Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/15 maq. 29-31
  • Tershiase—Mongoli oa Pauluse ea Tšepahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tershiase—Mongoli oa Pauluse ea Tšepahalang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bangoli ba Boholo-holo
  • ‘’Na Tershiase, Kea le Lumelisa’
  • Ho Ngolla Baroma
  • Buka ea Bibele ea 45—Ba-Roma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Balebeli ba Etellang Pele—Mongoli
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Basebetsi-’moho le Pauluse E ne e le Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/15 maq. 29-31

Tershiase—Mongoli oa Pauluse ea Tšepahalang

TERSHIASE o ne a tobane le phephetso. Moapostola Pauluse o ne a batla ho mo sebelisa hore e be mongoli oa hae ha a ngola lengolo le lelelele le eang ho Bakreste-’moho le eena ba Roma. Ona e ne e tla ba mosebetsi o boima.

Ke hobane’ng ha ho ne ho le boima tjee ho ba mongoli lekholong la pele la lilemo C.E.? Mosebetsi oo o ne o etsoa joang? Ho ne ho sebelisoa eng mehleng eo bakeng sa ho ngola?

Bangoli ba Boholo-holo

Sechabeng sa boholo-holo sa Bagerike le Baroma, ho ne ho e-na le mefuta e sa tšoaneng ea bangoli. Banna ba bang ba ne ba sebeletsa e le bangoli ba ’muso—basebeletsi ba sechaba ba neng ba sebeletsa liofising tsa mochanselara. Ho ne ho boetse ho e-na le bangoli ba sechaba ba neng ba sebeletsa baahi ’marakeng. Bangoli ba praefete (hangata e le makhoba) ba ne ba hiriloe ke barui. Joale ho ne ho boetse ho e-na le metsoalle e neng e thabela ho ngolla ba bang mangolo. Ho latela setsebi E. Randolph Richards, tsebo ea bangoli bana bao e neng e se ba molao “e ne e ka qala ka e fokolang bokhoning ba puo le/kapa mokhoeng oa ho ngola ho isa phihlelong e phahameng haholo ea ho ngola ka potlako lengolo le nepahetseng, le loketseng le le monate.”

Ke bo-mang ba neng ba ka sebelisa bangoli? Pele, e ne e le ba neng ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Litumellano tse ngata tsa boholo-holo le mangolo a khoebo li ne li qetella ka tlhokomeliso eo ho eona mongoli a neng a tiisa hore o ngotse hobane motho ea mo fileng mosebetsi oo a sa tsebe ho ngola. Lebaka la bobeli leo ka lona ho neng ho hiroa mongoli le bonahala lengolong la boholo-holo le tsoang Thebes, Egepeta. Le ngoletsoe motho e mong ea bitsoang Asklepiades, qetellong le re: “Eumelus, mora oa Herma, o mo ngolletse . . . kaha o batla a ngola butle.”

Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka ho tseba ho bala le ho ngola e ne e le lona lebaka le etsang hore ho sebelisoe mongoli. Ho latela mohlalosi oa Bibele John L. McKenzie, se neng se susumelletsa batho hore ba tšepele litšebeletsong tsa bangoli “e ne ebile e se hakaalo taba ea hore ho ngotsoeng ho balehe, empa ho e-na le hoo, ba ne ba amehile ka mongolo o motle, kapa bonyane o makhethe.” Esita le bakeng sa batho ba neng ba rutehile, ho ngola ho ne ho khathatsa, haholo-holo ha ho ne ho ameha taba e telele ’me e le e qaqisoang. Setsebi J. A. Eschlimann se bolela hore motho leha e le ofe ea neng a khona, “ka thabo o ne a qoba mosebetsi ona ka hore a o behe tlhokomelong ea makhoba, litsebi tsa ho ngola.” Ho feta moo, ha ho hlahlojoa thepa e neng e sebelisoa le maemo ao ho neng ho sebeletsoa ho ’ona, ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba ne ba sa rate ho ingolla mangolo.

Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ne ho sebelisoa loli haholo bakeng sa ho ngolla. Ho ne ho petsoloa semela sena ka lehare, ebe ho etsoa lithutsoana tse tšesaane. Lithutsoana tsena li ne li aloa fatše ka bolelele. Holim’a tsona ho aloe tse ling ka bophara. Bobeli ba tsona li ne li petetsoa hore li khomarelane, ho etsoa leqephe la “pampiri.”

Ho ne ho se bonolo ho ngolla leqepheng lena. Le ne le se boreleli ’me le ne le peperana habonolo. Ho latela setsebi Angelo Penna, “masoba-soba a loli a ne a etsa hore enke e meqehe, haholo-holo litselaneng tse neng li setse lipakeng tsa lithutsoana.” Mongoli o ne a ka sebetsa a ipharile fatše ’me a tšoere leqephe le behiloeng botong ka letsoho le le leng. Haeba e ne e le ea hlokang phihlelo kapa pampiri e le ea boleng bo tlaase, lesiba la hae, kapa pene ea lehlaka, le ne le ka tšoaseha loling, leqephe le ne le ka taboha, kapa mongolo o ne o ke ke oa baleha.

Enke e ne e etsoa ka ho tsoaka mosili le boka. E rekisoa e le litene, e ne e lokela ho hlapolloa ka metsi ka sekotloloaneng sa enke pele ho ka ngoloa ka eona. Har’a tse ling tsa lisebelisoa tseo mongoli ea kang Tershiase e ka ’nang eaba o ne a e-na le tsona e ne e le thipa bakeng sa ho chorisa pene ea lehlaka le seponche se mongobo bakeng sa ho hlakola liphoso tsa hae. Tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lokela ho ngoloa ka hloko. Ka lebaka leo, ho ne ho ngoloa butle ’me e le ka thata.

‘’Na Tershiase, Kea le Lumelisa’

Har’a litumeliso tse kenyelelitsoeng qetellong ea lengolo le eang ho Baroma, ke litumeliso tsa mongoli oa Pauluse ea ngotseng: “’Na, Tershiase, ea ngotseng lengolo lena, kea le lumelisa Moreneng.” (Baroma 16:22) Ke lekhetlong lena feela mangolong a Pauluse moo ka ho hlaka ho bontšitsoeng e mong oa bangoli ba hae.

Ha re tsebe ho hongata ka Tershiase. Ka lebaka la ho lumelisa ha hae “Moreneng,” re ka ’na ra etsa qeto ea hore e ne e le Mokreste ea tšepahalang. Mohlomong e ne e le setho sa phutheho ea Korinthe ’me e ka ’na eaba o ne a tseba Bakreste ba bangata ba Roma. Setsebi sa Bibele Giuseppe Barbaglio, se bontša hore Tershiase e ne e le lekhoba kapa motho ea lokolotsoeng. Hobane’ng? Taba ea pele, hobane “ka tloaelo bangoli e ne e le ba sehlopha sena; ntle ho moo, ke kahobane lebitso la hae la Selatine . . . le ne le atile haholo har’a makhoba le batho ba lokolotsoeng.” Barbaglio o re: “Kahoo, e ne e se mongoli ‘ea hiriloeng feela ea sa tsebeng letho,’ e ne e le mosebetsi-’moho eo ka tsela ena a ileng a thusa Pauluse ho hlophisa lengolo la hae le lelelele ka ho fetisisa le le hlakileng ka ho fetisisa: mosebetsi oa bohlokoa o ileng oa nolofalletsa Pauluse ho boloka nako le ho mo fokoletsa mokhathala.”

Ka sebele mosebetsi ona oa Tershiase ke oa bohlokoa. Baruke o ile a etsetsa Jeremia mosebetsi o tšoanang, joalokaha Silvanase a ile a o etsetsa Petrose. (Jeremia 36:4; 1 Petrose 5:12) Ke tokelo e kaakang eo basebetsi-’moho bao ba bileng le eona!

Ho Ngolla Baroma

Lengolo le neng le e-ea ho Baroma le ngotsoe nakong eo Pauluse e neng e le moeti oa Gaiase, mohlomong a le Korinthe. Ke hoo e ka bang ka 56 C.E., nakong ea leeto la moapostola la boraro la boromuoa. (Baroma 16:23) Le hoja re e-na le bonnete ba hore Pauluse o ile a sebelisa Tershiase e le mongoli oa hae bakeng sa ho ngola lengolo lena, ha re tsebe hantle hore na o ile a mo sebelisa joang. Ho sa tsotellehe mokhoa leha e le ofe o sebelisitsoeng, ho ka etsahala hore ebe mosebetsi ha oa etsoa ka bobebe. Empa re kholisehile ka ntho e le ’ngoe: Joaloka Bibele eohle, lengolo la Pauluse le neng le e-ea ho Baroma le ne le “bululetsoe ke Molimo.”—2 Timothea 3:16, 17.

Ha lengolo lena le qetiloe, Tershiase le Pauluse ba ne ba ngotse mantsoe a likete, ba sebelisa maqephe a mangata a loli. Ka mor’a ho a khomaretsa hammoho mahlakoreng, maqephe ana a ile a etsa moqolo, mohlomong o bolelele ba limithara tse tharo ho ea ho tse ’nè. Lengolo leo le ile la phuthoa ka makhethe ’me la tlangoa. Joale ho bonahala eka Pauluse o ile a le beha tlhokomelong ea Fibi, morali’abo rōna oa Senkrea, ea neng a le haufi le ho kena leetong le eang Roma.—Baroma 16:1, 2.

Ho tloha lekholong la pele la lilemo, mekhoa e sebelisoang bakeng sa ho hlahisa lingoliloeng e fetohile haholo. Empa ho pholletsa le makholo a lilemo, Molimo o ’nile a sireletsa lengolo le neng le e-ea ho Bakreste ba Roma. Re ka thabela karolo ena ea Lentsoe la Jehova hakaakang, e ngotsoeng ka thuso ea Tershiase, mongoli oa Pauluse ea tšepahalang le ea sebelitseng ka thata!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela