Na U na le Tumelo e Kang ea Abrahama?
“Ha Mora oa motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?”—LUKA 18:8.
1.Ke hobane’ng ha ho le thata hore motho a boloke tumelo ea hae e le matla kajeno?
KAJENO ha ho bonolo hore motho a boloke tumelo ea hae e le matla. Lefatše le beha khatello e matla ho Bakreste ho faposa likelello tsa bona linthong tsa moea. (Luka 21:34; 1 Johanne 2:15, 16) Ba bangata ba tlameha ho loanela ho phela ho sa tsotellehe lintoa, likoluoa, maloetse, kapa tlala. (Luka 21:10, 11) Lichabeng tse ngata, ho se nkele bolumeli hloohong ho tloaelehile, ’me batho leha e le bafe ba phelang ka tumelo ea bona ba talingoa e le ba se nang pono ea sebele, esita le ba chesehang ka ho feteletseng. Ho phaella moo, Bakreste ba bangata ba hlorisetsoa tumelo ea bona. (Matheu 24:9) Ka sebele, potso eo Jesu a e botsitseng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, ke e loketseng: “Ha Mora oa motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?”—Luka 18:8.
2. (a) Ke hobane’ng ha tumelo e matla e le ea bohlokoa ho Bakreste? (b) Ke mohlala oa mang oa tumelo oo e leng hantle hore ebe re nahana ka oona?
2 Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho hlokahala tumelo e matla hore re tle re atlehe bophelong hona joale ’me nakong e tlang re amohele bophelo bo sa feleng bo tšepisitsoeng. Ha a qotsa mantsoe a Jehova ho Habakuke, moapostola Pauluse o ile a ngola: “‘Ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,’ ’me, ‘haeba a ikhula, soule ea ka ha e khahloe ke eena.’ . . . Ka ntle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo [Molimo] khahlisa haholo.” (Baheberu 10:38–11:6; Habakuke 2:4) Pauluse o ile a bolella Timothea: “Loana ntoa e ntle ea tumelo, u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng boo u ileng ua bo bitsetsoa.” (1 Timothea 6:12) Joale, ho ka etsahala joang hore ho be le tumelo e sa sekisetseng? Ha re tšohla potso eo, e tla ba hantle hore re talime ho monna ea ileng a phela lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng, empa eo tumelo ea hae e ntseng e nkoa e le ea bohlokoa ke malumeli a mararo a maholo—Boislamo, Bojuda le Bokreste. Monna eo ke Abrahama. Ke hobane’ng ha tumelo ea hae e ne e le e ikhethang hakaale? Na re ka mo etsisa kajeno?
Ho Ikokobelletsa Tataiso ea Molimo
3, 4. Ke hobane’ng ha Tera a ile a fallisa lelapa la hae Ure ho ea Harane?
3 Abrahama (eo qalong a neng a bitsoa Abrame) o boletsoe ka lekhetlo la pele qalong haholo ea Bibele. Ho Genese 11:26, rea bala: “Tera . . . a tsoala Abrame, Nakore le Harane.” Tera le lelapa la hae ba ne ba phela Ure ea Bakalde, motse o hōlang haholo moruong o ka boroa ho Mesopotamia. Leha ho le joalo, ha baa ka ba lula moo. ‘Tera a nka mor’a hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora oa Harane, le ngoetsi ea hae Sarai [Sara], mohats’a a Abrame, mor’a hae; ’me ba tsoa Ure oa Kaldea ho ea lefatšeng la Kanana. Ba fihla Harane, ba aha teng.’ (Genese 11:31) Moena oa Abrahama, Nakore, le eena o ile a fallisetsa lelapa la hae Harane. (Genese 24:10, 15; 28:1, 2; 29:4) Joale, ke hobane’ng ha Tera a ile a falla Ure e hōlang haholo moruong ho ea Harane e hōle?
4 Ka mor’a lilemo tse ka bang 2 000 ho tloha mehleng ea Abrahama, monna ea tšepahalang Setefane, o ile a bua ka pel’a Sanhedrine ea Bajuda, a hlalosa ho falla hona ho sa tloaelehang ha lelapa la Tera. O ile a re: “Molimo oa khanya o ile a bonahala ho moholo-holo oa rōna Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia, pele a lula Harane, eaba o re ho eena, ‘Tsoa naheng ea heno le ho beng ka uena ’me u tl’o kena naheng eo ke tla u bontša eona.’ Joale a tsoa naheng ea Bakalde eaba o lula Harane.” (Liketso 7:2-4) Tera o ne a ikokobelletsa thato ea Jehova mabapi le Abrahama ha a ne a fallisetsa ba lelapa la hae Harane.
5. Abrahama o ile a ea hokae ka mor’a lefu la ntate oa hae? Hobane’ng?
5 Lelapa la Tera le ile la lula motseng o mocha. Lilemo hamorao ha Abrahama a ne a bua ka ‘lefatše la heso,’ o ne a bolela Harane, eseng Ure. (Genese 24:4) Leha ho le joalo, Harane e ne e sa tl’o ba lehae la Abrahama la ka ho sa feleng. Ho latela Setefane, “ka mor’a hore ntate oa [Abrahama] a shoe, Molimo a etsa hore a fetole sebaka sa hae sa bolulo ho tla naheng ena eo joale le lulang ho eona.” (Liketso 7:4) A ikokobelletsa tataiso ea Jehova, Abrahama, a tsamaea le Lota, ba tšela Eufrate ba kena naheng ea Kanana.a
6. Jehova o ile a tšepisa Abrahama eng?
6 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore Abrahama a fallele Kanana? Lebaka le amana le merero eo Molimo a neng a e-na le eona ka monna eo ea tšepahalang. Jehova o ne a ile a re ho Abrahama: “Tloha lefatšeng la heno, le ho mofuta oa hao, le tlung ea ntat’ao, u ee lefatšeng leo ke tlang ho u bontša lona. Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ’me ke tla holisa lebitso la hao, ’me u tla fetohela ba bang lehlohonolo. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke rohake ba u rohakang, ’me mefuta eohle ea lefatše e tla hlohonolofalla ho uena.” (Genese 12:1-3) Abrahama e ne e tla ba ntate oa sechaba se seholo se neng se tla thabela tšireletso ea Jehova le se neng se tla rua naha ea Kanana. Ke tšepiso e babatsehang hakaakang! Empa Abrahama o ne a tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae hore a tle a rue naha eo.
7. Abrahama o ile a lokela ho itokisetsa ho etsa liphetoho life e le hore a rue lefa leo Jehova a le tšepisitseng?
7 Ha Abrahama a falla Ure, o ile a siea motse o hōlang haholo moruong ’me mohlomong le ba leloko la ntate oa hae—e leng seo e neng e le mehloli ea bohlokoa ea tšireletseho mehleng eo ea bapatriareka. Ha a tloha Harane, o ile a ikarola ho ba ntlo ea ntate oa hae, ho akarelletsa le lelapa la moen’ae Nakore, ’me a fallela naheng eo a sa e tsebeng. Ha a le Kanana ha aa ka a batla tširelo ka har’a marako a motse. Hobane’ng? Nakoana ka mor’a hore Abrahama a kene naheng eo, Jehova o ile a re ho eena: “Itsamaele le lefatše lena ka bolelele ba lona le ka bophara ba lona, hobane ke tla u fa lona.” (Genese 13:17) Abrahama ea lilemo li 75 le mosali oa hae, Sara, ea lilemo li 65, ba ile ba latela litaelo tsena. “Ka tumelo o ile a lula e le mojaki naheng ea tšepiso joaloka naheng esele, ’me a lula litenteng.”—Baheberu 11:9; Genese 12:4.
Tumelo e Kang ea Abrahama Kajeno
8. Ka mor’a ho nahana ka mohlala oa Abrahama le lipaki tse ling tsa boholo-holo, re lokela ho hlaolela eng?
8 Abrahama le ba lelapa la hae ba thathamisoa har’a ‘leru le leholo la lipaki’ tsa pele ho Bokreste le boletsoeng ho Baheberu khaolo ea 11. Ka mor’a ho nahana ka tumelo ea bahlanka bana ba pele ba Molimo, Pauluse o khothalletsa Bakreste ho ‘hlobola boima bo bong le bo bong le sebe [ho hloka tumelo] se re tšoasang habonolo.’ (Baheberu 12:1) E, ho hloka tumelo ho ka ‘re tšoasa habonolo.’ Empa mehleng ea Pauluse le mehleng ea rōna, Bakreste ba ’nete ba ’nile ba khona ho hlaolela tumelo e matla joaloka ea Abrahama le ba bang ba mehleng ea boholo-holo. Ha a bua ka eena le Bakreste-’moho le eena, Pauluse o re: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong, empa re mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe e phela.”—Baheberu 10:39.
9, 10. Ho na le bopaki bofe ba hore ba bangata kajeno ba na le tumelo e kang ea Abrahama?
9 Ke ’nete hore lefatše le fetohile ho tloha mehleng ea Abrahama. Leha ho le joalo, re ntse re sebeletsa eena “Molimo oa Abrahama,” ’me ha a fetohe. (Liketso 3:13; Malakia 3:6) Kajeno Jehova o lokela ho rapeloa feela joaloka mehleng ea Abrahama. (Tšenolo 4:11) Ba bangata ba inehela ka ho feletseng ho Jehova ’me joaloka Abrahama, ba etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang bophelong ba bona e le hore ba etse thato ea Molimo. Selemong se fetileng, ba 316092 ba fane ka bopaki ba phatlalatsa ba boinehelo ba bona ka ho itlhahisa ka kolobetso ea metsing ‘lebitsong la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.’—Matheu 28:19.
10 Bongata ba Bakreste bana ba bacha ha boa ka ba tlameha ho tsamaea libaka tse telele ho ea linaheng lisele e le hore ba bontše boinehelo ba bona. Leha ho le joalo, ka kutloisiso ea moea, ba bangata ba bona ba tsamaile sebaka se telele. Ka mohlala, Elsie oa Mauritius e ne e le senohe. E mong le e mong o ne a mo tšaba. Pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a lokisetsa ho ithuta Bibele le morali oa Elsie, ’me sena se ile sa bula monyetla oa hore Elsie a ‘retelehe ho tloha lefifing ho tla leseling.’ (Liketso 26:18) Ka lebaka la thahasello ea morali oa hae, Elsie o ile a lumela ho ithuta Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. O ne a khanneloa thuto hararo ka beke kaha a ne a hloka khothatso e tsoelang pele. Ho sebelisana ha hae le meea ha hoa ka ha mo tlisetsa thabo, ’me o ne a bile a e-na le mathata a mangata a botho. Leha ho le joalo, qetellong o ile a fihla qetellong ea leeto la hae le lelelele la ho tloha tšebelisanong le bademona ho kena borapeling ba ’nete. Ha batho ba ne ba tla ho eena ho tla batla litšebeletso tsa hae, o ne a ee a ba hlalosetse hore Jehova ke eena feela ea ka ba sireletsang bobeng. Hona joale Elsie ke Paki e kolobelitsoeng, ’me batho ba bang ba 14 ba lelapa labo le metsoalle ba amohetse ’nete.
11. Ke liphetoho life tseo ba inehelang ho Jehova ba ikemisetsang ho li etsa?
11 Bongata ba ba inehetseng ho sebeletsa Molimo selemong se fetileng ha baa ka ba tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō joalo. Empa kaofela ha bona ba ile ba tloha boemong ba ho ba ba shoeleng moeeng ho ea ho ba ba phelang moeeng. (Baefese 2:1) Le hoja ba ntse ba le lefatšeng ka nama, ha esale karolo ea lona. (Johanne 17:15, 16) Joaloka Bakreste ba tlotsitsoeng, bao ‘boahi ba bona bo leng maholimong,’ ba tšoana le “bajaki le baahi ba nakoana.” (Bafilippi 3:20; 1 Petrose 2:11) Ba lumellanya bophelo ba bona le litekanyetso tsa Molimo, ka holim’a tsohle ba susumetsoa ke lerato ho Molimo le ho moahisani. (Matheu 22:37-39) Ha ba hahamalle lipakane tsa boithati, tsa lerato la lintho tse bonahalang leha e le boikutlo ba ho fumana khotsofalo ea botho lefatšeng lena. Ho e-na le hoo, ba tsepamisa mahlo a bona tšepisong ea ‘maholimo a macha le lefatše le lecha tseo ho tsona ho loka ho tla aha.’—2 Petrose 3:13; 2 Bakorinthe 4:18.
12. Ke mosebetsi ofe o tlalehiloeng selemong se fetileng o bontšang hore Jesu nakong ea ho ba teng ha hae o fumane “tumelo lefatšeng”?
12 Ha Abrahama a fallela Kanana, e ne e le eena le ba lelapa la hae feela moo ’me e le Jehova feela ea ka ba tšehetsang le ho ba sireletsa. Leha ho le joalo, Bakreste bana ba 316092 ba sa tsoa kolobetsoa ka sebele ha ba bang. Ke ’nete hore Jehova oa ba tšehetsa le ho ba sireletsa ka moea oa hae, joalokaha a entse ka Abrahama. (Liproverbia 18:10) Hape, o ba tšehetsa ka “sechaba” sa machaba se mahlahahlaha se nang le baahi ba bangata ho feta lichaba tse ling tsa lefatše kajeno. (Esaia 66:8) Selemong se fetileng, tlhōrō ea baahi ba sechaba seo ba 5 888-650 e fane ka bopaki ba tumelo ea bona e mafolofolo ka ho buisana le baahisani ba bona ka litšepiso tsa Molimo. (Mareka 13:10) Ba ile ba qeta lihora tse ngata ka ho sa tloaelehang tse 1 186666708 mosebetsing ona, ba batla batho ba thahasellang. Ka hona, ho ile ha khannoa lithuto tsa Bibele tse 4 302852 le ba bang ba lakatsang ho hlaolela tumelo. E le pontšo e ’ngoe ea cheseho ea bona, ba 698781 ba “sechaba” sena ba ile ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho, e bang ke ba nako e tletseng kapa ba khoeli kapa likhoeli tse ’maloa. (Tlaleho e feletseng ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova selemong se fetileng e fumaneha leqepheng la 12 ho ea ho la 15.) Tlaleho ena e babatsehang ke karabo e hlakileng ea potso ea Jesu, “Ha Mora oa motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?”
Ho Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
13, 14. Hlalosa a mang a mathata ao Abrahama le ba lelapa la hae ba ileng ba thulana le ’ona Kanana.
13 Hangata lintho li ne li thatafalla Abrahama le ba ntlo ea hae Kanana. Bonyane ka lekhetlo le le leng, ho ile ha e-ba le tlala e khōlō e ileng ea mo ntša Kanana ea mo isa Egepeta. Ho feta moo, ’musi oa Egepeta hammoho le ’musi oa Gerare (haufi le Gaza) ba ile ba leka ho inkela Sara, mosali oa Abrahama. (Genese 12:10-20; 20:1-18) Ho ile ha boela ha e-ba le liqabang pakeng tsa balisa ba mehlape ea Abrahama le ba mehlape ea Lota, ’me sena se ile sa arola malapa ao a mabeli. Ka ho hloka boithati, Abrahama o ile a fa Lota monyetla oa pele oa ho khetha sebaka, ’me Lota o ile a ikhethela ho phela Seterekeng sa Jordane, se neng se shebahala joaloka Edene ka lebaka la ho nona le botle ba sona.—Genese 13:5-13.
14 Hamorao, Lota o ile a qabelloa ke ntoa e pakeng tsa morena oa Elame e hōle hammoho le linaha tsa hae tsa selekane khahlanong le marena a metse e mehlano e Phuleng ea Sidime. Marena a tsoang linaheng lisele a ile a hlōla marena a sebaka seo ’me a hapa thepa e ngata, ho akarelletsa le Lota le thepa ea hae. Ha Abrahama a utloa ka se etsahetseng, ka sebete o ile a lelekisa marena ao a tsoang linaheng lisele ’me a khona ho lopolla Lota le ba ntlo ea hae, hammoho le thepa ea marena a sebaka seo. (Genese 14:1-16) Leha ho le joalo, eo ha ea ka ea e-ba phihlelo e mpe ka ho fetisisa eo Lota a bileng le eona Kanana. Ka mabaka a itseng o ile a fallela Sodoma, le hoja motse oo o ne o tumme ka boitšoaro bo bobe.b (2 Petrose 2:6-8) Ha mangeloi a mabeli a mo lemosa hore motse oo o ne o tlil’o timetsoa, Lota o ile a baleha le mosali oa hae le barali ba hae. Leha ho le joalo, mosali oa Lota o ile a hlokomoloha litaelo tse tobileng tseo mangeloi a neng a fane ka tsona, ’me kahoo lebitla la hae e ile ea e-ba letsoai. Lota o ile a theoloa boemong ka nakoana a phela le barali ba hae ba babeli mahaheng a Tsoare. (Genese 19:1-30) E tlameha hore ebe liketsahalo tsena li ile tsa tšoenya Abrahama haholo, haholo-holo kaha Lota o ne a tlile Kanana e le karolo ea ba ntlo ea Abrahama.
15. Ho sa tsotellehe mathata ao Abrahama a ileng a thulana le ’ona ha a ntse a lula litenteng naheng esele, ke monahano ofe o fosahetseng oo a ileng a o qoba?
15 Na ebe Abrahama o kile a ipotsa hore na eena le Lota ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba lula tšireletsehong ea Ure hammoho le seng sa ntate oa hae kapa hore ba ne ba lokela e-be ba ile ba lula Harane le moen’ae Nakore? Na o kile a lakatsa eka a ka be a ile a lula motseng o sirelelitsoeng ka marako ho fapana le ho phela litenteng? Na mohlomong o ile a belaella bohlale ba boitelo boo a bo entseng ka ho ba moleleri naheng esele? Ha a bua ka Abrahama le lelapa la hae, moapostola Pauluse o ile a re: “Hoja ebe ka sebele ba ne ba ’nile ba hopola sebaka seo ba neng ba tlohile ho sona, ba ka be ba bile le monyetla oa ho khutla.” (Baheberu 11:15) Empa, ha baa ka ba khutla. Ba sa nyahamisoe ke mathata, ba ile ba lula moo Jehova a neng a ba batla teng.
Mamello Kajeno
16, 17. (a) Ke mathata afe ao Bakreste ba bangata ba tobanang le ’ona kajeno? (b) Ke boikutlo bofe bo nepahetseng boo Bakreste ba nang le bona? Hobane’ng?
16 Mamello e tšoanang ea bonoa ho Bakreste ba kajeno. Le hoja ho sebeletsa Molimo e le mohloli oa thabo e khōlō ho bona, bophelo ha bo bonolo ho Bakreste ba ’nete mehleng ena ea qetello. Le hoja ba phela paradeiseng ea moea, ba feta tlas’a khatello ea moruo joaloka baahisani ba bona. (Esaia 11:6-9) Ba bangata e bile bahlaseluoa ba se nang molato ba lintoa tsa lichaba, ’me ba bang ba ’nile ba futsanehisoa ka ho feteletseng le hoja e se ka lebaka la phoso ea bona. Ho feta moo, ba mamella mathata a hore ebe ke batho ba palo e fokolang ba sa ratoeng. Linaheng tse ngata ba bolela litaba tse molemo ho batho ba sa thahaselleng ho hang. Ho tse ling ba tobana le litlhaselo tsa bohata tsa ba ‘rerang khathatso ka molao-taelo’ ’me “ba phatlalatsa hore esita le mali a ea hlokang molato a khopo.” (Pesaleme ea 94:20, 21, NW) Esita le linaheng tseo ho tsona Bakreste ba sa loantšoeng le tseo ho tsona ba rorisoang ke ba bang ka lebaka la litekanyetso tsa bona tse phahameng, ba hlokolosi hore ba se tšoane le bana bao ba kenang sekolo le bona le basebetsi-’moho—ho e-na le hoo ba tšoana le Abrahama, ea neng a lula litenteng ha batho ba bang ba bangata ba mo potolohileng ba ne ba lula metseng. E, ha ho bonolo ho phela lefatšeng empa u “se karolo” ea lona.—Johanne 17:14.
17 Kahoo, na re ikoahlaela boinehelo ba rōna ho Molimo? Na re lakatsa eka re ka be re ile ra itulela re le karolo ea lefatše, re itšoanela le e mong le e mong? Na re llela boitelo boo re bo entseng tšebeletsong ea Jehova? Le hanyenyane! Ho e-na le ho hetla morao ka tlholohelo, rea hlokomela hore ntho leha e le efe eo mohlomong re ileng ra e tela hase ea bohlokoa ba letho ha e bapisoa le litlhohonolofatso tseo re li thabelang hona joale le tseo re tla li thabela nakong e tlang. (Luka 9:62; Bafilippi 3:8) Ntle ho moo, na batho ba lefatše ba thabile? ’Nete ke hore ba bangata ba bona ba batla likarabo tseo re seng re ntse re e-na le tsona. Ba sotleha ka lebaka la ho se latele tataiso eo re e latelang eo Molimo a faneng ka eona maqepheng a Bibele. (Pesaleme ea 119:105) ’Me ba bangata ba bona ba lakatsa ho ba le botsoalle ba Bokreste le bolekane bo thabisang boo re bo thabelang le balumeli-’moho le rōna.—Pesaleme ea 133:1; Bakolose 3:14.
18. Qetellong phello e ba efe ha Bakreste ba bontša sebete se kang sa Abrahama?
18 Ke ’nete hore ka linako tse ling re lokela ho ba sebete joaloka Abrahama ha a ne a lelekisa bahapi ba Lota. Ha re e-ba sebete, Jehova o hlohonolofatsa phello. Ka mohlala, lehloeo le metse ka metso Ireland Leboea ka lebaka la pefo ea maquloana a bolumeli, ’me ho hloka sebete hore motho a se nke lehlakore. Leha ho le joalo, Bakreste ba tšepahalang ba latetse mantsoe a Jehova ho Joshua: “E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.” (Joshua 1:9, NW; Pesaleme ea 27:14) Ha lilemo li ntse li feta ho ema ha bona ba tiile ho ile ha ba tlisetsa tlhompho, ’me kajeno ba ka bolela ka bolokolohi metseng eohle ea naha eo.
19. Bakreste ba thabela ho ba hokae, hona ke’ng seo ba se lebeletseng ka kholiseho haeba ba latela tataiso ea Jehova?
19 Haeba re latela tataiso ea Jehova, ha ho hlokahale hore re be le pelaelo boemong leha e le bofe boo re tobanang le bona, kaha se tla etsahala qetellong se tla ba tlotlisong ea hae le molemong oa rōna oa nako e telele. Ho sa tsotellehe liphephetso le boitelo boo re bo etsang, ha ho sebaka se seng seo re ka bang ho sona ha e se ho ba tšebeletsong ea Jehova, moo re thabelang bolekane le barab’abo rōna ba Bakreste ’me re lebeletse ka kholiseho bokamoso bo sa feleng boo Molimo a bo tšepisitseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka etsahala hore Abrahama o ile a hōlisa Lota ha ntate oa Lota, e leng moen’a Abrahama, a e-shoa.—Genese 11:27, 28; 12:5.
b Ba bang ba fane ka maikutlo a hore Lota o ile a fallela motseng oo molemong oa ho fumana tšireletseho e eketsehileng ka mor’a hore a haptjoe ke marena a mane.
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha tumelo e matla e le ea bohlokoahali?
◻ Abrahama o ile a bontša joang hore o ne a e-na le tumelo e matla?
◻ Boinehelo bo amana joang le liphetoho tseo motho a li etsang bophelong?
◻ Ke hobane’ng ha re thabela ho sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe mathata leha e le afe ao re thulanang le ’ona?
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Abrahama o ne a ikemiselitse ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae e le hore a rue lefa leo a le tšepisitsoeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Bopaki bo bontša hore Jesu o fumane “tumelo lefatšeng” nakong ea ho ba teng ha hae