Kopano ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo” ea 1998-1999 e Atametse!
AFRIKA E KA BOROA, ho lokiselitsoe likopano libakeng tse 21 tse sa tšoaneng ka December le January. Ho ka etsahala hore ebe e ’ngoe ea lipokano tsena tsa matsatsi a mararo e tla ba motseng o haufi le moo u lulang teng. Libakeng tse ngata, letsatsi ka leng—ho tloha ka Labohlano ho fihlela ka Sontaha—lenaneo le tla qala ka ’mino ka 9:30 hoseng.
Lenaneo la Labohlano hoseng le tla totobatsa litlaleho tsa tsoelo-pele ea boboleli ba ’Muso likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše. ’Me sehlooho sa kopano se tla hatisoa ke puo ea sehlooho e reng, “Thekollo ea Kreste—Tsela ea Molimo ea Poloko.”
Motšehare oa mantsiboea puo ea neheletsano e reng, “Batsoali—Kenyang ka Botebo Tsela ea Molimo Baneng ba Lōna,” e tla fana ka litlhahiso tsa kamoo ho ka susumelletsoang bacha ho rata Jehova le ho mo sebeletsa. Lenaneo la motšehare oa mantsiboea le tla phethoa ka puo e reng, “Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?”
Lenaneo la Moqebelo hoseng le totobatsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa Lipaki tsa Jehova ka likarolo tse tharo tse latellanang, “Ho Thusa Batho ho Kena Tseleng e Isang Bophelong,” “Phephetso ea ho Finyella Batho” le “Ho Ruta Barutuoa Sohle Seo Kreste a se Laetseng.” Qetellong ea lenaneo la hoseng, ho tla ba le tokisetso ea hore barutuoa ba bacha ba kolobetsoe.
Puo e reng, “Ho Sebeletsa re E-na le Tebello ea Bophelo bo sa Feleng” ea Moqebelo motšehare oa mantsiboea e re khothalletsa hore re nahane ka ho teba ka mabaka a rōna a ho sebeletsa Molimo. Lipuo tse reng, “Ho Ananela ‘Limpho Tseo e Leng Banna,’ ba Rutang Tsela ea Molimo” le “Hlobola Botho ba Khale ’me U Apare bo Bocha” li hlahloba Baefese khaolo ea 4 temana ka temana ka tsela e rutang. Ho tla latela keletso e molemo ea Mangolo e tla fanoa puong e reng, “Ipoloke U sa Silafatsoa ke Lefatše” le puong ea neheletsano ea likarolo tse tharo e reng “Bacha—Latelang Tsela ea Molimo.” Lenaneo la mantsiboea le phethoa ka puo e reng, “’Mōpi—Botho ba Hae le Litsela Tsa Hae.”
Lenaneo la Sontaha hoseng le fupere puo ea neheletsano e likarolo li tharo e tla tšohla likhaolo tse qetellang tsa buka ea Bibele ea Ezekiele hammoho le ho phethahala ha boprofeta ba tsona. Lenaneo la hoseng le tla phethoa ka tšoantšiso eo ho eona batšoantšisi ba apereng liaparo tse tšoanang le tsa batho bao ba ba tšoantšetsang e thehiloeng botšepehing ba bacha ba bararo ba Baheberu. Ntlha e ka sehloohong ea kopano, motšehare oa mantsiboea ke puo ea phatlalatsa e reng, “Tsela e le ’Ngoe Feela e Isang Bophelong bo sa Feleng.”
Ka sebele u tla matlafala moeeng ka hore u be teng matsatsing ana a mararo kaofela. U amoheloa ka mofuthu lenaneong lohle, leo, ha e le hantle, kaofela ha lona u sa tl’o le lefella. Hore u fumane sebaka se haufi-ufi le moo u lulang teng, e-ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.