Na Ngoana oa Hao o Lokela ho ea Sekolong se Nang le Bolulo?
INAHANE u lula toropong e nyenyane naheng e tsoelang pele moruong. U na le bana ba bangata sekolong sa praemari, empa ha ba le lilemo li 12, ba tla fetela sekolong sa sekondari. Sebakeng sa heno, likolo tsa sekondari li na le bana ba bangata haholo, li haelloa ke thepa e sebelisoang hape li fokolloa ke matichere. Ka linako tse ling literaeke li etsa hore likolo li koaloe libeke le likhoeli.
Motho e mong o u fa bukana e botle bo hapang mahlo, e hlalosang sekolo se seng se nang le bolulo se toropong e khōlō. U bona litšoantšo tsa liithuti tse thabileng, tse apereng hantle, tse ithutelang ka liphaposing, lilaboratoring le lilaebraring tse nang le thepa e feletseng. Liithuti li shebile lik’homputheng ’me li khatholoha ka likamoreng tsa bolulo tse hloekileng le tse botle bo hapang mahlo. U bala hore sepheo se seng sa sekolo sena ke ho thusa barutoana “ho finyella boemo bo phahameng ka ho fetisisa ba thuto boo ba ka bo khonang.” U tsoela pele ho bala: “Barutoana kaofela ba tlameha ho boloka molao oa boitšoaro o tšoanang le o lebeletsoeng ka lapeng leo ho lona ho buelloang mekhoa e metle, mosa, ho hlompha batsoali le batho ba baholo, ho sebelisana, ho mamellana, bokhabane le botšepehi.”
Ho qotsoa mohlankana e mong ea bososelang ea reng: “Batsoali ba ka ba mphile tokelo eo ke sa tl’o e lebala ea ho kena sekolo se molemo ka ho fetisisa.” Ngoanana e mong o re: “Sekolo se khothalletsa ho ithuta ’me sea thabisa. Mona u ithuta habonolo.” Na u ka romela mora kapa morali oa hao sekolong se joalo se nang le bolulo?
Thuto le Bomoea
Batsoali bohle ba tsotellang ba batla ho etsetsa bana ba bona motheo o tiileng bophelong, ’me ho finyella sena, thuto e phethahetseng, e leka-lekaneng ke ea bohlokoa. Hangata thuto ea lefatše e bula menyetla ea ho fumana mosebetsi ka moso le ho thusa bacha ho hōla hore e be batho ba baholo ba tsebang ho itlhokomela le ba tla hlokomela malapa a bona a ka moso.
U ka ’na ua botsa: ‘Haeba sekolo se nang le bolulo se e-na le thuto e ntle hammoho le tataiso e itseng boitšoarong, ho ka hana eng ho sebelisa monyetla oo se fanang ka oona?’ Batsoali ba Bakreste ha ba arabela potso ena, ba lokela hore ka thapelo, ba nahane ka lebaka la bohlokoa haholo—boiketlo ba moea ba bana ba bona. Jesu Kreste o ile a botsa: “Ka sebele, ke ha molemo ofe bakeng sa motho hore a rue lefatše lohle ’me a lahleheloe ke soule ea hae?” (Mareka 8:36) Ha e le hantle, sena ha se na molemo ho hang. Ka lebaka leo, pele batsoali ba Bakreste ba etsa qeto ea ho romela bana ba bona sekolong se nang le bolulo, ba lokela ho nahana ka phello eo sena se ka ’nang sa e-ba le eona litebellong tsa bana ba bona tsa bophelo bo sa feleng.
Tšusumetso ea Liithuti Tse Ling
Likolo tse ling tse nang le bolulo li ka ’na tsa finyella boemo bo khahlisang haholo lithutong. Empa ho thoe’ng ka litekanyetso tsa boitšoaro tsa ba li kenang kapa mohlomong le tsona tsa ba tsamaisang likolo tse joalo? Mabapi le batho ba neng ba tla ata “matsatsing [ana] a ho qetela,” moapostola Pauluse o ile a ngola: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona; ’me bana u ba furalle.”—2 Timothea 3:1-5.
Ho oa hona ha boitšoaro ke kobo-anela, ’me ho hlahisetsa Lipaki tsa Jehova phephetso ea hore li phele ka melao-motheo ea Bibele. Liithuti tse khutlelang lapeng letsatsi le leng le le leng li fumana hore esita le ho kopana ha tsona hanyenyane feela le bana ba lefatše bao li kenang sekolo le bona ho ka imetsa bomoea ba tsona ka tšusumetso e mpe. Esita le ka tšehetso, keletso le khothatso tse tsoang ho batsoali ba bona letsatsi le letsatsi, ho loantša tšusumetso eo e ka ba boiteko bo matla ka lehlakoreng la bana ba Lipaki.
Ho thoe’ng, he, ka boemo ba bana ba tlosoang malapeng abo bona, ba isoang likolong tse nang le bolulo? Ba arohantsoe ba bile ba khaohantsoe le tšehetso ea kamehla ea moea ea batsoali ba lerato. Kaha ka letsatsi ba lula lihora tse 24 le ba leng lihlopheng le bona, khatello ea ho lumellana le bongata e ba le tšusumetso e matla haholoanyane likelellong le lipelong tsa bona tse nyenyane ho feta kamoo ho ka etsahalang ho liithuti tse lulang malapeng. Seithuti se seng se ile sa re: “Boitšoarong, ngoana ea lulang sekolong o kotsing ho tloha hoseng ho fihlela bosiu.”
Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33) Batsoali ba Bakreste ha baa lokela ho khelosoa ka ho nahana hore bana ba bona ba ke ke ba tsoa kotsi moeeng haeba kamehla ba e-ba har’a ba sa sebeletseng Molimo. Ka mor’a nako e itseng, bana ba rapelang Molimo ba ka thatafala hore ba se ke ba utloa litekanyetso tsa Bokreste ’me ba ka felloa ke kananelo ea lintho tsa moea. Ka linako tse ling sena sea pateha ho batsoali ho fihlela ha bana ba bona ba tsoile sekolong se nang le bolulo. Ka nako eo, hangata ha ho sa na nako ea ho lokisa litaba.
Phihlelo ea Clement e bontša sena hantle. Oa pheta: “Pele ke e-ea sekolong se nang le bolulo, ke ne ke rata ’nete ’me ke e-ea tšebeletsong ea tšimo le barab’abo rōna. Haholo-holo ke ne ke thabela ho kopanela thutong ea Bibele ea lelapa le Thutong ea Buka ea Phutheho. Leha ho le joalo, eitse hang ha ke kena sekolo se nang le bolulo ha ke le lilemo li 14, ke ile ka tlohela ’nete ka ho feletseng. Ka lilemo tsohle tse hlano tseo ke li lutseng sekolong se nang le bolulo, ha ho mohla ke ileng ka ea libokeng. Ka lebaka la metsoalle e mebe, ke ile ka kopanela lithethefatsing, ho tsubeng le ho noeng haholo.”
Tšusumetso ea Matichere
Sekolong sefe kapa sefe ho ka ba le matichere a boitšoaro bo bolileng a sebelisang hampe matla a ’ona a ho laela. A mang a sehlōhō ebile aa khahlapetsa, ha a mang a tlatlapa liithuti tsa ’ona ka likamano tsa botona le botšehali. Likolong tse nang le bolulo, ho bonolo hore liketso tse joalo li se ke tsa tlalehoa.
Leha ho le joalo, matichere a mangata a leka ka tieo ho koetlisa bana hore e be litho tse nang le bokhoni tsa sechaba, tse nang le sebaka lefatšeng le ba potolohileng le tse lumellanang le maemo. Empa le mona ho na le bothata bakeng sa bana ba Lipaki. Hase kamehla litekanyetso tsa lefatše li lumellanang le melao-motheo ea Bokreste. Le hoja matichere a khothalletsa liithuti hore e be karolo ea lefatše lena, Jesu o itse balateli ba hae e ne e sa tl’o ba “karolo ea lefatše.”—Johanne 17:16.
Ho thoe’ng haeba ho hlaha mathata ha bana ba latela melao-motheo ea Bibele? Haeba bana ba kena sekolo ha habo bona ’me ba lula lapeng, ba ka buisana le batsoali ba bona ka litaba tse joalo. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba ka tataisa bana ba bona ’me mohlomong ba ba ba bua le matichere. Ka lebaka leo, mathata le ho se utloisisane li atisa ho rarolloa kapele.
Litaba ha li joalo likolong tse nang le bolulo. Liithuti tse joalo li taolong ea kamehla ea matichere a tsona. Haeba bana ba ema ba tiile bakeng sa melao-motheo ea Bokreste, ba tlameha ho etsa joalo ba sa tšehetsoe ke batsoali ba bona letsatsi le letsatsi. Ka linako tse ling, bana ba atleha ho lula ba tšepahala ho Molimo tlas’a maemo a joalo. Leha ho le joalo, hangata haholo ha ba etse joalo. Ho bonolo hore ngoana a inehele thatong ea matichere.
Ho se Tsamaee ka Bolokolohi
Ho fapana le liunivesithing moo hangata liithuti li nang le bolokolohi ba ho ea hohle ka boithatelo, likolo tse nang le bolulo li thibela bana ho tsamaea. Tse ngata tsa likolo tsena ha li lumelle barutoana ho tloha mabaleng a sekolo ntle le ka Sontaha feela, ’me tse ling le hona hoo ha li ho lumelle. Seithuti se seng se lilemo li 11 sa sekolo se nang le bolulo se bitsoang Eru se re: “Ba boholong sekolong ha ho mohla ba re lumellang ho ea libokeng, re se re sa re letho ka ho ea tšimong. Ka jareteng ea sekolo, ho na le litšebeletso tsa Mak’hatholike le tsa Mamosleme feela. Seithuti se seng le se seng se tlameha ho khetha e ’ngoe ho tsena tse peli kapa se talimane le khanyetso e matla ea matichere le liithuti. Liithuti li boetse li qobelloa ho bina pina ea sechaba le lifela tsa kereke.”
Ha batsoali ba ngolisa bana ba bona sekolong se joalo, ba fetisetsa molaetsa ofe baneng ba bona? Molaetsa e ka ba hore thuto ea lefatše ke ea bohlokoa haholo ho feta ho bokana bakeng sa borapeli le ho kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa—esita le hore ke ea bohlokoa ho feta ho tšepahala ho Molimo.—Matheu 24:14; 28:19, 20; 2 Bakorinthe 6:14-18; Baheberu 10:24, 25.
Likolong tse ling tse nang le bolulo, liithuti tsa Lipaki li khona ho ithuta Bibele hammoho, empa hangata le hona hona ho thata. Mocha ea bitsoang Blessing, ea lilemo li 16, o bolela sena ka sekolo se nang le bolulo seo a kenang ho sona: “Letsatsi le leng le le leng Bakreste ka lebitso ba phuthehela ho ea rapela. Rōna Lipaki re leka ho ba kōpa ka tieo hore re be le thuto ea rōna, empa liithuti tse ikarabellang li re bolella hore mokhatlo oa rōna ha oa ngolisoa ka molao. Joale li leka ho re qobella hore re rapele le tsona. Haeba re hana, li re etsetsa likotlo. Ho ipiletsa ho matichere ho senya litaba le ho feta. A re bitsa ka mabitso a hana ho fela, ’me a bolella liithuti tse ikarabellang hore li re etsetse likotlo.”
Ho Ikhetholla ka ho Totobetseng
Ha liithuti tse kenang sekolo se nang le bolulo li tsebahala hore ke Lipaki tsa Jehova, sena se ka li tsoela molemo. Ba boholong sekolong ba ka ’na ba li lokolla mesebetsing ea bolumeli ba bohata e tlamang, e hananang le tumelo ea Lipaki. Liithuti hammoho le tsona li ka ’na tsa lesa ho leka ho li akarelletsa mesebetsing le meqoqong e sa haheng. Menyetla ea ho pakela liithuti tse ling le matichere e ka ’na ea buleha. Ho feta moo, tse phelang ka melao-motheo ea Bokreste li ka ’na tsa se belaelloe ka boitšoaro bo bobe bo feteletseng, ’me ka linako tse ling li ka hapa tlhompho ea matichere le liithuti tse ling.
Leha ho le joalo, hase kamehla litaba li bang ka tsela eo. Ho ikhetholla ka ho totobetseng hangata ho etsa hore mocha e be ea hlorisoang le ea tšehoang ke liithuti tse ling le matichere ka ho tšoanang. Yinka, moshemane ea lilemo li 15 ea kenang sekolo se nang le bolulo, o re: “Sekolong, haeba ho tsejoa hore u e mong oa Lipaki tsa Jehova, u hlaseloa habonolo. Kaha ba tseba boemo ba rōna ba moea le ba boitšoaro, ba re chehela maraba.”
Boikarabelo ba Batsoali
Ha ho tichere, sekolo kapa koleche, eo ka nepo e ka lekang ho nka mosebetsi oa ho koetlisa bana hore e be bahlanka ba inehetseng ba Jehova. Ona hase mosebetsi oa eona kapa boikarabelo ba eona. Lentsoe la Molimo le laela hore batsoali ka bobona ba lokela ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa bana ba bona. Pauluse o ile a ngola: “Lōna, bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Batsoali ba ka sebelisa keletso ee ea bomolimo joang haeba bana ba bona ba le hōle sekolong se nang le bolulo moo ketelo ea bona e ka ’nang ea lekanyetsoa lekhetlong le le leng kapa a mabeli ka khoeli?
Maemo a ka ’na a fapana haholo, empa batsoali ba Bakreste ba loanela ho nka khato tumellanong le polelo ena e bululetsoeng: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”—1 Timothea 5:8.
Na ho na le se Seng se ka Etsoang?
Batsoali ba ka etsa’ng haeba ho bonahala ba lokela ho khetha pakeng tsa lintho tse peli feela—sekolo se nang le bolulo kapa sekolo sa ha habo bona se se nang thepa e loketseng? Ba bang ba iphumaneng ba le boemong bona ba lokisetsa lithuto tse ka thōko ho tlatselletsa thutong ea bana ba bona sekolong sa ha habo bona. Batsoali ba bang ba behella nako ka thōko bakeng sa ho ithutela bana ba bona.
Ka linako tse ling batsoali ba qoba mathata ka ho lokisetsa esale pele nako ea ha bana ba bona ba tla be ba le baholo hore ba ee sekolong sa sekondari. Haeba u e-na le bana ba banyenyane kapa u rera ho ba le bana, u ka ’na ua sheba hore na ebe ho na le sekolo se tšoanelehang sa sekondari sebakeng sa heno. Haeba se le sieo, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore u fallele haufi le se seng.
Joalokaha batsoali ba tsebisisa, ho hlokahala tsebo, mamello le nako e ngata ho kenya ka ho ngoana lerato la ho rata Jehova. Haeba sena se le thata ha ngoana a lula lapeng, se thata haholo hakaakang haeba ngoana a lula hōle! Kaha bophelo bo sa feleng ba ngoana boa ameha, batsoali ba lokela hore ka botebo le ka thapelo ba etse qeto ea hore na hoa tšoaneleha ho beha ngoana oa bona kotsing sekolong se nang le bolulo kapa che. E ka ba ho se nke lintho ka botebo hakaakang ho tela lithahasello tsa ngoana tsa moea molemong oa thuto ea sekolo se nang le bolulo! Hona ho ka tšoana le ho potlakela ka ntlong e chang ho pholosa nthoana e nyenyane—e le hore feela u chesoe ke malakabe.
Lentsoe la Molimo le re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.” (Liproverbia 22:3) Ho molemo ho thibela boemo bo bobe ho e-na le ho bo lokisa hamorao. E tla ba bohlale ho nahana ka seo haeba u ipotsa, ‘Na ngoana oa ka o lokela ho ea sekolong se nang le bolulo?’
[Lebokose le leqepheng la 28]
Lipaki Tse Nyenyane li Hopola ka Likolo TSE Nang le Bolulo
“Sekolong se nang le bolulo, bana ba Lipaki ba khaohantsoe le botsoalle ba moea. Ke tikoloho e hlaha haholo e nang le khatello e matla ea ho etsa bobe.”—Rotimi, ea ileng a kena sekolo se nang le bolulo ha a le lipakeng tsa lilemo tse 11 le 14.
“Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho ne ho le thata ka ho khethehileng. Ke ne ke e-ba teng ka Sontaha feela, ’me hore ke be teng, ke ne ke tlameha ho nyenyelepa ha liithuti li foletse ho ea kerekeng. Ke ne ke lula ke hloname hobane hae koana ke ne ke tloaetse ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho, ’me ke ne ke e-ea tšimong ka Meqebelo le ka Lisontaha. Sekolong ho ne ho se letho le hahang. Ke ne ke tingoa menyetla e mengata.”—Esther, eo kamehla a neng a shapuoa ke matichere hobane a ne a hana ho kopanela litšebeletsong tsa kereke tsa sekolo.
“Ho pakela liithuti tse ling ho ne ho se bonolo sekolong se nang le bolulo. Ha ho bonolo ho ikhetholla ho ba bang. Ke ne ke batla ho latela sehlopha. Mohlomong nka be ke bile sebete haholo hoja ke ne ke khona ho ea libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Empa ke ne ke etsa seo feela ha ke le phomolong, e leng se neng se etsahala hararo feela ka selemo. Haeba u e-na le lebone le sa tšeloeng oli, ho ba lerootho. Ho ne ho le joalo sekolong.”—Lara, ea ileng a kena sekolo se nang le bolulo ho tloha ha a le lilemo tse 11 ho ea ho tse 16.
“Kaha joale ha ke sa le sekolong se nang le bolulo, kea thaba hore nka ba teng libokeng tsohle, ka kopanela tšebeletsong ea tšimo le ho thabela temana ea letsatsi le lelapa kaofela. Le hoja ho lula sekolong ho ne ho e-na le melemo e itseng, ha ho letho la bohlokoa ho feta kamano ea ka le Jehova.”—Naomi, ea ileng a kholisa ntate oa hae hore a mo ntše sekolong se nang le bolulo.