Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 9/15 maq. 25-29
  • Na U Ananela Seo Jehova a se Entseng ho U Lopolla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ananela Seo Jehova a se Entseng ho U Lopolla?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka ho Lopolloa?
  • Boitelo Boo Jesu a bo Entseng ho re Lopolla
  • Boitelo Boo Jehova a bo Entseng ho re Lopolla
  • U ka Bontša Joang Hore U Nka Thekollo e le ea Bohlokoa?
  • E-bang Sebete ha Topollo e Ntse e Atamela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Sehlooho sa Puisano
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Re Lopollotsoe ka “Mali a Bohlokoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Seo Molimo a se Entseng ho Pholosa Moloko oa Batho
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 9/15 maq. 25-29

Na U Ananela Seo Jehova a se Entseng ho U Lopolla?

“Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, hobane o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho ba hae ’me o ba etselitse topollo.”—LUKA 1:68.

1, 2. Ho ka etsoa papiso efe ho bontša hore na boemo ba rōna ba hona joale bo bobe hakae, hona re tla tšohla lipotso life?

AK’U nahane u robetse betheng ea sepetlele. U robetse phaposing eo e mong le e mong a tšoeroeng ke lefu le tšoanang, le bolaeang le le se nang pheko. Ha u utloa hore ho na le ngaka e eteletseng pele boiteko ba ho fumana pheko, u ba le tšepo. U batla ho tseba sohle mabapi le lipatlisiso tsa ngaka ena. Ka letsatsi le leng, o utloa hore ho fumanoe pheko! Ngaka e e fumaneng e entse boitelo bo boholo hore pheko eo e fumanoe. U ne u tla ikutloa joang? Ka sebele u ne u tla hlompha u be u lebohe motho ea entseng hore uena le batho ba bang ba bangata le lopolloe lefung.

2 Ho ka ’na ha utloahala eka sena ke ho feteletsa litaba, empa kaofela ha rōna re boemong bo tšoanang le boo e le kannete. E mong le e mong oa rōna o boemong bo bobe ho feta boo bo hlalositsoeng. Re hloka mopholosi e le kannete. (Bala Baroma 7:24.) Jehova o entse boitelo bo boholo e le hore a re lopolle. Mora oa hae le eena o entse boitelo bo boholo. Joale, a re ke re tšohleng lipotso tse ’nè tsa bohlokoa. Ke hobane’ng ha re hloka ho lopolloa? Jesu o ile a tlameha ho tela eng e le hore re lopolloe? Jehova eena o tetse eng? Hona re ka bontša joang hore re nka topollo ena e tsoang ho Molimo e le ea bohlokoa?

Ke Hobane’ng ha re Hloka ho Lopolloa?

3. Sebe se tšoana le lefu la seoa joang?

3 Likhakanyo tsa morao tjena li bontša hore le leng la mafu a seoa a mabe ka ho fetisisa historing ea batho, e ne e le mokakallane oa 1918, o ileng oa bolaea batho ba limilione tse mashome. Mafu a mang a kotsi le ho feta. Le hoja a ka ’na a tšoara batho ba seng bakae, empa a bolaea batho ba bangata bao a ba tšoereng.a Leha ho le joalo, ha re bapisa sebe le lefu leo la seoa re fumana eng? Hopola mantsoe a Baroma 5:12 a reng: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” Sebe se tšoaelitse batho bohle, kaha batho bohle ba sa phethahalang ba etsa sebe. (Bala Baroma 3:23.) Hona ke batho ba bakae ba bolaoang ke sebe? Pauluse o ile a ngola hore sebe se bolaea “batho bohle.”

4. Jehova o nka nako eo re e phelang joang, hona see se fapana joang le tsela eo batho ba bangata kajeno ba nkang lintho ka eona?

4 Kajeno batho ba bangata ba nahana hore sebe le lefu ke lintho tse tloaelehileng feela. Ba tšoenyeha ka seo ba reng ke lefu le sa lebelloang, empa lefu le nanarelang batho ka botsofali lona ba nka feela hore ke la tlhaho ebe ha ba le natse. Ho bonolo haholo hore batho ba lebale pono ea ’Mōpi. Re phela nako e khutšoanyane haholo ho feta kamoo a neng a rerile kateng. Ha e le hantle, ha ho motho le ea mong ea phetseng leha e se e le “letsatsi le le leng” ponong ea Jehova. (2 Pet. 3:8) Ke kahoo Lentsoe la Molimo le bolelang hore bophelo ba rōna bo fela ka potlako joaloka joang bo melang le joaloka pululo. (Pes. 39:5; 1 Pet. 1:24) Re lokela ho hopola seo. Hobane’ng? Haeba re hlokomela hore na “lefu” le re tšoereng le kotsi hakae, re tla hlokomela habonolo hore na “pheko”—e leng topollo—ke ea bohlokoa hakae.

5. Sebe se baketse e mong le e mong oa rōna eng?

5 E le hore re utloisise matla a maholo a sebe le liphello tsa sona, re tlameha ho leka ho utloisisa hore na sebe se re baketse’ng. Qalong ho ka ’na ha e-ba thata ho utloisisa hobane ka lebaka la sebe, ha ho mohla re kileng ra ba le seo batsoali ba rōna ba pele ba neng ba e-na le sona. Qalong Adama le Eva ba ne ba phela bophelo bo phethahetseng. Kaha ba ne ba phethahetse kelellong le ’meleng, ba ne ba ka khetha ho laola menahano ea bona, maikutlo a bona le liketso tsa bona. Kahoo, ba ne ba ka tsoela pele ho ntlafatsa makhabane a hlollang e le bahlanka ba Jehova Molimo. Ho e-na le ho etsa joalo, ba ile ba lahla mpho eo ea bohlokoa. Kaha ba ile ba khetha ho siteloa Jehova, bona le bana ba bona ha baa ka ba fumana bophelo boo Jehova a neng a ba reretse bona. (Gen. 3:16-19) Ka nako e tšoanang, ba ile ba ipakela “lefu” le bohloko leo re ntseng re buisana ka lona, ba ba ba re bakela lona. Ho loketse hore ebe Jehova o ile a ba ahlola. Empa rōna, o re tšepisa hore o tla re lopolla.—Pes. 103:10.

Boitelo Boo Jesu a bo Entseng ho re Lopolla

6, 7. (a) Jehova o ile a qala ho bontša joang hore topollo ea rōna e tla hloka boitelo bo boholo? (b) Re ka ithuta eng ka mahlabelo a ileng a etsoa ke Abele le bapatriareka ba phetseng pele ho Molao?

6 Jehova o ne a tseba hore ho ne ho tla hlokahala boitelo bo boholo hore a lopolle bana ba Adama le Eva. Boprofeteng bo tlalehiloeng ho Genese 3:15, ho na le seo re ithutang sona ka se neng se hlokahala e le hore ho be le topollo. Jehova o ne a tla fana ka “peō,” kapa molopolli, eo ka letsatsi le leng a neng a tla timetsa Satane, a mo tamukanye hore a se ke a hlola a e-ba teng. Leha ho le joalo, molopolli eo o ne a tla utloa bohloko ha a ntse a phetha mosebetsi oa hae, o ne a tla tsoa leqeba la tšoantšetso seretheng. Sena se utloahala se le bohloko se bile se fokolisa, empa se bolela’ng? Ebe Mokhethoa oa Jehova o ne a tla mamella eng?

7 E le hore a pholose batho sebeng, molopolli o ne a tla tlameha ho fana ka pheko, e leng tsela ea ho boelanya batho le Molimo ka hore a etsolle liphello tsa sebe. Seo se ne se tla akarelletsa eng? Ho na le lintho tse ileng tsa bontša esale pele hore ho ne ho tla hlokahala sehlabelo. Ha motho oa pele ea tšepahalang, e leng Abele, a ne a etsetsa Jehova mahlabelo a liphoofolo, Molimo o ile a mo amohela. Hamorao, bapatriareka ba tšabang Molimo ba kang Noe, Abrahama, Jakobo le Jobo ba ile ba etsa mahlabelo a liphoofolo, a ileng a khahla Molimo. (Gen. 4:4; 8:20, 21; 22:13; 31:54; Jobo 1:5) Makholo a lilemo hamorao, Molao oa Moshe o ile oa hlakisetsa batho taba ea mahlabelo haholo.

8. Moprista ea phahameng o ne a etsa’ng Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo?

8 Har’a mahlabelo a bohlokoa ka ho fetisisa a neng a hlokoa ke Molao e ne e le a neng a etsoa Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo. Letsatsing leo, moprista ea phahameng o ne a etsa lintho tse ngata tse tšoantšetsang. O ne a etsetsa Jehova mahlabelo e le hore ho koaheloe libe—a qala ka tsa sehlopha sa boprista, ka mor’a moo ho latela tsa meloko eo e seng ea boprista. Moprista ea phahameng o ne a kena ka Sehalalelisisong sa tabernakele kapa sa tempele, moo ho neng ho kena eena feela le hona a kena letsatsing lena le le leng feela ka selemo. Ha a le moo, o ne a fafatsa mali a mahlabelo ka pel’a areka ea selekane. Holim’a areka eo e halalelang, ka linako tse ling ho ne ho bonahala leru le khanyang le le phatsimang, le neng le emela boteng ba Jehova Molimo.—Ex. 25:22; Lev. 16:1-30.

9. (a) Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a tšoantšetsa mang, ’me mahlabelo ao a neng a a nyehela a ne a tšoantšetsa eng? (b) Ho kena ha moprista ea phahameng ka Sehalalelisisong ho ne ho tšoantšetsa eng?

9 Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a senole se neng se boleloa ke lintho tseo tse tšoantšetsang. O ile a bontša hore moprista ea phahameng o ne a tšoantšetsa Mesia, Jesu Kreste, athe ho nyeheloa ha mahlabelo ho ne ho tšoantšetsa lefu la Kreste la sehlabelo. (Baheb. 9:11-14) Sehlabelo seo se phethahetseng se ne se tla etsa hore ho koaheloe libe tsa batho ba lihlopha tse peli—tsa sehlopha sa baprista sa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ka moea ba 144 000 le tsa “linku tse ling.” (Joh. 10:16) Ha moprista ea phahameng a ne a kena ka Sehalalelisisong, o ne a tšoantšetsa ha Jesu a kena leholimong ho ea hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa thekollo ka pel’a Jehova Molimo.—Baheb. 9:24, 25.

10. Boprofeta ba Bibele bo ile ba bontša hore Mesia o ne a tla hlaheloa ke eng?

10 Ho hlakile hore ho lopolloa ha bana ba Adama le Eva ho ne ho tla hloka boitelo bo boholo. Mesia o ne a tla tlameha ho tela bophelo ba hae! Baprofeta ba Mangolo a Seheberu ba hlalositse ’nete ena ka tsela e hlakileng. Ka mohlala, moprofeta Daniele o ile a bolela ka ho toba hore “Mesia Moeta-pele” o ne a tla “tlosoa,” kapa a bolaoe, e le hore ho ‘koaheloe phoso.’ (Dan. 9:24-26) Esaia o ile a profeta hore Mesia o ne a tla lahloa, a hlorisoe, a bolaoe, kapa a hlajoe e le hore a jare libe tsa batho ba sa phethahalang.—Esa. 53:4, 5, 7.

11. Mora oa Jehova o ile a bontša ka litsela life hore o ikemiselitse ho itela e le hore re lopolloe?

11 Pele Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši a tla lefatšeng, o ne a tseba hore na ho ne ho tla hlokahala hore a itele hakae hore a re lopolle. O ne a tla tlameha ho utloa bohloko haholo ebe oa bolaoa. Ha Ntate oa hae a ne a mo ruta linnete tseo, na o ile a ikhula kapa ea e-ba lerabele? Ho e-na le hoo, o ile a ikokobelletsa litaelo tsa Ntate oa hae a sa qobelloe. (Esa. 50:4-6) Ka tsela e tšoanang, ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a phetha thato ea Ntate oa hae ka boithatelo. Hobane’ng? O fane ka karabo e ’ngoe ka mantsoe ana: “Ke rata Ntate.” A fana ka e ’ngoe ka mantsoe ana: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Joh. 14:31; 15:13) Kahoo, lebaka le ka sehloohong le entseng hore re lopolloe ke hobane Mora oa Jehova a re rata. Le hoja a ile a tlameha ho tela bophelo ba hae bo phethahetseng, o bo tetse ka thabo molemong oa hore re lopolloe.

Boitelo Boo Jehova a bo Entseng ho re Lopolla

12. Thekollo e bontša thato ea mang, hona ke hobane’ng ha a ile a fana ka eona?

12 Jesu e ne e se Moqapi kapa Moreri oa sehlabelo sa thekollo. Ho e-na le hoo, mokhoa ona oa ho lopolla e ne e le karolo e ka sehloohong ea thato ea Jehova. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore aletare e neng e le tempeleng, eo mahlabelo a neng a etsoa ho eona, e ne e emela thato ea Jehova. (Baheb. 10:10) Kahoo Jehova ke eena ea ka sehloohong eo topollo eo re e fumanang ka sehlabelo sa Kreste e tsoang ho eena. (Luka 1:68) Ke pontšo ea thato ea hae e phethahetseng le ea lerato la hae le leholo leo a ratang batho ka lona.—Bala Johanne 3:16.

13, 14. Mohlala oa Abrahama o ka re thusa joang hore re utloisise re be re ananele seo Jehova a re etselitseng sona?

13 Jehova o ile a tela eng e le hore a re bontše hore o re rata ka tsela ee? Ho thata hore re utloisise. Leha ho le joalo, ho na le tlaleho ea Bibele e ka re thusang hore re utloisise taba ena hamolemo le ho feta. Jehova o ile a kōpa monna ea tšepahalang Abrahama hore a etse ntho e thata ka ho fetisisa—hore a etse mora oa hae Isaka sehlabelo. Abrahama e ne e le ntate ea lerato. Ha Jehova a bua le eena ka Isaka, o ile a re ke “mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo.” (Gen. 22:2) Ho sa tsotellehe seo, Abrahama o ile a bona hore ho etsa thato ea Jehova e ne e le habohlokoa ho feta lerato leo a neng a rata Isaka ka lona. Abrahama o ile a nka khato ’me a mamela. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a lumella Abrahama hore a etse seo Eena ka boeena a neng a tla se etsa ka letsatsi le leng. Molimo o ile a roma lengeloi hore le thibe Abrahama moo a neng a re o etsa mora oa hae sehlabelo. Abrahama o ne a ikemiselitse ho mamela Molimo oa hae tekong ena e thata, hoo a neng a kholisehile hore tšepo feela ea hore a boele a bone mohlankana enoa a phela, e ne e tla ba ka tsoho. Empa o ne a e-na le tumelo e tiileng ea hore Molimo o ne a tla etsa hore tsoho eo e etsahale. Ha e le hantle, Pauluse o ile a bolela hore Abrahama o ile a fela a amohela Isaka hape ka tsoho “ka tsela ea tšoantšetso.”—Baheb. 11:19.

14 Ak’u nahane ka bohloko boo Abrahama a ileng a bo utloa ha a ntse a lokisetsa ho etsa mora oa hae sehlabelo! Ka tsela e itseng, se etsahetseng ho Abrahama se bontša se ileng sa etsahala ho Jehova ha a ne a tela eo a ileng a mo bitsa “Mora oa ka, ea ratoang.” (Mat. 3:17) Leha ho le joalo, u hopole hore ho ka etsahala hore ebe bohloko boo Jehova a ileng a bo utloa bo ne bo le boholo le ho feta. Eena le Mora oa hae ba ne ba bile hammoho ka lilemo tse limilione, kapa mohlomong tse libilione. Mora o ne a sebetsa ka thabo le Ntate oa hae e le “mosebetsi ea hloahloa” ea ratoang ebile e le ’Muelli oa hae, e leng “Lentsoe.” (Liprov. 8:22, 30, 31; Joh. 1:1) Bohloko boo Jehova a ileng a bo mamella ha Mora oa hae a ne a hlokofatsoa, a songoa ’me qetellong a bolaoa joaloka senokoane, hase ntho eo re ka e utloisisang. Jehova o ile a etsa boitelo bo boholo e le hore a re lopolle! Ebe re ka bontša joang hore re nka topollo eo e le ea bohlokoa?

U ka Bontša Joang Hore U Nka Thekollo e le ea Bohlokoa?

15. Jesu o ile a phetha mosebetsi o moholo oa ho koahela libe joang, ’me see se ile sa fa batho monyetla ofe?

15 Jesu o ile a phetha mosebetsi o moholo oa ho koahela libe ka mor’a hore a tsosoe ’me a ee leholimong. Ha a se a khutletse ho Ntate oa hae ea ratoang, o ile a hlahisa ho Eena bohlokoa ba sehlabelo sa hae. Ho ile ha latela melemo e meholo. Tšoarelo e feletseng ea libe e ile e fumaneha, ’me e ne e tla qala ka libe tsa barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng, ’me ka morao ho latele tsa “lefatše lohle.” Ka lebaka la sehlabelo seo, kajeno bohle ba bakelang libe tsa bona e le kannete ’me e e-ba balateli ba ’nete ba Kreste, ba ka ba le kamano e haufi le Jehova Molimo. (1 Joh. 2:2) Uena u kena joang tabeng ee?

16. Re ka bontša joang hore na ke hobane’ng ha re lokela ho leboha topollo eo Jehova a re etselitseng eona?

16 A re khutleleng papisong e entsoeng sethathong. Ha re re ngaka e fumanang pheko ea lefu le itseng e fihla ho bakuli ba phaposing eo u leng ho eona ka tlhahiso e reng: Mokuli ofe kapa ofe ea amohelang phekolo ena ’me a latela litaelo, joang kapa joang o tla fola. Ho tla etsahala’ng haeba boholo ba bakuli ba bang ba hana ho latela litaelo tsa ngaka, ba pheha khang ka hore ho tla ba thata haholo ho sebelisa moriana oo kapa ho latela litaelo? Na u ne u tla ba etsisa, empa u e-na le bopaki bo kholisang ba hore moriana oo o hlile oa sebetsa? Ka sebele u ke ke! Ha ho pelaelo hore u ne u tla leboha pheko eo ebe u latela litaelo tsa ngaka ka hloko, mohlomong u be u bolelle ba bang ka qeto ea hao. Habohlokoa le ho feta, e mong le e mong oa rōna o lokela ho chesehela ho bontša Jehova hore na o leboha hakaakang topollo eo a faneng ka eona ka sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae.—Bala Baroma 6:17, 18.

17. U ka bontša ka litsela life hore u ananela seo Jehova a se entseng ho u lopolla?

17 Haeba re leboha seo Jehova le Mora oa hae ba re etselitseng sona hore ba re lopolle sebeng le lefung, re tla bontša. (1 Joh. 5:3) Re tla loantša tloaelo eo re nang le eona ea ho etsa sebe. Le ka mohla re ke ke ra inehella ka boomo tloaelo ea ho etsa sebe ebe re phela bophelo ba boikaketsi bo tsamaeang le eona. Ha re etsa joalo, ho tla be ho tšoana le ha re bolela hore ho hang ha re na teboho kapa ha re nke thekollo e le ntho ea bohlokoa. Ho e-na le hoo, re tla bontša teboho ea rōna ka ho sebetsa ka thata hore re lule re hloekile mahlong a Molimo. (2 Pet. 3:14) Re tla e bontša ka ho bolella batho ba bang ka tšepo e hlollang eo re nang le eona ea topollo, e le hore le bona e ka ba ba hloekileng ka pel’a Jehova ’me ba ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng. (1 Tim. 4:16) Ka sebele ho loketse hore re sebelise nako le matla ’ohle a rōna ho rorisa Jehova le Mora oa hae! (Mar. 12:28-30) Ak’u nahane! Re ka lebella ka thabo nako eo ka eona re tla phekoloa sebe ka ho feletseng. Re ka phela bophelo kamoo Molimo a neng a bo rerile kateng, re phethahetse, ebile re phela ka ho sa feleng—re ka etsa sena sohle ka lebaka la seo Jehova a se entseng ho re lopolla!—Bar. 8:21.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho boleloa hore mokakallane o ile oa tšoara batho ba ka etsang liphesente tse 20 ho isa ho tse 50 tsa baahi ba lefatše. Ho ka etsahala hore ebe kokoana-hloko eo e ile ea bolaea phesente e 1 ho ea ho tse 10 tsa batho bao e neng e ba tšoaelitse. Ha ho bapisoa, kokoana-hloko ea Ebola ha ea ata haholo, empa moo e hlasetseng teng, e ’nile ea bolaea hoo e ka bang liphesente tse 90 tsa batho bao e ba tšoaelitseng.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha u hloka topollo ka potlako?

• Boitelo ba Jesu bo u ama joang?

• U ikutloa joang ka mpho ea Jehova ea thekollo?

• U susumetsoa hore u etse’ng ka lebaka la tokisetso ea Jehova ea ho u lopolla?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a tšoantšetsa Mesia

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ho ithaopela ha Abrahama ho nyehela mora oa hae ho re ruta lintho tse ngata ka boitelo ba Jehova bo boholo le ho feta

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela