Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 10/15 maq. 5-7
  • Thabo ea Sebele—Senotlolo ke Sefe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabo ea Sebele—Senotlolo ke Sefe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sekamela Linthong Tsa Moea ho Lebisa Thabong
  • Matla a Rōna a ho Ikhethela
  • Senotlolo ke Bohlale ba Bomolimo le Kutlo
  • Kamoo re ka Fumanang Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Thabo ea ’Nete ea ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ke Hokae Moo ho ka Fumanoang Thabo ea Sebele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 10/15 maq. 5-7

Thabo ea Sebele—Senotlolo ke Sefe?

BATHO ba ne ba etselitsoe ho thaba. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka seo? Ha e le hantle, a re hlahlobeng tšimoloho ea motho.

Jehova Molimo o ile a bōpa banyalani ba pele ba e-na le matla a hore ba thabe. Adama le Eva ba ile ba behoa paradeiseng, serapeng sa thabo se neng se bitsoa Edene. ’Mōpi o ne a ba lokiselitse lintho tsohle tse bonahalang tse hlokahalang bophelong. Serapa seo se ne se e-na le “lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.” (Genese 2:9) Adama le Eva ba ne ba phetse hantle ’meleng, ba le matla ’me ba le batle—ba ne ba phethahetse ’me ka sebele ba thabile.

Leha ho le joalo, senotlolo sa thabo ea bona e ne e le sefe? Na e ne e le lehae la bona la paradeise kapa mohlomong ho phethahala ha bona ’meleng? Limpho tsena tse tsoang ho Molimo li ile tsa tlatsetsa ho thabeleng ha bona bophelo. Empa thabo ea bona e ne e sa itšetleha linthong tse joalo tse bonahalang. Tšimo ea Edene e ne e se feela serapa se setle sa lifate. E ne e le sebaka se halalelang, sebaka sa ho rapela Molimo. Senotlolo sa thabo ea bona ea ka ho sa feleng e ne e le bokhoni ba bona ba ho theha le ho boloka kamano ea bona e lerato le ’Mōpi. Hore e be ba thabileng, ba ne ba lokela ho qala ka ho sekamela linthong tsa moea.—Bapisa le Matheu 5:3.

Ho Sekamela Linthong Tsa Moea ho Lebisa Thabong

Qalong, Adama o ne a e-na le kamano ea moea le Molimo. E ne e le kamano e lerato, e mofuthu joaloka ea mora le ntate oa hae. (Luka 3:38) Tšimong ea Edene, Adama le Eva ba ne ba le boemong bo phethahetseng bo ba lumellang ho khotsofatsa takatso ea bona ea ho rapela. Ka ho ikemisetsa ho mamela Jehova ka lerato, ba ne ba tla hlompha le ho tlotlisa Molimo ho feta kamoo liphoofolo li neng li ka etsa kateng. Ka bohlale, ba ne ba ka rorisa Molimo ka litšobotsi tsa hae tse hlollang, ’me ba ne ba ka tšehetsa bobusi ba hae. Ba ne ba boetse ba ka lula ba fumana tlhokomelo e lerato le e bonolo ea Jehova.

Kamano ena e haufi-ufi le ’Mōpi le ho mamela melao ea hae li ile tsa tlisetsa batsoali ba rōna ba pele thabo ea sebele. (Luka 11:28) Ho ne ho sa hlokahale hore Adama le Eva ba phele lilemo tse ngata ba leka hona le hoane pele ba ka fumana senotlolo sa thabo. Hang ka mor’a hore ba bōptjoe, ba ne ba thabile. Ho ba khotsong le Molimo le ho mamela bolaoli ba hae ho ile ha ba etsa ba thabileng.

Leha ho le joalo, thabo eo e ile ea fela hang ka mor’a hore ba se mamele Molimo. Ka ho rabela, Adama le Eva ba ile ba senya kamano ea bona ea moea le Jehova. E ne e se e se metsoalle ea Molimo. (Genese 3:17-19) Ho bonahala hore ho tloha letsatsing leo ba ileng ba lelekoa ka lona serapeng, Jehova o ile a khaotsa puisano eohle le bona. Ba ile ba lahleheloa ke phetheho ea bona, tšepo ea ho phela ka ho sa feleng le serapa seo ba neng ba lula ho sona. (Genese 3:23) Empa habohlokoa ka ho fetisisa, kaha ba ne ba lahlile kamano ea bona le Molimo, ba ile ba lahleheloa ke senotlolo sa thabo.

Matla a Rōna a ho Ikhethela

Pele ba e-shoa, Adama le Eva ba ile ba fetisetsa botho ba bona ho bana ba bona, letsoalo la bona la tlhaho le matla a bona a ho sekamela linthong tsa moea. Lelapa la motho ha lea ka la theoleloa boemong ba liphoofolo. Re ka boelana le ’Mōpi. (2 Bakorinthe 5:18) E le libōpuoa tse bohlale, batho ba tsoela pele ho ba le matla a ho khetha hore na ba mamela Molimo kapa che. Sena se ile sa bonahala lilemong tse makholo a mangata hamorao ha Jehova a fa sechaba se thehiloeng bocha sa Iseraele khetho ea bophelo kapa ea lefu. Ka ’muelli oa hae Moshe, Molimo o ile a re: “Kajeno ke beile pel’a hao bophelo le molemo, lefu le bobe.”—Deuteronoma 30:15-18.

Esita le hona joale, lilemo tse likete ka mor’a hore Paradeise ea tšimolohong e senyehe, rōna batho re ntse re khona ho etsa khetho e nepahetseng. Re na le letsoalo le sebetsang le tsebo ea motheo ea ho mamela melao ea Molimo. Bibele e bua ka “motho eo re leng eena ka hare” le ka motho oa “ka hare.” (2 Bakorinthe 4:16; Baroma 7:22) Lipolelo tsena li bua ka matla a tlhaho ao kaofela re nang le ’ona a ho bonahatsa botho ba Molimo, ho nahana ka mokhoa oo a nahanang ka oona le ho sekamela linthong tsa moea.

Mabapi le boitšoaro ba rōna ba tlhaho le letsoalo, moapostola Pauluse o ngotse: “Ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ho bona ka bobona. E hlile ke bona ba bontšang boitsebiso ba molao hore bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, pakeng tsa menahano ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.”—Baroma 2:14, 15.

Senotlolo ke Bohlale ba Bomolimo le Kutlo

Leha ho le joalo, e mong a ka ’na a botsa, ‘Haeba kaofela re e-na le tšekamelo ea tlhaho ea ho rapela Molimo e ka etsang hore re be le thabo ea sebele, ke hobane’ng ha ho se thabe ho atile hakaale?’ Ke ka lebaka la hobane e mong le e mong oa rōna o lokela ho hōla moeeng hore a thabe. Le hoja qalong a ne a bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, motho o ikarotse ho ’Mōpi oa hae. (Baefese 4:17, 18) Kahoo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho nka mehato e nepahetseng ho tiisa le ho boloka kamano ea hae ea moea le Molimo. Kamano e joalo e ke ke ea itlhahela feela ka boeona.

Jesu o ile a bolela melao-motheo e ’meli ea bohlokoa ea ho hōlisa bomoea. O mong ke ho fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo, ’me o mong ke ho ikokobelletsa ho etsa thato ea hae. (Johanne 17:3) Ha a qotsa Lentsoe la Molimo, Jesu o itse: “Ho ngoliloe, ‘Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.’” (Matheu 4:4) Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Ha ho hlokahale hore re qete mashome-shome a lilemo re leka hona le hoane ho fumana thabo. Ho ba le phihlelo hase sona senotlolo sa thabo. Ho e-na le hoo, bohlale ba bomolimo le ho mamela ’Mōpi oa rōna ke tsona feela tse ka re lebisang thabong ea sebele bophelong.—Pesaleme ea 19:7, 8; Moeklesia 12:13.

Ka sebele, thabo e tlisoang ke ho sebelisa bohlale ba bomolimo le ho ba le boemo bo botle ka pel’a Molimo hase ntho e ka re sitang. (Liketso 17:26, 27) Tsebo ea Jehova le merero ea hae li fumanoa ke mang le mang. Bibele, ka likopi tse limilione tse likete ka lipuo tse ngata, e ntse e le buka e rekoang ho feta tsohle lefatšeng. Bibele e ka u thusa hore u be motsoalle oa Molimo ’me u be le thabo ea sebele, kaha Mangolo aa re bolella hore “ho thabile batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pesaleme ea 144:15, NW.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Mehato e Lebisang Thabong

1. Utloisisa Bomoea Ka Ho Feletseng ’Me U Bo Hlaolele. Jesu O Itse: “Ho Thaba Ba Utloang Lentsoe La Molimo ’Me Ba Le Boloka!”​—luka 11:⁠28.

2. Hlokomela Hore Ho Amoheloa Ke Molimo Ke Habohlokoa Ho Feta Leruo Kapa Monono. Pauluse O Ngotse: “Ka Sebele, Ke Mokhoa Oa Ho Rua Ho Hoholo, Boinehelo Bona Ba Bomolimo Hammoho Le Ho Khotsofala. . . . Ha Re E-⁠na Le Tsa Ho Phela Le Liaparo Le Tšireletso, Re Tla Khotsofalla Lintho Tsena.”​—1 Timothea 6:​6-⁠8.

3. Leka Ka Matla Ho Hlaolela Letsoalo Le Koetlisitsoeng Ke Bibele Le Ho Sebetsa Tumellanong Le Lona.​—Baroma 2:​14, 15.

4. Ikemisetse Ho Mamela Jehova Molimo E Le Hore U Tšoanelehe Ho Ba E Mong Oa Batho Ba Hae. Davida Oa Boholo-holo O Ngotse: “Ho Thabile Batho Bao Molimo Oa Bona E Leng Jehova!”​—⁠pesaleme Ea 144:​15, Nw.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela