Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 12/15 maq. 11-16
  • Ho Pholoha “Letsatsi la Jehova”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Pholoha “Letsatsi la Jehova”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Nka Bohato Matsatsing a Noe
  • Kotlo ea Boahloli ea Jehova ea Sodoma le Gomora
  • Iseraele e Kotula “Sefefo”
  • Tlaleho ea Jehova le Juda ea Bokoenehi
  • “Matšoenyeho a Maholo” a Lekholong la Pele la Lilemo
  • Ba Pholohile Mahlomola a Maholo ba Phela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Etsa Polelo ea Phatlalatsa Hore u Bolokehe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Hona Joale ho Potlakile Haholo Hore re Lebele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na U Itokiselitse Letsatsi la Jehova?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 12/15 maq. 11-16

Ho Pholoha “Letsatsi la Jehova”

“Letsatsi la Jehova le leholo ’me le susumetsa tšabo, ’me ke mang ea ka le tiisetsang?”—JOELE 2:11, NW.

1. Ke hobane’ng ha ‘letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo’ e tla ba nako ea thabo?

“LE SUSUMETSA tšabo”! Ke kamoo moprofeta oa Molimo Joele a hlalosang “letsatsi la Jehova” le leholo kateng. Leha ho le joalo, rōna ba ratang Jehova ’me re inehetse ho eena motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu ha ho hlokahale hore re nyarohe ke tšabo ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela. Ka sebele e tla ba letsatsi le tšabehang, empa ka nako e tšoanang e tla ba letsatsi la pholoho e hlollang, letsatsi la ho lokolloa tsamaisong ea lintho e khopo e hlokofalitseng moloko oa batho ho pholletsa le likete tsa lilemo. A lebeletse letsatsi leo, Joele o biletsa batho ba Molimo ho ‘thaba le ho nyakalla, hobane Jehova o tla etsa tse khōlō,’ ’me o eketsa ka tiisetso ena: “Ho tla bolokeha e mong le e mong ea [ipiletsang lebitsong, NW] la Jehova.” Joale tokisetsong ea ’Muso oa Molimo, “ba phonyohileng ba tla ba teng, joalo ka ha Jehova a boletse; ’me ho ba [pholohileng, NW], ba bang ke ba tla bitsoa ke Jehova.”—Joele 2:11, 21, 22, 32.

2. Phethahatsong ea merero ea Molimo, ho etsahala’ng (a) “letsatsing la Morena” (b) ‘letsatsing la Jehova’?

2 Letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo ha lea lokela ho ferekanngoa le ‘letsatsi la Morena’ la Tšenolo 1:10. Letsatsi lena la Morena le akarelletsa phethahatso ea lipono tse 16 tse hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 1 ho ea ho 22. Le akarelletsa nako ea phethahatso ea liketsahalo tsohle tseo Jesu a li boletseng esale pele ha a araba potso ea barutuoa ba hae: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” Ho ba teng ha Jesu leholimong, ho ile ha tšoauoa lefatšeng ka ‘lintoa, litlala, lehloeo, mafu a seoa le ho se ee ka molao’ tse tšosang. Kaha mahlomola ana a atile, Jesu o fane ka matšeliso ho batho ba tšabang Molimo ka ho romela barutuoa ba hae ba kajeno hore ba bolele “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” Joale, e le tlhōrō ea letsatsi la Morena, “bofelo” ba tsamaiso ea lintho ea hona joale, letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo, bo tla tla. (Matheu 24:3-14; Luka 21:11) Leo e tla ba letsatsi la Jehova la ho liha kahlolo ea kapele lefatšeng la Satane le senyehileng. “Ka sebele leholimo le lefatše li tla sisinyeha; empa Jehova e tla ba setšabelo sa batho ba hae.”—Joele 3:16, NW.

Jehova o Nka Bohato Matsatsing a Noe

3. Maemo a kajeno a tšoana joang le a mehleng ea Noe?

3 Kajeno maemo a lefatše a tšoana le a “matsatsing a Noe” lilemong tse fetang 4000 tse fetileng. (Luka 17:26, 27) Ho Genese 6:5, rea bala: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle.” Hoo ho tšoana hakaakang le lefatše kajeno! Bokhopo, meharo le ho hloka lerato li tletse hohle. Ka linako tse ling re ka ’na ra nahana hore moloko oa batho o senyehile ka ho feletseng. Empa boprofeta ba moapostola Pauluse mabapi le ‘matsatsi a ho qetela’ bo tsoela pele ho phethahala: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.”—2 Timothea 3:1, 13.

4. Borapeli ba bohata bo bile le phello efe linakong tsa pele?

4 Na ho ka etsahala hore ebe bolumeli bo ile ba tlisetsa moloko oa batho tokoloho nakong ea Noe? Ho fapana le hoo, ho ka etsahala hore ebe bolumeli ba bokoenehi bo kang bo neng bo le teng ka nako eo bo ile ba tlatsetsa haholo maemong ao a timetso. Batsoali ba rōna ba pele ba ne ba ile ba inehela thutong ea bohata ea “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” Molokong oa bobeli ho tloha ho Adama, “ea e-ba moo ba qalang ho [ipiletsa lebitsong, NW] la Jehova,” kamoo ho bonahalang kateng e le ka ho nyefola. (Tšenolo 12:9; Genese 3:3-6; 4:26) Hamorao, mangeloi a marabele a ileng a lesa ho inehela ho Molimo feela, a ile a ipha ’mele ea batho e le hore a ka ba le likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang le barali ba batle ba batho. Basali bana ba ile ba ba le bana ba liqhobane ba mofuta o tsoakaneng, ba bitsoang Banefilimi, ba neng ba hatella le ho hlekefetsa moloko oa batho. Tlas’a tšusumetso ena ea bodemona, ‘nama eohle e ile ea senya mokhoa oa eona lefatšeng.’—Genese 6:1-12.

5. Mabapi le liketsahalo tsa mehleng ea Noe, Jesu o re fa khothatso efe e lemosang?

5 Leha ho le joalo, lelapa le leng le ile la tšepahala ho Jehova. Kahoo, Molimo o ile “a boloka Noe, ’moleli oa ho loka, a sireletsehile hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.” (2 Petrose 2:5) Moroallo oo o ne o tšoantšetsa letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo, le tšoaeang bofelo ba tsamaiso ena ea lintho le leo Jesu a ileng a le profeta: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela. Etsoe feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mora oa motho ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mora oa motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:36-39) Re boemong bo tšoanang kajeno, ka hona Jesu o re khothalletsa ho ‘ikela hloko le ho lula re falimehile nako eohle re etsa thapeli e le hore re ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.’—Luka 21:34-36.

Kotlo ea Boahloli ea Jehova ea Sodoma le Gomora

6, 7. (a) Liketsahalo tsa mehleng ea Lota li tšoantšetsa eng? (b) See se re fa temoso efe e hlakileng?

6 Lilemo tse makholo a itseng ka mor’a Moroallo, ha bana ba Noe ba se ba atile lefatšeng, Abrahama ea tšepahalang le ngoan’a mor’abo, Lota, e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa letsatsi le leng la Jehova le susumetsang tšabo. Lota le lelapa la hae ba ne ba phela motseng oa Sodoma. Motse ona o ne o qoetse boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali hammoho le Gomora ea boahisani. O ne o amehile haholo ka lintho tse bonahalang, e leng seo qetellong se ileng sa ama esita le mosali oa Lota. Jehova o ne a boleletse Abrahama, a re: “Mohoo o tsoang Sodoma le Gomora o . . . moholo, ’me sebe sa bona se atile haholo.” (Genese 18:20) Abrahama o ile a kōpa Jehova ka tieo hore a qenehele metse eo ka lebaka la ba lokileng ba leng ka har’a eona, empa Jehova o ile a bolela hore a ke ke a fumana esita le batho ba leshome ba lokileng moo. Mangeloi a tsoang ho Molimo a ile a thusa Lota le barali ba hae ba babeli ho pholohela motseng oa Tsoare o haufinyane.

7 Ke’ng se ileng sa latela? Ha Luka 17:28-30 e bapisa ‘matsatsi a rōna a ho qetela’ le a Lota, ea tlaleha: “Ka ho tšoanang, feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Lota: ba ne ba ja, ba ne ba noa, ba ne ba reka, ba ne ba rekisa, ba ne ba lema, ba ne ba haha. Empa letsatsing leo Lota a ileng a tsoa Sodoma ka lona ho ile ha na mollo le sebabole ho tsoa leholimong ’me tsa ba timetsa kaofela. Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mora oa motho a tla senoloa.” Koluoa ea Sodoma le Gomora letsatsing leo le tšabehang la Jehova e fetisetsa temoso e hlakileng ho rōna nakong ena ea ho ba teng ha Jesu. Moloko oa batho oa kajeno le oona o ‘entse bohlola ka mokhoa o feteletseng ’me o setse nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho.’ (Jude 7) Ho feta moo, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ba linakong tsa rōna bo ’nile ba ikarabella bakeng sa bongata ba “mafu a seoa” ao Jesu a a boletseng esale pele bakeng sa mehla ena.—Luka 21:11.

Iseraele e Kotula “Sefefo”

8. Iseraele e ile ea boloka selekane le Jehova ho isa bohōleng bofe?

8 Ka nako e loketseng, Jehova o ile a khetha Baiseraele hore e be “letlotlo la [hae] la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, . . . ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” Empa sena se ne se itšetlehile ka hore ba ‘fele ba utloe lentsoe la hae, ba boloke selekane sa hae.’ (Exoda 19:5, 6) Na ba ile ba nka tokelo ee e hlollang e le ea bohlokoa? Le hanyenyane! Ke ’nete hore batho ba tšepahalang sechabeng seo ba ile ba mo sebeletsa ka botšepehi—Moshe, Samuele, Davida, Jehoshafate, Hezekia, Josiase, hammoho le baprofeta ba banna le ba basali ba inehetseng. Empa sechaba ka kakaretso se ne se sa tšepahale. Hamorao, ’muso ona o ile oa arohana likarolo tse peli—Iseraele le Juda. Ka kakaretso, lichaba tsena ka bobeli li ile tsa tšoaseha borapeling ba bohetene le litloaelong tse ling tse hlomphollang Molimo tsa linaha tsa boahisani.—Ezekiele 23:49.

9. Jehova o ile a ahlola ’muso oa bofetoheli oa meloko e leshome joang?

9 Jehova o ile a ahlola litaba joang? Joaloka kamehla, o ile a fana ka temoso, tumellanong le molao-motheo o bontšitsoeng ke Amose: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae, baprofeta taba ea hae ea lekunutu.” Amose ka boeena o ile a bolela bomalimabe bakeng sa ’muso oa Iseraele o ka leboea: “Joale, letsatsi la Jehova le tla bolela’ng ho lōna? E tla ba lefifi, ’me ho se khanya.” (Amose 3:7; 5:18, NW) Ho feta moo, Hosea moprofeta-’moho le Amose o ile a bolela: “Ba jala moea, ’me ba tla kotula sefefo.” (Hosea 8:7) Ka 740 B.C.E., Jehova o ile a sebelisa lebotho la ntoa la Assyria ho timetsa ’muso oa Iseraele o ka leboea ka ho sa feleng.

Tlaleho ea Jehova le Juda ea Bokoenehi

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a lumela ho tšoarela Juda? (b) Sechaba se ne se silafalitsoe ke lintho life tse manyala?

10 Jehova o ile a boela a romela baprofeta ba hae ’musong oa Juda o ka boroa. Ho ntse ho le joalo, marena a Juda a kang Manase le mohlahlami oa hae, Amone, a ile a tsoela pele ho etsa ho leng hobe mahlong a Hae, a tšolla ‘mali a mangata a se nang molato ’me a sebeletsa litšoantšo, a li khumamela.’ Esita le hoja Josiase mora oa Amone a ile a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova, marena a ileng a mo latela, hammoho le sechaba, a ile a boela a qoela bokhopong, hoo ‘Jehova a sa kang a rata ho ba tšoarela.’—2 Marena 21:16-21; 24:3, 4.

11 Ka moprofeta oa hae Jeremia Jehova o ile a re: ‘Ho ntse ho etsoa ho makatsang le ho tšabehang lefatšeng lena. Baprofeta ba profeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, ’me sechaba sa ka se ikhahlisetsa teng. Le tla etsa’ng qetellong?’ Sechaba sa Juda se ne se e-na le molato oa mali o fetisisang, ’me batho ba eona ba ne ba silafalitsoe ke ho utsoa, ho bolaea, ho etsa bohlola, ho hlapanya ka leshano, ho rapela melimo e meng, le ho etsa lintho tse ling tse manyala. Tempele ea Molimo e ne e fetohile “lehaha la masholu.”—Jeremia 2:34; 5:30, 31; 7:8-12.

12. Jehova o ile a tsoela pele ho otla Jerusalema e khelohileng joang?

12 Jehova o ile a bolela: “Ke lata tsietsi le kotsi e kholo ’nģeng ea leboea [Kaldea].” (Jeremia 4:6) Kahoo, o ile a tlisa ’Muso oa Lefatše oa Babylona ka nako eo, “noto ea lefatše lohle,” ho otla Jerusalema e khelohileng le tempele ea eona. (Jeremia 50:23) Ka 607 B.C.E., ka mor’a thibello e mabifi, motse ona o ile oa hlōloa ke lebotho la ntoa le matla la Nebukadnezare. ‘Morena oa Babylona a bolaea bara ba [Morena] Tsedekia pontšeng ea hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena oa Babylona a ba bolaea. A ntoo honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo ho mo isa Babylona. Ba-Kalde ba chesa ntlo ea morena le matlo a ba sechaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema. Masala a sechaba a sa setseng motseng, le bakoenehi ba neng ba ineetse eena, le masala a sa setseng a sechaba, Nebusaradane, molaoli oa balebeli, a ba isa kholehong, Babylona.’—Jeremia 39:6-9.

13. Ke bo-mang ba ileng ba pholoha letsatsing la Jehova ka 607 B.C.E., hona hobane’ng?

13 Letsatsi le susumetsang tšabo ka sebele! Empa, har’a ba ileng ba lopolloa kahlolong eo e bohale e ne e le batho ba seng bakae ba neng ba mamela Jehova. Bana ba ne ba akarelletsa Barekabe bao e neng e se Baiseraele, bao ho fapana le Bajudea ba ileng ba bontša moea oa boikokobetso le oa ho mamela. Ba bang ba ileng ba pholoha e bile Ebede-Meleke oa leqhalaha ea tšepahalang, ea ileng a pholosa Jeremia lefung ka lemeneng le seretse, le Baruke, mongoli oa Jeremia ea tšepahalang. (Jeremia 35:18, 19; 38:7-13; 39:15-18; 45:1-5) Ho ba joalo Jehova o ile a re: “’Na ke tseba mehopolo ea ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lōna, . . . mehopolo ea khotso, e seng ea bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tšepisang.” Tšepiso eo e ile ea phethahala hanyenyane ka 539 B.C.E. ha Bajuda ba tšabang Molimo ba ne ba lokolloa ke Morena Cyruse, ea hlōtseng Babylona, ’me ba khutlela ho haha motse oa Jerusalema le tempele bocha. Ka ho tšoanang, ba tsoang bolumeling ba Babylona kajeno ’me ba tsosoloselitsoe borapeling ba Jehova bo hloekileng ba ka lebella bokamoso bo khanyang ba khotso e sa feleng Paradeiseng ea Jehova e tsosolositsoeng.—Jeremia 29:11; Pesaleme ea 37:34; Tšenolo 18:2, 4.

“Matšoenyeho a Maholo” a Lekholong la Pele la Lilemo

14. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lahla Baiseraele ka ho sa feleng?

14 A re lebiseng tlhokomelo ea rōna lekholong la pele la lilemo C.E. Ka nako eo Bajuda ba tsosolositsoeng ba ne ba boetse ba oetse bokoenehing. Jehova o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng hore e be Motlotsuoa oa hae kapa Mesia. Selemong sa 29 ho ea ho sa 33 C.E., Jesu o ile a bolela ho pholletsa le naha ea Iseraele, a re: “Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.” (Matheu 4:17) Ho feta moo, o ile a bokella le ho koetlisa barutuoa hore ba kopanele le eena boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso. Babusi ba Bajuda ba ile ba arabela joang? Ba ile ba nyelisa Jesu ’me ba qetella ba entse tlōlo ea molao e mpe haholo ea ho etsa hore a bolaoe ka lefu le bohloko bo otlang pelo thupeng ea tlhokofatso. Jehova o ile a lahla sechaba sa Bajuda. Joale ho lahloa ha sechaba seo e bile ha ka ho sa feleng.

15. Bajuda ba bakileng ba ile ba ba le tokelo ea ho finyella eng?

15 Letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., Jesu ea tsositsoeng o ile a tšolla moea o halalelang, ’me o ile oa matlafatsa barutuoa ba hae hore ba bue ka maleme le Bajuda le basokolohi ba ileng ba bokana ka potlako. Ha a bua le bongata, moapostola Petrose o ile a re: “Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa, e leng ’nete eo kaofela re leng lipaki tsa eona. . . . Ka hona ntlo eohle ea Iseraele a e tsebe kannete-nete hore Molimo o mo entse ka bobeli Morena le Kreste, Jesu enoa eo le ileng la mo khokhothela thupeng.” Bajuda ba tšepahalang ba ile ba arabela joang? “Ba hlabeha ho fihla lipelong,” ba bakela libe tsa bona, ’me ba kolobetsoa. (Liketso 2:32-41) Boboleli ba ’Muso bo ile ba potlaka, ’me ka lilemo tse 30 bo ne bo nametse “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.

16. Jehova o ile a tsamaisa liketsahalo tse lebisang ho liheleng ha hae Baiseraele ba tlhaho kahlolo joang?

16 Joale e ne e le nako ea hore Jehova a ahlole batho ba hae ba lahliloeng, Baiseraele ba tlhaho. Ba likete tse ngata, ba tsoang lichabeng ho pholletsa le lefatše le neng le tsejoa ka nako eo, ba ne ba phalletse phuthehong ea Bokreste ’me ba ne ba tlotsitsoe e le “Iseraele ea Molimo” ea moea. (Bagalata 6:16) Leha ho le joalo, sechaba sa Bajuda sa nakong eo se ne se tetebetse tseleng ea lehloeo le pefong ea lihlopha tsa bokhelohi. Ho fapana le seo Pauluse a neng a se ngotse ka ‘ho ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela,’ se ile sa fetohela ’muso oa Roma o neng o se busa. (Baroma 13:1) Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a tsamaisa liketsahalo tse ileng tsa latela. Selemong seo sa 66 C.E., lebotho la Baroma le leholo la sesole, tlas’a Molaoli oa Mabotho Gallus, le ile la tsoela pele ho thibella Jerusalema. Baroma ba hlaselang ba ile ba kenella motseng ho ea bohōleng ba ho cheka lebota la tempele ka tlaase. Joalokaha histori ea Josephus e tlaleha, ka sebele ho ne ho e-na le matšoenyeho motseng le bathong.a Empa ka tšohanyetso masole a hlaselang a ile a baleha. Sena se ile sa lumella barutuoa ba Jesu ho “balehela lithabeng,” joalokaha ba ne ba elelitsoe boprofeteng ba hae bo ho Matheu 24:15, 16.

17, 18. (a) Jehova o ile a sebelisa eng ho liha kahlolo sechabeng sa Bajuda? (b) Ke nama efe e ileng ea “bolokeha,” ’me see e ne e le tšoantšetso ea eng?

17 Leha ho le joalo, e ne e le hona kahlolo ea Jehova e tla lihuoa ka ho feletseng tlhōrōng ea matšoenyeho ana. Ka 70 C.E., lebotho la Baroma le leholo la sesole, joale le le tlas’a Molaoli oa Mabotho Tite, le ile la boela la hlasela. Lekhetlong lena ntoa e ne e le ea makhaola-khang! Bajuda ba neng ba ’nile ba loantšana ka bobona, e ne e se letho ho Baroma. Motse ona le tempele ea oona o ile oa etsoa lesupi. Bajuda ba mamaraneng ba fetang milione ba ile ba utloa bohloko ’me ba e-shoa, litopo tse ka bang 600 000 tsa akheloa ka ntle ho likeiti tsa motse. Ka mor’a hore motse o oe, Bajuda ba 97 000 ba ile ba isoa botlamuoeng, ba bangata ba e-shoa hamorao lipontšong tsa tlhōlisano lebaleng la lipapali. Ka sebele, nama feela e ileng ea pholoha lilemong tsa matšoenyeho ao e ne e le ea Bakreste ba mamelang ba neng ba balehetse lithabeng tse ka nģ’ane ho Jordane.—Matheu 24:21, 22; Luka 21:20-22.

18 Kahoo, boprofeta bo boholo ba Jesu mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho” bo bile le phethahatso ea bona ea pele, e fihlileng tlhōrōng ea eona letsatsing la Jehova la ho liha kahlolo sechabeng sa Bajuda sa bafetoheli ka 66-70 C.E. (Matheu 24:3-22) Empa, seo e ne e mpa e le tšoantšetso feela ea ‘ho tla ha letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang,’ matšoenyeho a ho qetela a tla tloha a aparela lefatše lohle. (Joele 2:31) U ka “bolokeha” joang? Sehlooho se latelang se tla bolela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Josephus o re Baroma ba hlaselang ba ile ba pota-pota motse, ba cheka karolo ea lebota ka tlaase, ’me ba ne ba le haufi le ho chesa keiti ea tempele ea Jehova. Sena se ile sa baka tšabo e matla har’a Bajuda ba bangata ba neng ba qabeletsoe ka hare, hobane ba ne ba ka bona lefu le atamela.—Wars of the Jews, Buka ea II, khaolo ea 19.

Lipotso Tsa Tlhahlobo

◻ ‘Letsatsi la Morena’ le amana joang le “letsatsi la Jehova”?

◻ Ha re talima morao mehleng ea Noe, re lokela ho ela hloko temoso efe?

◻ Sodoma le Gomora li fana ka thuto e matla joang?

◻ Ke bo-mang ba ileng ba pholosoa ‘matšoenyehong a maholo’ a lekholong la pele la lilemo?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jehova o ile a lokisetsa pholoho bakeng sa lelapa la Noe le la Lota, esita le ka 607 B.C.E. le ka 70 C.E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela