“Mofumahali ea Moriri o Motšoana oa Lefeelleng la Syria”
ONE a le tlhaku ea tekoane ka lebala, meno a hae a le bosoeu ba phophi ea lebese, mahlo a hae a le maphatšoana joaloka a leholi. O ne a rutehile haholo ’me a tseba lipuo tse ngata. Ho ne ho boleloa hore mofumahali enoa oa mohale o ne a feta Cleopatra ka bohlale ’me mohlomong ba tšoana ka botle. Kaha o ile a ba le sebete sa ho ema a tiile khahlanong le ’muso o neng o busa lefatše mehleng ea hae, o ile a phetha karolo e itseng ea boprofeta liketsahalong tsa Mangolo. Ka mor’a nako e telele a shoele, bangoli ba ile ba mo rorisa ’me batšoantši ba mo tšoantša a le motle le ho feta kamoo a neng a le kateng. Seroki se seng sa lekholong la bo19 la lilemo se ile sa mo hlalosa e le “mofumahali ea moriri o motšoana oa lefeelleng la Syria.” Mosali enoa ea rorisoang hakana e ne e le Zenobia—mofumahali oa motse oa Syria oa Palmyra.
Ho tlile joang hore Zenobia a tume? Ke boemo bofe ba lipolotiki bo ileng ba etsa hore a fumane matla a eketsehileng? Ho ka thoe’ng ka botho ba hae? ’Me ke karolo efe ea boprofeta eo mofumahali eo a ileng a e phetha? Pele, hlahloba boemo ba sebaka boo liketsahalo tsena li etsahetseng ho bona.
Motse o Moeling oa Lefeella
Palmyra, motse oa Zenobia, o ne o le lik’hilomithara tse 210 ka leboea-bochabela ho Damaseka, moeling o ka leboea oa Lefeella la Syria moo lithaba tsa Anti-Lebanon li theohelang lehoatateng. Motse ona o motalana o ne o le bohareng lipakeng tsa Leoatle la Mediterranean ho ella ka bophirimela le Nōka ea Eufrate ho ella ka bochabela. E ka ’na eaba Morena Solomone o ne a o tsebile e le Thadmore, sebaka seo e neng e le sa bohlokoa bakeng sa katleho ea ’muso oa hae ka mabaka a mabeli: e le qhobosheane ea ho itšireletsa ea moeli o ka leboea ’me e boetse e le motse oa bohlokoa o hokahanyang mokoloko oa metse ea bahahlauli. Ka lebaka leo, Solomone o ile a boela ‘a haha Thadmore lefeelleng.’—2 Likronike 8:4.
Histori ea lilemo tse sekete ka mor’a puso ea Morena Solomone ha e bue letho ka Thadmore. Haeba e tsebahatsoa ka nepo e le Palmyra, e tla ba e ile ea qala ho tuma ka mor’a hore Syria e be profinse e ka thōko ea sesole ’Musong oa Roma ka 64 B.C.E. Bukeng ea hae e bitsoang Palmyra and Its Empire—Zenobia’s Revolt Against Rome, Richard Stoneman o re: “Palmyra e ne e le ea bohlokoa ho Roma ka lintho tse peli, moruo le sesole.” Kaha motse ona oa lipalema o ne o le tseleng e khōlō ea khoebo e neng e kopanya Roma le Mesopotamia le libaka tse ka Bochabela, matlotlo a khoebo a lefatše la boholo-holo a ne a feta le teng—linōko tse tsoang East Indies, silika e tsoang Chaena le thepa e ’ngoe e tsoang Persia, Mesopotamia e ka Tlaase le linaheng tsa Mediterranean. Roma e ne e itšetlehile ka ho kena ha thepa ena e tsoang linaheng tse ling.
Tabeng ea sesole, profinse ea Syria e ne e sebeletsa e le sebaka se arolang mebuso e neng e hlōlisana ea Roma le Persia. Nōka ea Eufrate e ne e arola Roma ho moahisani oa eona ea ka bochabela lilemong tse 250 tse qalang tsa Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Palmyra e ne e le ka mose ho lefeella, ka bophirimela ho motse oa Dura-Europos o neng o iphaphathile ka Eufrate. Ba hlokomela boemo ba eona ba bohlokoahali, baemphera ba Roma ba kang Hadrian le Valerian ba ile ba etela Palmyra. Hadrian o ile a eketsa botle ba eona bo hlollang ba mehaho ’me a ntša menehelo e mengata ka seatla se bulehileng. Valerian o ile a putsa Mopalmyra ea tummeng ea bitsoang Odaenathus—monna oa Zenobia—ka ho mo phahamisa hore e be ’maseterata ea ka sehloohong oa Roma ka 258 C.E., hobane a ne a atlehile ha a futuhela Persia ’me a atolositse meeli ea ’Muso oa Roma ho ea fihla Mesopotamia. Zenobia o ile a phetha karolo ea bohlokoa ho etseng hore monna oa hae a fumane matla a eketsehileng. Rahistori Edward Gibbon o ngotse: “Katleho ea Odenathus e ile ea tlisoa haholo-holo ke bohlale [ba Zenobia] le matla a hae tseo ho neng ho se tse tšoanang le tsona.”
Khabareng, Morena Sapor oa Persia o ile a etsa qeto ea ho phephetsa matla a phahameng a Roma le ho tiisa bobusi ba hae ka likhoka liprofinseng tsohle tseo pele e neng e le tsa Persia. Ka lebotho le tšosang la ntoa, o ile a ea ka bophirimela, a hapa metse ea liqhobosheane ea Nisibis le Carrhae (Harane) e Roma, ’me a tsoela pele ho ripitla Syria e ka leboea le Silisia. Moemphera Valerian ka boeena o ne a laola mabotho a hae a ntoa khahlanong le bahlaseli bao empa Bapersia ba ile ba mo hlōla ba ba ba mo hapa.
Odaenathus o ile a nahana hore ke nako e loketseng ea hore a romele limpho tsa theko e boima le melaetsa ea khotso ho morena eo oa Persia. Ka boikhohomoso, Morena Sapor o ile a laela hore limpho tseo li lahleloe Eufrate ’me a laela hore Odaenathus a hlahe ka pel’a hae e le mokōpi ea botlamuoeng. Bapalmyra ba ile ba arabela ka ho bokella lebotho la ntoa la batho ba lelerang lefeelleng hammoho le masalla a mabotho a Roma ’me ba qala ho phalalisa Bapersia ba neng ba se ba khutlela morao. A loantšana le maqiti a ntoa a bahlabani ba lefeelleng a ho hlasela ba bile ba baleha, mabotho a Sapor—a khathalitsoe ke phutuho le ho imeloa ke tseo a li hapileng—a ile a hlōleha ho itšireletsa ’me a tlameha ho baleha.
Eitse ha Gallienus, mora oa Valerian eo e ileng ea e-ba mohlahlami oa hae, a bona hore Odaenathus o hlōtse Sapor, o ile a mo fa tlotla ea hore ke corrector totius Orientis (’musisi oa libaka tsohle tse ka Bochabela). Ka mor’a nako, Odaenathus o ile a ipha tlotla ea hore ke “morena oa marena.”
Zenobia o Hahamalla ho Theha ’Muso
Ha a finyeletse tlhōrō ea mosebetsi oa hae ka 267 C.E., ho nahanoa hore Odaenathus le mojalefa oa hae ba ile ba bolaoa ke mochana oa hae ea tletseng boiphetetso. Zenobia o ile a nka setulo sa monna oa hae, kaha mora oa hae o ne a sa le monyenyane haholo. Kaha o ne a le motle, a rata botumo, a khona ho tsamaisa lintho, a bile a tloaetse ho futuha le monna oa hae ea neng a se a hlokahetse, ’me a bua lipuo tse ’maloa phollatsi, o ile a khona ho fumana tlhompho le tšehetso ho bafo ba hae—e leng seo e neng e le ho finyella katleho e khōlō har’a Mabedouin. Zenobia o ne a rata ho ithuta le ho ipokella ka batho ba bohlale. E mong oa baeletsi ba hae e ne e le rafilosofi le setsebi sa ho bua ka tsela e atlehang, Cassius Longinus—eo ho ’nileng ha thoe ke “laebrari e phelang le musiamo o tsamaeang.” Mongoli Stoneman o re: “Lilemong tse hlano ka mor’a hore Odenathus a hlokahale, . . . Zenobia o ne a itsetsepetse e le mofumahali oa Bochabela likelellong tsa batho ba hae.”
Persia, eo Zenobia le monna oa hae ba neng ba e thefutse, e ne e le ka lehlakoreng le leng la sebaka seo a se busang, ’me ka lehlakoreng le leng e le Roma e neng e putlame. Mabapi le maemo a neng a le teng ’Musong oa Roma nakong eo, rahistori J. M. Roberts o re: “Lekholo la boraro la lilemo e ne e le . . . nako e thata bakeng sa Roma moeling o ka bochabela le o ka bophirimela, ha ka hare ho naha teng ho ne ho qalile mehla e mecha ea ntoa ea lehae le ho tseka bohlahlami. Ho ile ha busa baemphera ba 22 (ntle le baikhakanyi).” Ka lehlakoreng le leng, mofumahali oa Syria eena e ne e le ’musi ea tsitsitseng ka hohle-hohle pusong ea hae. Stoneman o re: “A laola mebuso e ’meli [oa Persia le oa Roma] e setseng, o ne a ka hahamalla ho theha oa boraro o neng o tla laola eo e ’meli.”
Ka 269 C.E., Zenobia o ile a ba le monyetla oa ho hōlisa matla a hae a puso ha moikhakanyi e mong ea neng a belaella bobusi ba Roma a hlaha Egepeta. Lebotho la Zenobia le ile la kena Egepeta ka potlako, la silakanya lerabele leo ’me la hapa naha. A ipitsa mofumahali oa Egepeta, o ile a etsa chelete ea tšepe e ngotsoeng lebitso la hae. Joale ’muso oa hae o ile oa atoloha ho tloha nōkeng ea Nile ho ea nōkeng ea Eufrate. Mothating ona, kaha ’muso oa hae o ne o laola sebaka se ka boroa ho naha ea habo Daniele, o ile a nka sebaka sa “morena oa boroa” eo boprofeta ba Bibele ba Daniele bo buang ka eena. (Daniele 11:25, 26) O ile a boela a hlōla karolo e khōlō ea Asia Minor.
Zenobia o ile a matlafatsa motse-moholo oa hae, Palmyra, a ba a e khabisa hoo e ileng ea ba ea balelloa har’a metse e meholo ea lefatše la Baroma. Ho hakanngoa hore e ne e e-na le baahi ba fetang 150 000. Motse o ne o tletse meaho e metle ea sechaba, litempele, lirapa, litšiea le lifika, ’me o le ka hare ho marako ao ho thoeng a ne a le bolelele ba lik’hilomithara tse 21 ho pota-pota motse. Mathule a entsoeng ka mokoloko oa litšiea tse khabisitsoeng hantle tse bolelele ba limithara tse fetang 15—kaofela ha tsona e le tse ka bang 1 500—a ne a kolokile tseleng e khōlō. Liemahale le litšoantšo tse betliloeng tsa lihlooho tsa bahale le barui ba ileng ba fana ka melemo e itseng li ne li tletse motseng. Ka 271 C.E., Zenobia o ile a emisa liemahale tse peli, sa hae le sa monna oa hae ea neng a hlokahetse. E le moeling oa lefeella, Palmyra e ne e phatsima joaloka lehakoe.
Tempele ea Letsatsi e ne e le o mong oa mehaho e metle ka ho fetisisa Palmyra ’me ha ho pelaelo hore e ne e e-na le tšusumetso e khōlō litabeng tsa bolumeli motseng oo. Ho ka etsahala hore ebe Zenobia le eena o ne a rapela molingoana o neng o amahanngoa le molimo oa letsatsi. Leha ho le joalo, Syria ea lekholong la boraro la lilemo e ne e le naha ea malumeli a mangata. Nakong ea ho busa ha Zenobia, ho ne ho e-na le ba ipitsang Bakreste, Bajuda, linohe tsa linaleli le barapeli ba letsatsi le khoeli. O ne a ikutloa joang ka mekhoa e fapaneng ea borapeli e neng e le teng pusong ea hae? Mongoli Stoneman o re: “’Musi ea bohlale a ke ke a hlokomoloha litloaelo leha e le life tseo batho ba hae ba li nkang li loketse. . . . Ho ne ho tšeptjoa hore melimo . . . e ne e bokane hammoho ho tšehetsa Palmyra.” Ho bonahala eka Zenobia o ne a mamella malumeli ka kakaretso. Empa, na ka sebele melimo e ne e “bokane hammoho ho tšehetsa Palmyra”? Ke eng se neng se le haufi le ho hlahela Palmyra le “’musi [oa eona] ea bohlale”?
Moemphera o ‘Tsosa Pelo ea Hae’ Khahlanong le Zenobia
Ka selemo sa 270 C.E., Aurelian e ile ea e-ba moemphera oa Roma. Mabotho a hae a maholo a ile a leleka le ho kokobetsa maqaba a ka leboea. Ka 271 C.E.—joale a se a emela “morena oa leboea” oa boprofeteng ba Daniele—Aurelian o ile a ‘tsosa matla a hae le pelo ea hae khahlanong le morena oa boroa,’ ea neng a emetsoe ke Zenobia. (Daniele 11:25a, NW) Aurelian o ile a ntša a mang a mabotho a hae hore a ee Egepeta ka ho toba, ’me a isa lebotho la hae le ka sehloohong ka bochabela, le paroletsa le Asia Minor.
Morena oa boroa—sehlopha se busang se neng se eteletsoe pele ke Zenobia—o ile a ‘iphahamisa’ bakeng sa ho ea loantša Aurelian “ka lebotho la sesole le leholo le le matla ka ho fetisisa” tlas’a balaoli ba babeli ba mabotho, Zabdas le Zabbai. (Daniele 11:25b, NW) Empa Aurelian o ile a hapa Egepeta ’me a futuhela Asia Minor le Syria. Zenobia o ile a hlōloa Emesa (eo hona joale e leng Homs), ’me o ile a chechela morao Palmyra.
Ha Aurelian a thibella Palmyra, Zenobia o ile a balehela nģ’a Persia le mora oa hae a tšepile hore o tla fumana thuso, empa Baroma ba ile ba mo tšoara Nōkeng ea Eufrate. Bapalmyra ba ile ba nehelana ka motse oa bona ka 272 C.E. Aurelian o ile a bontša mosa ho baahi ba teng, a hapa lintho tse ngata haholo, ho kopanyelletsa le setšoantšo se tsoang Tempeleng ea Letsatsi, a ntoo ea Roma. Moemphera oa Roma o ile a boloka Zenobia a phela, a mo etsa ea khahlehang ka ho fetisisa mokolokong oa tlhōlo oo a ileng a o etsa ho pholletsa le Roma ka 274 C.E. Zenobia o ile a qetela karolo e setseng ea bophelo ba hae e le mosali oa Moroma ea nyetsoeng ea hlomphehang.
Motse oa Lefeella o Fetoloa Lesupi
Likhoeli tse seng kae ka mor’a hore Aurelian a hape Palmyra, Bapalmyra ba ile ba ripitla lebotho la Roma le qhobosheaneng leo a neng a le siile. Ha Aurelian a utloa litaba tsa bofetoheli bona, o ile a laela masole a hae hang-hang hore a menahane le mehlala, ’me lekhetlong lena a ne a il’o iphetetsa ka mokhoa o nyarosang ho baahi ba moo. Ba ileng ba phonyoha polao eo e sehlōhō ba ile ba isoa bokhobeng. Motse oo o neng o ikhohomosa o ile oa ripitloa ’me oa etsoa lesupi. Ka lebaka leo, motse-moholo oo o phetheselang o ile oa khutlela boemong ba oona ba pele—‘Thadmore e lefeelleng.’
Ha Zenobia a ne a tobana ka sebete le Roma, eena le Moemphera Aurelian ba ile ba phetha likarolo tsa bona e le “morena oa boroa” le “morena oa leboea” ba sa tsebe, ba phethahatsa karolo ea boprofeta bo ileng ba tlalehoa ka ho qaqileng ke moprofeta oa Jehova lilemo tse ka bang 800 pele seo se etsahala. (Daniele, khaolo ea 11) Ka lebaka la botho ba hae bo tsotehang, Zenobia o ile a khahla ba bangata. Leha ho le joalo, habohlokoa ka ho fetisisa e bile karolo eo a ileng a e phetha ea ho emela sehlopha sa lipolotiki se neng se boletsoe esale pele boprofeteng ba Daniele. Puso ea hae ha ea ka ea qeta lilemo tse fetang tse hlano. Kajeno, Palmyra eo e neng e le motse-moholo oa ’muso oa Zenobia, ke motse feela o sa reng letho. Esita le oona ’Muso o moholo oa Roma ke khale o nyametse ’me o suthetse mebuso ea kajeno. Bokamoso ba mebuso ee e tla ba bofe? Qetello ea eona le eona e tla laoloa ke phethahatso e tiileng ea boprofeta ba Bibele.—Daniele 2:44.
LEFA LA ZENOBIA
Ha a se a khutletse Roma ka mor’a hore a hlōle Zenobia mofumahali oa Palmyra, Moemphera Aurelian o ile a hahela letsatsi tempele. O ile a beha liemahale tsa molimo oa letsatsi tseo a neng a li hapile motseng oa Zenobia ka hare ho eona. Makasine ea History Today, ha e hlalosa liketsahalo tse tsoelang pele, e re: “Ketso e tšoareletseng nako e telele ka ho fetisisa liketsong tsohle tsa Aurelian e ka ’na ea ba ke ho theha ha hae mokete oa selemo le selemo oa ho kena tlung ha letsatsi, mariha ka la 25 December, ka AD 274. Ha ’muso oo e e-ba oa Bokreste, letsatsi la tsoalo la Kreste le ile la isoa letsatsing lena e le ho etsa hore bolumeli bo bocha bo amohelehe ho ba neng ba thabela mekete eo ea khale. Ke mohopolo o sa tloaelehang oa hore ha e le hantle, e bile ka lebaka la Moemphera oa Mosali Zenobia hore ebe . . . [batho] ba keteka Keresemese ea rōna.”
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
SYRIA
Antioke
Emesa (Homs)
PALMYRA
Damaseka
MESOPOTAMIA
Eufrate
Carrhae (Harane)
Nisibis
Dura-Europos
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Map: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
Colonnade: Michael Nicholson/Corbis
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Chelete ea tšepe eo ho ka etsahalang hore e be e tšoantšitse Aurelian
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Tempele ea letsatsi e Palmyra
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Mofumahali Zenobia a buisana le masole a hae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Giovanni Battista Tiepolo, Queen Zenobia Addressing Her Soldiers, Samuel H. Kress Collection, Photograph © Board of Trustees, National Gallery of Art, Washington
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
Detail of: Giovanni Battista Tiepolo, Queen Zenobia Addressing Her Soldiers, Samuel H. Kress Collection, Photograph © Board of Trustees, National Gallery of Art, Washington