Na u sa Hopola?
Na u fumane litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa li e-na le thuso ho uena? Joale ke hobane’ng ha u sa hlahlobe mohopolo oa hao ka lipotso tse latelang?
◻ Armagedone e tla ba joang? (Tšenolo 16:14, 16)
E ke ke ea e-ba ntoa ea makhaola-khang ea nyutlelie kapa koluoa e bakoang ke batho. Che, ke ntoa ea Molimo e tla felisa lintoa tsohle tsa batho, e tla felisa bohle ba hlohlelletsang lintoa tse joalo le ho tlisa khotso ea ’nete bakeng sa ba ratang khotso. E ke ke ea lieha. (Habakuke 2:3)—4/15, leqepheng la 17.
◻ Ke machato a joang a tlotlisang Jehova?
Lechato leo ho lona litšobotsi tsa moea li phahametseng mekhoa ea lefatše le tla tlotlisa Jehova kannete. Bakreste ba tla thabela ketsahalo ena haeba ba qoba mekhoa ea lefatše e litšila, litumela-khoela le ho fetelletsa lintho; haeba ba sa e lumelle hore e kena-kenane le mesebetsi ea kamehla ea puso ea Molimo; le haeba ba bonahatsa ho itekanela ho e-na le pontšo ea mponeng.—4/15, leqepheng la 26.
◻ Ke eng e khethollang motho ea tšepahalang?
Motho ea tšepahalang a ka tšeptjoa, eseng feela ke batho ba bang empa habohlokoa ka ho fetisisa, ke Molimo. Ho hloeka ha pelo ea motho ea joalo ho bonoa liketsong tsa hae. Ha a na boikaketsi. Hase molotsana kapa ea senyehileng. (2 Bakorinthe 4:2)—5/1, leqepheng la 6.
◻ Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a re: “Ho molemo ho motho ha a jara joko bocheng ba hae”? (Lillo tsa Jeremia 3:27)
Ho ithuta ho tobana ka katleho le liteko bocheng ho thusa motho hore a tobane le liphephetso ha a le moholo. (2 Timothea 3:12) Melemo ea botšepehi e feta hōle khatholoho ea nakoana e ka tlisoang ke ho sekisetsa.—5/1, leqepheng la 32.
◻ Ho bonahala ha Moshe le Elija ponong ea ho fetoha sebōpeho ho ne ho tšoantšetsa eng?
Boemong ba ho fetoha ha sebōpeho, ka ho loketseng Moshe le Elija ba ne ba tšoantšetsa barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng. Hore ebe bona hammoho le Jesu ba ile “ba bonahala ka khanya,” ho ne ho tšoantšetsa hore Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba ne ba tla “tlotlisoa hammoho” le Jesu tokisetsong ea ’Muso oa leholimo. (Luka 9:30, 31; Baroma 8:17; 2 Bathesalonika 1:10)—5/15, leqepheng la 12, 14.
◻ “Sephiri se halalelang” sa Molimo ke eng? (1 Bakorinthe 2:7)
“Sephiri se halalelang” sa Molimo se likoloha ho Jesu Kreste. (Baefese 1:9, 10) Leha ho le joalo, hase feela ho tsebahatsa Jesu e le Mesia ea tšepisitsoeng. Se akarelletsa ’muso oa leholimo, ’Muso oa Molimo oa Bomesia ’me se akarelletsa le karolo eo Jesu a abetsoeng hore a e phethe morerong oa Molimo.—6/1, leqepheng la 13.
◻ Mokreste o lokela ho talima ho tsofala kapa bokuli joang?
Ho e-na le hore a talime liteko tse joalo e le tse mo behelang meeli tšebeletsong ea hae ho Jehova, o lokela ho li talima e le monyetla oa hore a itšetlehe ka eena haholoanyane. O boetse o lokela ho hopola hore, hore na Mokreste ke oa bohlokoa hakae, ha ho kaloe feela ka hore na o sebetsa hakae, empa ho kaloa hape ka tumelo ea hae le botebo ba lerato la hae. (Mareka 12:41-44)—6/1, leqepheng la 26.
◻ Ke joang ho sebelisa ha Jehova batho ho e-na le mangeloi bakeng sa ho ngola Bibele ho bontšang bohlale ba hae bo boholo?
Haeba ho hang ho ne ho sa kenyelletsoa batho, re ne re ka ’na ra ba le bothata ba ho utloisisa molaetsa oa Bibele. Hape, ho kenyelletsa batho ho entse hore Bibele e be mofuthu, e bue ka lintho tse fapaneng ’me e ipiletse.—6/15, leqepheng la 8.
◻ Lekunutu la thabo ea lelapa ke lefe?
Lekunutu leo le fumanoa ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, le ho sebeliseng melao-motheo ea lona e kang boitšoaro, ho hlokomela bohlooho, puisano e ntle le lerato.—6/15, leqepheng la 23, 24.
◻ Ke joang ho phekola ha Jesu ho neng ho fapane hōle le ho tloaetseng ho etsoa ke ba ipolelang ba e-na le matla a ho phekola kajeno?
Matšoele a ne a sa be le pontšo e matla ea maikutlo, ’me le Jesu o ne a sa tsukutlehe maikutlong. Ho phaella moo, le ka mohla Jesu ha aa ka a hlōleha ho folisa ba kulang ka boikemelo ba hore koleke ea bona ha ea lekana kapa ka hore ba haelloa ke tumelo.—7/1, leqepheng la 5.
◻ Jehova o thusitse batho ba hae joang hore ba be le karolo morerong oa hae oa bomolimo mabapi le lebitso la hae le ’Muso?
Taba ea pele, Jehova o tšepetse batho ba hae ’nete. Ntlha ea bobeli, o ile a ba fa moea oa hae o halalelang. ’Me ea boraro, re na le mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara le tokisetso ea Jehova ea mokhatlo o hlophisitsoeng bakeng sa borapeli.—7/1, leqepheng la 19, 20.
◻ Bokhabane ke eng?
Bokhabane ke boitšoaro bo botle, molemo, liketso tse nepahetseng le menahano e nepahetseng. Hase tšoaneleho e sa reng letho empa ke e susumelletsang ketsong. Bokhabane bo bolela ho fetang ho qoba sebe; bo bolela ho phehella se molemo. (1 Timothea 6:11)—7/15, leqepheng la 14.
◻ Lefa la bohlokoahali leo batsoali ba ka le fang bana ba bona ke lefe?
Lefa la bohlokoahali ke mohlala oa bona oa ho bontša lerato ho ba bang. Ka ho ikhethang, bana ba batla ho bona le ho utloa ha batsoali ba bona ba hlalosa le ho bontša lerato la sebele ho Molimo nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang.—7/15, leqepheng la 21.
◻ Lintho tse ling tsa bohlokoa bakeng sa ho atlehisa thuto ea lelapa haholoanyane ke life?
Thuto ea lelapa e tlameha ho tšoaroa kamehla. U tlameha ho ‘reka nako’ bakeng sa thuto. (Baefese 5:15-17) Etsa hore linako tsa ho ithuta e be tse hlasimollang bakeng sa bana ka ho phelisa Bibele. E le hore bana ba e thabele, ba lokela ho utloa hore baa kopanyelletsoa.—8/1, leqepheng la 26, 28.