Baboleli ba ’muso Baa Tlaleha
Molimo oa Hōlisa Alaska
KA TLAS’A moalo oa lehloa le leqhoa, peō e nyenyane e letetse monyetla oa ho hōla. Nakong e khutšoanyane ea likhoeli tse tharo tsa lehlabula la Alaska, peō ea k’habeche e bophara ba limilimithara tse tharo e ka ’na ea hōla ho fihlela e e-ba boima bo ka etsang lik’hilograma tse 40! E, naha ena eo ba bangata ba kileng ba nahana hore ke e sa beheng, letsoatlara le batang, e ka hlahisa litholoana tse ngata haholo.
Sena ke ’nete ka ho khetheha tabeng ea tšimo ea moea Alaska. Naheng eo ea mariha a nkang nako e telele, Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho jala peō ea ’Muso. Joaloka libakeng tse ling tsa lefatše, Molimo o hōlisa peō eo lipelong tse behang litholoana.—1 Bakorinthe 3:6, 7.
● Ha a le ka beseng e ba isang sekolong, mocha e mong oa Paki eo lebitso la hae e leng Vanessa o ile a bona Ann, ngoana ea kenang sekolo le eena eo kamehla a neng a itulela a le mong. Ann o ne a bonahala a hlorile, kahoo Vanessa o ile a re Ann a tl’o lula pel’a hae. Ha ho makatse ha Ann a ne a hlorile! ’Mè oa hae o ne a bolailoe ke lefu la pelo, ’me nakoana ka mor’a moo, ntate oa hae a bolaoa ke kankere. Ke ka hona Ann a neng a lula le beng ka eena moo Alaska.
Moqebelo o mong ha Vanessa a ne a le tšebeletsong ea tšimo, o ile a kena habo motsoalle eo oa hae e mocha ’me a mo siela bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Mantaha o hlahlamang ha ba le sekolong, Ann o ile a batla mocha eo oa Paki. Ann o ne a e-na le lipotso tse ngata tsa Bibele tseo Vanessa a ileng a khona ho li araba. O ile a botsa: “Le tšoarela litšebeletso tsa lōna hokae?” Mantsiboeeng ao, Ann o ile a ba teng libokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso.
Ha hoa ka ha nka nako e telele hore khutsana ena e lilemo li 17 e fumane ‘bo-ntate’ le ‘bo-’mè’ ba bangata, joalokaha Jesu a ile a tšepisa. (Matheu 19:29) ’Me e bile ketsahalo e thabisang hakaakang ho bona ha Ann ea thabileng le ea bososelang a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing, Kopanong ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo”!
● Likarolong tse ka thōko tsa libaka tse khōlōhali tsa Alaska tse Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše—moo metse e arohaneng haholo—sefofane sa Mokhatlo oa Watch Tower se nang le lienjene tse peli se ’nile sa sebelisetsoa ho jala peō ea ’Muso metseng e fetang 150. Leha ho le joalo, khōlo ea moea e tlisoang ke thuto ea Bibele ea kamehla e itšetlehile ka ngollano. Kaha ho ngola mangolo ke phephetso ho ba bangata, ho hlokahala hore mosuoe oa Bibele a be chatsi e le hore a ka boloka thahasello ea seithuti e phela. See se ka finyelloa joang?
Kathy o ile a khanna thuto ea Bibele e tsoelang pele le Edna, le hoja ba ne ba lula libakeng tse arohaneng ka lik’hilomithara tse 600! Ho e-na le hore a kopitse feela lipotso tse bukeng eo ba ithutang eona, Kathy o ile a ngola lipotso maqepheng ’me a siea sebaka seo ho tla ngolloa likarabo ho sona. Ha Edna a qetile ho ngola likarabo, Kathy o ne a araba lengolo la hae ’me a kenyelletsa litlhaloso tse hlokahalang bakeng sa ho hlakisa lintlha. Kathy o re: “Ke ile ka behella mantsiboea a Laboraro ka thōko bakeng sa ‘thuto’ ea rōna, ’me ke ile ka leka ho khomarela kemisong ena joalokaha ke ne ke tla khomarela nako leha e le efe e behiloeng bakeng sa thuto efe le efe e ’ngoe ea Bibele. Ke ne ke boetse ke romela Edna enfelopo e nang le aterese ea ka, ebile e se e e-na le setempe. Kaha poso e ne e nka libeke tse peli, ho ne ho bonahala thuto ka ngollano e batla e lieha.”
Nahana thabo eo Kathy le Edna ba bileng le eona ha ba kopana ka ho toba kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Anchorage, ka mor’a likhoeli tse leshome tsa thuto ka ngollano! Lipaki li ne li boetse li thabetse ho ba teng ha liithuti tsa Bibele le ba bang ba thahasellang ba tsoang metseng e mengata e arohaneng ea Alaska.
Le hoja ka linako tse ling ho ka bonahala khōlo e lieha, “sethopo” se seng se hōla ka potlako ha se fumana khanya ea ’nete. Ka karolelano, selemo le selemo ho kolobetsoa barorisi ba Jehova ba bacha ba ka holimo ho lekholo Alaska! Re re, “Rea leboha Jehova,” ka ho etsa hore e hōle!