Letlotlo la Rōna le Lijaneng Tsa Letsopa
“Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.”—2 BAKORINTHE 4:7.
1. Mohlala oa Jesu o lokela ho re khothatsa joang?
HA A ntse a bōptjoa ke Jehova mona lefatšeng, Jesu o ile a bona ka mahlo mefokolo ea moloko oa batho. Mohlala oa hae oa ho boloka botšepehi o lokela ho re khothatsa hakaakang! Moapostola oa re bolella: “Ha e le hantle, le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Ka ho ikokobeletsa ho bōptjoa ho joalo, Jesu o ile a hlōla lefatše. Hape o ile a matlafatsa baapostola ba hae hore e be bahlōli. (Liketso 4:13, 31; 9:27, 28; 14:3; 19:8) ’Me ke khothatso e kaakang eo a faneng ka eona ha a phetha puo ea hae ea ho qetela ho bona! O ile a re: “Ke boletse lintho tsena ho lōna e le hore ka ’na le ka ba le khotso. Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlōtse lefatše.”—Johanne 16:33.
2. Ho fapana le bofofu ba lefatše, re na le khanya efe?
2 Ka ho tšoanang, ka mor’a ho bapisa bofofu bo tlisitsoeng ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho” le “khanya ea litaba tse molemo tse khanyang,” moapostola Pauluse o ile a re ka tšebeletso ea rōna ea bohlokoa: “Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna. Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, empa ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; re qakehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa; rea hlorisoa, empa ha rea tloheloa kherehloa; re akheloa fatše, empa ha re timetsoe.” (2 Bakorinthe 4:4, 7-9) Le hoja re le ‘lijana tsa letsopa’ tse thuehang habonolo, Molimo o re bōpile ka moea oa hae e le hore re ka hlōla lefatše la Satane ka ho feletseng.—Baroma 8:35-39; 1 Bakorinthe 15:57.
Ho Bōpa Iseraeleng ea Boholo-holo
3. Esaia o ile a hlalosa ho bōptjoa ha sechaba sa Bajuda joang?
3 Jehova ha a bōpe batho ka bomong feela empa o bōpa le lichaba kaofela. Ka mohlala, ha Iseraele ea boholo-holo e ne e ikokobelletsa ho bōptjoa ke Jehova, e ne e atleha. Empa qetellong e ile ea ithatafatsa ’me ea kena tseleng ea ho se mamele. Ka lebaka leo, Moetsi oa Iseraele o ile a e tlisetsa ‘bomalimabe.’ (Esaia 45:9) Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Esaia o ile a bua le Jehova ka boetsalibe bo tebileng ba Iseraele, a re: “Jehova, u Ntat’a rōna. Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna; ’me kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao. . . . E ’ngoe le e ’ngoe ea lintho tsa rōna tse lakatsehang e fetohile tšenyeho.” (Esaia 64:8-11, NW) Iseraele e ne e bōpehile hore e be sejana se loketseng timetso feela.
4. Ke papiso efe eo Jeremia a ileng a e tšoantšisa?
4 Lilemo tse lekholo hamorao, ha letsatsi la kahlolo le ntse le atamela, Jehova o ile a bolella Jeremia hore a nke pitsa ea letsopa ’me a tsamaee le ba bang ba banna ba hōlileng ba Jerusalema ho ea Khohlong ea Hinnome, a mo laela: “U pshatle pitsa ka pel’a mahlo a batho ba tsamaeang le uena. U re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ka tsela e tšoanang ke tla pshatla sechaba sena le motse ona joalokaha motho a pshatla sejana sa sebōpi sa letsopa hoo se sa hloleng se khona ho lokisoa.”’”—Jeremia 19:10, 11, NW.
5. Kahlolo ea Jehova ho Iseraele e ne e pharaletse hakae?
5 Ka 607 B.C.E., Nebukadnezare o ile a ripitla Jerusalema le tempele ea eona ’me a isa Bajuda ba pholohileng botlamuoeng Babylona. Empa ka mor’a lilemo tse 70 ba le botlamuoeng, Bajuda ba bakileng ba ile ba khona ho khutla ho ea haha Jerusalema le tempele ea eona bocha. (Jeremia 25:11) Leha ho le joalo, lekholong la pele la lilemo C.E., sechaba sena se ne se boetse se furaletse Sebōpi se Seholo sa Lipitsa, ’me qetellong se ile sa kenella tlōlong ea molao e khōlō ka ho fetisisa ea ho bolaea Mora oa Molimo. Ka 70 C.E., Molimo o ile a sebelisa ’Muso oa Lefatše oa Roma e le mophethahatsi oa kahlolo ea hae ha a felisa tsamaiso ea lintho ea Bajuda, a ripitla Jerusalema le tempele ea eona. Ho ne ho se mohla Jehova a tla boela a bōpe sechaba sa Iseraele e le se nang le “khalalelo le botle.”a
Ho Bōpa Sechaba sa Moea
6, 7. (a) Pauluse o hlalosa ho bōptjoa ha Iseraele ea moea joang? (b) Palo e feletseng ea “lijana tsa mohau” e kae, hona e bōpiloe joang?
6 Bajuda ba neng ba amohetse Jesu ba ne ba bōpiloe e le litho tseo e leng motheo oa sechaba se secha, “Iseraele ea Molimo” ea moea. (Bagalata 6:16) Joale, mantsoe a Pauluse ke a loketseng: “Eng? Na sebōpi sa lipitsa ha se na matla a ho laela holim’a letsopa ho etsa ho tsoa khoabing e tšoanang sejana se seng bakeng sa tšebeliso e hlomphehang, se seng bakeng sa tšebeliso e sa hlompheheng? . . . Molimo, le hoja a e-na le takatso ea ho bontša khalefo ea hae le ho tsebahatsa matla a hae, [o] mameletse ka tiisetso e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso, e le hore a ka tsebahatsa maruo a khanya ea hae holim’a lijana tsa mohau, tseo a ileng a li lokisa esale pele bakeng sa khanya.”—Baroma 9:21-23.
7 Jesu ea tsositsoeng hamorao o ile a tsebahatsa hore ‘lijana tsena tsa mohau’ e ne e tla ba tse 144 000 ka palo. (Tšenolo 7:4; 14:1) Kaha Iseraele ea tlhaho e ne e sa ka ea hlahisa palo eo e feletseng, Jehova o ile a atolosetsa mohau oa hae ho batho ba lichaba. (Baroma 11:25, 26) Phutheho ea Bokreste e ncha e ile ea hōla ka potlako. Ka nako ea lilemo tse 30 litaba tse molemo li ne li “boleloa pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakolose 1:23) Sena se ile sa hloka hore ho tlisoe liphutheho tse ngata tse qhalakaneng tse sebakeng seo tlas’a bolebeli bo loketseng.
8.Ke bo-mang ba neng ba bōpa sehlopha se busang sa pele, ’me sehlopha see se ile sa hōla joang?
8 Jesu o ne a lokiselitse baapostola ba 12 hore e be bona ba pele ba ho ba sehlopha se busang, a ba koetlisa hammoho le ba bang bakeng sa tšebeletso. (Luka 8:1; 9:1, 2; 10:1, 2) Ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha thehoa phutheho ea Bokreste, ’me ka nako e loketseng sehlopha sa eona se busang se ile sa eketsoa hore se akarelletse “baapostola le banna ba baholo Jerusalema.” Ka nako e telele, ho bonahala hore Jakobo mor’abo Jesu ka ’m’a bona, le hoja e ne e se moapostola, o ile a sebeletsa e le molula-setulo. (Liketso 12:17; 15:2, 6, 13; 21:18) Ho latela rahistori Eusebius, baapostola ba ile ba hlaseloa ka ho khethehileng ke mahloriso ’me ba ile ba qhalanyetsoa libakeng tse ling. Ba bōpang sehlopha se busang ba ile ba fetoloa ka ho loketseng.
9. Ke ketsahalo efe e bohloko eo Jesu a ileng a bolela esale pele hore e ne e tla ba teng?
9 Ho ella qetellong ea lekholo la pele la lilemo, ‘sera, Diabolose,’ se ile sa qala ho ‘jala mofoka’ har’a majalefa a “’Muso oa maholimo” a kang koro. Jesu o ne a profetile hore ketsahalo ena e bohloko e ne e tla lumelloa ho fihlela nakong ea kotulo “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Joale, “ba lokileng ba tla khanya [hape] ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntate oa bona.” (Matheu 13:24, 25, 37-43) Seo se ne se tla etsahala neng?
Ho Bōpa Iseraele ea Molimo Kajeno
10, 11. (a) Ho bōptjoa ha kajeno ha Iseraele ea Molimo ho ile ha qaleha joang? (b) Ke lithuto life tse fapaneng tse neng li fumanoa Bokreste-’mōtoaneng le tse neng li fumanoa har’a Liithuti tsa Bibele tse khothetseng?
10 Ka 1870, Charles Taze Russell o ile a theha sehlopha sa thuto ea Bibele Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. Ka 1879 o ile a qala ho hatisa makasine ea khoeli le khoeli eo kajeno e tsejoang e le Molula-Qhooa. Liithuti tsena tsa Bibele, kamoo li ileng tsa bitsoa kateng, kapele li ile tsa lemoha hore Bokreste-’mōtoana bo ne bo amohetse lithuto tsa bohetene tseo e seng tsa Mangolo, tse kang ho se shoe ha moea, mollo oa lihele, pelekatori, molimo oa Boraro-bo-bong le kolobetso ea masea.
11 Leha ho le joalo, habohlokoa le ho feta ke hore barati bana ba ’nete ea Bibele ba ile ba tsosolosa lithuto tsa motheo tsa Bibele, tse kang topollo ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu le ho tsohela bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise leo ho lona ho renang khotso tlas’a ’Muso oa Molimo. Ka holim’a tsohle, ho ile ha behoa khatiso ho tlosoeng ha qoso ho Jehova Molimo e le ’Musi Morena oa bokahohle ho seng ho atametse. Liithuti tsa Bibele li ne li lumela hore Thapelo ea Morena e ne e tla tloha e arajoa: “Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe. ’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:9, 10) Li ne li bōptjoa ke moea o halalelang oa Molimo hore e be sechaba sa Bakreste ba ratang khotso lefatšeng lohle.
12. Ho tlile joang hore Liithuti tsa Bibele li lemohe selemo se itseng sa bohlokoa?
12 Thuto e tebileng ea Daniele khaolo ea 4 le boprofeta bo bong e ile ea kholisa Liithuti tsa Bibele hore e tlameha ebe ho ba teng ha Jesu e le Morena oa Bomesia ho atametse. Li ile tsa lemoha hore 1914 e ne e tla ba selemo sa hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fele. (Luka 21:24; Ezekiele 21:26, 27) Liithuti tsa Bibele li ile tsa atolosa mosebetsi oa tsona ka potlako, tsa etsa litlelase tsa Bibele (tseo hamorao li ileng tsa bitsoa liphutheho) ho pholletsa le United States. Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele o ne o atolohela Europe le Australasia. Ho ne ho hlokahala tlhophiso e ntle.
13. Liithuti tsa Bibele li ile tsa ba boemong bofe molaong, ’me mopresidente oa pele oa Mokhatlo o ne a etsa tšebeletso efe e ikhethang?
13 Ho etsa hore Liithuti tsa Bibele li be boemong bo amohelehang molaong, ka 1884 ho ile ha thehoa mokhatlo oa molao oa Zion’s Watch Tower Tract Society, United States, oo ntlo-khōlō ea oona e neng e le Pittsburgh, Pennsylvania. Batsamaisi ba oona ba ne ba sebeletsa e le Sehlopha se Busang se ka sehloohong, se laolang boboleli ba ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Mopresidente oa pele oa Mokhatlo, Charles T. Russell, o ile a ngola meqolo e tšeletseng ea Studies in the Scriptures ’me a nka maeto a malelele a boboleli. Hape o ile a nehelana ka chelete e ngata haholo eo a neng a e bokeletse pele a qala ho ithuta Bibele mosebetsing oa lefatše lohle oa ’Muso. Ka 1916, ha Ntoa e Khōlō e ntse e kupa Europe, Mor’abo rōna Russell ea neng a se a khathetse o ile a shoa a le leetong la boboleli. O ne a fane ka sohle seo a neng a e-na le sona katolosong ea bopaki bo mabapi le ’Muso oa Molimo.
14. J. F. Rutherford o ile a ‘loana ntoa e ntle’ joang? (2 Timothea 4:7)
14 Joseph F. Rutherford, eo e neng e bile moahloli ka nakoana Missouri, e ile ea e-ba mopresidente ea latelang. Ka lebaka la ho emela ’nete ea Bibele a se na tšabo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba ikopanya le bo-ralipolotiki ho “rera khathatso ka molao-taelo.” Ka la 21 June, 1918, Mor’abo rōna Rutherford le Liithuti tsa Bibele tse ling tse supileng tse neng li eteletse pele ba ile ba kenngoa teronkong, ba ahloloa ka likahlolo tse ngata tsa lilemo tse 10 kapa tse 20 tse lokelang ho sebeletsoa ka nako e le ’ngoe. Liithuti tsa Bibele li ile tsa itoanela makhotleng. (Pesaleme ea 94:20, NW; Bafilippi 1:7) Ha li ipiletsa, li ile tsa lokolloa ka la 26 March, 1919, ’me hamorao li ile tsa hlakoloa molato ka ho feletseng ka qoso ea bohata ea ho fetohela ’muso.b Phihlelo ena e ile ea thusa ho li bōpa hore e be baemeli ba matla ba ’nete. Ka thuso ea Jehova, li ile tsa leka mekhoa eohle e ka khonehang e le hore li ka hlōla ntoeng ea moea ea ho bolela litaba tse molemo ho sa tsotellehe khanyetso ea Babylona e Moholo. Ntoa ena e ntse e tsoela pele ho fihlela selemong sena sa 1999.—Bapisa le Matheu, khaolo ea 23; Johanne 8:38-47.
15. Ke hobane’ng ha selemo sa 1931 e ne e le sa bohlokoa historing?
15 Ka bo-1920 le bo-1930, Iseraele ea Molimo e tlotsitsoeng e ile ea tsoela pele ho bōptjoa tlas’a tataiso ea Sebōpi se Seholo sa Lipitsa. Khanya ea boprofeta e tsoang ka Mangolong e ile ea phatsima, ea lebisa tlhompho ho Jehova le tlhokomelo ’Musong oa Jesu oa Bomesia. Ka 1931 Liithuti tsa Bibele li ile tsa thabela ho amohela lebitso le lecha, Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10-12; Matheu 6:9, 10; 24:14.
16 le lebokose le leqepheng la 19. Palo e feletseng ea ba 144 000 e ile ea fella neng, hona ho na le bopaki bofe ba see?
16 Ka bo-1930 ho ne ho bonahala eka palo ea “ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang” ba 144 000, e feletse. (Tšenolo 17:14; bona lebokose le leqepheng la 19.) Ha re tsebe hore na ke batlotsuoa ba bakae ba neng ba bokeletsoe lekholong la pele la lilemo le hore na ke ba bakae ba neng ba bokeletsoe har’a “mofoka” nakong ea makholo a lilemo a lefifi a bokoenehi bo boholo ba Bokreste-’mōtoana. Empa ka 1935, tlhōrōng ea bahoeletsi ba 56 153, ka kakaretso ba 52 465 lefatšeng lohle ba ile ba bontša tšepo ea bona ea leholimo ka ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso. Qetello ea ba bangata ba neng ba sa ntse ba tla bokelloa e ne e tla ba efe?
“Bonang! Bongata bo Boholo”
17. Ho ile ha etsahala ketsahalo efe ea bohlokoa ka 1935?
17 Kopanong e neng e tšoeroe ka la 30 May ho ea ho la 3 June 1935, e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., U.S.A., Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka puo e neng e tla tšoaea phetoho e khōlō eo sehlooho sa eona se reng “Letšoele le Leholo.”c Sehlopha sena, ‘seo ho seng motho ea neng a khona ho se bala,’ se ne se tla hlaha ha ho tiisoa ha ba 144 000 ba Iseraele ea moea ho se ho tla phethoa. Bana le bona ba ne ba tla sebelisa tumelo matleng a rekollang a ‘mali a konyana,’ Jesu, ’me ba nehelane ka tšebeletso e halalelang tokisetsong ea tempele ea Jehova ea borapeli. E le sehlopha, ba ne ba tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo’ ba phela, ba rue lefatše la Paradeise leo ho lona ‘lefu le sa tl’o hlola le e-ba teng.’ Ka lilemo tse ’maloa pele ho kopano eo, ho ne ho ’nile ha thoe sehlopha sena ke sa Bajonadabe.—Tšenolo 7:9-17; 21:4; Jeremia 35:10.
18. Selemo sa 1938 e bile sa bohlokoahali ka litsela life?
18 Selemo sa 1938 e ne e le sa bohlokoahali bakeng sa ho khetholla lihlopha tsena tse peli ka ho hlaka. Litokollo tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tsa March 15 le April 1, 1938, li ne li e-na le thuto e likarolo li peli ea “Mohlape oa Hae” ’me li ile tsa hlakisa libaka ka ho fapana tsa masala a batlotsuoa le metsoalle ea ’ona, bongata bo boholo. Joale litokollo tsa June 1 le June 15 li ne li e-na le lihlooho tse baloang tse buang ka “Tlhophiso,” tse thehiloeng ho Esaia 60:17. Ho ile ha kōptjoa liphutheho tsohle hore li kōpe Sehlopha se Busang hore se khethe bahlanka ba sebaka ka seng, kahoo ho sebelisoe tokisetso ea puso ea Molimo e ntlafalitsoeng, e khethiloeng ke Molimo. Liphutheho li ile tsa fela tsa etsa joalo.
19 le mongolo o botlaaseng ba leqephe. Ke linnete life tse tiisang hore pitso e akaretsang ea “linku tse ling” joale e ’nile ea tsoela pele ka lilemo tse fetang 60?
19 Tlaleho e ileng ea hlaha ho Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1939 (ea Senyesemane) e ne e re: “Balateli ba Kreste Jesu ba tlotsitsoeng bao hona joale ba leng lefatšeng baa fokola ka palo, ’me ha ho mohla palo ea bona e tla eketseha. Mangolo a bontša bana e le bana ba Sione ‘ba setseng,’ mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. (Tšen. 12:17) Hona joale Morena o ipokellela ‘linku tse ling’ tsa hae, tse tla etsa ‘letšoele le leholo’. (Joh. 10:16) Ba bokelloang hona joale ke metsoalle ea masala, e sebetsang hammoho le masala. Ho tloha hona joale ho ea pele palo ea bao e leng litho tsa ‘linku tse ling’ e tla eketseha ho fihlela ‘letšoele le leholo’ le bokeletsoe.” Masala a tlotsitsoeng a ne a bōpetsoe ho hlokomela ho bokelloa ha bongata bo boholo. Le bona joale bo lokela ho bōptjoa.d
20. Ke liphetoho life tlhophisong tse ’nileng tsa etsahala ho tloha ka 1942?
20 Ka January 1942, ha Ntoa ea II ea Lefatše e le sehlohlolong sa eona, Joseph Rutherford o ile a shoa ’me mopresidente ea ileng a mo latela ke Nathan Knorr. Mopresidente oa Mokhatlo oa boraro o hopoloa ka lerato ka ho theha likolo tsa puso ea Molimo liphuthehong le Sekolo sa Gileade bakeng sa ho koetlisa baromuoa. Sebokeng sa selemo le selemo sa Mokhatlo ka 1944, o ile a tsebisa hore molao oa motheo oa Mokhatlo o ne o nchafatsoa e le hore ho ba setho ho thehoe boemong ba motho ba moea eseng menehelong ea lintho tse bonahalang. Lilemong tse 30 tse latelang, palo ea ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo e ile ea phahama ho tloha ho 156 299 ho ea ho 2 179 256 lefatšeng ka bophara. Ka 1971-75 ho ne ho hlokahala liphetoho tse ling tsa tlhophiso. Motho a le mong ea sebeletsang e le mopresidente o ne a ke ke a hlola a etsa mosebetsi o tsoileng matsoho ho hlokomeleng mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ka bophara. Sehlopha se Busang se ile sa eketsoa hore se be le litho tse 18 tseo e leng batlotsuoa, tse fapanyetsanang bolula-setulo, ’me hoo e ka bang halofo ea tsona hona joale e se e phethile tsela ea eona ea lefatšeng.
21. Ke’ng se entseng hore litho tsa mohlatsoana li tšoanelehe bakeng sa ’Muso?
21 Litho tse setseng tsa mohlape o monyenyane li ’nile tsa bōptjoa ho pholletsa le mashome a lilemo a mangata a liteko. Li matlafetse, kaha ho hlakile hore li amohetse ‘bopaki ba moea.’ Jesu o ile a li bolella: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso, e le hore le ka ja le ho noa tafoleng ea ka ’musong oa ka, le ho lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.”—Baroma 8:16, 17; Luka 12:32; 22:28-30.
22, 23. Ke joang mohlatsoana le linku tse ling ba ntseng ba bōptjoa?
22 Kaha palo ea masala a tlotsitsoeng ka moea lefatšeng e fokotsehile, barab’abo rōna ba bongata bo boholo ba hōlileng tsebong ba filoe kabelo ea bolebeli ba moea hoo e ka bang liphuthehong tsohle lefatšeng ka bophara. ’Me ha Lipaki tsa ho qetela tsa batlotsuoa tse hōlileng li phetha tsela ea tsona ea lefatšeng, sa·rimʹ ea mahosana a linku tse ling e tla be e koetlisitsoe hantle bakeng sa ho etsa mesebetsi ea tsamaiso e le sehlopha sa marenana lefatšeng.—Ezekiele 44:3; Esaia 32:1.
23 Mohlatsoana le linku tse ling ka ho tšoanang ba tsoela pele ho bōptjoa hore e be lijana bakeng sa tšebeliso e hlomphehang. (Johanne 10:14-16) Ebang tšepo ea rōna ke ea “maholimo a macha” kapa ke ea “lefatše le lecha,” e se eka re ka arabela ka lipelo tsohle memong ea Jehova: “Thabang ka ho fetisisa, ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang. Etsoe bonang! ke bōpa Jerusalema hore e be sesosa sa nyakallo le batho ba eona e be sesosa sa thabo e khaphatsehang.” (Esaia 65:17, 18, NW) E se eka rōna batho ba fokolang, kamehla re ka sebeletsa ka boikokobetso, ra bōptjoa ke “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng”—matla a Molimo a moea o halalelang!—2 Bakorinthe 4:7; Johanne 16:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi, bo tšoantšetsoang ke Iseraele ea boholo-holo, a bo lemohe kahlolo e tšoanang e tsoang ho Jehova.—1 Petrose 4:17, 18.
b Moahloli Manton, oa Moroma oa K’hatholike ea neng a hanne ho lokolla Liithuti tsa Bibele ka beile, hamorao o ile a kenngoa teronkong, a fumanoe a le molato oa ho amohela tjotjo.
c Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike ea Bakreste (ea Senyesemane), e lokolotsoeng ka 1950, e sebelisa “bongata bo boholo” e le phetolelo e molemonyana ea lentsoe la Segerike le bululetsoeng.
d Ka 1938 palo ea ba bileng teng Sehopotsong lefatšeng ka bophara e ne e le 73 420 ’me batho ba 39 225—karolo ea 53 lekholong ea ba neng ba le teng—ba ile ba ja litšoantšetso. Ka 1998 palo ea ba bileng teng e ne e nyolohetse ho 13 896 312, ’me ke ba 8 756 feela ba ileng ba ja, ka karolelano e le ba ka tlaase ho motho a le mong liphuthehong tse ling le tse ling tse 10.
Na U sa Hopola?
◻ Jesu e bile Mohlala oa rōna joang ka ho ikokobelletsa ho bōptjoa ke Ntate oa hae?
◻ Ke ho bōptjoa hofe ho ileng ha etsahala Iseraeleng ea boholo-holo?
◻ “Iseraele ea Molimo” e ’nile ea bōptjoa joang ho fihlela hona joale?
◻ “Linku tse ling” li ’nile tsa bōptjoa ka morero ofe?
[Lebokose le leqepheng la 18]
Ho Bōpa ho Tsoelang Pele Bokreste-’mōtoaneng
Molaetsa o potlakileng o tsoang Athene, Greece, oa Associated Press, o ne o e-na le tlaleho ena mabapi le mookameli oa Kereke ea Greek Orthodox ea sa tsoa khethoa: “Ho lebeletsoe hore e be lenģosa la khotso. Empa moeta-pele oa Kereke ea Greek Orthodox o utloahala a tšoana haholo le molaoli oa mabotho ea lokisetsang ntoa.
“‘Re itokiselitse ho tšolla mali le ho etsa mahlabelo, haeba ho hlokahala. Rōna, re le kereke, re rapella khotso . . . Empa re hlohonolofatsa libetsa tse halalelang ha ho hlokahala,’ Moareka-bishopo Christodoulos o sa tsoa bua joalo letsatsing le halalelang la Nyolohelo ea Moroetsana, leo ka lona hape ho ketekeloang letsatsi la mabotho a hlometseng a Greece.”
[Lebokose le leqepheng la 19]
“Ha ho sa na a Eketsoang!”
Kabong ea mangolo a Gileade ka 1970, Frederick, Franz, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a bolella liithuti hore ho ka etsahala hore tsona, tseo kaofela ha tsona e neng e le linku tse ling tse nang le tšepo ea lefatšeng, li kolobetse motho ea itseng ea ka ’nang a ipolela e le e mong oa masala a tlotsitsoeng. Na see se ne se ka etsahala? Ha e le hantle, o ile a hlalosa hore Johanne Mokolobetsi e ne e le e mong oa linku tse ling, ’me o ile a kolobetsa Jesu le baapostola ba bang. Eaba o tsoela pele ho botsa hore na ho sa ntse ho e-na le pitso ea ho bokella masala a eketsehileng. A re: “Che, ha ho sa na a eketsoang! Pitso eo e ile ea fela morao koana ka 1931-35! Ha ho sa na a eketsoang. Joale ba seng bakae ba sa tsoa kopanela ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso ke bo-mang? Haeba ke masala, ke ba nkang sebaka sa ba bang! Hase ba eketsoang sehlopheng sa batlotsuoa, empa ke ba nkang sebaka sa bao e ka ’nang eaba ba oele tumelong.”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Re nka letlotlo la rōna la tšebeletso e le la bohlokoa hakaakang!
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Iseraele ea boholo-holo e ile ea fetoha sejana se loketseng timetso feela