Ho ba “Likotsing Leoatleng”
LEFIFING la bosiu, sekepe se tsamaeang se nkileng batho ba 276 se atamela sehlekehleke se Mediterranean. Basebetsi ba sona le baeti ba khathetse ka lebaka la ho akhotsoa ke metsi a befileng ka matsatsi a 14. Ka meso, ha ba bona kou ea leoatle, ba leka ho khannela sekepe sena lebōpong. Empa sefuba sa sona se qaoa hoo se sitoang ho sisinyeha, ’me maqhubu a robaka karolo ea sona e ka morao likoto. Bohle ba ka sekepeng baa se furalla ’me ba khona ho fihla lebōpong la Malta ka ho sesa kapa ka ho itšoarella ka mapolanka kapa lintho tse ling. Ba hatsetse ba bile ba khathetse, ba ikhulela ka ntle ho maqhubu a loebehlanang. Moapostola oa Mokreste Pauluse o har’a baeti bana. O isoa nyeoeng Roma.—Liketso 27:27-44.
Ho Pauluse, ho robeha ha sekepe sehlekehlekeng sa Malta e ne e se ketsahalo ea pele e sokelang bophelo leoatleng. Lilemo tse seng kae pejana, o ile a ngola: “Ka makhetlo a mararo ka robeheloa ke sekepe, bosiu bo le bong le motšehare o le mong ke li hlotse bolibeng.” O ile a eketsa ka hore o bile “likotsing leoatleng.” (2 Bakorinthe 11:25-27) Ho nka maeto a leoatleng ho ne ho thusitse Pauluse ho phetha karolo eo a e filoeng ke Molimo e le “moapostola ho lichaba.”—Baroma 11:13.
Leeto la leoatleng le ne le le lelelele hakae lekholong la pele la lilemo? Le ne le phetha karolo efe ho phatlalatsoeng ha Bokreste? Le ne le sireletsehile hakae? Ho ne ho sebelisoa likepe tsa mofuta ofe? ’Me baeti ba ne ba lokisetsoa sebaka joang?
Tlhoko ea Roma ea Khoebo ea ho Tsamaea ka Sekepe
Baroma ba ne ba bitsa Mediterranean Mare Nostrum—Leoatle la Rōna. Ho ne ho le bohlokoa haholo ho Roma ho laola litselana tsa leoatle ka mabaka a mang ntle le a sesole. Metse e mengata ea ’Muso oa Roma e ne e le libaka tseo likepe li neng li emisa ho tsona kapa li e sebeletsa. Ka mohlala, boema-kepe ba Roma bo ne bo le haufi le Ostia, ha Korinthe e ne e sebelisa Lechaeum le Cenchreae, ’me Antioke ea Syria e ne e sebeletsoa ke Seleucia. Ho hokahanya ho hotle ha ho tsamaea ha likepe lipakeng tsa libaka tsena tseo likepe li emisang ho tsona ho ile ha potlakisa mokhoa oa puisano le metse e ka sehloohong ’me ha tlatsetsa tsamaisong e atlehileng ea liprofinse tsa Roma.
Roma le eona e ne e itšetlehile ka indasteri ea likepe bakeng sa lijo tsa eona. Kaha e ne e e-na le baahi ba ka bang milione, e ne e hloka lijo-thollo tse ngata haholo—lithane tse ka bang lipakeng tsa 250 000 le 400 000. Lijo-thollo tseo tsohle li ne li e-tsoa hokae? Flavius Josephus o qotsa Heroda Agrippa II a bolela hore Afrika Leboea e ile ea fepa Roma ka likhoeli tse robeli, ha Egepeta e ile ea romela lijo-thollo tse lekaneng bakeng sa ho thusa motse oo ka likhoeli tse ling tse ’nè. Ho ne ho sebelisoa likepe tse likete bakeng sa ho fepela motse oo ka lijo-thollo.
Khoebo e atlehileng eo thepa ea eona e nkoang ka likepe ha e fepela Baroma ka mabothobotho ao ba a ratang haholo, e ne e fana ka thepa e rekisoang ea mefuta eohle. Liminerale, majoe a sebelisetsoang morero o khethehileng, le ’mabole li ne li nkoa Cyprase, Greece le Egepeta, ’me lifate li ne li latoa Lebanone. Veine e ne e e-tsoa Smyrna, makotomane a e-tsoa Damaseka, ’me litholoana tsa palema li e-tsoa Palestina. Litlolo le rabara li ne li laeloa Silisia, boea ba nku, Miletase le Laodisia, masela, Syria le Lebanone, lesela le pherese, Tyre le Sidone. Litae li ne li e-tsoa Thyatira ’me khalase e e-tsoa Alexandria le Sidone. Silika, k’hothone, manaka a litlou le linōko li ne li latoa Chaena le India.
Ho ka thoe’ng ka sekepe se ileng sa robehela Malta Pauluse a se palame? E ne e le sekepe sa lijo-thollo, “sekepe se tsoang Alexandria se neng se e-ea Italy.” (Liketso 27:6, NW mongolo o botlaaseng ba leqephe) Likepe tse ngata tsa lijo-thollo e ne e le tsa batho ka bomong ba Bagerike, Baphoenicia le Basyria, ba neng ba li laola ba bile ba li lokisetsa tšebetso. Leha ho le joalo, likepe tsena li ne li hiroa ke ’Muso. Rahistori William M. Ramsay o re: “Joaloka pokellong ea lekhetho, ’muso o ile oa fumana ho le bonolo haholoanyane ho fana ka mosebetsi ona ho ba lumelang ho o etsa ho e-na le ho iketsetsa litokisetso tsa ho o etsa, tsa batho ba hlokahalang le thepa tšebeletsong eo e khōlō.”
Pauluse o ile a phetha leeto la hae le eang Roma ka sekepe se nang le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse.” Sena le sona e ne e le sekepe sa Alexandria. Se ile sa emisa Puteoli Koung ea Leoatle ea Naples, boema-kepeng boo ho bona likepe tse ngata tsa lijo-thollo li neng li tloaetse ho emisa ho bona. (Liketso 28:11-13) Ho tloha Puteoli—Pozzuoli ea kajeno—thepa e ne e isoa sebakeng se omileng kapa e isoa liketsoaneng ho ella ka leboea haufi le lebōpo le ho nyolosa le Nōka ea Tiber ho kenella bohareng ba Roma.
Na Baeti ba ne ba Palama Likepe Tsa Thepa?
Ke hobane’ng ha Pauluse le balebeli ba hae ba masole ba ile ba tsamaea ka sekepe sa thepa? Ho araba potso eo, ho hlokahala hore re tsebe hore na ho tsamaea leoatleng ha moeti ho ne ho bolela eng matsatsing ao.
Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ne ho se na ntho eo ho thoeng ke sekepe sa baeti. Likepe tse neng li sebelisoa ke baeti e ne e le likepe tsa bahoebi. ’Me mefuta eohle ea batho—ho akarelletsa le basebetsi ba ’Muso, barutehi, baboleli, linohe, baetsi ba litšoantšo, baatlelete, bahoebi, bahahlauli le ba nkang maeto a bolumeli—ho ka etsahala hore ebe ba ne ba nka maeto ka tsona.
Ka ho hlakileng, ho ne ho e-na le liketsoana tse neng li palamisa baeti le thepa mabōpong a leoatle. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a palame seketsoana se joalo ho “tšelela Macedonia” a tloha Troase. Ho ka etsahala hore ebe liketsoana li ile tsa mo nka Athene tsa ba tsa mo khutlisa ka makhetlo a fetang le le leng. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a boela a sebelisa seketsoana leetong leo a ileng a le nka hamorao ha a e-tsoa Troase a e-ea Patara ho pholletsa le lihlekehleke tse pel’a lebōpo la Asia Minor. (Liketso 16:8-11; 17:14, 15; 20:1-6, 13-15; 21:1) Ho sebelisa liketsoana tse joalo ho ne ho boloka nako, empa li ne li ke ke tsa tsamaela hōle haholo le sebaka se omileng. Ka hona likepe tse ileng tsa isa Pauluse Cyprase eaba li mo isa le Pamfilia le tseo a neng a tsamaea ka tsona ho tloha Efese ho ea Sesarea le ho tloha Patara ho ea Tyre e tlameha ebe li ne li le khōlō haholo. (Liketso 13:4, 13; 18:21, 22; 21:1-3) Sekepe se ileng sa robeha ka Pauluse Malta le sona ho ne ho ka nkoa se le seholo. Likepe tseo li ne li ka ba khōlō hakae?
Bangoli ba libuka ba ile ba susumetsa setsebi se seng hore se re: “[Sekepe] se senyenyane ka ho fetisisa seo ka tloaelo batho ba boholo-holo ba tsoetseng pele ba neng ba hlokometse hore se molemo se ne se nka lithane tse 70 ho ea ho tse 80. Boholo bo tloaelehileng haholo, bonyane mehleng ea Magerike, e ne e le ba lithane tse 130. Sekepe sa boima ba lithane tse 250, le hoja se ne se atile, se ne se le seholoanyane ho feta se tloaelehileng. Mehleng ea Baroma likepe tse neng li sebelisoa bakeng sa ho palamisa moemphera li ne li le khōloanyane, boholo bo loketseng e le ba lithane tse 340. Likepe tse khōlō ka ho fetisisa e ne e le tsa boima ba lithane tse 1300, mohlomong li le khōloanyane ho feta moo.” Ho latela tlhaloso e ngotsoeng lekholong la bobeli la lilemo C.E., sekepe se nkang lijo-thollo sa Alexandria Isis se ne se le bolelele ba limithara tse fetang 55, se le bophara ba limithara tse ka bang 14, karolo e tšelang thepa e le botebo ba limithara tse 13, ’me se ne se ka ’na sa nka lithane tsa lijo-thollo tse fetang sekete le baeti ba makholo a seng makae.
Baeti ba ne ba hlokomeloa joang sekepeng sa lijo-thollo? Kaha likepe tsena ka ho khetheha e ne e le tsa thepa, baeti ba ne ba e-ba sebakeng sa bobeli. Ba ne ba sa fuoe lijo kapa litšebeletso tse itseng, ba mpa ba fuoa metsi feela. Ba ne ba robala karolong e ka holimo ea sekepe, mohlomong tlas’a ntho e kang tente e hlongoang bosiu ’me e tlosoa hoseng ho hong le ho hong. Le hoja e ka ’na eaba baeti ba ne ba lumelloa ho sebelisa kichene ea sekepe bakeng sa ho pheha, ba ne ba lokela ho itlela le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang bakeng sa ho pheha, ho ja, ho hlapa le ho robala—ho akarelletsa le lipitsa, lipane le lintho tsa ho robala.
Leeto la Leoatleng—Le ne le Sireletsehile Hakae?
Ka lebaka la ho hloka lisebelisoa—esita le sesupa-tsela—bakhanni ba likepe ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba khanna ka pono feela. Ka lebaka leo, leeto e ne e e-ba le sireletsehileng ka ho fetisisa ha ho bonahala hantle—hangata ho tloha mafelong a May ho ea mahareng a September. Likhoeli tse peli pele le ka mor’a nako eo, bahoebi ba ne ba ka ’na ba ipeha kotsing ha ba tsamaea ka likepe. Empa mariha, hangata moholi le maru li ne li sira matšoao a meeli a entsoeng fatše le letsatsi motšehare le linaleli bosiu. Ho tsamaea ka sekepe ho ne ho nkoa ho khaolitse (ka Selatine, mare clausum) ho tloha ka la 11 November ho ea ho la 10 March, ntle le maemong a qobellang kapa a potlakileng. Ba tsamaeang ho ella qetellong ea nako ena ea selemo ba ne ba ipeha kotsing ea hore ba hlole boema-kepeng ba naha esele mariha.—Liketso 27:12; 28:11.
Ho sa tsotellehe likotsi tsa ho tsamaea ka sekepe le ho tsamaea ha sona ka linako tsa selemo tse itseng feela, na ho ne ho e-na le melemo leha e le efe e fetang ea ho tsamaea sebakeng se omileng? E, ka sebele! Ho tsamaea leoatleng ho ne ho sa khathatse haholo, ho le litšenyehelo li tlaase ho bile ho potlaka. Ha se ne se thusoa ke moea, sekepe se ne se ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ka letsatsi. Ka ho tloaelehileng, motho ea tsamaeang ka maoto a nka leeto le lelelele o ne a tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 25 ho ea ho tse 30 ka letsatsi.
Lebelo leo sekepe se tsamaeang ka lona le ne le batla le itšetlehile ka moea ka ho feletseng. Leeto la ho tloha Egepeta ho ea Italy e ne e e-ba ntoa e sa khaotseng khahlanong le moea o otlang sekepe ka pele, esita le nakong e molemo ka ho fetisisa ea ho tsamaea ka sekepe. Tsela e khutšoanyane ka ho fetisisa e ne e atisa ho ba e potang le Rodese kapa Myra kapa boema-kepeng bo bong bo itseng lebōpong la Lycia e Asia Minor. Ka mor’a ho thulana le lifefo le ho lahleha, ka lekhetlo le leng sekepe sa lijo-thollo Isis se ile sa emisa koung Piraeus matsatsi a 70 ka mor’a ho tloha lebōpong le Alexandria. Ka lebaka la moea o tsoang ka leboea bophirimela o se otlang ka morao, leeto la ho khutla Italy mohlomong le ne le ka nka matsatsi a 20 ho ea ho a 25. Ka tsela e tsamaeang sebakeng se omileng, leeto lona leo la ho ea kapa ho khutla le ne le ka nka matsatsi a fetang a 150 boemong bo botle ba leholimo.
Litaba Tse Molemo li Isoa Hōle Mose ho Maoatle
Ka sebele Pauluse o ne a elelletsoe likotsi tsa nako ea selemo e sa lokelang bakeng sa ho nka leeto la leoatleng. O ile a ba a fana ka keletso khahlanong le ho tsamaea ka sekepe mafelong a September kapa mathoasong a October, ha a re: “Banna, ke lemoha hore ho sesisa sekepe ho tla ba le tšenyehelo le tahlehelo e khōlō eseng feela ea thepa le sekepe empa le ea lisoule tsa rōna.” (Liketso 27:9, 10) Leha ho le joalo, ofisiri ea sesole e neng e ikarabella e ile ea hlokomoloha mantsoe ana, ka lebaka leo, sekepe se ile sa robehela Malta.
Qetellong ea mosebetsi oa hae oa boromuoa, Pauluse o ne a robehetsoe ke likepe bonyane ka makhetlo a mane. (Liketso 27:41-44; 2 Bakorinthe 11:25) Empa, ho tšoenyeha ho sa lokelang ka liphello tse joalo ha hoa ka ha thibela baboleli ba pele ba litaba tse molemo ho tsamaea ka sekepe. Ba ile ba sebelisa ka ho feletseng mekhoa eohle ea ho tsamaea e fumanehang e le hore ba ka hasa molaetsa oa ’Muso. ’Me ka ho utloa taelo ea Jesu, ho ile ha fanoa ka bopaki hohle. (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Ka lebaka la cheseho ea bona, tumelo ea ba latetseng mohlala oa bona le tataiso ea moea o halalelang oa Jehova, litaba tse molemo li fihlile likarolong tse hōle-hōle tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.