Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 5/1 maq. 24-29
  • Molimo ke Setšabelo sa ka le Matla a ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo ke Setšabelo sa ka le Matla a ka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Matlafaletsoa Nako e Tlang
  • Sera se Rarolla Litaba ka Chankana
  • Lichtenburg
  • Ravensbrück
  • Lilemo Tse Boima Tsa ka Mor’a Ntoa
  • Ho Thibeloa le ho ba Litlamong Hang Hape
  • Matla le Thuso Tse Tsoang ho Jehova
  • Jehova e Ntse e le Setšabelo sa ka le Matla a Ka
  • Jehova o Ile a re Pholosa Mebusong ea Khatello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Lula Tafoleng ea Jehova ho Thabisa Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Letela Jehova ka Mamello ho Tloha Bocheng ba ka ho ea Pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 5/1 maq. 24-29

Molimo ke Setšabelo sa ka le Matla a ka

JOALOKAHA HO BOLETSE CHARLOTTE MÜLLER

Moahloli oa Lekomonisi o ile a re: “Re u rolela khaebana ka lebaka la ho qeta lilemo tse robong u le tlas’a Hitler. Ka sebele u ne u hanana le ntoa, empa hona joale u hanana le khotso ea rōna!”

ONE a bua ka ho koalloa ha ka ha nakong e fetileng ke Manazi le bososhiale Rephabliking ea Puso ea Sechaba ka Sechaba ea Jeremane. Ke ne ke hloka mantsoe ha a qala empa joale ka buleha molomo: “Mokreste ha a loanele khotso ea ’nete ka tsela eo batho ba bang ba etsang ka eona. Ke mpa feela ke leka ho latela taelo ea Bibele ea ho rata Molimo le moahelani oa ka. Lentsoe la Molimo le nthusa ho boloka khotso ka lipolelo le ka liketso.”

Letsatsing leo, la la 4 September, 1951, Makomonisi a ile a nkahlolela lilemo tse robeli chankaneng—selemo se le seng ka tlaase ho kahlolo ea ’muso oa Manazi.

Ha rōna Lipaki tsa Jehova re ne re hlorisoa ke Manazi le Makomonisi, ke ne ke tšelisoa ke Pesaleme ea 46:1: “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing.” Jehova ke eena feela ea ileng a mpha matla a ho mamella, ’me ke ile ka matlafala haholoanyane ha ke etsa hore Lentsoe la hae e be la ka haholoanyane.

Ho Matlafaletsoa Nako e Tlang

Ke hlahetse Gotha-Siebleben Thuringia, Jeremane, ka 1912. Le hoja batsoali ba ka e ne e le Maprostanta, Ntate o ne a ntse a batla ’nete ea Bibele le ’muso o lokileng. Ha batsoali ba ka ba bona “Photo-Drama of Creation,” ba ile ba hlolloa.a Ntate o ne a fumane seo a neng a ntse a se batla—’Muso oa Molimo.

Ntate le ’Mè, hammoho le rōna bana ba tšeletseng, re ile ra itokolla kerekeng ka la 2 March, 1923. Re ne re lula Chemnitz Saxony, ’me mono re ile ra kopanela le Liithuti tsa Bibele. (Banab’eso ba bararo e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova.)

Libokeng tsa Liithuti tsa Bibele, ke ile ka angoa haholo ke litemana tsa Mangolo le linnete tsa bohlokoa, ’me tsena li ile tsa tlatsa pelo ea ka e nyenyane ka thabo. Ntho ea pele le e ka sehloohong mono e ne e le thuto eo rōna bacha ba Bakreste, re le ba ka holimo ho 50, re neng re e fumana ka Sontaha, eo ’na le moholoane oa ka Käthe re ileng ra e fumana ka nakoana. Sehlopha sa rōna se ne se akarelletsa Konrad Franke e monyenyane, ea neng a hlophisa maeto a ho ikhatholla le ho ikoetlisetsa ’mino le rōna. Hamorao, ho tloha ka 1955 ho fihlela ka 1969, Mor’eso Franke o ile a sebeletsa e le molebeli oa lekala la Watch Tower Jeremane.

Lintho li ne li le mahlonoko lilemong tsa bo-1920, ka linako tse ling esita le har’a batho ba Molimo. Ba bang, ba se ba sa amohele Molula-Qhooa e le ‘lijo ka nako e tšoanetseng,’ ba ne ba hanana le mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo. (Matheu 24:45) Sena se ile sa tsoala bokoenehi. Empa e ne e le tsona “lijo” tsena tse ileng tsa re fa matla ao re neng re a hloka haholo ka nako eo. Ka mohlala, ho ne ho e-na le lihlooho tsa Molula-Qhooa (ka Senyesemane) tse kang “Ho Lehlohonolo ba sa Tšabeng” (1919) le “Ke Mang ea Tla Hlompha Jehova?” (1926) Ke ne ke batla ho hlompha Jehova ka mosebetsi o bontšang sebete, kahoo ke ile ka aba libuka le libukana tse ngata tsa Mor’eso Rutherford.

Ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova ka March 1933. Ka selemo sona seo, mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli o ile oa thibeloa Jeremane. Kolobetsong, ho ile ha fanoa ka Tšenolo 2:10 e le keletso bakeng sa nako e tlang: “U se ke ua tšaba lintho tseo u tla tloha u utloisoa bohloko ke tsona. Bona! Diabolose o tla ’ne a tsoele pele ho lahlela ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka behoa tekong ka ho feletseng, le hore le ka ba le matšoenyeho ka matsatsi a leshome. Ipake u tšepahala esita le ho isa lefung, ’me ka sebele ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” Ke ile ka nahana ka matla ka temana ena, ke se na pelaelo ea hore liteko tse matla li nkemetse. Ho ile ha fela ha e-ba joalo.

Kaha re ile ra lula re sa jele paate lipolotiking, baahelani ba rōna ba bangata ba ne ba re talima ka ho re belaella. Ka mor’a likhetho tsa lipolotiki, moifo oa sepolesa se apereng junifomo oa Manazi o ile oa hoeletsa o le ka pel’a ntlo ea lapeng, “Mona ho lula mahlaba-phio!” Sehlooho se reng “Le se ke la ba Tšaba,” se ileng sa hlaha khatisong ea Sejeremane ea Molula-Qhooa oa December 1933, se ile sa nkhothatsa ka mokhoa o khethehileng. Ke ne ke batla ho lula ke le Paki ea Jehova e tšepahalang esita le tlas’a maemo a mabe ka ho fetisisa.

Sera se Rarolla Litaba ka Chankana

Ho fihlela ka 1935, ho ne ho khoneha ho etsa Molula-Qhooa ka sekhukhu Chemnitz. Ka mor’a moo mochine o etsang likopi tse ngata o neng o sebelisoa o ile oa tlameha ho isoa Beierfeld Lithabeng tsa Ore, moo o ileng oa sebelisoa ho etsa lingoliloeng ho fihlela ka August 1936. ’Na le Käthe re ne re tsamaisetsa barab’abo rōna bao Ntate a neng a re file liaterese tsa bona likopi. Lintho tsohle li ile tsa tsamaea hantle ka nakoana. Empa joale Gestapo e ile ea mpeha leihlo, ’me ka August 1936 e ile ea ntšoara lapeng ’me ea nkoalla moo ke ileng ka emela nyeoe.

Ka February 1937, barab’abo rōna ba 25 le baralib’abo rōna ba 2—oa bobeli e le ’na—ba ile ba hlaha ka pel’a lekhotla le khethehileng Saxony. Ho ne ho boleloa hore mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova e ne e le oa bokhukhuni. Barab’abo rōna ba neng ba ile ba kopitsa Molula-Qhooa ba ile ba ahloleloa lilemo tse hlano chankaneng. Ke ile ka ahloleloa lilemo tse peli.

Ho e-na le hore ke lokolloe ka mor’a hore ke qete kahlolo ea ka, ke ile ka tšoaroa ke Gestapo. Ke ne ke lebeletsoe hore ke saene phatlalatso e bolelang hore nke ke ka hlola ke e-ba Paki ea Jehova e mafolofolo. Ke ile ka hana ke tiile, e leng ho ileng ha halefisa ofisiri eaba ea tlōlela holimo, ’me ea ntša lengolo le laelang hore ke tšoaroe ke kenngoe litlamong. Lengolo leo le bontšitsoe setšoantšong. Ntle ho tumello ea hore ke bone batsoali ba ka, kapele ke ile ka isoa kampong ea mahloriso e nyenyane ea basali Lichtenburg nōkeng ea Elbe. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka kopana le Käthe. O ne a bile kampong ea mahloriso ea Moringen ho tloha ka December 1936, empa ha kampo eo ea mahloriso e koaloa, eena, hammoho le baralib’abo rōna ba bang ba bangata, ba ile ba tla Lichtenburg. Ntate le eena o ne a le litlamong, ’me ha kea ka ka mo bona hape ho fihlela ka 1945.

Lichtenburg

Ha kea ka ka lumelloa ho ba le Lipaki tse ling tsa basali hang-hang, kaha li ne li fuoe kotlo ka mabaka a itseng. Ka holong e ’ngoe, ke ile ka bona lihlopha tse peli tsa batšoaruoa—basali bao ka tloaelo ba neng ba lula litafoleng hape ka bona le Lipaki tse neng li tlameha ho lula letsatsi lohle lituloaneng ’me li sa fuoe letho le jeoang.b

Ke ile ka potlakela ho amohela kabelo e ’ngoe le e ’ngoe ea mosebetsi, ka tšepo ea ho teana le Käthe ka mokhoa o mong o itseng. ’Me ke sona se ileng sa etsahala. O ne a le tseleng a e-ea mosebetsing le batšoaruoa ba bang ba babeli ha ke re ptjangptjang le eena. Ke hlōtsoe ke thabo, ke ile ka mo kopa ka matsoho ka mofuthu. Empa molebeli oa mosali o ile a re tlaleha hona hoo. Re ile ra hlongoa lipotso, ’me ho tloha ka nako eo, ba ile ba re arohanya ka boomo. Hoo ho ne ho le boima ka ho fetisisa.

Liketsahalo tse ling tse peli Lichtenburg li lutse mohopolong oa ka. Ketsahalong e ’ngoe batšoaruoa bohle ba ne ba lokela ho khobokana ka lebaleng ho tla mamela seea-le-moea ha se hasa e ’ngoe ea lipuo tsa Hitler tsa bopolotiki. Rōna Lipaki tsa Jehova re ile ra hana, kaha ho ne ho ameha litšebeletso tsa ho rata naha. Eaba balebeli ba shebisa mathopo a litima-mollo ho rōna, ba re hasa ka metsi a tsoang ka sekhahla pompong ’me rōna basali ba se nang boitšireletso, ba re lelekisa ho tloha mokatong oa bone ho theosa ho ea lebaleng. Re ile ra tlameha ho ema mono, re re tèè!

Ka lekhetlo le leng ’na, Gertrud Oehme le Gertel Bürlen re ile ra laeloa hore re khabise ntlo-khōlō ea molaoli ka mabone, kaha letsatsi la tsoalo la Hitler le ne le le haufi. Re ile ra hana, re hlokomela maqheka a Satane a ho leka ho re tsoakelletsa hore re senye botšepehi ba rōna ka ho sekisetsa linthong tse nyenyane. E le kotlo, e mong le e mong oa rōna Lipaki tsa basali tse nyenyane, o ile a tlameha ho qeta libeke tse latelang tse tharo a le mong ka seleng e nyenyane, e lefifi. Empa Jehova o ile a ba haufi le rōna ’me, esita le sebakeng se tšosang joalo, a iponahatsa hore ke setšabelo.

Ravensbrück

Ka May 1939 batšoaruoa ba neng ba le Lichtenburg ba ile ba isoa kampong ea mahloriso ea Ravensbrück. Mono ke ile ka abeloa mosebetsi moo ho hlatsoetsoang liaparo, hammoho le baralib’eso ba bangata ba Lipaki. Nakoana ka mor’a hore ntoa e qhome, re ne re lebeletsoe hore re late folakha ea swastika, e leng seo re ileng ra hana ho se etsa. Ka lebaka leo, ba babeli ba rōna, ’na le Mielchen Ernst, re ile ra kenngoa ka mohahong oa kotlo. Eo e ne e le e ’ngoe ea likotlo tse matla ka ho fetisisa ’me e ne e bolela hore re ne re tlameha ho sebetsa ka thata letsatsi le leng le le leng, esita le ka Sontaha, ho sa tsotellehe hore na boemo ba leholimo ke bofe. Ka tloaelo, kahlolo e telele e ne e le ea likhoeli tse tharo, empa re ile ra lula mono selemo. Hoja e se ka thuso ea Jehova, nka be ke sa ka ka pholoha.

Ka 1942, maemo a ile a nolofala ho se hokae bakeng sa rōna batšoaruoa, ’me ke ile ka abeloa ho sebetsa ke le mohlokomeli oa ntlo bakeng sa lelapa la le-SS le haufi le kampo. Lelapa leo le ne le ntumella bolokolohi bo itseng. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha ke ne ke tsoile le bana hore ba otlolle maoto, ke ile ka kopana le Josef Rehwald le Gottfried Mehlhorn, batšoaruoa ba babeli ba neng ba e-na le masela a pherese a likhutlo li tharo, bao ke ileng ka tseba ho bua mantsoe a se makae a khothatso le bona.c

Lilemo Tse Boima Tsa ka Mor’a Ntoa

Ha mabotho a selekane a ntse a atamela ka 1945, lelapa leo ke neng ke le sebeletsa le ile la baleha, ’me ke ile ka tlameha ho tsamaea le lona. Lelapa lena le a mang a ma-SS, a ile a etsa mokoloko o molelele o lebang bophirimela.

Matsatsi a seng makae a ho qetela a ntoa e ne e le a pherekano ’me a le kotsi. Qetellong, re ile ra kopana le masole a mang a Amerika a ileng a ntumella hore ke ingolise ke le motho ea lokolohileng toropong e latelang. Ke bo-mang bao ke ileng ka kopana le bona moo? Josef Rehwald le Gottfried Mehlhorn. Ba ne ba tsebile hore Lipaki tsohle tse tsoang kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen li ne li fihlile Schwerin ka mor’a leeto le kotsi. Kahoo, boraro ba rōna re ile ra leba toropong eo, e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse 75. E bile thabo e kaakang ha re kopana Schwerin le bara bao bohle babo rōna ba tšepahalang, baphonyohi ba likampo tsa mahloriso, ho akarelletsa le Konrad Franke.

Ka December 1945 boemo ka hare ho naha bo ne bo ntlafetse hoo ke ileng ka khona ho tsamaea ka terene. Kahoo ke ne ke le tseleng e eang hae! Leha ho le joalo, leeto leo le ile la akarelletsa nako eo ke e qetileng ke paqame marulelong a terene le ho ema lepolankeng la monyako. Ha ke le Chemnitz, ke ile ka tloha seteisheneng sa literene ho ea sebakeng seo re neng re lula ho sona re le lelapa. Empa seterateng seo mapolesa a Manazi a neng a ile a ema ho sona le ho hoeletsa, “Mona ho lula mahlaba-phio!” ho ne ho se ntlo le e ’ngoe e setseng. Sebaka seo sohle sa bolulo se ne se ripitliloe ka liqhomane. Leha ho le joalo, ke ile ka utloa ho re kokololo! ha ke fumana ’Mè, Ntate, Käthe le banab’eso ba bashemane le ba banana ba ntse ba phela.

Boemo ba moruo Jeremane ka mor’a ntoa bo ne bo tšosa. Leha ho le joalo, liphutheho tsa batho ba Molimo li ile tsa qala ho atleha hohle Jeremane. Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa etsa sohle se ka etsoang ho re hlomellela mosebetsi oa ho bolela. Mosebetsi oa Bethele ea Magdeburg, e neng e ile ea koaloa ke Manazi, o ile oa tsosolosoa. Selemo ka 1946, ke ile ka memeloa ho sebetsa mono ’me ka abeloa ho sebetsa ka kichineng.

Ho Thibeloa le ho ba Litlamong Hang Hape

Magdeburg e karolong ea Jeremane e ileng ea oela taolong ea Makomonisi. A ile a thibela mosebetsi oa rōna ka la 31 August, 1950, ’me a koala Bethele ea Magdeburg. Tšebeletso ea ka ea Bethele, eo e neng e bile nako ea koetliso ea bohlokoa, e ile ea fela joalo. Ke ile ka boela Chemnitz, ke ikemiselitse hore le ka tlas’a Makomonisi ke tla tšoarella ka thata ’neteng le ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo e le eona tšepo feela bakeng sa moloko oa batho o tsielehileng.

Ka April 1951, ke ile ka tsamaea le mor’eso e mong ho ea lata likopi tsa Molula-Qhooa Berlin. Ha re khutla, re ile ra tšoha ha re fumana seteishene sa terene sa Chemnitz se pota-potiloe ke mapolesa ao e leng baahi ba tloaelehileng. Ho ne ho hlakile hore a ne a re lebeletse, ’me re ile ra tšoaroa hona hoo.

Ha re fihla litlamong moo re neng re tla lula teng pele ho nyeoe, ke ne ke nkile litokomane tse neng li paka hore ke ile ka kenngoa chankaneng ka lilemo tse ngata ke Manazi. Ka lebaka leo, balebeli ba ne ba ntšoara ka tlhompho. E mong oa balebeli ba ka sehloohong ba basali o ile a re: “Lōna Lipaki tsa Jehova ha le batlōli ba molao; ha lea tšoanela ho ba chankaneng.”

Ka lekhetlo le leng o ile a kena ka seleng ea ka, moo ke neng ke e-na le baralib’eso ba babeli, ’me ka lenyele a beha ho hong ka tlas’a e ’ngoe ea libethe. E ne e le eng? Bibele ea hae, eo a ileng a re fa eona. Ka lekhetlo le leng, o ile a etela batsoali ba ka lapeng, kaha ba ne ba sa lule hōle le chankana. O ile a fumana likopi tsa Molula-Qhooa le lijonyana tse itseng, a li pata kaofela ho eena, ’me a kenya ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka sekhukhu ka seleng ea ka.

Ho na le ntho e ’ngoe hape eo ke batlang ho e pheta. Ka linako tse ling ka Sontaha hoseng, re ne re binela lipina tsa rōna tsa puso ea Molimo holimo hoo batšoaruoa ba bang ba neng ba opela pina e ’ngoe le e ’ngoe liatla ka thabo.

Matla le Thuso Tse Tsoang ho Jehova

Nakong ea nyeoe ka lekhotleng ka la 4 September, 1951, moahloli o ile a bua polelo e boletsoeng qalong ea sehlooho sena. Ke ile ka sebeletsa kahlolo ea ka ea chankana Waldheim, joale ka ea Halle ’me qetellong ka ea Hoheneck. Ketsahalo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane li tla bontša kamoo Molimo e neng e le setšabelo le matla ho rōna Lipaki tsa Jehova le kamoo Lentsoe la hae le neng le re matlafatsa kateng.

Chankaneng ea Waldheim, Lipaki tsohle tsa basali li ne li bokana hammoho kamehla ka holong e le ’ngoe, e le hore re ka tseba ho tšoara liboka tsa Bokreste. Pensele le pampiri li ne li sa lumelloe, empa barali ba bang babo rōna ba ile ba fumana likotoana tsa masela eaba baa li kopanya ho etsa lesela le le leng le leholoanyane le neng le e-na le temana ea selemo ea 1953, e neng e re: “Khumamelang Jehova ka mekhabo e khethehileng.”—Pesaleme ea 29:2.

Molebeli e mong oa mosali o ile a re khaoletsa ’me a re tlaleha ka potlako. Mookameli oa chankana o ile a tla ’me a laela baralib’abo rōna ba babeli hore ba phahamise lesela leo. A botsa: “Le entsoe ke bo-mang? Ka maikutlo afe?”

E mong oa baralib’abo rōna o ne a batla ho ipolela ’me a jare molato lebitsong la rōna, empa re ile ra potlakela ho sebelana, re lumellana hore re lokela ho jara boikarabelo kaofela ha rōna. Eaba rea arabela: “Re le etselitse ho matlafatsa tumelo ea rōna.” Lesela leo le ile la nkuoa, ’me re ile ra fuoa kotlo ka hore re tingoe lijo. Empa puisanong ena eohle, baralib’abo rōna ba ne ba le phahamisitse e le hore re ka tebisetsa lengolo leo le khothatsang likelellong tsa rōna.

Ha ho koaloa chankana ea basali e neng e le Waldheim, rōna Lipaki tsa basali re ile ra isoa Halle. Mona re ile ra lumelloa ho amohela liphutheloana, ’me ke eng se neng se rokeletsoe lieteng tse khathollang maoto tseo Ntate a neng a nthomeletse tsona? Lihlooho tsa Molula-Qhooa! Ke sa ntse ke hopola tse neng li re “Lerato la ’Nete Lea Sebetsa” le “Mashano a Isa ho Lahleheloeng ke Bophelo.” Lihlooho tsena le tse ling e ne e le manoni a sebele, ’me ha re ntse re li fetisetsana ka lenyele, e mong le e mong o ne a ingolla lintlha.

Nakong ea ha ho ne ho batloa lintho tse sa hlokahaleng, molebeli e mong o ile a fumana lintlha tseo ke neng ke li ngotse tse neng li patiloe moalong oa ka oa joang. Hamorao, o ile a mpitsa ho tla ntlhoma lipotso ’me a bolela hore ka sebele o batla ho tseba hore na sehlooho se reng “Se Lebeletsoeng ke ba Tšabang Jehova ka 1955” se bolela eng. Eena, e le Lekomonisi, o ne a ile a ameha haholo ka lefu la moeta-pele oa hae, Stalin, ka 1953, ’me bokamoso bo ne bo bonahala bo le lerootho. Bakeng sa rōna, bokamoso bo ne bo tla tlisa ntlafatso e itseng maemong a rōna chankaneng, empa ka nako eo ke ne ke sa lemohe seo. Ke ile ka mo hlalosetsa ka kholiseho hore Lipaki tsa Jehova li ne li lebeletse se molemohali. Hobane’ng? Ke ile ka qotsa temana ea lengolo la sehlooho la taba, Pesaleme ea 112:7: “A ke ke a tšoha ke pehi e mpe, pelo ea hae e tiile, e itšepisa ka Jehova.”

Jehova e Ntse e le Setšabelo sa ka le Matla a Ka

Ka mor’a ho kula haholo, ke ile ka lokolloa chankaneng lilemo tse peli pele ho nako, ka March 1957. Liofisiri tsa Jeremane Bochabela li ile tsa nkhatella hape ka lebaka la mesebetsi ea ka tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, ka la 6 May, 1957, ke ile ka sebelisa monyetla oa ho balehela Berlin Bophirimela, ’me ho tloha moo ka fallela Jeremane Bophirimela.

Ho ile ha nka lilemo tse ngata pele ke fola ka ho feletseng. Empa ho tla fihlela kajeno ke ntse ke e-na le takatso e ntle ea lijo tsa moea ’me ke lebella ka thabo kopi e ’ngoe le e ’ngoe e ncha ea Molula-Qhooa. Nako le nako kea itlhahloba. Na ke sa ntse ke e-na le kelello e sekametseng linthong tsa moea? Na ke hlaoletse litšobotsi tse ntle? Na tšobotsi e lekiloeng ea tumelo ea ka ke lebaka la thoriso le tlhompho ho Jehova? Ke pakane ea ka ho khahlisa Molimo linthong tsohle, e le hore a lule e le setšabelo sa ka le matla a ka ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Photo-Drama” e ne e entsoe ka liselaete le litšoantšo tse tsamaeang ’me ho tloha ka 1914, e ne e bontšoa hohle ke baemeli ba Watch Tower Bible and Tract Society.

b Makasine ea Trost (Consolation), e neng e hatisoa ke Mokhatlo oa Watch Tower, Bern, Switzerland, ka la 1 May, 1940, leqepheng la 10, e ile ea tlaleha hore ka lekhetlo le leng Lipaki tsa Jehova tsa basali tse neng li le Lichtenburg ha lia ka tsa fumana lijo tsa motšehare ka matsatsi a 14 ka lebaka la ho hana ho etsa pontšo ea tlhompho ha ho ne ho binoa lifela tsa Manazi. Mono ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 300.

c Tlaleho e buang ka Josef Rehwald e hlahile ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 8, 1993, leqepheng la 20-3.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ofisi ea SS Ravensbrück

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Pasa ea ka ea ho sebetsa ka ntle ho kampo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Top: Stiftung Brandenburgische Gedenkstätten

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela