Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 1/1 maq. 3-5
  • Thuso ea Sebele Bakeng sa Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso ea Sebele Bakeng sa Lelapa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thibela Tlhalo
  • Malumeli a Fapaneng
  • Ha Ntate a Hlokomoloha Boikarabelo ba Hae
  • Moea oa Khotso
  • Litloaelano Tse Mpe
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Boloka Khotso Lelapeng la Hao
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 1/1 maq. 3-5

Thuso ea Sebele Bakeng sa Lelapa

“Ho loketse ho bolela hore lelapa le tlokotsing Amerika. Ke ho utloahalang ho fihlela qeto e joalo ha ho shejoa lenane la malapa a qhalanang, bana ba matšeho [le] litlaleho tsa ho hlekahlekoa ha bana le balekane ba lenyalo.”

MANTSOE ana a Tom Brokaw, seboholi sa thelevishene, United States, a ka sebetsa linaheng tse ngata. Tlokotsi ee e bolela’ng?

Ka litsela tse ngata lelapa ke mokokotlo oa sechaba. Haeba lelapa le le khathatsong, sechaba le sona se khathatsong. Ho feta moo, lelapa ke mohloli oa tšehetso ea maikutlo le ea lichelete ho bana. Ke moo ba ithutang lithuto tsa motheo le tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa bophelo. Haeba lelapa le le khathatsong, bana ba ithuta eng? Ba tšabela hokae? E tla ba batho ba baholo ba mofuta ofe?

Na ho na le thuso leha e le efe bakeng sa lelapa nakong ee ea tlokotsi? E. Lelapa ke tokisetso e raliloeng ke Molimo. (Genese 1:27, 28) ’Me o file lelapa tataiso e ke keng ea hlokomolohuoa ka Lentsoeng la hae, Bibele. (Bakolose 3:18-21) Ke ’nete hore re ke ke ra fetola batho ka kakaretso, empa re ka sebelisa keletso ea Bibele ka malapeng a rōna. Re rata ho u bolella ka batho ba bang ba ileng ba sebelisa keletso ena le ka liphello tse ntle tseo ba bileng le tsona.

Ho Thibela Tlhalo

Hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea manyalo e qetella ka tlhalo linaheng tse ngata. Ena ke tekanyo e khōlō ea ho hlōleha ha likamano tsa batho! Ke ’nete hore ba bangata bao ka lebaka la tlhalo ba iphumanang e le batsoali ba se nang balekane, ba etsa mosebetsi o ba pakang e le bahale oa ho hōlisa bana ba bona. Empa ba bangata ba tla lumellana hore ho molemo ha banyalani ba ka rarolla mathata a bona ’me ba tsoela pele ho phela ’moho.

Lenyalo la banyalani ba bang ba Solomon Islands le ne le lebile koluoeng. Monna, e leng mor’a morena, e ne e le motho ea mabifi hape a e-na le mekhoa e mengata e mebe. Mosali oa hae o ne a phela ka thata hoo a bileng a leka ho ipolaea. Eaba monna o lumela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a ithuta hore mang le mang ea batlang ho khahlisa Molimo hase feela hore o lokela ho tseba se fosahetseng empa hape o lokela ho ‘hloea bobe.’ (Pesaleme ea 97:10) Hoo ho akarelletsa ho hloea lintho tse kang ho bua leshano, ho utsoa, ho ba mabifi le ho tahoa. O ile a nka sena ka ho teba ’me ka mor’a nakoana a hlōla mekhoa ea hae e mebe ’me a tlohela ho ba sefela-peloana. Mosali oa hae o ile a makalla ho fetoha ha hae, ’me lenyalo la bona la ntlafala haholo, ka lebaka la tšusumetso ea Lentsoe la Molimo.

Afrika Boroa teng mosali e mong eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a utloela hore mohiri oa hae le monna oa hae ba rera ho hlalana. Paki ena e ile ea buisana le mohiri oa eona ka pono ea Molimo ka lenyalo ’me ea mo bontša buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Buka ena e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, e totobatsa melao-motheo ea Bibele e sebetsang lenyalong, ka ho khetheha e hatisa kamoo Bibele e thusang banyalani ho rarolla mathata a bona kateng. Mohiri hammoho le monna oa hae ba ile ba bala buka ena ’me ba leka ka tieo ho sebelisa keletso ea Bibele eo e faneng ka eona. Ka lebaka la eona, ba ile ba etsa qeto ea ho se hlalane—lenyalo le leng hape le ileng la bolokoa ke ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.

Malumeli a Fapaneng

Ho thoe’ng ka lenyalo leo ho lona balekane ba nang le malumeli a fapaneng? Ka ho utloahalang Bibele e eletsa Bakreste hore ba nyalane “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Leha ho le joalo, ka linako tse ling, molekane e mong oa lenyalo o fetola bolumeli ba hae. Na seo se lokela ho felisa lenyalo? Le hanyenyane.

Botswana, mosali e mong ea sa tsoa fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a botsoa hore na tumelo ea hae e ncha e mo fetotse joang. O ile a kōpa monna oa hae hore a mo arabelle, ’me eena a re: “Ho tloha ha mosali oa ka e e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke bone liphetoho tse ngata tse ntle ho eena. Hona joale o na le khutso le litšoaneleho tsa bohlale tseo a neng a ntse a se na tsona pele. O bile le matla le boikemisetso ba ho khaotsa ho tsuba, e leng bothata boo ke ntseng ke sitoa ho bo hlōla. Mosali oa ka o fetohile ea bontšang lerato ho ’na le ho bana, esita le ho batho ba bang. O na le mamello haholoanyane, haholo-holo ho bana. Ke ’mona a qeta nako tšebeletsong ea hae, a leka ho thusa ba bang hore ba ntlafatse bophelo ba bona. Ke boetse ke hlokometse liphetoho tse ntle ho ’na. Ke lumela hore sena sohle ke ka lebaka la mohlala oa hae.” Ke phello e ntle hakaakang eo melao-motheo ea Bibele e bileng le eona lenyalong lee! Ba bangata bao e seng Lipaki ba hlalositse se tšoanang ka balekane ba bona bao e leng Lipaki.

Ha Ntate a Hlokomoloha Boikarabelo ba Hae

Kamano pakeng tsa ntate le bana ba hae ke ea bohlokoa ho haheng malapa a tiileng. Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Lōna, bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ka hona, hase ho makatsang ha sehlooho se hatisitsoeng ho The Wilson Quarterly se ile sa jarisa bo-ntate ba sa phetheng karolo ea bona molato ka mathata a mangata a sechaba. Sehlooho seo se ile sa re: “Pakeng tsa 1960 le 1990, lenane la bana ba sa luleng le bo-ntat’a bona ba tlhaho le imenne ka makhetlo a fetang a mabeli . . . Ho nyehla ha tataiso ea bontate ke tšusumetso e khōlō mathateng ana a mangata a ferekanyang hakana a hlaselang sechaba sa Amerika.”

Na see se bolela hore bana bao bo-ntat’a bona ba sa ba feng tataiso ba tlameha hore joang kapa joang ba hlōlehe? Che. Mopesaleme oa boholo-holo o ile a re: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Moshemane e mong ea lilemo li robong oa Thailand o ile a fumana hore sena ke ’nete. O ile a hlokahalloa ke ’m’ae esale lesea, ’me kaha ntat’ae o ne a sa mo batle, o ile a mo siea le nkhon’oae. Ka lebaka la ho ba le boikutlo ba ho se batloe le ho se ratoe, moshemane enoa o ile a fetoha lerabele ’me a tuma ka ho ba ea mabifi. O bile a sokela le nkhon’oae. Ka letsatsi le leng baboleli ba babeli ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba mo memela lelapeng la bona, ka mor’a ho hlokomela hore o atisa ho ema kantle Holong ea ’Muso ea sebaka seo.

Ba ile ba mo bolella ka Molimo—hore Eena, joaloka ntate, o rata bana ba hae. Ba ile ba bua hape ka Paradeise ea lefatšeng eo Molimo a e tšepisitseng batho ba tšepahalang. (Tšenolo 21:3, 4) Sena sohle se ile sa ipiletsa ho moshemane enoa, ’me a ’na a tla ho bona letsatsi le leng le le leng ho tla ithuta ho eketsehileng. Lipaki tsena li ile tsa mo bolella hore o tla lokela ho khaotsa ho ba mabifi haeba a hlile a batla hore Molimo e be Ntate oa hae. Sena se ne se le tumellanong le mantsoe a Pauluse ho Baroma: “Ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) Hape o ne a lokela ho sebelisana le nkhon’oae ka mosa. (1 Timothea 5:1, 2) Ka mor’a nakoana, o ile a qala ho sebelisa melao-motheo ea Bibele—ntle ho pelaelo a ntlafatsa bophelo ba hae ba lelapa le nkhon’oae. (Bagalata 5:22, 23) Baahisani ba ile ba khahloa haholo ke liphetoho tseo ba ileng ba li hlokomela ho eena hoo ba ileng ba batla hore bana ba bona le bona ba ithute Bibele le Lipaki tsa Jehova!

Moea oa Khotso

Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakolose: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea kopano. Hape, khotso ea Kreste a e laole ka lipelong tsa lōna.” (Bakolose 3:14, 15) Moea oa khotso le lerato le tebileng li ke ke tsa hlōleha ho tlamahanya lelapa hammoho. ’Me li ka lokisa likhaohano tsa lelapa tse bileng teng ka nako e telele. Rukia, ea lulang Albania, o nkile lilemo tse fetang 17 a sa buisane le khaitseli ea hae ka lebaka la liqabang tsa lelapa. Ha a ntse a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a hlokomela hore mohlanka e mong le e mong oa Molimo o phehelloa ho hlaolela khotso le ba bang. “A a batle khotso ’me a e phehelle.”—1 Petrose 3:11.

Rukia o ile a hlokomela hore o tlameha ho batla khotso le khaitseli ea hae. O ile a rapela bosiu bohle, ’me hoseng ho hlahlamang, a ea ha khaitseli ea hae, pelo e uba. Monyako o ile oa buloa ke mochana oa Rukia ’me ka ho makala a botsa: “U batla’ng moo?” Ka boikokobetso, Rukia o ile a kōpa ho bona khaitseli ea hae, a hlalosa hore o tlile ho bōpa khotso le eena. Hobane’ng? Hobane joale oa hlokomela hore eo ke thato ea Molimo. Khaitseli ea hae e ile ea thabela seo, ’me poelano ea bona ea tšoauoa ka ho hakana le meokho ea thabo—lelapa le ile la boela la kopana hobane ho latetsoe melao-motheo ea Bibele.

Litloaelano Tse Mpe

“Kajeno, ngoana ea itekanetseng o qeta lihora tse supileng ka letsatsi a shebeletse thelevishene. Ha a qeta sekolong sa mathomo o se a bone lipolao tse likete tse robeli le liketso tsa pefo tse likete tse lekholo.” Ke kamoo buka ea The 7 Habits of Highly Effective Families e bolelang kateng. Ho pepesetsehela lintho tse joalo ho ba le phello efe ho ngoana? “Litsebi” ka botsona ha li lumellane ka seno, empa Bibele e fana ka temoso e matla khahlanong le litloaelano tse mpe. Ka mohlala, e re: “Ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) E boetse e re: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33) Bophelo ba lelapa bo ka ntlafala haeba ka masene re talima molao-motheo ona o sebetsa ebang ke litloaelanong tse mpe le batho kapa ke lenaneong la thelevishene.

’Mè e mong, Luxembourg, o ne a ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka letsatsi le leng o ile a bolella Paki hore linakong tsa mantsiboea barali ba hae ba babeli, ea lilemo li supileng le ea lilemo li robeli, ba ne ba rata ho ngangisana le ho loana. Paki eo e ile ea botsa hore na banana bao ba etsang linakong tsa mantsiboea. ’Mè eo o ile a bolela hore ba shebella thelevishene ha eena a ntse a hloekisa kichine. Ba shebella mananeo afe? ’Mè eo o ile a araba: “Lipopae.” Ha moeti oa hae a mo hlalosetsa hore hangata a mang a mananeo ao a bontša pefo, ’mè oa banana bao o ile a tšepisa hore o tla a lekola.

Letsatsing le hlahlamang, ’mè eo o ile a tlaleha hore o tšositsoe ke lipopae tseo barali ba hae ba neng ba li shebella. Li ne li bontša batho ba inahaneloang ba tšabehang ba tsoang sepakapakeng ba bolaeang ka mabifi ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea bona. O ile a hlalosetsa barali ba hae hore Jehova o hloile pefo le hore ha a thabele ha re shebella liketso tse sehlōhō joalo. (Pesaleme ea 11:5) Kaha banana bao ba ne ba batla ho thabisa Jehova, ba ile ba lumela ho etsa litšoantšo le ho penta ho e-na le ho shebella thelevishene. Kapele-pele, boitšoaro ba bona bo mabifi bo ile ba fetoha, le tikoloho ea lelapa ea ntlafala.

Ena e mpa e le mehlala e seng mekae feela e bontšang hore ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ntlafatsa bophelo ba lelapa. Keletso ea Bibele e sebetsa maemong a mefuta eohle. E ka tšeptjoa ’me e na le matla a ho susumelletsa ho etsa se setle. (Baheberu 4:12) Ha batho ba ithuta Bibele ’me ka tieo ba leka ho sebelisa seo e se buang, malapa aa matlafatsoa, botho boa ntlafatsoa le liphoso lia qojoa. Esita le haeba e le setho se le seng feela sa lelapa se latelang keletso ea Molimo, lintho lia ntlafala. Ka sebele, likarolong tsohle tsa bophelo, re lokela ho talima Lentsoe la Molimo joaloka mopesaleme ea ileng a ngola: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pesaleme ea 119:105.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Mathata a lelapa a ’nile a rarolloa ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela