Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae ho ba Tšepahalang
“Oa tšepahala ea tšepisitseng.”—BAHEBERU 10:23.
1, 2. Ke hobane’ng ha re ka ba le tšepo e feletseng litšepisong tsa Jehova?
JEHOVA o kōpa hore bahlanka ba hae ba hlaolele ba be ba boloke tumelo e tiileng ho eena le litšepisong tsa hae. Ka tumelo e joalo motho a ka ba le tšepo e feletseng ea hore Jehova o tla etsa seo a se tšepisitseng. Lentsoe la hae le bululetsoeng le re: ‘Jehova oa makhotla o hlapantse, a re: Ruri, see ke se hopotseng, se tla etsahala; le se ke se rerileng, se tla hlaha.’—Esaia 14:24.
2 Polelo ‘Jehova oa makhotla o hlapantse,’ e bontša hore o hlapanya ka tieo hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Ke kahoo Lentsoe la hae le reng: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Ha re tšepa Jehova ’me re itumella ho tataisoa ke bohlale ba hae, ka sebele litsela tsa rōna li tla re lebisa bophelong bo sa feleng, hobane bohlale ba Molimo ke “sefate sa bophelo ho ba bo ruileng.”—Liproverbia 3:18; Johanne 17:3.
Tumelo ea ’Nete Mehleng ea Boholo-holo
3. Noe o ile a bontša tumelo ho Jehova joang?
3 Tlaleho ea liketso tsa Jehova mabapi le ba nang le tumelo ea ’nete e paka hore ke ea ka tšeptjoang. Ka mohlala, lilemong tse fetang 4400 tse fetileng, Molimo o ile a bolella Noe hore lefatše la mehleng ea hae le ne le tla senngoa ka Moroallo oa lefatše lohle. O ile a laela Noe ho haha areka e khōlō eo ka eona ho neng ho tla pholosoa batho le liphoofolo. Noe o ile a etsa’ng? Baheberu 11:7 ea re bolella: “Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.” Ke hobane’ng ha Noe a ne a e-na le tumelo nthong eo ho neng ho se mohla e kileng ea etsahala, e “e-s’o bonoe”? Hobane o ne a tseba ho lekaneng ka litšebelisano tsa nakong e fetileng tsa Molimo le lelapa la motho hore a ka lemoha hore eng kapa eng eo Molimo a e buang ea phethahala. Ka hona Noe o ne a kholisehile hore Moroallo le oona o ne o tla ba teng.—Genese 6:9-22.
4, 5. Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a tšepa Jehova ka ho feletseng?
4 Mohlala o mong oa tumelo ea ’nete ke Abrahama. Lilemong tse fetileng tse ka bang 3900, Molimo o ile a mo bolella hore a etse sehlabelo ka Isaka, mora oa hae ea mong ka mosali oa hae Sara. (Genese 22:1-10) Abrahama o ile a arabela joang? Baheberu 11:17 e re: “Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa, ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka.” Leha ho le joalo, motsotsong oa ho qetela, lengeloi la Jehova le ile la thiba Abrahama. (Genese 22:11, 12) Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Abrahama a ne a ka nahana esita le ho etsa ntho e joalo? Hobane, joalokaha Baheberu 11:19 e bolela, “o ile a lekanya hore Molimo o ne a khona ho . . . tsosa [Isaka] esita le bafung.” Empa ke joang Abrahama a neng a ka ba le tumelo tsohong ha ho ne ho se mohla a kileng a e bona ’me ho ne ho se e tlalehiloeng?
5 Hopola hore Sara o ne a le lilemo li 89 ha Molimo a ba tšepisa mora. Pōpelo ea Sara e ne e se e ke ke ea hlahisa ngoana—e ne e shoele, ka puo ea tšoantšetso. (Genese 18:9-14) Molimo o ile a tsosa pōpelo ea Sara, eaba o beleha Isaka. (Genese 21:1-3) Abrahama o ne a tseba hore kaha Molimo o ile a tsosa pōpelo e shoeleng ea Sara, joale o ne a ka tsosa le Isaka haeba ho hlokahala. Baroma 4:20, 21 e re ka Abrahama: “Ka lebaka la tšepiso ea Molimo ha aa ka a thekesela ka ho hloka tumelo, empa o ile a ba matla ka tumelo ea hae, a tlotlisa Molimo ’me a kholisehile ka botlalo hore seo a neng a se tšepisitse o ne a boetse a khona ho se etsa.”
6. Joshua o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova?
6 Lilemong tse fetileng tse fetang 3400 ha Joshua a ne a e-na le lilemo tse fetang lekholo le ka mor’a hore bophelong bohle a latsoe hore na Molimo o tšepahala hakae, o ile a fana ka lebaka lena bakeng sa kholiseho ea hae: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Joshua 23:14.
7, 8. Bakreste ba ile ba nka bohato bofe bo pholosang bophelo lekholong la pele la lilemo, hona hobane’ng?
7 Lilemong tse ka bang 1900 tse fetileng, batho ba bangata ba ikokobelitseng ba ile ba bontša tumelo ea ’nete. Ba ile ba hlokomela ka ho phethahala ha boprofeta ba Bibele hore Jesu e ne e le Mesia ’me ba amohela lithuto tsa hae. Ba e-na le motheo o tiileng linneteng le Mangolong a Seheberu, ba ile ba lumela seo Jesu a neng a se ruta. Kahoo, ha Jesu a ne a re kahlolo ea Molimo e tlela Judea le Jerusalema ka lebaka la ho se tšepahale, ba ile ba mo kholoa. ’Me ha a ba bolella hore na ba etse’ng hore ba pholose bophelo ba bona, ba ile ba nka bohato.
8 Jesu o ile a bolella balumeli hore ha Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a ntoa, ba balehe. Mabotho a Baroma a ile a hla a futuhela Jerusalema ka selemo sa 66 C.E. Empa Baroma ba ile ba tloha ka lebaka le sa hlalosoang. Seo e ne e le pontšo ea hore Bakreste ba tlohe motseng oo, hobane Jesu o ne a itse: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona a ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko a ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:20, 21) Ba nang le tumelo ea ’nete ba ile ba tloha Jerusalema le mathōkong a eona ’me ba balehela moo ho sireletsehileng.
Liphello Tsa ho Hloka Tumelo
9, 10. (a) Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bontša joang hore ha ba na tumelo ho Jesu? (b) Liphello tsa ho hloka tumelo ho joalo e bile life?
9 Ba se nang tumelo ea ’nete ba ile ba etsa’ng? Ha baa ka ba baleha ha ba sa ntse ba e-na le monyetla. Ba ile ba nahana hore baeta-pele ba bona ba ka ba pholosa. Empa baeta-pele bao le balateli ba bona, le bona ba ne ba e-na le bopaki ba hore Jesu ke Mesia. Ka hona, ke hobane’ng ha ba sa ka ba lumela seo a neng a se bua? Ka lebaka la bokhopo ba lipelo tsa bona. Sena se ile sa senoleha pejana ha ba bona bongata ba batho feela ba tloaelehileng bo khobokana ho Jesu ka mor’a hore a tsose Lazaro. Johanne 11:47, 48 e re: “Baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba bokella Sanhedrine [lekhotla le phahameng la Bajuda] hammoho ’me ba qala ho re: ‘Re tla etsa joang, hobane monna enoa [Jesu] o etsa lipontšo tse ngata? Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ’me ba nke ka bobeli sebaka sa rōna le sechaba sa rōna.’” Temana ea 53 e re: “Ka hona ho tloha letsatsing leo ho ea pele ba eletsana ho mo bolaea.”
10 Jesu o ne a entse mohlolo o babatsehang hakaakang—ka ho tsosa Lazaro! Empa baeta-pele ba bolumeli ba ne ba batla hore Jesu a bolaeloe ho etsa seo. Bokhopo ba bona bo feteletseng bo ile ba senoleha haholoanyane ha “baprista ba ka sehloohong . . . ba eletsana ho bolaea le Lazaro, hobane ka lebaka la hae Bajuda ba bangata ba ne ba ea moo ’me ba beha tumelo ho Jesu.” (Johanne 12:10, 11) Lazaro o ne a sa tsoa tsosoa bafung, ’me baprista bao ba ne ba batla ho mo bona a boetse a shoele! Ba ne ba sa ameha ka thato ea Molimo kapa ka boiketlo ba batho. E ne e le baithati, ba amehileng ka boemo ba bona le menyetla ea bona. “Ba ne ba rata thoriso ea batho esita le ho feta thoriso ea Molimo.” (Johanne 12:43) Empa ba ile ba kotula litholoana tsa ho hloka tumelo ha bona. Ka selemo sa 70 C.E., mabotho a ntoa a Roma a ile a khutla ’me a felisa sebaka sa bona le sechaba sa bona, hammoho le bongata ba bona.
Tumelo e Bontšoang Mehleng ea Rōna
11. Qalong ea lekholo lena la lilemo, tumelo ea ’nete e ile ea bontšoa joang?
11 Lekholong lena la lilemo ho boetse ho bile le banna le basali ba bangata ba tumelo ea ’nete. Ka mohlala, mathoasong a bo-1900, batho ka kakaretso ba ne ba lebeletse bokamoso ba khotso le katleho. Ka nako eo, ba neng ba lumela ho Jehova ba ne ba bolela hore moloko oa batho o ne o tla tloha o kena mehleng eo ho eona ho neng ho tla ba le khathatso e fetisisang. Ke sona seo Lentsoe la Molimo le neng le se boletse esale pele ho Matheu khaolo ea 24, 2 Timothea khaolo ea 3 le libakeng tse ling. Seo batho bao ba tumelo ba se buileng se ile sa fela sa etsahala, ho tloha ka 1914 ka Ntoa ea I ea Lefatše. Lefatše le ile la fela la kena “matsatsing a ho qetela” a ileng a boleloa esale pele, a nang le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba ne ba tseba ’nete mabapi le maemo a lefatše morao koo ha ba bang ba ne ba sa e tsebe? Hobane, joaloka Joshua, ba ne ba lumela hore ha ho lentsoe leha le le leng la Jehova le neng le tla oela fatše.
12. Kajeno bahlanka ba Jehova ba tšepela tšepisong efe ea hae?
12 Kajeno, palo ea bahlanka ba Jehova ba mo tšepileng, e haufi le ho ba limilione tse tšeletseng lefatšeng lohle. Baa tseba ka lebaka la bopaki bo phethahatsang lentsoe la Molimo la boprofeta hore, haufinyane o tla felisa tsamaiso ena ea lintho e tletseng pefo le boitšoaro bo bobe. Ka hona, ba kholisehile hore nako e haufi ea ha ba tla bona ho phethahala ha 1 Johanne 2:17, e reng: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” Bahlanka ba hae ba tšepa ka ho feletseng hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ena.
13. U ka tšepa Jehova ho isa kae?
13 U ka tšepa Jehova ho isa kae? Ka ho feletseng! Le haeba u ka shoa hona joale ka lebaka la ho mo sebeletsa, o tla u buseletsa bophelo bo molemo haholoanyane tsohong. Jesu oa re tiisetsa: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso [ke hore, ba khopolong ea Molimo] ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Na u tseba ngaka, moeta-pele oa lipolotiki, rasaense, mohoebi, kapa motho leha e le ofe ea ka etsang seo? Tlaleho ea bona ea nakong e fetileng e bontša hore ba ke ke. Jehova a ka ho etsa, ebile o tla ho etsa!
Bokamoso bo Babatsehang Bakeng sa ba Tšepahalang
14. Lentsoe la Molimo le tšepisa ba tšepahalang bokamoso bofe bo hlollang?
14 Jesu o buile ka bonnete ba lefatše le lecha tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo, ha a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) Seo se ile sa matlafatsa tšepiso ea Molimo e fumanoang ho Pesaleme ea 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” ’Me pejana ho lefu la Jesu, ha moetsi e mong oa bobe a ne a bontša tumelo ho eena, Jesu o ile a re ho monna eo: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) E, e le Morena oa ’Muso oa Molimo, Jesu o tla etsa bonnete ba hore monna enoa o tsosetsoa bophelong lefatšeng a e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Kajeno, ba lumelang ’Musong oa Jehova, le bona ba ka lebella hore ba tla phela Paradeiseng ha “[Molimo a] tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.
15, 16. Ke hobane’ng ha ho tla pheloa ka khotso lefatšeng le lecha?
15 A re ke re inahaneng re se re le lefatšeng leo le lecha. Nka hore re se re phela ho lona. Hang-hang, re bona hohle batho ba thabileng ba phelang hammoho ka khotso e feletseng. Ba thabela maemo a tšoanang le a hlalositsoeng ho Esaia 14:7: “Lefatše kaofela le phomotse, le na le khotso, ho hlajoa lipina tsa nyakallo.” Ke hobane’ng ha ba le ka tsela eo? Taba ea pele, hlokomela hore mamati ha a na linotlolo. Ha li hlokahale kaha ha ho na tlōlo ea molao kapa pefo. Ho feela kamoo Lentsoe la Molimo le boletseng: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.
16 Ha ho sa na ntoa, hobane lefatšeng lena le lecha, ntoa e thibetsoe ka molao. Lihlomo tsohle li teiloe lisebelisoa tsa khotso. Esaia 2:4 e phethahalitsoe ka botlalo: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Ha e le hantle, ke seo re neng re se lebeletse! Hobane’ng? Hobane baahi ba bangata ba lefatše le lecha ba ne ba ithutile ho etsa joalo ha ba ntse ba sebeletsa Molimo lefatšeng la khale.
17. Ho tla rena maemo afe a bophelo tlas’a ’Muso oa Molimo?
17 Ntho e ’ngoe eo u e hlokomelang ke hore bofutsana ha bo eo. Ha ho motho ea phelang setakaneng kapa ea apereng marantha kapa ea se nang lehae. E mong le e mong o na le ntlo e khathollang le setša se hlokometsoeng hantle se nang le lifate le lipalesa tse ntle. (Esaia 35:1, 2; 65:21, 22; Ezekiele 34:27) ’Me tlala ha e eo, kaha Molimo o phethahalitse tšepiso ea hae ea hore bohle ba tla ba le lijo tse ngata: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba liqoapi tsa ’ona li hoase joalo ka merokoli.” (Pesaleme ea 72:16) Ka sebele, tlas’a tataiso ea ’Muso oa Molimo, paradeise e khanyang e atolohela lefatšeng ka bophara, feela joalokaha Molimo a ne a rerile morao koana Edene.—Genese 2:8.
18. Lefatšeng le lecha ke lintho life tse sa tl’o hlola li tšosa batho?
18 Hape, u hlolloa ke matjato a motho e mong le e mong. Ke hobane joale ba na le ’mele le likelello tse phethahetseng. Ho kula, bohloko kapa lefu ha li sa le eo. Ha ho ea setulong sa likooa kapa betheng ea sepetlele. Tseo tsohle li felile ka ho sa feleng. (Esaia 33:24; 35:5, 6) Ka sebele ha ho na liphoofolo tse tšosang, hobane matla a Molimo a entse hore li be le khotso!—Esaia 11:6-8; 65:25; Ezekiele 34:25.
19. Ke hobane’ng ha letsatsi le leng le le leng lefatšeng le lecha e tla ba la ‘thabo e phethehileng’?
19 Baahi ba tšepahalang ba lefatše lee le lecha ba haha tsoelo-pele e hlollang hakaakang! Matla a bona le tsebo, le matlotlo a lefatše, li sebelisetsoa ho phehella lipakane tse molemo, eseng tse kotsi; ho ikopanya le ba bang tšebetsong, eseng ho hlōlisana le bona. ’Me u ka tšepa e mong le e mong eo u teanang le eena hobane, joalokaha Molimo a tšepisitse, kaofela ke ‘batho ba rutoang ke Jehova.’ (Esaia 54:13) Kaha e mong le e mong o busoa ka melao ea Molimo, lefatše le ‘tletse tsebo ea Jehova joalokaha metsi a aparetse leoatle.’ (Esaia 11:9) Kannete letsatsi le leng le le leng lefatšeng lena le lecha le ka tsela eo Pesaleme ea 37:11 (NW) e boletseng hore le tla ba ka eona, ke la ‘thabo e phethehileng.’
Bokamoso bo Thabileng bo Tiisitsoe
20. Re lokela ho etsa’ng ho thabela bokamoso bo nang le khotso?
20 Re lokela ho etsa eng hore re tle re be karolo ea bokamoso boo bo thabisang? Esaia 55:6 ea re bolella: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.” ’Me ha re ntse re batla, boikutlo ba rōna bo lokela ho tšoana le bo hlalositsoeng ho Pesaleme ea 143:10 (NW): “Nthute ho etsa thato ea hao, hobane u Molimo oa ka.” Ba etsang sena ba ka tsamaea ka pel’a Jehova ba se na molato ho pholletsa le matsatsi ana a ho qetela ’me ba ka lebella bokamoso bo molemo. “Lemoha ea lokileng, u talime motho oa toka; hobane motho oa khotso o sa tla bona litloholo, empa ba bolotsana ba timela, ’me litloholo tsa ba babe lia felisoa.”—Pesaleme ea 37:37, 38.
21, 22. Molimo o theha eng kajeno, hona koetliso e finyelloa joang?
21 Hona joale Jehova o bitsa ba batlang ho etsa thato ea hae lichabeng tsohle. O ba etsa motheo oa mokhatlo oa hae oa lefatše le lecha, joalokaha boprofeta ba Bibele bo boletse esale pele: “Mehleng ea bofelo [nako eo re phelang ho eona hona joale] . . . lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova [borapeling ba hae ba ’nete bo phahameng] . . . o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”—Esaia 2:2, 3.
22 Tšenolo 7:9 e ba hlalosa e le “bongata bo boholo . . . bo tsoa[ng] lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.” Temana ea 14 e re: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo,” ba pholohang bofelo ba tsamaiso ea kajeno. Motheo ona oa lefatše le lecha o se o e-na le litho tse batlang ho ba limilione tse tšeletseng, ’me ba bangata ba bacha ba fetoha karolo ea oona selemo le selemo. Bahlanka bana bohle ba Jehova ba tšepahalang ba koetlisetsoa bophelo lefatšeng la hae le lecha. Ba ithuta mesebetsi ea moea le e meng e hlokahalang bakeng sa ho fetola lefatše lena paradeise. ’Me ba na le tšepo e feletseng ea hore Paradeise eo e tla ba ntho ea sebele hobane “oa tšepahala ea tšepisitseng.”—Baheberu 10:23.
Lintlha Tsa Tlhahlobo
◻ Ho hloka tumelo ho bile le liphello life lekholong la pele la lilemo?
◻ Bahlanka ba Molimo ba ka mo tšepa ho isa kae?
◻ Ba tšepahalang ba boloketsoe bokamoso bofe?
◻ Re lokela ho etsa’ng ho tiiseha ka bokamoso ba rōna bo thabileng lefatšeng le lecha la Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Hona joale Jehova o rala motheo oa mokhatlo oa lefatše le lecha