Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 2/8 maq. 28-31
  • Syria—E Pheta Histori e Thahasellisang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Syria—E Pheta Histori e Thahasellisang
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Damaseka—Motse oa Boholo-holo
  • Palmyra—Sebaka se Setalana sa Bohlokoa Historing
  • Ho ea Eufrate
  • Metse ea Boholo-holo e ka Leboea-bophirimela ho Syria
  • “Mofumahali ea Moriri o Motšoana oa Lefeelleng la Syria”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ebla—Ho Sibolloa Motse oa Boholo-holo o Neng o Lebetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Tsebahala ha Marena Ana a Mabeli Hoa Fetoha
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Boboleli ba Saule bo Tsosa Lehloeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 2/8 maq. 28-31

Syria—E Pheta Histori e Thahasellisang

EMATEANONG a litsela tsa lefatše la boholo-holo—moo ho neng ho kopana litsela tsa bahahlauli ba tsamaeang ka lihlopha ba tsoang Mediterranean ba e-ea Chaena, le ba tsoang Egepeta ba e-ea Anatolia. Mabotho a Akkad, Babylona, Egepeta, Persia, Greece le Roma a kile a tsamaea mona. Makholo a lilemo hamorao, Maturkey le Masole a Bolumeli le ’ona a ile a feta mona. Mehleng ea kajeno, mabotho a Fora le a Brithani a ile a loanela ho e laola.

Kajeno karolo e ’ngoe ea sebaka seo e sa ntse e bitsoa ka lebitso leo e neng e bitsoa ka lona lilemong tse likete tse fetileng—e leng la Syria. Le hoja sebaka sena se bile le liphetoho tse ngata, re ntse re ka fumana mesaletsa ea liketsahalo tse fetileng. Ke lefatše le thahasellisang liithuti tsa Bibele ka ho khetheha kaha Syria e phethile karolo e itseng historing ea Bibele.

Damaseka—Motse oa Boholo-holo

Ka mohlala, nahana ka Damaseka, motse-moholo oa Syria. Ho boleloa hore ke o mong oa metse ea khale ka ho fetisisa lefatšeng oo le kajeno o ntseng o e-na le baahi ho tloha ha o thehoa. E le mosikong oa mokoloko oa Lithaba Tsa Lebanone, ’me Nōka ea Barada e feta ho eona, ka makholo a lilemo Damaseka e ’nile ea e-ba sebaka se setalana se ananeloang haholo se mathōkong a Lehoatata le sabaletseng la Syria. Ho ka etsahala hore e be mopatriareka Abrahama o ile a feta motseng ona ha a ne a le tseleng e eang ka boroa Kanana. ’Me o ile a nka Eliezere, “monna oa Damaseka,” hore e be mohlanka ntlong ea hae.—Genese 15:2.

Lilemo tse ka bang sekete hamorao, marena a Syria a Zoba a ile a loantša Saule, morena oa pele oa Iseraele. (1 Samuele 14:47) Davida, morena oa bobeli oa Iseraele, le eena o ile a loana le marena a Arame (lebitso la Syria la Seheberu), aa hlōla ’me “a beha mabotho a lulang setsing sa sesole Syria ea Damaseka.” (2 Samuele 8:3-8) Ka hona, Iseraele le Syria li ile tsa lula e le lira ka nako e telele.—1 Marena 11:23-25.

Lekholong la pele la lilemo C.E., ho bonahala bora bo neng bo le pakeng tsa Basyria le Bajuda bo ne bo bobile. Ho ne ho bile ho e-na le lisynagoge tse ’maloa tsa Bajuda Damaseka ka nako eo. U tla hopola hore Saule (eo hamorao e bileng Pauluse) oa Tarsase o ne a le tseleng a tloha Jerusalema a e-ea Damaseka ha a sokolohela Bokresteng.—Liketso 9:1-8.

Damaseka ea kajeno ha e na bopaki leha e le bofe ba hore Abrahama o ile a feta moo kapa ba hore Davida o ile a hlōla. Empa ho na le mesaletsa ea motse oa Roma ea boholo-holo le ea ’mila o neng o feta motseng oa khale o neng o e-ea Roma ea boholo-holo, Via Recta (Seterata se Otlolohileng). Ke ntlong e ’ngoe e neng e le hona seterateng sena moo Ananiase a ileng a fumana Saule teng ka mor’a hore Saule a sokolohele Bokresteng ka mohlolo ka ntle ho Damaseka. (Liketso 9:10-19) Le hoja kajeno seterata sena se fapane haholo le kamoo se neng se le kateng mehleng ea Roma, ke hona mona moo moapostola Pauluse a ileng a qala mosebetsi oa hae o hlahelletseng. Seterata se Otlolohileng se fella keiting ea Roma ea Bab-Sharqi. Marako a motse ao holimo ho ’ona ho hahiloeng matlo a re thusa ho utloisisa kamoo Pauluse a ileng a khona ho pholoha kateng ka ho theoloa ka basekete lesobeng la lerako.—Liketso 9:23-25; 2 Bakorinthe 11:32, 33.

Palmyra—Sebaka se Setalana sa Bohlokoa Historing

Sebakeng se ka leboea-bochabela ho Damaseka ke sebaka se hlollang seo ho epolloang lintho tsa khale ho sona, se bohōle ba leeto la lihora tse tharo ka koloi ho tloha hona Damaseka: Palmyra eo ka Bibeleng e bitsoang Tadmore. (2 Likronike 8:4) Se le bohareng pakeng tsa Leoatle la Mediterranean le Nōka ea Eufrate, sebaka sena se setalana se nosetsoa ke liliba tse ka tlas’a lefatše tseo mohloli oa tsona o leng mona lithabeng tse ka leboea. Tsela ea bahoebi ea boholo-holo e pakeng tsa Mesopotamia le linaha tse ka bophirimela e tsamaea le Phuleng e Nonneng, ebe e feta le ka leboea ho Palmyra. Leha ho le joalo, lekholong la pele la lilemo B.C.E., ho se tsitse ha lipolotiki ka leboea ho ile ha etsa hore ho ratoe tsela e khutšoanyane, e batlang e le ka boroa. Kahoo, Palmyra e ile ea fihlela katleho ea eona e khōlō.

Kaha Palmyra e ne e le molemo ho Roma ka ho e sireletsa mathōkong a ka bochabela, e ile ea kopanngoa le profensi ea Roma ea Syria, empa qetellong e ile ea tsebahatsoa e le motse o ipusang. Litempele tse khōlō, li-arch tsa litōnana, mehaho ea ho tola le mabala a liketsahalo li ne li hahiloe ho iphaphatha le mehaho ea litšiea tse kolokileng ka bokhabane seterateng. Ka mahlakoreng ’ohle a mathule ho ne ho katiloe hantle bakeng sa ba tsamaeang ka maoto, empa seterata se seholo sona ha sea ka sa katoa molemong oa likamele tse tsamaeang teng ka bongata. Bahahlauli ba tsamaeang ka lihlopha ba leetong la khoebo, ba sebelisang tsela e pakeng tsa Chaena le India ka Bochabela le ka Bophirimela lefatšeng la Bagerike le Baroma, ba ne ba phomola Palmyra. Ke moo ba neng ba qobelloa ho lefa lekhetho le neng le behiloe bakeng sa thepa eo ba e tsamaisang ea silika, linōko le thepa e ’ngoe.

Lekholong la boraro la lilemo C.E., Palmyra e ile ea fihlela tlhōrō ea baahi ba ka bang 200 000. Ke nakong ena moo Mofumahali oa eona ea ratang botumo, Zenobia, a ileng a loana le Roma ’me qetellong a hlōloa ka 272 C.E. Ka tsela ena, Zenobia a sa rera o ile a phethahatsa karolo ea boprofeta bo tlalehiloeng ke moprofeta Daniele lilemong tse ka bang 800 pele ho moo.a (Daniele khaolo ea 11) Ka mor’a ho hlōloa ha Zenobia, Palmyra e ile ea tsoela pele ka nakoana e le setsi sa sesole se sebakeng se loketseng sa ’Muso oa Roma, empa ha ea ka ea hlola e e-ba le matla a eona a pele le bokhabane.

Ho ea Eufrate

Ka leboea-bochabela nģ’a lehoatata, ka mor’a leeto la lihora tse tharo ho tsamauoa ka koloi, ke motse oa Dayr az Zawr, moo ho ka bonoang Nōka e khōlō ea Eufrate. Mohloli oa nōka ena e tsebahalang historing o lithabeng tse ka bochabela Anatolia (Turkey ea Asia), ’me e kena Syria ka leboea ho Karkemishe, ’me e phallela ka boroa-bochabela ho phunyelletsa le Syria ho kena Iraq. Haufi le moeli oa Iraq ke lithako tsa metse e ’meli ea boholo-holo ea Syria.

Lik’hilomithara tse 100 ka boroa-bochabela, koung ea Eufrate, ke lithako tsa motse oa boholo-holo oo e neng e le qhobosheane oa Dura-Europos. Lik’hilomithara tse 25 ho ea ka boroa-bochabela ke sebaka sa Mari. Le hoja e kile ea e-ba motse o atlehileng khoebong, o ile oa timetsoa ke Morena Hammurabi oa Babylona lekholong la bo18 la lilemo B.C.E. Sebakeng sa polokelo ea litlaleho ntlong ea borena ho ile ha fumanoa bonyane matlapa a 15 000 a ngotsoeng—litokomane tse faneng ka boitsebiso bo bongata ka histori.

Ha mabotho a Hammurabi a timetsa motse, a ile a heletsa marako a ka holimo, a tlatsa likamore tse ka tlaase ka litene le mobu. Sena se ile sa sireletsa litšoantšo tse maboteng, liemahale, lintho tsa letsopa le lintho tse ling tse ngata tsa bonono ho fihlela ha sehlopha sa baepolli ba lintho tsa khale sa Mafora se sibolla sebaka sena ka 1933. Lintho tsena li ka bonoa musiamong oa Damaseka le oa Aleppo hammoho le Louvre, Paris.

Metse ea Boholo-holo e ka Leboea-bophirimela ho Syria

Ha u leba ka leboea-bophirimela ho Eufrate, u fihla Aleppo (Haleb). Joaloka Damaseka, Aleppo e ipolela e le o mong oa metse ea khale ka ho fetisisa lefatšeng oo le hajoale o ntseng o e-na le baahi. ’Maraka e bulehileng kapa e koetsoeng ea Aleppo, e har’a tse ling tsa lintho tse botle bo hlollang Bochabela bo Hare.

Ka boroa ho Aleppo ke Tell Mardikh, sebaka seo e neng e le motse oa boholo-holo oa Ebla. Ebla e ne e le motse o matla khoebong o neng o laola karolo e ka leboea ea Syria halofong e qetellang seketeng sa boraro sa lilemo B.C.E. Ha ho epolloa, ho sibolotsoe mesaletsa ea tempele e neng e nehetsoe ho molimotsana oa Babylona, Ishtare. Ho boetse ha sibolloa ntlo ea borena eo likamore tsa eona tsa ho boloka litlaleho li neng li e-na le matlapa a letsopa a fetang 17 000. Mesebetsi ea bonono e tsoang Ebla e ka bonoa musiamong oa Idlib, motsana o bohōle ba lik’hilomithara tse 25 ho tloha sebakeng seo.

Hama, e bitsoang Hamathe ka Bibeleng, e ka boroa ho tsela ea Damaseka. (Numere 13:21) Nōka ea Orontes e tsoelipana le Hama, e leng ntho e etsang hore Syria e be o mong oa metse e metle ka ho fetisisa. Joale ho na le Ras Shamra, sebaka seo e neng e le motse oa boholo-holo oa Ugarit. Lilemong tsa likete tse tharo le tse peli B.C.E., Ugarit e ne e le setsi sa khoebo se atlehileng se neng se khelelletse borapeling ba Baale le Dagone. Ho tloha ka 1929, baepolli ba lintho tsa khale ba Mafora ba ile ba epolla matlapa a letsopa le liemahale tsa boronse tse ngotsoeng, tse ileng tsa senola ho hongata ka boitšoaro bo hlephileng ba borapeli ba Baale. Sena se re thusa ho utloisisa hamolemo hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a ahlolela Bakanana ba neng ba rapela Baale timetso.—Deuteronoma 7:1-4.

E, Syria ea kajeno, motho o ntse a ka fumana lintho tse senolang histori e thahasellisang ea nako e fetileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Mofumahali ea Moriri o Motšoana oa Lefelleng la Syria,” tokollong ea Molula-Qhooa ea January 15, 1999, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[’Mapa o leqepheng la 28, 29]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LEOATLE LA MEDITERRANEAN

․․ Meeli e tsekoang

EGEPETA

ISRAELE

JORDANE

LEBANONE

SYRIA

DAMASEKA

Barada

Orontes

Hama (Hamathe)

Ugarit (Ras Shamra)

Ebla (Tell Mardikh)

Aleppo (Haleb)

Karkemishe (Jerablus)

Eufrate

Zenobia

Dayr az Zawr

Dura-Europos

Mari

Palmyra (Tadmor)

IRAQ

TURKEY

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Damaseka (ka tlaase) le Seterata se Otlolohileng (ka holimo)

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Matlo a kang kheha ea linotši

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ugarit

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Hama

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Mari

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Aleppo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Jean-Leo Dugast/Panos Picture

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ntlo ea borena, Ebla

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Balisa Zenobia

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Palmyra

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Eufrate, Dura-Europos

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]

Children: © Jean-Leo Dugast/Panos Pictures; beehive homes: © Nik Wheeler

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela