“Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho”
Re Lopollotsoe ka “Mali a Bohlokoa”
PONTŠO e khōlōhali ea lerato la Jehova e bile ea ho romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo. Joaloka batho ba baetsalibe, ka sebele re hloka topollo eo, kaha ha ho motho ea sa phethahalang ‘eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo, kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae . . . e le hore a ’ne a phele ka ho sa feleng.’ (Pesaleme ea 49:6-9) Re leboha hakaakang hore ebe Molimo o ‘fane ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng’!—Johanne 3:16.
Thekollo e re lopolla joang? A re hlahlobeng litsela tse ’nè tseo ka tsona re fumanang tokoloho ka lebaka la pontšo ena e khōlōhali ea lerato la Jehova Molimo.
Re Lokolotsoe ka Thekollo
Taba ea pele, sehlabelo sa Jesu se ka re lopolla sebeng seo re se futsitseng. Kaofela re tsoaletsoe sebeng. Ha e le hantle, re baetsalibe esita le pele re ka tlōla molao oa Jehova. Joang? Baroma 5:12 e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe.” Joaloka bana ba Adama oa moetsalibe, re futsitse ho se phethahale ho eena. Leha ho le joalo, ho lefuoa ha thekollo ho re lokolla bokhobeng ba sebe seo re se futsitseng. (Baroma 5:16) Jesu o ile a ‘latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong,’ a jara liphello tsa sebe bakeng sa litloholo tsa Adama.—Baheberu 2:9; 2 Bakorinthe 5:21; 1 Petrose 2:24.
Taba ea bobeli, thekollo e ka re lokolla liphellong tse bolaeang tsa sebe. “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Phello ea sebe ke lefu. Ka lefu la hae la sehlabelo, Mora oa Molimo o ile a bulela batho ba mamelang monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. Ka sebele, “ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo.”—Johanne 3:36.
Hlokomela hore re ka lopolloa liphellong tsa sebe hafeela re bontša tumelo ho Mora oa Molimo. Sena se akarelletsa ho etsa liphetoho bophelong ba rōna le ka ho etsa hore bo lumellane le thato ea Molimo. Re lokela ho furalla tsela leha e le efe e fosahetseng eo mohlomong re ’nileng ra tsamaea ka eona ’me re nke khato ea ho etsa se khahlisang Molimo. Moapostola Petrose o itse re lokela ho ‘baka le ho sokoloha e le hore libe tsa rōna li hlakoloe.’—Liketso 3:19.
Taba ea boraro ke hore sehlabelo seo Jesu a se entseng se re lokolla letsoalong le molato. Bohle ba inehelang ho Jehova le ho ba barutuoa ba kolobelitsoeng ba Mora oa hae baa khatholoha. (Matheu 11:28-30) Ho sa tsotellehe hore ha rea phethahala, ho sebeletsa Molimo ka letsoalo le hloekileng ho re thabisa haholo. (1 Timothea 3:9; 1 Petrose 3:21) Ha re bolela libe tsa rōna ’me re li tlohela, re bontšoa mohau ’me ha re sa khathatsoa ke letsoalo le molato.—Liproverbia 28:13.
Thekollo e Fana ka Thuso le Tšepo
Qetellong, haeba re bontša tumelo thekollong, ha re ikutloe re e-na le tšabo ka boemo ba rōna pel’a Molimo. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste.” (1 Johanne 2:1) Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena ka karolo ea Jesu e le mothusi: “O khona le ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela kamehla ho ba kōpela ka tieo.” (Baheberu 7:25) Hafeela re ntse re e-na le letheba la sebe, re tla hloka litšebeletso tsa Moprista ea Phahameng, e leng Jesu Kreste hore a re thuse ho ba le kamano e ntle le Molimo. Jesu e bile moprista ea phahameng joang molemong oa rōna?
Matsatsi a mashome a mane ka mor’a tsoho ea hae ka 33 C.E., Jesu o ile a nyolohela leholimong, moo a ileng a hlahisa molemo oa ‘mali a hae a bohlokoa’ ho Molimo. Ka lebaka leo, haufinyane Jesu o tla lokolla batho ba mamelang sebeng le lefung.a (1 Petrose 1:18, 19) Ka hona, na ha u lumele hore re lokela ho rata Jesu Kreste le ho mo mamela?
Ho phaella moo, re lokela ho rata Jehova Molimo le ho mo mamela. Ka lerato o entse hore “tokollo ka thekollo” e be teng. (1 Bakorinthe 1:30) Bophelo boo re nang le bona hona joale bo tsoa ho eena esita le tšepo leha e le efe eo re nang le eona ea ho fumana bophelo bo sa feleng e tsoa ho eena. Ka lebaka leo, re na le mabaka ’ohle a ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006, March/April.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]
NA U NE U TSEBA?
• Jesu o ile a nyolohela leholimong a le Thabeng ea Mehloaare.—Liketso 1:9, 12.
• Ke baapostola ba tšepahalang ba Jesu feela ba ileng ba mo bona ha a nyoloha.—Liketso 1:2, 11-13.