle tsa ho hloka leeme li bonahala linaheng tse ngata. Aklilu, ea tsoang Ethiopia, o ne a hlorile motse-moholo oa Brithani, London. Ho hlora ha hae ho ile ha totisoa ke maikutlo ao a neng a e-na le ’ona a hore ka kakaretso batho ba ne ba se na botsoalle ho batho ba tsoang linaheng tse ling, e leng ntho e bonoang metseng e mengata e meholo ea Europe kajeno. Aklilu o ile a bona ntho e fapaneng le eo hakaakang ha a le sebokeng sa Bokreste Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova! Ba neng ba le teng moo ba ile ba mo amohela ka liatla tse peli, ’me ha hoa ka ha mo nka nako e telele hore a ikutloe a phutholohile. O ile a tsoela pele ka potlako ho tebisa kananelo ea hae bakeng sa ’Mōpi. Kapele-pele o ile a batla menyetla ea ho kopanela ho bolelleng ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso sebakeng seo. Ha e le hantle, ka letsatsi le leng motho ea neng a tsamaea le Aklilu ha ba bolela litaba tse molemo o ile a mo botsa hore na joale lipakane tsa hae ke life bophelong, ’me Aklilu o ile a araba kapele a re o tšepa hore ka letsatsi le leng o tla ba phuthehong e buang puo ea habo ea Seamharic. Ha baholo ba phutheho ea Senyesemane e sebakeng seo ba utloa ka seo, ka thabo ba ile ba lokisetsa hore ho be le puo ea phatlalatsa ea Bibele ka puo ea habo Aklilu. Memo e ileng ea etsoa e ile ea etsa hore litiletile tsa batho ba tsoang linaheng lisele hammoho le batho ba moo li phuthehe ho tšehetsa seboka sa pele sa phatlalatsa sa Seamharic Brithani. Kajeno, Baethiopia le ba bang sebakeng seo ba momahane phuthehong e hōlang. Ba bangata sebakeng seo ba fumane hore ha ho letho le ba sitisang ho ema ka lehlakoreng la Jehova le ho tšoantšetsa sena ka kolobetso ea Bokreste.—Liketso 8:26-36.
15 Mekhoa ea batho le tsela eo ba hōtseng ka eona ha li tšoane. Ho se tšoane hona ha ho bolele hore motho o phahame kapa o tlaase; e mpa e le ho se tšoane feela. Nakong ea ha ho shebeletsoe kolobetso ea bahlanka ba Jehova ba sa tsoa inehela sehlekehlekeng sa Malta, Lipaki tsa moo li ile tsa bontša thabo e khaphatsehang ha baeti ba tsoang Brithani bona ba ne ba sekisitse meokho ea thabo. Lipaki tsa Malta le tsa Brithani li ile tsa bontša maikutlo a tsona, empa e le ka litsela tse sa tšoaneng, ’me lerato la tsona le matla bakeng sa Jehova le ile la tiisa maqhama a botsoalle ba Bokreste.—Pesaleme ea 133:1; Bakolose 3:14.
Ho Hlōla Leeme
16-18. Pheta phihlelo e bontšang kamoo leeme le ka hlōloang kateng ka phuthehong ea Bokreste.
16 Ha lerato la rōna ho Jehova le ho barab’abo rōna ba Bakreste le ntse le teba, re ka etsisa Jehova ka ho eketsehileng ka tsela eo re nkang ba bang ka eona. Leeme leha e le lefe leo e ka ’nang eaba re ne re e-na le lona ka lichaba tse ling, merabe kapa litso, le ka hlōloa. Ka mohlala, nahana ka Albert ea neng a sebeletsa Lebothong la Brithani nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ’me a tšoaroa ke Majapane ha Singapore e haptjoa ka 1942. Hamorao o ile a qeta lilemo tse ka bang tharo a sebetsa “seporong sa lefu,” haufi le se ileng sa tsejoa e le borokho ba nōka ea Kwai. Ha a lokolloa qetellong ea ntoa, boima ba hae ba ’mele e ne e le lik’hilograma tse 32, o ne a robehile mohlahare le nko, a tšoeroe ke letšollo le lefubelu, a tsoile litlapeli a bile a tšoeroe ke malaria. Batšoaruoa-’moho le eena ba likete ba ne ba le maemong a hlobaetsang le ho feta; ba bangata ha baa ka ba phela. Ka lebaka la masetla-pelo ao Albert a ileng a a bona le ao a ileng a feta ho ’ona, o ile a khutlela hae ka 1945 a hlabehile, a sa batle ho utloa letho ka Molimo kapa bolumeli.
17 Irene, mosali oa Albert, e ile ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ho mo thabisa feela, Albert o ile a ea libokeng tse seng kae phuthehong ea moo ea Lipaki Tsa Jehova. Mokreste e monyenyane ea tšebeletsong ea nako e tletseng ea bitsoang Paul o ile a etela Albert ho ea ithuta Bibele le eena. Ka potlako Albert o ile a lemoha hore Jehova o sheba batho ka bomong ho latela boemo ba lipelo tsa bona. O ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa.
18 Hamorao Paul o ile a fallela London, a ithuta Sejapane, ’me a kopanela phuthehong ea Sejapane. Ha a etsa tlhahiso ea ho isa baeti ba bang ba Lipaki tsa Majapane phuthehong eo a tsoang ho eona, barab’abo rōna moo ba ile ba hopola kamoo Albert a neng a e-na le khethollo e tebileng kateng ho Majapane. Ho tloha ha Albert a khutlela Brithani, o ne a ’nile a qoba ho teana le mang kapa mang ea tsoang Japane, ke kahoo barab’abo rōna ba neng ba ipotsa hore na o tla itšoara joang. Ho ne ho se na lebaka la hore ba tšoenyehe—Albert o ile a amohela baeti ka lerato le se nang boikaketsi la bara ba motho.—1 Petrose 3:8, 9.
“Le Atolohe”
19. Ke keletso efe ea moapostola Pauluse e ka re thusang haeba ho sa ntsane ho e-na le leeme leha e le lefe le saletseng ho rōna?
19 Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Ho bontša leeme hase ntho e ntle.” (Liproverbia 28:21) Ho bonolo ho tloaelana le batho bao re ba tsebang hantle. Leha ho le joalo, ka linako tse ling re tloaetse ho se bontše thahasello e kaalo ho batho bao re sa ba tsebeng hantle. Leeme le joalo ha le tšoanele mohlanka oa Jehova. Ka sebele, bohle re lokela ho sebelisa keletso ea Pauluse ea hore re “atolohe”—e, re atolohe ha re bontša lerato ho Bakreste ba bang bao semelo sa bona se sa tšoaneng le sa rōna.—2 Bakorinthe 6:13.
20. Ke likarolong life tsa bophelo moo re lokelang ho etsisa Jehova, Molimo oa rōna ea se nang leeme?
20 Ho sa tsotellehe hore na re na le tokelo ea ho bitsetsoa bophelong ba leholimo kapa re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, ho hloka leeme ho re nolofalletsa ho thabela bonngoe ba mohlape o le mong, le Molisa a le mong. (Baefese 4:4, 5, 16) Ho ikitlaelletsa ho etsisa Jehova, Molimo oa rōna ea se nang leeme, ho ka re thusa tšebeletsong ea rōna ea Bokreste, ka malapeng le ka liphuthehong, ha e le hantle, ho ka re thusa likarolong tsohle tsa bophelo. Joang? Sehlooho se latelang se tla tšohla taba ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hamorao ho ile ha binoa ka botumo ba Jehova lipineng tse halalelang.—Pesaleme ea 135:8-11; 136:11-20.
b Mona, polelo e reng “Bagerike” e bolela Balichaba ka kakaretso.—Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, Volume 1, leqepheng la 1004.
U ka Araba Joang?
• Jehova o ile a bontša joang hore ha a na leeme ho Rahaba le ho Bagibeone?
• Jesu o ile a bontša ho hloka leeme joang ha a ruta?
• Ke eng e ka re thusang ho hlōla leeme leha e le lefe la setso kapa la morabe?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Baiseraele ba qala ho hapa Kanana
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu ha aa ka a tsilatsila ho pakela mosali oa Mosamaria
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Seboka sa phatlalatsa sa Seamharic Brithani
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lerato la Albert ho Jehova le ile la mo thusa hore a hlōle leeme