Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 9/1 leq. 29
  • Matla a Hloekisang a Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Hloekisang a Lentsoe la Molimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
    Tsoha!—1988
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi Mathata a Eketseha
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 9/1 leq. 29

Baboleli ba ’muso Baa Tlaleha

Matla a Hloekisang a Lentsoe la Molimo

HO TLALEHOA hore makhoba a mangata a lithethefatsi a khutlela mokhoeng oa ’ona ka mor’a hore a lokolloe litsing tsa phekolo tse thusang motho hore a tlohele mokhoa o itseng. Empa Lentsoe la Molimo le ka finyella seo hangata litleliniki li hlōlehang ho se etsa. (Baheberu 4:12) Lentsoe la Molimo le moea oa hae li thusitse ba bangata ho hlōla temallo ea lithethefatsi le ho sebelisa keletso ena: “A re itlhoekiseng tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea, re phethahatsa khalalelo tšabong ea Molimo.”—2 Bakorinthe 7:1.

Sena se bontšoa ke phihlelo e hlahang Myanmar. Monna ea ileng a loantšana le ho lemalla lithethefatsi ka lilemo tse ngata oa pheta: “Ke ile ka ba lekhoba la lithethefatsi ke sa le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20. Ke ’nile ka leka ho itokolla ka makhetlo a mangata empa ka hlōleha. E le hore ke tšehetse mokhoa oo oa ka oa ho lemalla lithethefatsi, ke ile ka fetoha lesholu. Ka lebaka leo, ka 1988 ke ile ka kenngoa chankaneng selemo se le seng.

“Ka mor’a ho lokolloa chankaneng, ke ile ka tsosolosa setsoalle le metsoalle ea ka ea pele. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka boela mokhoeng oa ho lemalla lithethefatsi. Tsela ena eo ke neng ke e phela ea ho itematsa e ile ea etsa hore lelapa leso le khaole maqhaama ’ohle le ’na. Ho phaella moo, boitšoaro ba ka ba borabele bo ile ba etsa hore ba bangata motseng ba ntšabe, ’me le bona ba ile ba qala ho nkoekoetla.

“Joale ka letsatsi le leng ho ile ha etsahala ntho eo ke neng nke ke ka e qoba—ke ile ka kulisoa ke ho sebelisa lithethefatsi ho tlōla tekano. Ke ile ka khutlisetsoa chankaneng, lekhetlong lena ka kena lilemo tse tharo. Le hoja bophelo ba chankaneng bo ne bo le boima haholo, ka tsela e itseng ke ile ka khona ho tsoella.

“Ka mor’a hore ke khutlele lapeng ho tsoa chankaneng, ke ile ka kōpa hore lelapa leso le ntšoarele melato ea nako e fetileng. Ba ile ba nkamohela ka mosa, empa hang hape, metsoalle e ile ea etsa hore ke khutlele litseleng tsa ka tsa pele.

“Qetellong, Nkhono o ile a mpuella ho moruti oa sebaka seo hore ke kopanele sekolong se itseng sa Bibele. Moruti eo o ile a lumela. Leha ho le joalo, pele ke qala ho kopanela, Rakhali, eo e leng Paki ea Jehova, o ile a re haeba ka sebele ke batla ho ithuta Bibele, ke lokela ho ithuta le Lipaki.

“Ke ile ka ea Holong ea ’Muso ’me ka tsebisoa monna e mong ea ileng a lumela ho ithuta Bibele le ’na. Batho ba bangata ba neng ba le moo ba ile ba ntumelisa ka mofuthu ’me ba etsa hore ke utloe hore ke amohelehile.

“Ka mor’a hore ke ithute Bibele ’me ke kopanele libokeng tsa Bokreste, takatso e matla ea lithethefatsi e ile ea nkeloa sebaka ke ho lakatsa ha ka ho atamela haufi le Molimo. Selemo hamorao, ke ne ke hatetse pele ho ea bohōleng ba ho nehela bophelo ba ka ho Jehova Molimo, ’me ke ile ka tšoantšetsa boinehelo boo ka kolobetso ea metsing.

“Haufinyane tjena, ha ke ne ke tsamaea ka ntlo le ntlo, ke ile ka kopana le e mong oa metsoalle ea ka ea pele eo re neng re sebelisa lithethefatsi le eona. Ha aa ka a lumela tsela e hlollang eo ke fetohileng ka eona. Sena se ile sa bula monyetla oa ho fana ka bopaki, ’me ke ile ka khona ho buisana le eena ka tšepo ea ’Muso.

“Qetellong ke fumane morero oa sebele le sepheo sa bophelo. Ka thuso ea Molimo le ka keletso e ka Lentsoeng la hae, hona joale ke khona ho thusa ba bang hore ba ikinole mokhoeng o hlephileng oa ho sebelisa lithethefatsi hampe.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela