Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 12/15 maq. 12-14
  • Ebla—Ho Sibolloa Motse oa Boholo-holo o Neng o Lebetsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ebla—Ho Sibolloa Motse oa Boholo-holo o Neng o Lebetsoe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motse o le Mong o Nang le Linalane Tse Ngata
  • Bolumeli ba Ebla
  • Syria—E Pheta Histori e Thahasellisang
    Tsoha!—2003
  • Mongolo oa Boholo-holo oa Cuneiform le Bibele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • B2 Genese le Maeto a Lihlooho Tsa Malapa a Boholo-holo
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Na Lintho Tsa Khale Tse Epolotsoeng li Tšehetsa Bibele?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 12/15 maq. 12-14

Ebla—Ho Sibolloa Motse oa Boholo-holo o Neng o Lebetsoe

Lehlabuleng la 1962, mohlankana oa Motaliana ea bitsoang Paulo Matthiae, eo e neng e le moepolli oa lintho tsa khale, o ile a lekola lithota tse ka leboea-bophirimela tsa Syria a sa kholoe hore ho na le ntho eo a tla e fumana. Ho ne ho lumeloa hore ha ho letho le lekaalo le neng le ka epolloa libakeng tse hare-hare tsa Syria. Empa ho seo baepolli ba lintho tsa khale ba ileng ba se fumana lilemo tse peli hamorao ha ba qala ho epolla Tell Mardikh, e leng motse o ka bang lik’hilomithara tse 60 ka boroa ho Aleppo, ho ile ha hlaha seo batho ba bangata ba nkang hore ke ‘ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e epollotsoeng lekholong la bo-20 la lilemo.’

LINGOLILOENG tsa khale li ne li paka hore ho kile ha e-ba le motse o neng o bitsoa Ebla. Leha ho le joalo, ha ho le ea mong ea neng a tseba hore na motse oo o ne o ka fumanoa tlas’a tutulu efe, har’a tse ngata tse teng Bochabela bo Hare. Sengoliloeng se seng se bua ka makolopetso a Sargone, morena oa Akkad ha a ne a hlōla “Mari, Yarmuti le Ebla.” Ho se seng, Morena Gudea oa Basumere o ne a bua ka lifate tsa bohlokoa tseo a ileng a li fumana “lithabeng tsa Ibla [Ebla].” Lebitso Ebla le ne le boetse le hlaha Karnak, Egepeta, lethathamong la metse ea boholo-holo eo Faro Thutmose III a ileng a e hapa. U ka utloisisa lebaka leo ka lona baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba lekile ho fumana Ebla.

Leha ho le joalo, ho bile le liphello tse ntle ha ho epolloa lintho tse eketsehileng tsa khale. Ka 1968, ho ile ha sibolloa karolo e ’ngoe ea seemahale sa Ibbit-Lim, morena oa Ebla. Se ne se ngotsoe kano ka puo ea Seakkadia, ’me kano eo e ne e re se nehetsoe ho molimotsana ea bitsoang Ishtar, eo “khanya ea hae e neng e le Ebla.” Bonneteng, lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li ile tsa sibolla “puo, nalane le mokhoa oa bophelo tse neng li sa tsejoe.”

Ka 1974/75 ha ho ne ho sibolloa matlapa a mongolo oa cuneiform a neng a bua ka makhetlo ka lebitso leo la boholo-holo, ho ile ha fumanoa bopaki ba hore Tell Mardikh e ne e le Ebla ea boholo-holo. Hape, ho sibollotsoe hore motse oo o bile teng bonyane ka makhetlo a mabeli. Ka mor’a hore o be matla ka lekhetlo la pele, o ne o ile oa ripitloa. Ka mor’a moo Ebla e ile ea tsosolosoa, eaba e ripitloa hape ’me ea lebaloa ka lilemo tse makholo-kholo.

Motse o le Mong o Nang le Linalane Tse Ngata

Metse e mengata ea boholo-holo e ne e le lithoteng tse nang le mahoholi, joaloka e pakeng tsa Nōka ea Tigris le ea Eufrate, moo batho ba neng ba ka chaea haholo. Metse ea pele eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng e ne e le tikolohong ea Mesopotamia. (Genese 10:10) Ho bonahala eka lebitso Ebla le bolela “Lejoe le Lesoeu,” ’me e rehelletsoe ka lejoe la mokoetla leo motse ona o neng o hahiloe holim’a lona. Ho bonahala eka baahi ba oona ba ile ba khetha ho haha moo hobane lejoe la mokoetla le fumanoang moo le ile la ba fa bopaki ba hore ho na le mehloli ea metsi, e neng e le ea bohlokoa tikolohong eo e neng e le hōle le linōka tse khōlō.

Kaha pula ea moo ea fokola, lijalo tse neng li lengoa haholo tikolohong ea Ebla e ne e le feela lijo-thollo, lifate tsa morara le lifate tsa mohloaare. Sebaka seo se ne se boetse se le setle bakeng sa ho rua mehlape, haholo-holo ea linku. Ebla e ne e lutse pakeng tsa Thota ea Mesopotamia le Lebōpo la Mediterranean, e leng sebaka se setle sa khoebo moo ho neng ho ka rekisoa lifate, majoe a theko e tlaase le thepa e ’ngoe ea tšepe. Motseng oo ho ne ho lula baahi ba ka bang 200 000, ’me ba kang ba 20 000 ba ne ba lula motse-moholo.

Lithako tsa ntlo e khōlō ea moreneng li paka botle bo tsotehang ba motse ona oa Baebla o neng o tsoetse pele. Motho o ne a kena ntlong ea moreneng ka keite e bolelele ba limithara tse 12 ho ea ho tse 15. Ntlo ea moreneng e ne e ile ea atolosoa ha nako e ntse e feta ka lebaka la puso e neng e ntse e matlafala. Basebeletsi ba ’muso ba ne ba sebetsa ba le ntlong e khōlō ea morena—morena le mofumahali oa hae ba ne ba thusoa ke “marenana” le “babusisi.”

Ho fumanoe matlapa a letsopa le likhechana tse fetang 17 000. Qalong, mohlomong ho ne ho e-na le matlapa a feletseng a 4 000, a neng a bolokiloe ka hloko ka lishelefong tsa lepolanka. Litokomane tsena li bontša hore na khoebo e ne e le khōlō hakae Ebla. Ka mohlala, motse ona o ne o hoebisana le Egepeta joalokaha ho bontšitsoe ka matšoao a moreneng a bo-faro ba babeli. Boholo ba matlapa ana a ne a ngotsoe ka mongolo oa cuneiform ea Sesumere. Empa a mang a ne a ngotsoe ka Seebla, e leng puo ea khale haholo ea Sesema e neng e ka hlalosoa ka litokomane tsena. Litsebi tsa tsoelo pele ea Bochabela li ne li maketse ha li fumana puo eo ea khale ea Sesema. U ka ’na ua fumana e le ntho e thahasellisang hore matlapa a mang a na le mathathamo a lipuo tse peli, e leng Sesumere le Seebla ka nako e le ’ngoe. Buka ea Ebla—Alle origini della civiltà urbana (Ebla—Ha Metse e Meholo e Qala ho Tsoela Pele) e re tsena ke “libuka tsa khale ka ho fetisisa tseo re li tsebang tse hlalosang mantsoe.”

Ho bonahala eka Ebla e ne e e-na le sesole se matla, kaha ho na le lintho tse betliloeng tse epollotsoeng tse bontšang ha bahale ba Baebla ba ne ba bolaea lira tsa bona kapa tse bontšang lihlooho tse ponngoeng. Leha ho le joalo, botle bo hlollang ba Ebla bo ile ba fela ha Assyria le Babylona li e-ba matla. Ha ho bonolo ho fuputsa liketsahalo tseo, empa ho bonahala eka Sargone I (eseng Sargone eo ho buuoang ka eena ho Esaia 20:1) o ile a hlasela Ebla eaba hamorao setloholo sa hae Naram-Sin sea e pheta. Bopaki ba lintho tse epolotsoeng bo bontša hore litlhaselo tseo li ne li le mabifi li bile li le sehlōhō.

Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe, ka mor’a nako motse oo o ile oa tsosolosoa oa ba oa nkoa e le oa bohlokoa tikolohong eo. Motse ona o mocha o ile oa hahuoa ho latela moralo o nepahetseng, o ileng oa etsa hore joale motse oo e be sebabatso! Botlaaseng ba motse, ho ne ho e-na le sebaka se halalelang se nehetsoeng ho molimotsana ea bitsoang Ishtar, eo le Bababylona ba neng ba nka hore ke molimotsana oa pelehi. Mohlomong u kile ua utloela ka Keite ea Ishtar e tummeng, e sibollotsoeng lithakong tsa Babylona. Ho bonahala mohaho o neng o le motle bo ikhethang Ebla e ne e le lesaka la litau tseo ho neng ho nkoa hore lia halalela ho molimotsana Ishtar. Ntlha ena e etsa hore re bue ka bolumeli ba Ebla.

Bolumeli ba Ebla

Joaloka libakeng tse ling tsa Bochabela tsa boholo-holo, Ebla e ne e e-na le tempele ea melimo e mengata. Har’a eona ho ne ho e-na le Baale, Hadade (e leng lebitso le hlahang e le karolo ea mabitso a marena a mang a Syria) le Dagan. (1 Marena 11:23; 15:18; 2 Marena 17:16) Baebla ba ne ba tšaba melimo eo kaofela. Ba ne ba bile ba hlompha melimo ea lichaba tse ling. Lintho tse epollotsoeng li bontša hore, haholo-holo seketeng sa bobeli sa lilemo B.C.E., ho ne ho boetse ho e-na le borapeli ba baholo-holo bo neng bo lebisoa ho marena a neng a entsoe melingoana.

Baebla ba ne ba sa tšepe melimo ea bona ka ho feletseng. Motse o mocha oa Ebla le oona o ne o lika-likelitsoe ka marako a mabeli, a neng a ka ’na a qaka lira leha e le life. Marako a kantle a ne a le bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang tharo. A sa ntse a bonahala ka ho hlaka.

Leha ho le joalo, esita le Ebla e hahiloeng bocha e ile ea felisoa. Ho ka etsahala hore ebe hoo e ka bang ka 1600 B.C.E., Bahethe ke bona ba ho qetela ba ileng ba hlōla motse ona oo e neng e kile ea e-ba ’muso o matla. Ho latela thoko e ’ngoe ea boholo-holo, Ebla “e ile ea pshatloa joaloka nkho ea letsopa.” Ka mor’a nakoana ho ile ha thola ha re tu! ka Ebla. Tokomane e ngotsoeng ke masole a bolumeli a neng a macha Jerusalema ka 1098 e bua ka sebaka seo Ebla e kileng ea e-ba ho sona, e le sebaka se hōle se mathōkong a naha, se bitsoang Mardikh. Ebla e ne e se e batla e lebetsoe, empa e ile ea epolloa ka mor’a makholo-kholo a lilemo.

[Lebokose le leqepheng la 14]

EBLA LE BIBELE

Litsebi tsa Bibele li ile tsa thahasella sehlooho se ileng sa hatisoa makasineng ea Biblical Archeologist ea 1976. Mohlalosi e mong oa matlapa a Ebla o ile a bontša hore, har’a lintho tse ling, e ka ’na eaba matlapa ao a bua ka mabitso a batho le a libaka tseo ho builoeng ka tsona makholo a lilemo hamorao ka Bibeleng. Mohlomong litsebi tse ling li ile tsa fetelletsa se builoeng ke makasine eo, ha li ngola hore Ebla e fane ka bopaki ba lintho tsa khale tse epolotsoeng ba hore tlaleho ea Genese ea tšepahala.a Mojesuite Mitchell Dahood o ile a bolela hore “matlapa a letsopa [a Ebla] a hlakisa lintlha tse sa hlakang tsa Bibele.” Ka mohlala, o ne a lumela hore matlapa ana a ka rarolla “bothata ba hore na lebitso la Molimo oa Baiseraele ke la khale hakae.”

Hona joale ho ntse ho hlahlojoa likarolo tsohle tse amanang le lingoliloeng tsena. Kaha Baheberu le Baebla ba bua lipuo tsa Sesema, ho ka etsahala hore mabitso a metse le a batho ba bang a tšoane le a ka Bibeleng. Leha ho le joalo, sena hase bopaki ba hore ke a libaka tse tšoanang le a batho ba le bang. Hore na lintho tse epolotsoeng Ebla li tla ama liphuputso tse amanang le Bibele hakae, ho tla bonahala ha ’mela o ntse o puta. Mabapi le lebitso la Molimo, mongoli oa sehlooho seo sa Biblical Archeologist o latotse bosehla hore eena o kile a re lingoliloeng tsa Ebla li na le “Yahweh.” Litsebi tse ling tsona li nka hore letšoao le mongolong oa cuneiform leo ho thoeng le bolela ja e mpa e le o mong oa melingoana e mengata eo har’a Baebla e neng e amoheleha ka molao, ha tse ling tse ngata tse nang le boiphihlelo li bolela hore e mpa e le letšoao feela la sebōpeho-puo. Hore na ’nete ke efe, letšoao leo ha le bue ka Molimo a le mong oa ’nete, Jehova.—Deuteronoma 4:35; Esaia 45:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso ba hore na boepolli ba lintho tsa khale bo tšehetsa tlaleho ea Bibele hakae, bona khaolo ea 4 ea buka e reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 12]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LEOATLE LE LEHOLO

KANANA

SYRIA

Aleppo

Ebla (Tell Mardikh)

Nōka ea Eufrate

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Archaeologist: Missione Archeologica Italiana a Ebla - Università degli Studi di Roma ‘La Sapienza’

[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Sefaha sa khauta sa bo-1750 B.C.E.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Lithako tsa ntlo e khōlō ea moreneng

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Pontšo ea tsa bonono ea matlapa a letsopa a neng a bolokiloe pokellong ea litlaleho tsa sechaba

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Letlapa la mongolo oa cuneiform

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Molamu oa borena ba Egepeta oa 1750-1700 B.C.E.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Mohale oa Moebla le lihlooho tsa lira

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Seemahale se nehetsoeng ho molimotsana Ishtar

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Missione Archeologica Italiana a Ebla - Università degli Studi di Roma ‘La Sapienza’

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

All images (except palace remains): Missione Archeologica Italiana a Ebla - Università degli Studi di Roma ‘La Sapienza’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela