E-bang Sebete ha Topollo e Ntse e Atamela
“‘Ke na le uena,’ ho bolela Jehova, ‘ho u lopolla.’”—JEREMIA 1:19, NW.
1, 2. Ke hobane’ng ha moloko oa batho o hloka topollo?
TOPOLLO! Ke lentsoe le tšelisang hakaakang! Ho lopolloa ho bolela ho pholosoa, ho lokolloa boemong bo bohloko, bo sa thabiseng. Sena se akarelletsa mohopolo oa ho tlisoa boemong bo molemo le bo thabisang haholoanyane.
2 Moloko oa batho o hloka topollo e joalo hakaakang hona joale! Hohle batho ba hateletsoe ba bile ba nyahamisitsoe ke mathata a boima—a moruo, a sechaba, a ’mele, a kelello le a maikutlo. Ba bangata haholo ha baa khotsofalla tsela eo lefatše le leng ka eona ebile ea ba nyahamisa ’me ba ka rata hore maemo a ntlafale.—Esaia 60:2; Matheu 9:36.
“Linako Tse Mahlonoko Tseo ho Leng Thata ho Sebetsana le Tsona”
3, 4. Ke hobane’ng ha topollo e hlokahala haholoanyane hona joale?
3 Kaha lekholong lena la bo20 la lilemo ho bile le mahlomola a fetang leha e le afe a kileng a e-ba teng, topollo e hlokahala haholoanyane hona joale ho feta leha e le neng pele. Kajeno, batho ba fetang hōle limilione tse sekete ba phela bofutsaneng bo tšosang, ’me palo eo e eketseha ka ba limilione tse 25 selemo le selemo. Selemo ka seng bana ba ka bang limilione tse 13 ba shoa ka lebaka la khaello ea lijo tse matlafatsang kapa lisosa tse ling tse amanang le bofutsana—e leng ba fetang 35 000 ka letsatsi! ’Me batho ba hōlileng ba limilione ba shoa pele ho nako ka lebaka la mafu a sa tšoaneng.—Luka 21:11; Tšenolo 6:8.
4 Lintoa le meferefere ea sechaba li bakile mahlomola a se nang palo. Buka ea Death by Government e bolela hore lintoa, likhohlano tsa merabe le tsa bolumeli, le polao e sehlōhō ea ha mebuso e bolaea batho ba eona ka bongata li “bolaile batho ba fetang limilione tse 203 lekholong lena la lilemo.” E tsoela pele e re: “Palo ea batho ba shoeleng e ka hakanyetsoa ho ba batlang ho ba limilione tse 360. Ho joalokaha eka moloko oa batho o qetoa ke Lefu la Seoa la kajeno. Ha e le hantle, lea o qeta, empa ke seoa sa Matla, eseng sa likokoana-hloko.” Mongoli Richard Harwood o ile a re: “Lintoa tsa boqaba tsa makholong a fetileng a lilemo e ne e se letho ha ho bapisoa.”—Matheu 24:6, 7; Tšenolo 6:4.
5, 6. Ke’ng se etsang hore mehla ea rōna e be e sithabetsang hakaale?
5 Se mpefatsang maemo ana a sithabetsang a lilemong tsa morao tjena ke keketseho e khōlō ea tlōlo ea molao e mabifi, boitšoaro bo bobe le ho qhalana ha malapa. Eo e neng e le Mongoli oa Thuto oa United States, William Bennett o ile a bolela hore lilemong tse 30 baahi ba United States ba ile ba eketseha ka karolo ea 41 lekholong, empa tlōlo ea molao e mabifi e ile ea eketseha ka karolo ea 560 lekholong, bana ba matšeho ka karolo ea 400 lekholong, litlhalo ka karolo ea 300 lekholong le ho ipolaea ha bacha ka karolo ea 200 lekholong. Moprofesa oa Univesithi ea Princeton, John DiIulio, e monyenyane, o ile a lemosa ka lihlopha tse eketsehang tsa bacha ba “litlokotsebe tse se nang mohau,” ba “bolaeang, ba hlaselang, ba betang, ba utsoang, ba thuhang ka morero oa ho utsoa le ba bakang meferefere e tebileng sechabeng. Ha ba tšabe sekhobo sa ho tšoaroa, bohloko ba ho kenngoa teronkong kapa ho tšoenngoa ke letsoalo.” Naheng eo, hona joale ho bolaeana ke sesosa sa bobeli sa lefu har’a ba lilemo li 15 ho ea ho 19. ’Me bana ba eketsehileng ba ka tlas’a lilemo tse ’nè ba bolaoa ke ho hlekefetsoa ho feta ho bolaoa ke maloetse.
6 Tlōlo ea molao e joalo le pefo ha li sechabeng se le seng feela. Linaha tse ngata li tlaleha boemo bo tšoanang. Se tlatsetsang ho sena ke keketseho ea tšebeliso ea lithethefatsi tse sa lumelloang ka molao tse silafatsang ba limilione. Sydney Morning Herald ea Australia e itse: “Thekiso eo e seng ea molao ea lithethefatsi lichabeng tsohle e fetohile khoebo ea bobeli ea lefatše e nang le phaello e ngata ka ho fetisisa e hlahlamang khoebo ea libetsa.” Ntho e ’ngoe e tlatsetsang ho sena ke pefo le boitšoaro bo bobe tseo hona joale li tletseng thelevisheneng. Linaheng tse ngata, nakong eo ngoana a fihlang lilemong tse 18, o bone liketso tsa pefo tse likete tse mashome thelevisheneng le tse se nang palo tsa boitšoaro bo bobe. Eo ke tšusumetso e ka sehloohong e senyang, kaha botho ba rōna bo bōptjoa ke seo re fepang likelello tsa rōna ka sona kamehla.—Baroma 12:2; Baefese 5:3, 4.
7. Boprofeta ba Bibele bo boletse joang esale pele ka maemo a kajeno a mabe?
7 Boprofeta ba Bibele ka nepo bo boletse esale pele boemo bona bo tšosang ba lekholong la rōna la lilemo. Bo boletse hore ho ne ho tla ba le lintoa tsa lefatše, mafu a seoa, likhaello tsa lijo, le ho eketseha ha ho se ee ka molao. (Matheu 24:7-12; Luka 21:10, 11) ’Me ha re nahana ka boprofeta bo tlalehiloeng ho 2 Timothea 3:1-5, ho tšoana le ha re mamela tlaleho ea litaba tsa letsatsi le letsatsi. Bo khetholla mehla ea rōna e le ‘matsatsi a ho qetela’ ’me bo hlalosa batho e le ‘baithati, ba ratang chelete, ba sa mameleng batsoali, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.’ Ena ke eona tsela eo lefatše le leng ka eona kajeno. Joalokaha William Bennett a ile a lumela: “Ho na le matšoao a mangata haholo a . . . tšenyeho ea tsoelo-pele.” Ho bile ha boleloa hore tsoelo-pele e ile ea fela le ntoa ea pele ea lefatše.
8. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a tlisa Moroallo mehleng ea Noe, hona see se amana joang le mehla ea rōna?
8 Hona joale boemo bo bobe le ho feta pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, ha “lefatše le ne le tletse [pefo, NW].” Nakong eo, batho ka kakaretso ba ile ba hana ho bakela litsela tsa bona tse mpe. Kahoo, Molimo o ile a re: ‘Lefatše le tletse [pefo, NW] ea bona, ’me joale ke tla ba timetsa.’ Moroallo o ile oa felisa lefatše leo le tletseng pefo.—Genese 6:11, 13; 7:17-24.
Batho ba ke ke ba Tlisa Topollo
9, 10. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho talima ho batho hore ba fane ka topollo?
9 Na re ka lopoloha maemong aa a mabe ka boiteko ba batho? Lentsoe la Molimo lea araba: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Pesaleme ea 146:3; Jeremia 10:23) Lilemo tse likete tsa histori li pakile linnete tseo. Batho ba lekile tsamaiso e ’ngoe le e ’ngoe e ka nahanoang ea lipolotiki, ea moruo le ea sechaba, empa maemo a ntse a mpefala. Hoja ho ne ho e-na le tharollo ea batho, e ka be e totobetse hona joale. Ho e-na le hoo, ’nete ke hore “motho o busitse motho e mong hore a mo ntše kotsi.”—Moeklesia 8:9, NW; Liproverbia 29:2; Jeremia 17:5, 6.
10 Lilemong tse seng kae tse fetileng, eo e kileng ea e-ba moeletsi oa tšireletseho ea sechaba oa United States Zbigniew Brzezinski o itse: “Qeto e ke keng ea qojoa ea tlhahlobo leha e le efe e seng leeme ea maemo a lefatše ke hore pherekano sechabeng, merusu lipolotiking, maqakabetsi a moruo le likhohlano tsa machaba ho ka etsahala hore li pharalle haholoanyane.” O ile a phaella: “Tšokelo e tobaneng le batho [ke] ho haella ha taolo lefatšeng lohle.” Tekanyetso eo ea maemo a lefatše ke ea sebele haholoanyane kajeno. Ha se bua ka mehla ena ea pefo e eketsehileng, sehlooho sa koranta ea Register ea New Haven, Connecticut, se bontšang maikutlo a bahatisi se ile sa re: “Ho bonahala boemo bo tsoile taolong haholo hoo bo ke keng ba lokisoa.” Che, tšenyeho ea lefatše lena e ke ke ea lokisoa, hobane boprofeta bo mabapi le ‘matsatsi ana a ho qetela’ bo ile ba boela ba re: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.”—2 Timothea 3:13.
11. Ke hobane’ng ha maemo a mpefalang a ke ke a fetoloa ka boiteko ba batho?
11 Batho ba ke ke ba fetola maemo ana hobane Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:4) E, “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19; bona le Johanne 14:30.) Ka nepo Bibele e re ka mehla ea rōna: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Satane oa tseba hore puso ea hae le lefatše la hae li haufi le ho fela, ka hona o tšoana le “tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.
Topollo e Haufi—Bakeng sa Bo-mang?
12. Topollo e atamela bakeng sa bo-mang?
12 Maemo a ntseng a thatafala haholoanyane lefatšeng ke bopaki bo hlokomelehang ba hore phetoho e khōlō—ka sebele, topollo e khōlō—e haufi! Bakeng sa bo-mang? Topollo ea atamela bakeng sa ba lebisang tlhokomelo lipontšong tse lemosang le ba nkang bohato bo loketseng. Johanne oa Pele 2:17 e bontša se tlamehang ho etsoa: “Lefatše [tsamaiso ea lintho ea Satane] lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—Bona le 2 Petrose 3:10-13.
13, 14. Jesu o ile a hatisa tlhokahalo ea ho tsoela pele ho falimeha joang?
13 Jesu o boletse esale pele hore mokhatlo oa batho o silafetseng oa kajeno o lokela ho felisoa haufinyane nakong ea matšoenyeho “ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Ke ka lebaka leo a ileng a lemosa: “Ikeleng hloko hore lipelo tsa lōna le ka mohla e se ke ea e-ba tse imeloang ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba. Etsoe le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle. Joale, le lule le falimehile nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.”—Luka 21:34-36.
14 Ba ‘ikelang hloko’ le ba ‘lulang ba falimehile’ ba tla batla thato ea Molimo ’me ba e etse. (Liproverbia 2:1-5; Baroma 12:2) Bana ke bona ba tla “atleha ho phonyoha” timetso eo haufinyane e tla tlisetsoa tsamaiso ea Satane. ’Me ba ka kholiseha ka ho feletseng hore ba tla lopolloa.—Pesaleme ea 34:15; Liproverbia 10:28-30.
Molopolli ea ka Sehloohong
15, 16. Molopolli ea ka sehloohong ke mang, hona ke hobane’ng ha re tiisa hore likahlolo tsa hae e tla ba tsa ho loka?
15 E le hore bahlanka ba Molimo ba ka lopolloa, ho hlokahala hore ho tlosoe Satane le tsamaiso eohle ea hae ea lefatše ea lintho. Sena se hloka mohloli oa topollo o matla haholo ho feta batho. Mohloli oo ke Jehova Molimo, ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa, ’Mōpi ea matla ’ohle oa bokahohleng bo hlollang. Ke Molopolli ea ka sehloohong: “Ke ’na, ke ’na Jehova; ha ho ’moloki e mong, ha e se ’na.”—Esaia 43:11; Liproverbia 18:10.
16 Ho Jehova ho na le tekanyo e fetisisang ea matla, bohlale, toka le lerato. (Pesaleme ea 147:5; Liproverbia 2:6; Esaia 61:8; 1 Johanne 4:8) Ka hona ha a liha likahlolo tsa hae, re ka tiisa hore liketso tsa hae e tla ba tsa ho loka. Abrahama o ile a botsa: “Hleka Moahloli oa lefatše a ke ke a etsa ka ho loka na?” (Genese 18:24-33) Pauluse o ile a khotsa: “Na ho hloka toka ho teng ho Molimo? Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo!” (Baroma 9:14) Johanne o ile a ngola: “E, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, liqeto tsa hao tsa boahloli ke tsa ’nete ’me li lokile.”—Tšenolo 16:7.
17. Nakong e fetileng bahlanka ba Jehova ba ile ba bontša joang hore ba tšepa litšepiso tsa hae?
17 Ha Jehova a tšepisa topollo, o tla etsa hore e fele e be teng. Joshua o itse: “Ha ho tšepiso le e ’ngoe e ileng ea hlōleha litšepisong tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a li entse.” (Joshua 21:45, NW) Solomone o itse: “Ha hoa ka ha hlōleha lentsoe leha le le leng la litšepiso tsa hae tsohle tse molemo tseo a li tšepisitseng.” (1 Marena 8:56, NW) Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore Abrahama “ha aa ka a thekesela ka ho hloka tumelo, . . . a kholisehile ka botlalo hore seo [Molimo] a neng a se tšepisitse o ne a boetse a khona ho se etsa.” Sara ka ho tšoanang “o ile a nka hore [Molimo] oa tšepahala ea neng a tšepisitse.”—Baroma 4:20, 21; Baheberu 11:11.
18. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova kajeno ba ka kholiseha hore ba tla lopolloa?
18 Ho fapana le batho, Jehova o tšepahala ka ho feletseng, o phelela mantsoe a hae. “Jehova oa makhotla o hlapantse, a re: Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le see ke se rerileng, se tla hlaha.” (Esaia 14:24) Ka hona ha Bibele e re “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe,” re ka kholiseha ka ho feletseng hore sena se tla etsahala. (2 Petrose 2:9) Esita leha ba sokeloa ka timetso ke lira tse matla, bahlanka ba Jehova ba ba sebete ka lebaka la maikutlo a hae, a bontšitsoeng tšepisong ea hae ho e mong oa baprofeta ba hae: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”—Jeremia 1:19; Pesaleme ea 33:18, 19; Tite 1:2.
Liketsahalo Tsa Topollo Tsa Nakong e Fetileng
19. Jehova o ile a lopolla Lota joang, hona ke ho lopolla hofe ho tšoanang le hoo mehleng ea rōna?
19 Re ka khothatsoa haholo ke ho hopola liketso tse ling tsa Jehova tsa ho pholosa tsa nakong e fetileng. Ka mohlala, Lota o ile a “ba mahlomoleng haholo” ka lebaka la bokhopo ba Sodoma le Gomora. Empa Jehova o ile a ela hloko “mohoo oa pelaelo” khahlanong le metse eo. Ka nako e loketseng, o ile a romela manģosa ho phehella Lota le lelapa la hae ho tloha sebakeng seo hang-hang. Phello e bile efe? Jehova “a lopolla Lota ea lokileng,” a “fetola metse ea Sodoma le Gomora molora.” (2 Petrose 2:6-8; Genese 18:20, 21, NW) Le kajeno, Jehova o ela hloko mohoo oa pelaelo mabapi le bokhopo bo boholo ba lefatše lena. Ha manģosa a hae a kajeno a qetile mosebetsi oa ’ona o potlakileng oa ho paka ho isa moo a batlang, o tla nka bohato khahlanong le lefatše lena ’me a lopolle bahlanka ba hae joalokaha a ile a lopolla Lota.—Matheu 24:14.
20. Hlalosa ho lopolla ha Jehova Baiseraele ba boholo-holo Egepeta.
20 Egepeta ea boholo-holo batho ba Molimo ba limilione ba ne ba le bokhobeng. Jehova o ile a re ka bona: “Ke utloile ho meketsa ha bona . . . ke tseba mahlomola a bona. Ke theohile ho ba [lopolla, NW].” (Exoda 3:7, 8) Leha ho le joalo, ka mor’a ho lokolla batho ba Molimo hore ba tsamaee, Faro o ile a fetola maikutlo ’me a ba phallela ka lebotho la hae le matla. Ho ne ho bonahala eka Baiseraele ba qabeletsoe Leoatleng le Lefubelu. Empa Moshe a re: “Se tšoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa eona kajeno.” (Exoda 14:8-14) Jehova o ile a arola Leoatle le Lefubelu, ’me Baiseraele ba ile ba pholoha. Mabotho a Faro a ile a futuha ka mor’a bona, empa Jehova a sebelisa matla a hae e le hore ‘leoatle le ba aparele, ba tebe joalo ka loto metsing a tšabehang.’ Ka mor’a moo, Moshe o ile a nyakalla ka pina e lebisoang ho Jehova: “Ke mang ea ka ka uena . . . har’a melimo? Ke mang ea khanyang ka hloeko joalo ka uena? U tšabeha ka lithoko, u etsa mehlolo.”—Exoda 15:4-12, 19.
21. Batho ba Jehova ba ile ba pholosoa joang ho Baammone, Bamoabe le Baseire?
21 Ketsahalong e ’ngoe, lichaba tsa lira tsa Baammone, Bamoabe le Baseire (Baedomo) li ile tsa tšosa sechaba sa Jehova ka timetso. Jehova o ile a re: “Se tšabeng, ’me le se ke la tepeletsoa ke sera se seholohali seno, hobane ntoa hase ea lona, ke ea Molimo. . . . Le ke ke la tšoanela ho loana . . . le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ea Jehova ea nang le lōna.” Jehova o ile a lopolla sechaba sa hae ka ho tsoela pele ho ferekanya mabotho a sera e le hore a bolaeane.—2 Likronike 20:15-23.
22. Ke ho lokolloa hofe ha mohlolo Assyria hoo Jehova a ileng a ho lokisetsa bakeng sa Baiseraele?
22 Ha ’Muso oa Lefatše oa Assyria o futuhela Jerusalema, Morena Sankeribe o ile a soma Jehova ka ho re ho sechaba se lerakong: “Ke efe ho melimo eohle ea linaha tseo [tseo ke li hapileng] e namoletseng naha ea eona matsohong a ka, ha ho thoe, Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?” Ho bahlanka ba Molimo o ile a re: ‘Le se ke la thetsoa ke Ezekiase, ha a re ho lōna: Jehova o tla re [lopolla, NW]!’ Eaba Ezekiase o rapella topollo ka tieo, “mebuso eohle ea lefatše e tle e tsebe hobane u Molimo u ’notši, uena Jehova!” Jehova o ile a bolaea masole a Assyria a 185 000, ’me bahlanka ba Molimo ba ile ba lopolloa. Hamorao, ha Sankeribe a rapela molimo oa hae oa bohata, bara ba hae ba ile ba mo bolaea.—Esaia, khaolo ea 36 le ea 37.
23. Ke lipotso life tse hlokang ho arajoa mabapi le topollo kajeno?
23 Ka sebele re ka ba sebete ha re bona kamoo Jehova nakong e fetileng a ileng a lopolla sechaba sa hae ka ho hlollang. Kajeno teng? Bahlanka ba hae ba tšepahalang ba tla tloha ba kena boemong bofe bo kotsi bo tla hloka hore a ba lopolle ka mohlolo? Ke hobane’ng ha a eme ho fihlela hona joale pele a ba lopolla? Mantsoe a Jesu a tla phethahala joang: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela”? (Luka 21:28) ’Me topollo e tla tlela bahlanka ba Molimo joang ba seng ba shoele? Sehlooho se latelang se tla sekaseka lipotso tsena.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo e khōlō bakeng sa topollo?
◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho talima ho batho bakeng sa topollo?
◻ Topollo e atametse bakeng sa bo-mang?
◻ Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka topollo ea Jehova?
◻ Ke mehlala efe ea liketsahalo tsa topollo tsa nakong e fetileng e khothatsang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Abrahama o ne a le har’a ba neng ba tšepa Jehova ka ho feletseng