Manģosa a Khotso a ’Nete ke bo-mang?
KA LA 31 May, 1996, mehloli ea litaba e ile ea phatlalatsa se neng se bonahala e le molaetsa oa khotso. Letsatsing le etellang leo pele, polelo e lumeletsoeng ka molao e ile ea phatlalatsoa e tiisang hore Benjamin Netanyahu, ea neng a le haufi le ho ba tona-khōlō ea Iseraele, o ne a “amehile ka ho teba ho ntšetsoeng pele ha tokisetso ea khotso, khotso e nang le tšireletseho, lipakeng tsa naha ea Iseraele le linaha tse haufi le eona, ho akarelletsa naha ea Mapalestina.”
Ho khethoa ha Netanyahu ho ileng ha phatlalatsoa haholo ho ile ha etsa hore ba bangata ba ipotse hore na khotso Bochabela bo Hare e tla fela e be teng. Haeba ho joalo, na lichaba tse ling li ne li tla latela, li lebale liphapang tsa tsona?
Ho hlakile hore ho bonolo haholoanyane ho tšepisa khotso ho feta ho e finyella. Ha ba hlokomela sena, ba bangata ba ne ba tletse lipelaelo. Joalokaha mongoli Hemi Shalev a ile a beha taba tjena, “hona joale halofo ea sechaba sa Iseraele e na le boikutlo ba hore tsosoloso e haufi, ’me halofo e ’ngoe e lumela hore naha ea bona e qabeletsoe boemong bo tšosang.” Ha ho akaretsoa taba, o itse: “Ba bang baa thaba; ba bang baa lla.”
Ho joalo ha motho a leka ho tlisa khotso. Ho hlōla ha moeta-pele e mong le batšehetsi ba hae ho bolela ho hlōloa ha sehlopha sa bohanyetsi. Ho se khotsofale ho lebisa ho felloeng ke tšepo, ’me ho felloa ke tšepo, hangata ho lebisa borabeleng. Ebang ke Bochabela bo Hare, Latin America, Europe Bochabela, kapa leha e le kae—boiteko ba moloko oa batho ba ho tlisa khotso kamehla ke bo thetsang haholo.
Khotso ea Sebele e Haufi!
Nakong eo ka eona khotso Bochabela bo Hare e neng e le sehlooho sa litaba se thahasellisang ka ho khethehileng, ho ile ha utluoa molaetsa o mong oa khotso. Ona e ne e se puo e phatlalalitsoeng haholo ea lipolotiki; leha e le hore e ne e le selekane sa khotso lipakeng tsa lichaba. Ho e-na le hoo, molaetsa ona o ne o phatlalatsa khotso e tla tlisoa feela ke ’Muso oa Molimo. Molaetsa oo o ile oa utluoa hokae? Likopanong tsa Setereke tse 1900 tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” tse neng li tšoeroe ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle ka 1996/97.
Likopanong tsena ho ile ha hlakisoa hore ha ho ’muso oa motho o ka tlisang khotso ea ’nete le tšireletseho. Hobane’ng? Hobane sena se ne se tla hloka hore ho felisoe lintho tse re amohang khotso letsatsi le letsatsi. Khotso ea ’nete e bolela ho tsoha hoseng ho hong le ho hong u sa tšoha ntoa kapa pefo. E bolela ho fela ha tlōlo ea molao, ho fela ha liloko mamating a rōna, ho fela ha tšabo ea ho tsamaea literateng, ho fela ha malapa a tsekolohileng. Ke ’muso ofe lefatšeng o ka finyellang see sohle? Ka sebele, ke ’muso ofe lefatšeng o neng o ka iteta sefuba ho tšepisa see?
Leha ho le joalo, ’Muso oa Molimo o ka tlisa lintho tsena ’me o tla li tlisa. Bibele ea tšepisa: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Seo se tla tlisa tokoloho e kaakang molokong oa batho o mahlomoleng!
Tšepiso ea Jehova Molimo hase ea lefeela. Bibele ea re tiisetsa: “Molimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mor’a motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke oa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke oa se phetha na?” (Numere 23:19) E, seo Molimo a se tšepisitseng se tla phethahala—bakeng sa ho hlohonolofatsa bohle ba emeng ka lehlakoreng la hae.
Manģosa a Khotso a Molimo
Lipaki tsa Jehova li tsebahala haholo ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo ka cheseho. Selemo ka seng, li kopane, li qeta lihora tse ka holimo ho limilione tse sekete li abela ba bang molaetsa oa Bibele o matlafatsang. Sena se phethahatsa mantsoe a Jesu: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Ka sebele molaetsa oo Lipaki li o tlisang ke ‘litaba tse molemo,’ hobane o phatlalatsa ’Muso oa Molimo oa leholimo e le eona feela tšepo ea moloko oa batho. ’Me ke tšepo e tiileng hakaakang ea nakong e tlang!
Esita le hona joale ’Muso oa Molimo o hlahisa ka hare ho bafo ba oona tlamo ea sebele ea khotso le lerato la bara ba motho. Jesu o itse: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho phelela tlhokahalo ena ea motheo ea Bokreste ba ’nete. Phello ke hore, kameho ea tsona ea bara ba motho ke e hlollang e kopanyang Bajuda le Maarabia, batho ba Croatia le ba Serbia, Mahutu le Matutsi. Khotso ena eo e leng toro feela ho boholo ba moloko oa batho hona joale Lipaki tsa Jehova tse limilione lefatšeng ka bophara li na le eona.
Khothatso ea ho tsoela pele ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele le ho tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e ile ea totobatsoa lenaneong la Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo.” Re u mema hore u bale tlaleho e latelang ea kopano ea matsatsi a mararo e susumetsang eo ba limilione ba ’nileng ba e thabela.