Re ka Phela Halelele Hakae?
Batho ka kakaretso ba phela haleletsana, ba etsa hore ba bangata ba ipotse, ‘Re ka phela halelele hakae?’
HO LATELA The New Encyclopædia Britannica (1995), nakong e fetileng, ka kakaretso ho ne ho lumeloa hore Pierre Joubert ke eena motho ea phetseng nako e telele ka ho fetisisa. O ile a shoa ka 1814 a le lilemo li 113. Ka sebele, ho boleloa hore ba bang ba phetse nako e telele ho feta moo, empa ha ho na bopaki ba lilemo tseo ba li phetseng. Leha ho le joalo, bopaki bo botle bo tiisitse hore batho ba ’maloa ba phetse nako e telele ho feta Pierre Joubert.
Jeanne Louise Calment o hlahetse Arles, ka boroa-bochabela ho Fora, ka la 21 February, 1875. Lefu la hae ka la 4 August, 1997—ka mor’a lilemo tse 122—le ile la phatlalatsoa haholo. Ka 1986, Shigechiyo Izumi oa Japane o ile a shoa a le lilemo li 120. Guinness Book of Records 1999, nakong eo e neng e ngoloa ka eona, e thathamisa Sarah Knauss ea lilemo li 118 e le motho ea hōlileng ka ho fetisisa. O hlahile ka la 24 September, 1880, Pennsylvania, U.S.A. Ha Marie-Louise Febronie Meilleur oa Quebec, Canada a e-shoa ka 1998, a le lilemo li 118, o ne a feta Sarah ka matsatsi a 26.
Ka sebele, palo ea batho ba hōlileng haholo e phahame haholo. Ho hakanngoa hore palo ea batho ba lilemo li ka holimo ho lekholo e tla nyolohela ho limilione tse 2,2 halofong ea pele ea lekholo la lilemo le tlang! Ka ho tšoanang, palo ea batho ba lilemo li 80 le ho feta e ile ea eketseha ho tloha ho limilione tse 26,7 ka 1970 ho ea ho limilione tse 66 ka 1998. Eo ke keketseho ea karolo ea 147 lekholong, ha e bapisoa le ea karolo ea 60 lekholong ea palo ea baahi bohle ba lefatše.
’Me hase feela hore batho ba phela haleletsana. Ba bangata ba boetse ba etsa lintho tseo ba bangata ba lilemo tse 20 ba ke keng ba li etsa. Ka 1990, John Kelley ea lilemo li 82 o ile a phetha lebelo la marathone—lebelo la lik’hilomithara tse 42,2—ka lihora tse hlano le metsotso e mehlano. Ka 1991, nkhono ea nang le litloholoana ea lilemo tse 84, Mavis Lindgren o ile a matha sebaka se sekalo ka lihora tse supileng le metsotso e robong. ’Me haufinyane tjena, monna ea lilemo li 91 o ile a qeta Lebelo la Marathone la New York City!
Sena ha se bolele hore batho ba hōlileng ba nakong e fetileng ha baa ka ba etsa liketso tse tsotehang. Ha a le lilemo li 99, Abrahama, mopatriareka oa Bibeleng o ile ‘a matha, a khahlanyetsa’ baeti ba hae. Ha a le lilemo li 85, Kalebe o ile a re: “Joalo ka ha matla a ka a na a le joalo mohlang oo [lilemong tse 45 pejana], le kajeno matla a ka a ho loana a ntse a le teng a ho futuha le a ho boea.” ’Me Bibele e re ka Moshe, ha a ne a le lilemo li 120, “mahlo a hae a na a e-so ho fifale; ’me matla a hae a na a e-so ho kokobele.”—Genese 18:2; Joshua 14:10, 11; Deuteronoma 34:7.
Jesu Kreste o ile a bua ka motho oa pele, Adama, le Noe sehahi sa areka e le batho ba tummeng historing. (Matheu 19:4-6; 24:37-39) Genese e re Adama o phetse lilemo tse 930, ’me Noe a phela tse 950. (Genese 5:5; 9:29) Na ka sebele batho ba phetse nako e telele hakaalo? Na re ka phela esita le halelele ho feta moo, mohlomong ka ho sa feleng? Ka kōpo, hlahloba bopaki sehloohong se latelang.