“Motho a le Mong Feela ho ba Bangata Bao U Ammeng Bophelo ba Bona”
MORAO ka January 1996, Carol o ne a kula a tšoeroe ke hlahala ea boko. O ne a le lilemong tsa bo-60 ’me ho fihlela nakong eo e ne e le mosali ea thabileng ka linako tsohle, ea matla le ea nang le mantsoe a khothatso bakeng sa motho e mong le e mong. Empa joale lingaka li ne li leka ka matla ho loantša hlahala e bolaeang. Nakong ea tlokotsi ea hae, Carol o ile a amohela lengolo le latelang:
“Carol ea Ratehang:
“Ke masoabi haholo ka lebaka la ho fokolloa ha hao ke bophelo. Ka lehlohonolo, re na le tšepo ea sebele eo Bibele e re thusang ho e tseba le ho e rata. Ena ke tšepo ea hore ’Muso oa Jehova o buse lefatše e le hore re ka phela maemong a paradeise, nako eo bohle re e lebeletseng.
“Ke batla hore u tsebe hore mosebetsi oa hao oa boboleli o pholositse batho ba bangata lefung la ka ho sa feleng. Ke e mong oa batho bana. Ha ke tsebe haeba u sa hopola lekhetlo la pele leo re ileng ra kopana ka lona. Nakong eo ke ne ke le lilemo li 20. Ke ne ke e-na le moriri o molelele, ke ne ke rekisa lithethefatsi ’me ke ne ke solla le sekhakhatha sa litlokotsebe. Kaofela ha rōna re ne re e-na le lithunya ’me re ne re sa rate mang kapa mang haese rōna feela.
“U ile ua kokota monyakong oa ka le Paki e ’ngoe ’me la ’neha Molula-Qhooa le Tsoha! Ke ile ka leka ho u neha dolara ’me ka u bolella hore ha ke batle limakasine. U ile ua ntsebisa hore morero oa ho bolela ha hao e ne e se ho batla menehelo. U ile ua mpolella hore u etsa mosebetsi o thusang batho ho bala Bibele. Ha ke nepisise hore na ke ile ka nka limakasine kapa hona ho li bala. Leha ho le joalo, u ile ua jala peō ea ’nete bophelong ba ka.
“Lilemo hamorao Paki e ’ngoe, Gary, e ile ea tla lapeng ke le teng. Ke ile ka e bolella ka ketelo ea hao lilemong tse fetileng. Gary o ile a ithuta Bibele le ’na ka nako e telele ho fihlela ke qetella ke kolobelitsoe ka 1984. Joale ke ruta bana ba ka ’nete ea ’Muso oa Molimo.
“Ke kholoa hore ’na ke motho a le mong feela ho ba bangata bao u ammeng bophelo ba bona lilemong tsa tšebeletso ea hao e tšepahalang. Leha ho le joalo, ka mosa ona o lerato, u nolofalelitse ’na le lelapa la ka ho tseba Molimo e Moholo, Jehova, le Mora oa hae, Kreste Jesu. Ke lebeletse letsatsi leo ke tla u bona tsamaisong e ncha ea lintho ha Jehova a hlakola meokho eohle mahlong a rōna ’me lefu le se le le sieo.—Tšenolo 21:4.
“Ha e le ’na le lelapa la ka, re thabela hore re bile le monyetla oa ho u tseba le ho ba karolo ea mosebetsi oa hao oa bopaki. Rea leboha.
“Ka lerato la bara ba motho,
Peter”
Ka mor’a ho kula ka likhoeli tse tšeletseng, Carol o ile a hlokahala ka March 1996, ka mor’a hore a jale lipeō tse ngata tseleng ea hae ea lilemo tse 35 e le ’moleli oa evangeli ea mafolofolo. O ile a ithuta hore ha ho motho ea tsebang hore na peō e tla beha litholoana neng, esita le lilemo hamorao.—Matheu 13:23.