Keresemese—Na ke Letsatsi la Phomolo la Lefatše Kapa la Mokete oa Bolumeli?
CHAENA, o bitsoa Christmas Old Man. United Kingdom, o tsejoa e le Father Christmas. Batho ba Russia ba sebelisa lebitso Grandfather Frost, ’me United States o bitsoa Santa Claus.
Ba bangata ba nka monna-moholo enoa ea thabileng, ea limpa-mpa le ea litelu tse bosoeu ba lehloa e le mothofatso oa Keresemese. Empa ho boetse hoa tsebahala hore Santa Claus ke tšōmo e thehiloeng lineanong tse amanang le mobishopo oa lekholong la bone la lilemo oa Myra (eo hona joale e leng Turkey).
Ka linako tsohle, mekhoa le meetlo e ’nile ea e-ba le tšusumetso e matla meketeng, ’me ho joalo le ka Keresemese. Tšōmo ea Santa ke o mong feela oa mehlala ea lineano tse kopanngoang le letsatsi la phomolo le ratoang. Le hoja batho ba bang ba bolela hore mekhoa ea Keresemese e thehiloe liketsahalong tse tlalehiloeng ka Bibeleng, bonneteng, boholo ba mekhoa ena bo tsoa boheteneng.
Mohlala o mong ke oa sefate sa Keresemese. The New Encyclopædia Britannica e re: “Borapeli ba sefate bo tloaelehileng har’a bahetene ba Europe bo ile ba tsoela pele ka mor’a ho sokolohela ha bona Bokresteng, ho ea kamoo batho ba Scandinavia ba neng ba tloaetse ho khabisa matlo le meliko ka lifate tse lulang li le tala nakong ea Letsatsi la Selemo se Secha bakeng sa ho leleka diabolose le ho lokisetsa linonyana sefate nakong ea Keresemese.”
Ho etsa meqhaka ka sefate sa holly kapa ka lifate tse ling tse lulang li le tala ke mokhoa o mong o atileng oa Keresemese. Ona le oona o metse ka metso borapeling ba bohetene. Baroma ba boholo-holo ba ne ba sebelisa makala a sefate sa holly ho khabisa litempele nakong ea Saturnalia, mokete oa matsatsi a supileng oa bohareng ba mariha o neng o etsetsoa Saturn, molimo oa temo. Mokete ona oa bohetene o ne o tsebahala haholo ka lerata le sa laoleheng le ka boitšoaro bo litšila.
Mokhoa oa ho akana tlas’a lehlomela la mistletoe (le bontšitsoeng mona) ka Keresemese o ka ’na oa bonahala e le o bontšang lerato ho ba bang, empa, ke ntho ea khale Mehleng e Bohareng. Madruid a Brithani ea boholo-holo a ne a lumela hore mistletoe e ne e e-na le matla a boselamose; kahoo, e ne e sebelisoa e le tšireletso ho bademona, boloi le mefuta e meng ea bokhopo. Ha nako e ntse e feta, ho ile ha hlaha tumela-khoela ea hore ho akana tlas’a mistletoe ho ne ho tla lebisa lenyalong. Mokhoa ona o sa ntsane o le teng ho batho ba bang nakong ea Keresemese.
Ena e mpa e le e seng mekae ea mekhoa ea Keresemese ea mehleng ena, e susumelitsoeng kapa e simolohileng ka ho toba lithutong tsa bohetene. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na sena sohle se etsahetse joang. Ho tlile joang hore letsatsi la phomolo leo ho thoeng le hlompha tsoalo ea Kreste le tantelloe hakaale ka mekhoa eo e seng ea Bokreste? Habohlokoa ka ho fetisisa, Molimo o talima taba ee joang?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Page 3: Santa Claus: Thomas Nast/Dover Publications, Inc., 1978; mistletoe on page 3 and illustration on page 4: Discovering Christmas Customs and Folklore by Margaret Baker, published by Shire Publications, 1994